Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 1

PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa

Tshepa Jehova ha o Tshohile

Tshepa Jehova ha o Tshohile

TEMANA YA RONA YA SELEMO YA 2024: “Ha ke tshohile, ke tshepa wena.”PES. 56:3.

NTLHAKGOLO

Keng e ka re thusang hore re tshepe Jehova ha re tshohile?

1. Ke hobaneng ha re ka utlwa re tshohile ka dinako tse ding?

 KAOFELA ha rona re a tshoha ka dinako tse ding. Le ha ho le jwalo, ho ithuta Bibele ho re thusitse hore re se ke ra tshaba bafu, bademona kapa ra tshaba hore na ho tla etsahalang nakong e tlang. Re phela nakong eo re bonang “dintho tse tshosang” tse kang dintwa, tlolo ya molao le mafu a sa tshwaneng. (Luka 21:11) Re ka nna ra tshaba batho, ho akareletsa le mebuso e re hlorisang kapa ditho tsa lelapa tse hanyetsang bodumedi ba nnete. Batho ba bang ba tshoha hore ba ke ke ba kgona ho mamella mathata ao ba nang le ona hona jwale kapa ao ba tla ba le ona nakong e tlang.

2. Hlalosa boemo boo Davida a neng a le ho bona ha a le Gathe.

2 Ho na le nako eo Davida a neng a ikutlwa a tshohile. Ka mohlala, ha Morena Saule a ne a mo lelekisa ebile a batla ho mo bolaya, Davida o ile a balehela motseng wa Bafilista wa Gathe. Morena wa Gathe e leng Akishe o ile a tseba hore Davida ke mohlabani ya ileng a bolaya Bafilista ba “dikete tse mashome.” Davida o ile a tshoha haholo. (1 Sam. 21:​10-12) O ne a tshwenyehile ka hore na Akishe o tla mo etsang. Keng e ileng ya thusa Davida hore a be sebete?

3. Ho latela Pesaleme ya 56:​1-3, 11, keng e ileng ya thusa Davida hore a se ke a tshoha?

3 Ho Pesaleme ya 56, Davida o hlalosa ka moo a neng a ikutlwa ka teng ha a ne a le Gathe. Pesaleme ena e fana ka mabaka a hore na ke hobaneng ha Davida a ne a tshohile le hore na keng e ileng ya mo thusa hore a se ke a tshoha. Davida o ile a tshepa Jehova ha a ne a tshohile. (Bala Pesaleme ya 56:​1-3, 11.) O ne a ena le mabaka a utlwahalang a hore a mo tshepe. Jehova o ile a thusa Davida hore a etse ntho e neng e sa tlwaeleha. Davida o ile a etsa eka o a hlanya mme ho etsa jwalo ho ile ha mo sebeletsa. Akishe o ne a se a sa batle ho bolaya Davida empa o ne a batla hore a tsamaye motseng wa hae. Ka hoo, Davida o ile a kgona ho baleha.—1 Sam. 21:13–22:1.

4. Fana ka mohlala wa hore na keng e ka re thusang hore re dule re tshepa Jehova.

4 Le rona re ka tshepa Jehova ha re tshohile. Empa re ka etsa seo jwang? Nahana ka mohlala ona. Haeba o fumana hore o na le bolwetse bo itseng, qalong o ka ikutlwa o tshohile. Le ha ho le jwalo, o ka kgona hore o kgobe matshwafo haeba o tshepa ngaka ya hao. E ka nna yaba e kile ya thusa batho ba bang ba nang le bolwetse bo tshwanang le ba hao. E a o mamela ha o ntse o hlalosa hore o tshohile mme o ikutlwa o kgodisehile hore e a utlwisisa hore na o ikutlwa jwang ebile e a o kgathalla. E ka nna ya o kgothaletsa hore o sebedise pheko e itseng e ileng ya thusa batho ba bang. Ka ho tshwanang, le rona re ka tshepa Jehova haeba re nahana ka dintho tseo a di entseng, tseo a di etsang le tseo a tla re etsetsa tsona nakong e tlang. Ke sona seo Davida a ileng a se etsa. Ha re ntse re hlahloba a mang a mantswe a hae a ho Pesaleme ya 56, nahana ka moo le wena o ka tshepang Jehova ha o tshohile.

KENG EO JEHOVA A SENG A E ENTSE?

5. Davida o ile a nahana kang ha a ne a tshohile? (Pesaleme ya 56:​12, 13)

5 Le hoja Davida a ne a le kotsing, o ne a dula a nahana ka dintho tse ntle tseo Jehova a di entseng nakong e fetileng. (Bala Pesaleme ya 56:​12, 13.) Davida o ile a dula a nahana ka tsela ena bophelo bohle ba hae. Ka mohlala, o ne a nahanisisa ka dintho tseo Jehova a di bopileng mme di ne di mo hopotsa hore Jehova o matla haholo ebile o rata batho haholo. (Pes. 65:​6-9) Hape Davida o ne a nahanisisa ka dintho tseo Jehova a di etseditseng batho ba bang. (Pes. 31:19; 37:​25, 26) O ne a boetse a nahanisisa ka dintho tseo Jehova a mo etseditseng tsona. Jehova o ile a thusa Davida le ho mo sireletsa ho tloha esale ngwana. (Pes. 22:​9, 10) Ho nahanisisa ka dintho tseo ho ile ha thusa Davida hore a tshepe Jehova le ho feta.

Davida o ile a kgona ho dula a tshepahalla Jehova ka hore a nahane ka dintho tseo a di entseng, tseo a di etsang le tseo a tla di etsa (Sheba serapa sa 5, 8, 12) d


6. Keng e tla re thusa hore re tshepe Jehova ha re ikutlwa re tshohile?

6 Ha o utlwa o tshohile, ipotse: ‘Keng eo Jehova a seng a e entse?’ Nahana ka dintho tseo a di entseng. Ka mohlala, ha o ‘sheba’ tsela eo Jehova a hlokomelang dinonyana le dipalesa tseo a di bopileng ka yona, le hoja di sa boptjwa ka setshwantsho sa hae ebile di sa kgone ho mo rapela, o ka ba le kgodiseho ya hore le wena o tla o hlokomela. (Mat. 6:​25-32) Nahana hape ka hore na Jehova o se a etseditse barapedi ba hae eng. O ka bala ka motho ya hlahang ka Bibeleng ya ileng a bontsha tumelo e matla kapa wa bala ka tlaleho ya mohlanka wa Jehova wa mehleng ena. a Hape nahana ka hore na Jehova o se a entseng ho bontsha hore o a o hlokomela. O ile a o thusa jwang hore o ithute ka yena? (Joh. 6:44) O ile a araba dithapelo tsa hao jwang? (1 Joh. 5:14) Ke melemo efe eo o e fumanang letsatsi le letsatsi ka lebaka la sehlabelo sa Mora wa hae eo a mo ratang?—Baef. 1:7; Baheb. 4:​14-16.

Re ka dula re tshepa Jehova ka hore re nahane ka dintho tseo a di entseng, tseo a di etsang le tseo a tla di etsa (Sheba serapa sa 6, 9 le 10, 13 le 14) e


7. Pale ya moprofeta Daniele e ile ya thusa Moradi wa bo rona Vanessa jwang hore a se ke a tshoha?

7 Moradi wa bo rona Vanessa b ya dulang Haiti o ile a ba boemong bo tshosang. Monna e mong motseng wa habo o ne a mo letsetsa ebile a mo romella melaetsa letsatsi le leng le le leng, a mo qobella hore a ratane le yena. Moradi wa bo rona Vanessa o ile a hana a sa hlathe kwana le kwana. Empa monna eo o ile a ba bohale mme a mo tshosa ka hore o tla mo ntsha kotsi. Moradi wa bo rona Vanessa o re: “Ke ne ke tshohile.” O ile a etsang? O ile a etsa seo a neng a ka se kgona ho itshireletsa. Moholo e mong o ile a mo kgothaletsa hore a letsetse mapolesa. Moradi wa bo rona o ile a boela a nahana ka moo Jehova a ileng a sireletsa bahlanka ba hae ka teng nakong e fetileng. O re: “Motho wa pele eo ke ileng ka nahana ka yena ke moprofeta Daniele. O ile a lahlelwa ka sekoting sa ditau tse lapileng, le hoja a ne a se na molato. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a mo hlokomela. Ke ile ka kopa Jehova hore a rarolle bothata bona. Ka mora moo, ha ke a ka ka hlola ke tshoha.”—Dan. 6:​12-22.

KENG EO JEHOVA A E ETSANG HONA JWALE?

8. Davida o ne a kgodisehile ka eng? (Pesaleme ya 56:8)

8 Le hoja Davida a ne a le kotsing ha a ne a le Gathe, ha a ka a tshoha. Ho ena le hoo, o ile a kgetha ho nahana ka dintho tseo Jehova a neng a mo etsetsa tsona ka nako eo. Davida o ne a hlokomela hore Jehova o a mo thusa ebile o a mo sireletsa le hore o utlwisisa hore na o ikutlwa jwang. (Bala Pesaleme ya 56:8.) Davida o ne a boetse a ena le metswalle e mo tshehetsang, e mo kgothatsang le e mo thusang e leng Jonathane le Moprista ya Phahameng Akimeleke. (1 Sam. 20:​41, 42; 21:​6, 8, 9) Davida o ile a baleha ha Morena Saule a ne a batla ho mo bolaya. O ne a kgodisehile hore Jehova o tseba bothata ba hae le hore na bothata boo bo ne bo etsa hore a ikutlwe jwang.

9. Ke dintho dife tseo Jehova a di hlokomelang?

9 Ha o hlahelwa ke mathata a etsang hore o tshohe, o lokela ho hopola hore Jehova o hlokomela mathata a o hlahelang ebile o a tseba hore na a etsa hore o ikutlwe jwang. Ka mohlala, Jehova ha a ka a hlokomela feela tsela e mpe eo Baiseraele ba neng ba tshwerwe ka yona Egepeta empa o ile a hlokomela le ‘bohloko boo ba neng ba bo utlwa.’ (Ex. 3:7) Davida o ile a bina a re Jehova o bone “mahlomola” a hae le hore o ne a “tshwenyehile haholo.” (Pes. 31:7) Modimo “o ile a hlomoha” ha batho ba hae ba ne ba hlahelwa ke mathata, le hoja e ne e le ka lebaka la hore ba ne ba etsa diqeto tse fosahetseng. (Esa. 63:9) Jehova o utlwisisa tsela eo o ikutlwang ka yona ha o tshohile mme o ikemiseditse ho o thusa hore o se ke wa tshoha.

10. Ke eng e o kgodisang hore Jehova o a o kgathalla le hore o tla o thusa ha o ena le mathata?

10 O ka nna wa ipotsa hore na Jehova o o thusa jwang ha o ena le bothata bo etsang hore o tshohe. Ka hoo, mo kope hore a o bontshe tsela eo a o thusang ka yona. (2 Mar. 6:​15-17) Ka mora moo, nahana ka dipotso tsena: Na ho na le puo kapa karabo eo o ileng wa e utlwa dibokeng e ileng ya o matlafatsa? Na ho na le sengolwa, video kapa pina ya Broadcasting e o kgothaditseng? Na ho na le motho ya ileng a bua mantswe a o kgothatsang kapa a o balla lengolo le o kgothatsang? Re ka nna ra lebala ka moo Bakrestemmoho le rona ba re ratang ka teng le ka moo Lentswe la Modimo le re kgothatsang ka teng. Le ha ho le jwalo, dintho tsena ke dimpho tsa bohlokwa tse tswang ho Jehova. (Esa. 65:13; Mar. 10:​29, 30) Di a re kgodisa hore Jehova o a re kgathalla. (Esa. 49:​14-16) Hape di a re kgodisa hore re ka mo tshepa.

11. Keng e ileng ya thusa Moradi wa bo rona Aida hore a se ke a tshoha?

11 Moradi wa bo rona Aida ya dulang Senegal, o hlokometse ka moo Jehova a ileng a mo thusa ka teng ha a ne a ena le mathata. Ka ha ke yena e moholo, batswadi ba hae ba ne ba lebeletse hore a etse tjhelete e le hore a itlhokomele a be a ba hlokomele. Empa o ile a kgetha ho se be le dintho tse ngata e le hore e ka ba pulamadiboho. Ka lebaka leo, o ne a se na tjhelete e lekaneng. Lelapa labo le ne le mo kwatetse haholo. O re: “Ke ne ke tshaba hore nke ke ka kgona ho thusa batswadi ba ka le hore batho bohle ba ne ba tla mpua hampe. Ke ne ke boetse ke beha Jehova molato ka ho dumella hore dintho di senyehe hakana.” Ka mora moo, o ile a mamela puo e neng e fanwa dibokeng. O re: “Morabo rona o ile a re hopotsa hore Jehova o tseba dintho tse etsang hore re tshwenyehe kapa re ikutlwe re tshohile. Ha nako e ntse e ya ke ile ka fumana keletso ho baholo le bathong ba bang mme ke ile ka kgodiseha hore Jehova o a nthata. Ke ile ka qala ho rapela Jehova ke kgodisehile hore o tla nthusa mme ke ile ka ba le kgotso ha ke bona dithapelo tsa ka di arabelwa.” Ka mora nako e itseng, Moradi wa bo rona Aida o ile a fumana mosebetsi o neng o mo thusa hore a itlhokomele jwalo ka ha e ne e le pulamadiboho le hore a hlokomele batswadi ba hae. O re: “Ke ithutile ho tshepa Jehova ka ho feletseng. Hona jwale ha ke sa tshaba letho ka mora hore ke rapele.”

JEHOVA O TLA ETSANG NAKONG E TLANG?

12. Ho ya ka Pesaleme ya 56:​9, Davida o ne a kgodisehile ka eng?

12 Bala Pesaleme ya 56:9. Temaneng ena Davida o bua ka ntho e nngwe e mo thusitseng ha a ne a tshohile. O ile a nahanisisa ka dintho tseo Jehova a neng a tlo mo etsetsa tsona nakong e tlang le hoja bophelo ba hae bo ne bo ntse bo le kotsing. Davida o ne a tseba hore Jehova o tla mo pholosa ka nako e nepahetseng. Jehova o ne a boletse hore Davida e ne e tlo ba morena wa Iseraele ya latelang. (1 Sam. 16:​1, 13) Davida o ne a kgodisehile hore tshepiso ya Jehova e ne e tlo phethahala.

13. Ke dintho dife tseo re kgodisehileng hore Jehova o tla di etsa?

13 Keng eo Jehova a tshepisitseng ho re etsetsa yona? Ha re a lebella hore Jehova a re sireletse mathateng ohle a re hlahelang. c Hopola hore lefatsheng le letjha Jehova o tla fedisa mathata ohle ao re nang le ona hona jwale. (Esa. 25:​7-9) Mmopi wa rona o na le matla a hore a tsose bafu, a re fodise a be a fedise le batho bohle ba re hanyetsang.—1 Joh. 4:4.

14. Re ka nahanisisa ka eng?

14 Ha o ikutlwa o tshohile, nahana ka dintho tseo Jehova a tla di etsa nakong e tlang. Nahana ka hore na o tla ikutlwa jwang ha Satane a se a fedisitswe, ha batho ba kgopo ba se ba fedisitswe mme ho phela batho ba lokileng feela le ha batho ba ntse ba phethahala letsatsi le letsatsi. Pontsho e ileng ya fanwa kopanong ya setereke ya 2014 e ile ya bontsha hore na re ka nahanisisa ka tshepo eo re nang le yona jwang. Ntate o ile a buisana le lelapa la hae ka hore na 2 Timothea 3:​1-5 e ka reng haeba e ne e ka hlalosa hore na bophelo bo ne bo tla ba jwang Paradeiseng, o ile a re: “Lefatsheng le letjha bophelo bo tla ba monate. Batho ba tla rata batho ba bang, ba rate nnete, ba ikokobetse, ba rorise Modimo, ba mamele batswadi, ba be le teboho, ba tshepahale, ba rate ba malapa a bona, ba dumellane le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba dule ba bua batho ba bang hantle, ba ithibe, ba be bonolo, ba rate dintho tse ntle, ba se ke ba fetohela batho ba bang, ba se ke ba eba manganga, ba se ke ba ikakasa, ba rate Modimo ho ena le ho rata menate, ba phele ka tsela e bontshang hore ba rata Modimo. Batho ba jwalo o ba kgomarele.” Na o na le ho qoqa le lelapa la hao kapa badumedimmoho ka hore na bophelo bo tla ba jwang lefatsheng le letjha?

15. Keng e ileng ya thusa Moradi wa bo rona Tanja hore a dule a tshepahala le hoja a ne a tshohile?

15 Moradi wa bo rona e mong eo lebitso la hae e leng Tanja ya dulang Macedonia Leboya o ile a nahanisisa ka ditlhohonolofatso tseo a tla di fumana nakong e tlang e le hore a ka tlohela ho tshoha. Batswadi ba hae ba ne ba sa batle hore a ithute Bibele. O re: “Dintho tse ding tseo ke neng ke tshoha hore di tla etsahala, di ile tsa fela tsa etsahala. Mme wa ka o ne a nkotla ka mehla ha ke tswa dibokeng. Batswadi ba ka ba ile ba ntshosa ka hore haeba nka ba Paki ya Jehova ba tla mpolaya.” Qetellong Moradi wa bo rona Tanja o ile a tebelwa habo. O ile a etsang? O re: “Ke ile ka nahana ka hore ke tlo thaba ka ho sa feleng haeba ke dula ke tshepahala. Ke ile ka boela ka nahana ka hore na Jehova o tla ntlhohonolofatsa jwang lefatsheng le letjha ka lebaka la dintho tsohle tseo nka nnang ka lahlehelwa ke tsona le hore re tla lebala dintho tsohle tse mpe.” Moradi wa bo rona Tanja o ile a dula a tshepahala. Jehova o ile a mo thusa hore a fumane moo a tla dula teng. Hona jwale Moradi wa bo rona Tanja le monna wa hae ba sebeletsa Jehova ba thabile tshebeletsong ya nako e tletseng.

DULA O TSHEPILE JEHOVA

16. Keng e tla re thusa hore re dule re le sebete ha re bona diketsahalo tse profetilweng ho Luka 21:​26-28 di phethahala?

16 Nakong ya mahlomola a maholo, batho ba tla “akgeha ke letswalo.” Empa batho ba Modimo ba tla dula ba tiile ebile ba le sebete. (Bala Luka 21:​26-28.) Ke hobaneng ha re ke ke ra tshoha? Ke hobane re tla be re se re ithutile ho tshepa Jehova. Moradi wa bo rona Tanja eo re buileng ka yena o re dintho tse mo etsahaletseng nakong e fetileng, di mo thusa hore a mamelle maemo a mang a boima. O re: “Ke ithutile hore Jehova a ka re thusa ho mamella maemo ohle ao re kopanang le ona a be a re hlohonolofatse. Ka dinako tse ding ho ka bonahala eka batho ba bang ba na le matla a ho laola dintho empa Jehova o matla ho ba feta. Le hoja mathata a rona a ka ba boima, re kgodisehile hore a tla fela.”

17. Temana ya rona ya selemo ya 2024 e tla re thusa jwang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

17 Mehleng ena ho na le dintho tse ngata tse ka etsang hore re tshohe. Empa le rona jwalo ka Davida, ha re a lokela ho tshoha ho feta tekano. Temana ya rona ya selemo ya 2024 ke thapelo eo Davida a ileng a e etsa ha a ne a rapela Jehova. O ile a re: “Ha ke tshohile, ke tshepa wena.” (Pes. 56:3) Ha setsebi se seng sa Bibele se hlalosa temana ena se re: “Davida ha a dule a nahana ka dintho tse etsang hore a tshohe kapa ka mathata a hae. Empa o tshepa ya kgonang ho mo pholosa.” Nahana ka temana ya rona ya selemo dikgweding tse tlang, haholoholo ha o hlahelwa ke maemo a etsang hore o tshohe. Iphe nako ya ho nahana ka dintho tseo Jehova a di entseng nakong e fetileng, tseo a di etsang hona jwale le tseo a tla di etsa nakong e tlang. Ha o etsa jwalo, le wena o ka re jwalo ka Davida: “Ke tshepa Modimo. Ke ka hoo ke sa tshabeng letho.”—Pes. 56:4.

Moradi wa bo rona o nahana ka temana ya selemo nakong eo ka yona ho hlahileng koduwa (Sheba serapa sa 17)

HO NAHANA KA DINTHO TSENA HO KA O THUSA JWANG HORE O SE KE WA TSHOHA?

  • Dintho tseo Jehova a seng a di entse

  • Dintho tseo Jehova a di etsang hona jwale

  • Dintho tseo Jehova a tla di etsa

PINA YA 33 Lahlela Morwalo wa Hao ho Jehova

a O ka fumana dihlooho tse matlafatsang tumelo ho jw.org/st-za ka hore o ngole “etsisa tumelo ya bona” kapa “dintho tse etswang ke Dipaki Tsa Jehova” karolong ya batla.

b Mabitso a mang a fetotswe.

d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Davida o ne a nahana ka moo Jehova a ileng a mo fa matla a hore a bolaye bere le ka moo a ileng a sebedisa Akimeleke hore a mo thuse. O ile a boela a nahana ka hore Jehova o ne a tlo mo etsa morena.

e TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona ya kwaletsweng teronkong ka lebaka la tumelo ya hae o nahana ka tsela eo Jehova a ileng a mo thusa ka yona hore a tlohele ho tsuba, a mo kgothatsang ka yona a sebedisa mangolo a tswang ho batho ba mo ratang le eo a tla mo fa bophelo bo sa feleng Paradeiseng.