Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 1

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

Tšepa Jehova ha u Tšohile

Tšepa Jehova ha u Tšohile

TEMANA EA RONA EA SELEMO EA 2024: “Ha ke tšohile, ke tšepa uena.”PES. 56:3.

NTLHA-KHOLO

Ke’ng e ka re thusang hore re tšepe Jehova ha re tšohile?

1. Ke hobane’ng ha re ka utloa re tšohile ka linako tse ling?

 KAOFELA ha rona rea tšoha ka linako tse ling. Leha ho le joalo, ho ithuta Bibele ho re thusitse hore re se ke ra tšaba bafu, bademona kapa ra tšaba hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Re phela nakong eo re bonang “lintho tse tšosang” tse kang lintoa, tlolo ea molao le mafu a sa tšoaneng. (Luka 21:11) Re ka ’na ra tšaba batho, ho akareletsa le mebuso e re hlorisang kapa litho tsa lelapa tse hanyetsang bolumeli ba ’nete. Batho ba bang ba tšoha hore ba ke ke ba khona ho mamella mathata ao ba nang le ’ona hona joale kapa ao ba tla ba le ’ona nakong e tlang.

2. Hlalosa boemo boo Davida a neng a le ho bona ha a le Gathe.

2 Ho na le nako eo Davida a neng a ikutloa a tšohile. Ka mohlala, ha Morena Saule a ne a mo lelekisa ebile a batla ho mo bolaea, Davida o ile a balehela motseng oa Bafilista oa Gathe. Morena oa Gathe e leng Akishe o ile a tseba hore Davida ke mohlabani ea ileng a bolaea Bafilista ba “likete tse mashome.” Davida o ile a tšoha haholo. (1 Sam. 21:​10-12) O ne a tšoenyehile ka hore na Akishe o tla mo etsa’ng. Ke’ng e ileng ea thusa Davida hore a be sebete?

3. Ho latela Pesaleme ea 56:​1-3, 11, ke’ng e ileng ea thusa Davida hore a se ke a tšoha?

3 Ho Pesaleme ea 56, Davida o hlalosa kamoo a neng a ikutloa kateng ha a ne a le Gathe. Pesaleme ena e fana ka mabaka a hore na ke hobane’ng ha Davida a ne a tšohile le hore na ke’ng e ileng ea mo thusa hore a se ke a tšoha. Davida o ile a tšepa Jehova ha a ne a tšohile. (Bala Pesaleme ea 56:​1-3, 11.) O ne a e-na le mabaka a utloahalang a hore a mo tšepe. Jehova o ile a thusa Davida hore a etse ntho e neng e sa tloaeleha. Davida o ile a etsa eka oa hlanya ’me ho etsa joalo ho ile ha mo sebeletsa. Akishe o ne a se a sa batle ho bolaea Davida empa o ne a batla hore a tsamaee motseng oa hae. Kahoo, Davida o ile a khona ho baleha.—1 Sam. 21:13–22:1.

4. Fana ka mohlala oa hore na ke’ng e ka re thusang hore re lule re tšepa Jehova.

4 Le rona re ka tšepa Jehova ha re tšohile. Empa re ka etsa seo joang? Nahana ka mohlala ona. Haeba u fumana hore u na le boloetse bo itseng, qalong u ka ikutloa u tšohile. Leha ho le joalo, u ka khona hore u khobe matšoafo haeba u tšepa ngaka ea hao. E ka ’na eaba e kile ea thusa batho ba bang ba nang le boloetse bo tšoanang le ba hao. Ea u mamela ha u ntse u hlalosa hore u tšohile ’me u ikutloa u kholisehile hore ea utloisisa hore na u ikutloa joang ebile ea u khathalla. E ka ’na ea u khothaletsa hore u sebelise pheko e itseng e ileng ea thusa batho ba bang. Ka ho tšoanang, le rona re ka tšepa Jehova haeba re nahana ka lintho tseo a li entseng, tseo a li etsang le tseo a tla re etsetsa tsona nakong e tlang. Ke sona seo Davida a ileng a se etsa. Ha re ntse re hlahloba a mang a mantsoe a hae a ho Pesaleme ea 56, nahana kamoo le uena u ka tšepang Jehova ha u tšohile.

KE’NG EO JEHOVA A SENG A E ENTSE?

5. Davida o ile a nahana ka’ng ha a ne a tšohile? (Pesaleme ea 56:​12, 13)

5 Le hoja Davida a ne a le kotsing, o ne a lula a nahana ka lintho tse ntle tseo Jehova a li entseng nakong e fetileng. (Bala Pesaleme ea 56:​12, 13.) Davida o ile a lula a nahana ka tsela ena bophelo bohle ba hae. Ka mohlala, o ne a nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li bopileng ’me li ne li mo hopotsa hore Jehova o matla haholo ebile o rata batho haholo. (Pes. 65:​6-9) Hape Davida o ne a nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li etselitseng batho ba bang. (Pes. 31:19; 37:​25, 26) O ne a boetse a nahanisisa ka lintho tseo Jehova a mo etselitseng tsona. Jehova o ile a thusa Davida le ho mo sireletsa ho tloha esale ngoana. (Pes. 22:​9, 10) Ho nahanisisa ka lintho tseo ho ile ha thusa Davida hore a tšepe Jehova le ho feta.

Davida o ile a khona ho lula a tšepahalla Jehova ka hore a nahane ka lintho tseo a li entseng, tseo a li etsang le tseo a tla li etsa (Sheba serapa sa 5, 8, 12) d


6. Ke’ng e tla re thusa hore re tšepe Jehova ha re ikutloa re tšohile?

6 Ha u utloa u tšohile, ipotse: ‘Ke’ng eo Jehova a seng a e entse?’ Nahana ka lintho tseo a li entseng. Ka mohlala, ha u ‘sheba’ tsela eo Jehova a hlokomelang linonyana le lipalesa tseo a li bopileng ka eona, le hoja li sa boptjoa ka setšoantšo sa hae ebile li sa khone ho mo rapela, u ka ba le kholiseho ea hore le uena o tla u hlokomela. (Mat. 6:​25-32) Nahana hape ka hore na Jehova o se a etselitse barapeli ba hae eng. U ka bala ka motho ea hlahang ka Bibeleng ea ileng a bontša tumelo e matla kapa oa bala ka tlaleho ea mohlanka oa Jehova oa mehleng ena. a Hape nahana ka hore na Jehova o se a entse’ng ho bontša hore oa u hlokomela. O ile a u thusa joang hore u ithute ka eena? (Joh. 6:44) O ile a araba lithapelo tsa hao joang? (1 Joh. 5:14) Ke melemo efe eo u e fumanang letsatsi le letsatsi ka lebaka la sehlabelo sa Mora oa hae eo a mo ratang?—Baef. 1:7; Baheb. 4:​14-16..

Re ka lula re tšepa Jehova ka hore re nahane ka lintho tseo a li entseng, tseo a li etsang le tseo a tla li etsa (Sheba serapa sa 6, 9 le 10, 13 le 14) e


7. Pale ea moprofeta Daniele e ile ea thusa Morali oa bo rona Vanessa joang hore a se ke a tšoha?

7 Morali oa bo rona Vanessa b ea lulang Haiti o ile a ba boemong bo tšosang. Monna e mong motseng oa habo o ne a mo letsetsa ebile a mo romella melaetsa letsatsi le leng le le leng, a mo qobella hore a ratane le eena. Morali oa bo rona Vanessa o ile a hana a sa hlathe koana le koana. Empa monna eo o ile a ba bohale ’me a mo tšosa ka hore o tla mo ntša kotsi. Morali oa bo rona Vanessa o re: “Ke ne ke tšohile.” O ile a etsa’ng? O ile a etsa seo a neng a ka se khona ho itšireletsa. Moholo e mong o ile a mo khothaletsa hore a letsetse mapolesa. Morali oa bo rona o ile a boela a nahana kamoo Jehova a ileng a sireletsa bahlanka ba hae kateng nakong e fetileng. O re: “Motho oa pele eo ke ileng ka nahana ka eena ke moprofeta Daniele. O ile a lahleloa ka sekoting sa litau tse lapileng, le hoja a ne a se na molato. Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo hlokomela. Ke ile ka kopa Jehova hore a rarolle bothata bona. Ka mor’a moo, ha kea ka ka hlola ke tšoha.”—Dan. 6:​12-22.

KE’NG EO JEHOVA A E ETSANG HONA JOALE?

8. Davida o ne a kholisehile ka eng? (Pesaleme ea 56:8)

8 Le hoja Davida a ne a le kotsing ha a ne a le Gathe, ha aa ka a tšoha. Ho e-na le hoo, o ile a khetha ho nahana ka lintho tseo Jehova a neng a mo etsetsa tsona ka nako eo. Davida o ne a hlokomela hore Jehova oa mo thusa ebile oa mo sireletsa le hore o utloisisa hore na o ikutloa joang. (Bala Pesaleme ea 56:8.) Davida o ne a boetse a e-na le metsoalle e mo tšehetsang, e mo khothatsang le e mo thusang e leng Jonathane le Moprista ea Phahameng Akimeleke. (1 Sam. 20:​41, 42; 21:​6, 8, 9) Davida o ile a baleha ha Morena Saule a ne a batla ho mo bolaea. O ne a kholisehile hore Jehova o tseba bothata ba hae le hore na bothata boo bo ne bo etsa hore a ikutloe joang.

9. Ke lintho life tseo Jehova a li hlokomelang?

9 Ha u hlaheloa ke mathata a etsang hore u tšohe, u lokela ho hopola hore Jehova o hlokomela mathata a u hlahelang ebile oa tseba hore na a etsa hore u ikutloe joang. Ka mohlala, Jehova ha aa ka a hlokomela feela tsela e mpe eo Baiseraele ba neng ba tšoeroe ka eona Egepeta empa o ile a hlokomela le ‘bohloko boo ba neng ba bo utloa.’ (Ex. 3:7) Davida o ile a bina a re Jehova o bone “mahlomola” a hae le hore o ne a “tšoenyehile haholo.” (Pes. 31:7) Molimo “o ile a hlomoha” ha batho ba hae ba ne ba hlaheloa ke mathata, le hoja e ne e le ka lebaka la hore ba ne ba etsa liqeto tse fosahetseng. (Esa. 63:9) Jehova o utloisisa tsela eo u ikutloang ka eona ha u tšohile ’me o ikemiselitse ho u thusa hore u se ke oa tšoha.

10. Ke eng e u kholisang hore Jehova oa u khathalla le hore o tla u thusa ha u e-na le mathata?

10 U ka ’na oa ipotsa hore na Jehova o u thusa joang ha u e-na le bothata bo etsang hore u tšohe. Kahoo, mo kope hore a u bontše tsela eo a u thusang ka eona. (2 Mar. 6:​15-17) Ka mor’a moo, nahana ka lipotso tsena: Na ho na le puo kapa karabo eo u ileng oa e utloa libokeng e ileng ea u matlafatsa? Na ho na le sengoloa, video kapa pina ea Broadcasting e u khothalitseng? Na ho na le motho ea ileng a bua mantsoe a u khothatsang kapa a u balla lengolo le u khothatsang? Re ka ’na ra lebala kamoo Bakreste-’moho le rona ba re ratang kateng le kamoo Lentsoe la Molimo le re khothatsang kateng. Leha ho le joalo, lintho tsena ke limpho tsa bohlokoa tse tsoang ho Jehova. (Esa. 65:13; Mar. 10:​29, 30) Lia re kholisa hore Jehova oa re khathalla. (Esa. 49:​14-16) Hape lia re kholisa hore re ka mo tšepa.

11. Ke’ng e ileng ea thusa Morali oa bo rona Aida hore a se ke a tšoha?

11 Morali oa bo rona Aida ea lulang Senegal, o hlokometse kamoo Jehova a ileng a mo thusa kateng ha a ne a e-na le mathata. Kaha ke eena e moholo, batsoali ba hae ba ne ba lebeletse hore a etse chelete e le hore a itlhokomele a be a ba hlokomele. Empa o ile a khetha ho se be le lintho tse ngata e le hore e ka ba pula-maliboho. Ka lebaka leo, o ne a se na chelete e lekaneng. Lelapa labo le ne le mo koatetse haholo. O re: “Ke ne ke tšaba hore nke ke ka khona ho thusa batsoali ba ka le hore batho bohle ba ne ba tla mpua hampe. Ke ne ke boetse ke beha Jehova molato ka ho lumella hore lintho li senyehe hakana.” Ka mor’a moo, o ile a mamela puo e neng e fanoa libokeng. O re: “Mor’abo rona o ile a re hopotsa hore Jehova o tseba lintho tse etsang hore re tšoenyehe kapa re ikutloe re tšohile. Ha nako e ntse e ea ke ile ka fumana keletso ho baholo le bathong ba bang ’me ke ile ka kholiseha hore Jehova oa nthata. Ke ile ka qala ho rapela Jehova ke kholisehile hore o tla nthusa ’me ke ile ka ba le khotso ha ke bona lithapelo tsa ka li arabeloa.” Ka mor’a nako e itseng, Morali oa bo rona Aida o ile a fumana mosebetsi o neng o mo thusa hore a itlhokomele joalokaha e ne e le pula-maliboho le hore a hlokomele batsoali ba hae. O re: “Ke ithutile ho tšepa Jehova ka ho feletseng. Hona joale ha ke sa tšaba letho ka mor’a hore ke rapele.”

JEHOVA O TLA ETSA’NG NAKONG E TLANG?

12. Ho ea ka Pesaleme ea 56:​9, Davida o ne a kholisehile ka eng?

12 Bala Pesaleme ea 56:9. Temaneng ena Davida o bua ka ntho e ’ngoe e mo thusitseng ha a ne a tšohile. O ile a nahanisisa ka lintho tseo Jehova a neng a tl’o mo etsetsa tsona nakong e tlang le hoja bophelo ba hae bo ne bo ntse bo le kotsing. Davida o ne a tseba hore Jehova o tla mo pholosa ka nako e nepahetseng. Jehova o ne a boletse hore Davida e ne e tl’o ba morena oa Iseraele ea latelang. (1 Sam. 16:​1, 13) Davida o ne a kholisehile hore tšepiso ea Jehova e ne e tl’o phethahala.

13. Ke lintho life tseo re kholisehileng hore Jehova o tla li etsa?

13 Ke’ng eo Jehova a tšepisitseng ho re etsetsa eona? Ha rea lebella hore Jehova a re sireletse mathateng ’ohle a re hlahelang. c Hopola hore lefatšeng le lecha Jehova o tla felisa mathata ’ohle ao re nang le ’ona hona joale. (Esa. 25:​7-9) ’Mopi oa rona o na le matla a hore a tsose bafu, a re folise a be a felise le batho bohle ba re hanyetsang.—1 Joh. 4:4.

14. Re ka nahanisisa ka eng?

14 Ha u ikutloa u tšohile, nahana ka lintho tseo Jehova a tla li etsa nakong e tlang. Nahana ka hore na u tla ikutloa joang ha Satane a se a felisitsoe, ha batho ba khopo ba se ba felisitsoe ’me ho phela batho ba lokileng feela le ha batho ba ntse ba phethahala letsatsi le letsatsi. Pontšo e ileng ea fanoa kopanong ea setereke ea 2014 e ile ea bontša hore na re ka nahanisisa ka tšepo eo re nang le eona joang. Ntate o ile a buisana le lelapa la hae ka hore na 2 Timothea 3:​1-5 e ka re’ng haeba e ne e ka hlalosa hore na bophelo bo ne bo tla ba joang Paradeiseng, o ile a re: “Lefatšeng le lecha bophelo bo tla ba monate. Batho ba tla rata batho ba bang, ba rate ’nete, ba ikokobetse, ba rorise Molimo, ba mamele batsoali, ba be le teboho, ba tšepahale, ba rate ba malapa a bona, ba lumellane le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba lule ba bua batho ba bang hantle, ba ithibe, ba be bonolo, ba rate lintho tse ntle, ba se ke ba fetohela batho ba bang, ba se ke ba e-ba manganga, ba se ke ba ikakasa, ba rate Molimo ho e-na le ho rata menate, ba phele ka tsela e bontšang hore ba rata Molimo. Batho ba joalo u ba khomarele.” Na u na le ho qoqa le lelapa la hao kapa balumeli-’moho ka hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha?

15. Ke’ng e ileng ea thusa Morali oa bo rona Tanja hore a lule a tšepahala le hoja a ne a tšohile?

15 Morali oa bo rona e mong eo lebitso la hae e leng Tanja ea lulang Macedonia Leboea o ile a nahanisisa ka litlhohonolofatso tseo a tla li fumana nakong e tlang e le hore a ka tlohela ho tšoha. Batsoali ba hae ba ne ba sa batle hore a ithute Bibele. O re: “Lintho tse ling tseo ke neng ke tšoha hore li tla etsahala, li ile tsa fela tsa etsahala. ’Mè oa ka o ne a nkotla kamehla ha ke tsoa libokeng. Batsoali ba ka ba ile ba ntšosa ka hore haeba nka ba Paki ea Jehova ba tla mpolaea.” Qetellong Morali oa bo rona Tanja o ile a tebeloa habo. O ile a etsa’ng? O re: “Ke ile ka nahana ka hore ke tl’o thaba ka ho sa feleng haeba ke lula ke tšepahala. Ke ile ka boela ka nahana ka hore na Jehova o tla ntlhohonolofatsa joang lefatšeng le lecha ka lebaka la lintho tsohle tseo nka ’nang ka lahleheloa ke tsona le hore re tla lebala lintho tsohle tse mpe.” Morali oa bo rona Tanja o ile a lula a tšepahala. Jehova o ile a mo thusa hore a fumane moo a tla lula teng. Hona joale Morali oa bo rona Tanja le monna oa hae ba sebeletsa Jehova ba thabile tšebeletsong ea nako e tletseng.

LULA U TŠEPILE JEHOVA

16. Ke’ng e tla re thusa hore re lule re le sebete ha re bona liketsahalo tse profetiloeng ho Luka 21:​26-28 li phethahala?

16 Nakong ea mahlomola a maholo, batho ba tla “akheha ke letsoalo.” Empa batho ba Molimo ba tla lula ba tiile ebile ba le sebete. (Bala Luka 21:​26-28.) Ke hobane’ng ha re ke ke ra tšoha? Ke hobane re tla be re se re ithutile ho tšepa Jehova. Morali oa bo rona Tanja eo re buileng ka eena o re lintho tse mo etsahaletseng nakong e fetileng, li mo thusa hore a mamelle maemo a mang a boima. O re: “Ke ithutile hore Jehova a ka re thusa ho mamella maemo ’ohle ao re kopanang le ’ona a be a re hlohonolofatse. Ka linako tse ling ho ka bonahala eka batho ba bang ba na le matla a ho laola lintho empa Jehova o matla ho ba feta. Le hoja mathata a rona a ka ba boima, re kholisehile hore a tla fela.”

17. Temana ea rona ea selemo ea 2024 e tla re thusa joang? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

17 Mehleng ena ho na le lintho tse ngata tse ka etsang hore re tšohe. Empa le rona joaloka Davida, ha rea lokela ho tšoha ho feta tekano. Temana ea rona ea selemo ea 2024 ke thapelo eo Davida a ileng a e etsa ha a ne a rapela Jehova. O ile a re: “Ha ke tšohile, ke tšepa uena.” (Pes. 56:3) Ha setsebi se seng sa Bibele se hlalosa temana ena se re: “Davida ha a lule a nahana ka lintho tse etsang hore a tšohe kapa ka mathata a hae. Empa o tšepa ea khonang ho mo pholosa.” Nahana ka temana ea rona ea selemo likhoeling tse tlang, haholo-holo ha u hlaheloa ke maemo a etsang hore u tšohe. Iphe nako ea ho nahana ka lintho tseo Jehova a li entseng nakong e fetileng, tseo a li etsang hona joale le tseo a tla li etsa nakong e tlang. Ha u etsa joalo, le uena u ka re joaloka Davida: “Ke tšepa Molimo. Ke kahoo ke sa tšabeng letho.”—Pes. 56:4.

Morali oa bo rona o nahana ka temana ea selemo nakong eo ka eona ho hlahileng koluoa (Sheba serapa sa 17)

HO NAHANA KA LINTHO TSENA HO KA U THUSA JOANG HORE U SE KE OA TŠOHA?

  • Lintho tseo Jehova a seng a li entse

  • Lintho tseo Jehova a li etsang hona joale

  • Lintho tseo Jehova a tla li etsa

PINA EA 33 Lahlela Moroalo oa Hao ho Jehova

a U ka fumana lihlooho tse matlafatsang tumelo ho jw.org/st ka hore u ngole “etsisa tumelo ea bona” kapa “lintho tse etsoang ke Lipaki Tsa Jehova” karolong ea batla.

b Mabitso a mang a fetotsoe.

d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Davida o ne a nahana kamoo Jehova a ileng a mo fa matla a hore a bolaee bere le kamoo a ileng a sebelisa Akimeleke hore a mo thuse. O ile a boela a nahana ka hore Jehova o ne a tlo mo etsa morena.

e TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona ea koaletsoeng teronkong ka lebaka la tumelo ea hae o nahana ka tsela eo Jehova a ileng a mo thusa ka eona hore a tlohele ho tsuba, a mo khothatsang ka eona a sebelisa mangolo a tsoang ho batho ba mo ratang le eo a tla mo fa bophelo bo sa feleng Paradeiseng.