Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 2

PINA EA 19 Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena

Na u Itokiselitse Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Selemong?

Na u Itokiselitse Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Selemong?

“Le ’ne le etse tjena ho nkhopola.”LUKA 22:19.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o bua ka hore na ke hobane’ng ha Sehopotso e le sa bohlokoa, re ka itokisetsa sona joang le hore na re ka thusa batho ba bang joang hore ba be teng ho sona.

1. Ke hobane’ng ha letsatsi la Sehopotso e le la bohlokoa ka ho fetisisa? (Luka 22:​19, 20)

 BAHLANKA ba Jehova ba nka letsatsi la Sehopotso sa lefu la Kreste e le letsatsi la bohlokoa ka ho fetisisa selemong. Lebaka ke hobane ketsahalo ena ke eona feela eo Jesu a laetseng balateli ba hae hore ba ikhopotse eona. (Bala Luka 22:​19, 20.) Re na le mabaka a mangata a etsang hore re ikemisetse ho ea Sehopotsong. A re bueng ka a mang a ’ona.

2. Ke mabaka afe a mang a etsang hore re ikemisetse ho ea Sehopotsong?

2 Sehopotso se re thusa ho nahana kamoo sehlabelo sa Jesu se leng bohlokoa kateng ho rona. Hape se re hopotsa hore na re ka etsa’ng ho bontša hore re ananela sehlabelo sa Jesu. (2 Bakor. 5:​14, 15) Se re fa monyetla oa ho “khothatsana” le bara le barali ba bo rona. (Bar. 1:12) Selemo le selemo bara le barali ba bo rona ba khaolitseng ho tla libokeng ba e-ba teng Sehopotsong. Tsela eo bara le barali ba bo rona ba ba tšoarang ka eona ha ba tlile Sehopotsong e etsa hore ba bang ba batle ho khutlela ho Jehova. Batho ba bang ba thabisoa ke seo ba se bonang le ho se utloa ha ba tlile Sehopotsong ’me ba etsa qeto ea hore ba ithute Bibele. Ke kahoo Sehopotso e leng ketsahalo ea bohlokoa ho rona.

3. Sehopotso se etsa hore re momahane ka tsela efe le Bakreste-’moho le rona lefatšeng lohle? (Sheba setšoantšo.)

3 Lebaka le leng le etsang hore re ikemisetse ho ea Sehopotsong ke hobane rea tseba hore letsatsi leo le etsa hore re momahane le Bakreste-’moho le rona lefatšeng lohle. Lipaki Tsa Jehova li bokana lefatšeng lohle letsatsing leo ha letsatsi le likela. Kaofela ha rona re mamela puo e hlalosang hore na ke hobane’ng ha sehlabelo sa Jesu e le sa bohlokoa. Re bina lipina tse peli, ho fetisoa bohobe le veine ebe re re “amen” ka mor’a lithapelo tse ’nè tse etsoang. Liphutheho tsohle li etsa ntho e tšoanang letsatsing leo. Nahana feela hore na Jehova le Jesu ba thaba hakae ha ba bona re ba tlotlisa ka tsela ena lefatšeng lohle.

Sehopotso se etsa hore Bakreste-’moho ba momahane lefatšeng lohle (Sheba serapa sa 3) f


4. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

4 Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tsena: Re ka etsa’ng e le hore re itokisetse Sehopotso? Re ka thusa batho ba bang joang hore ba tle Sehopotsong? Re ka thusa Bakreste-’moho le rona ba khaolitseng ho tla libokeng joang? Likarabo tsa lipotso tsena li tla re thusa hore re itokisetse ketsahalo ena ea bohlokoa.

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE ITOKISETSE SEHOPOTSO?

5. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho nahanisisa ka bohlokoa ba topollo? (Pesaleme ea 49:​7, 8) (b) U ithutile’ng videong ea Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Shoa?

5 Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo re ka e etsang ho itokisetsa Sehopotso ke hore re nahane kamoo sehlabelo sa Jesu Kreste se leng bohlokoa kateng. Re ne re ke ke ra khona ho itokolla sebeng le lefung. (Bala Pesaleme ea 49:​7, 8; sheba video ea Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Shoa?) a Jehova o ile a lokisetsa hore Jesu a fane ka bophelo ba hae ho re lopolla. Kahoo, Jehova le Jesu ba ile ba itela haholo. (Bar. 6:23) Haeba re tsoela pele ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova le Jesu ba li tetseng molemong oa rona, re tla bontša hore re ananela topollo. Re tl’o bua ka lintho tseo Jehova le Jesu ba ileng ba li tela e le hore re lopolloe. Pele re bua ka tsona, topollo e akareletsa’ng?

6. Topollo e akareletsa’ng?

6 Topollo ke chelete eo motho a e patalang ho lokolla ntho ea hae eo motho e mong a neng a e tšoere kapa a e nkile. Adama ke eena motho oa pele ’me ha Molimo a ne a mo bopa o ne a se na sebe. Ha a ne a etsa sebe, o ile a lahleheloa ke monyetla oa hore eena le bana ba hae ba phele ka ho sa feleng. Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo e le hore a ka lopolla bana ba Adama sebeng. Ha Jesu a le lefatšeng, “ha aa ka a etsa sebe ebile ho ne ho se na bolotsana ho eena.” (1 Pet. 2:22) Nakong eo Jesu a neng a bolaoa, bophelo ba hae bo ne bo tšoana hantle le ba Adama pele a etsa sebe. Kahoo, bophelo ba Jesu bo ne bo patalla sebe seo Adama a neng a se entse.—1 Bakor. 15:45; 1 Tim. 2:6.

7. Ke mathata afe ao Jesu a ileng a ba le ’ona ha a ne a le lefatšeng?

7 Ha Jesu a ne a le mona lefatšeng o ile a mamela Jehova nthong e ’ngoe le e ’ngoe le hoja ka linako tse ling ho ne ho le thata hore a mamele. Ha Jesu esale ngoana, o ile a tlameha ho mamela batsoali ba hae bao ka linako tse ling ba neng ba etsa liphoso le hoja eena a tsoetsoe a se na sebe a bile a sa etse liphoso. (Luka 2:51) Ha Jesu e sa le mocha, o ile a hlola khatello ea batho ea hore a se ke a mamela batsoali ba hae kapa a se ke a tšepahalla Jehova. Ha Jesu a se a le moholo, o ile a hana ho etsa lintho tseo Satane Diabolose a neng a re a li etse, ho akareletsa le ea hore a se ke a tšepahalla Molimo. (Mat. 4:​1-11) Satane o ne a batla hore Jesu a etse sebe e le hore a se ke a lopolla batho sebeng.

8. Ke mathata afe a mang ao Jesu a ileng a a mamella?

8 Ha Jesu a ne a le lefatšeng a etsa mosebetsi oa boboleli, o ile a tlameha ho mamella mathata. Batho ba ile ba mo hlorisa ’me ba leka ho mo bolaea. (Luka 4:​28, 29; 13:31) O ile a tlameha ho mamella liphoso tsa balateli ba hae. (Mar. 9:​33, 34) Pele Jesu a bolaoa, o ile a hlorisoa haholo a ba a tlotlolloa. Ka mor’a moo, o ile a bolaoa joaloka lesholu le ka tsela e sehloho. (Baheb. 12:​1-3) O ile a tlameha ho mamella mathata ao a le mong Jehova a sa mo sireletse. bMat. 27:46.

9. Re ikutloa joang ka Jesu ha re nahana ka lintho tseo a li mameletseng? (1 Petrose 1:8)

9 Jesu o ile a mamella lintho tse bohloko e le hore a ka lopolla batho sebeng le lefung. Ho nahana ka mathata a mangata ao Jesu a ileng a a mamella e le hore re ka lopolloa, ho etsa hore re mo rate le ho feta.—Bala 1 Petrose 1:8.

10. Jehova o ile a lahleheloa ke’ng e le hore re ka lopolloa?

10 Jehova o ne a ikemiselitse ho lahleheloa ke’ng e le hore Jesu a ka re lopolla? Jehova le Jesu ba ne ba e-na le kamano e matla eo ntate le mora ba nang le eona. (Liprov. 8:30) Re ka inahanela feela hore na Jehova o ne a ikutloa joang ha a bona Jesu a mameletse mathata ao a neng a e-na le ’ona. E tlameha ebe o ne a utloile bohloko haholo ha a bona Mora oa hae a tšoeroe hampe, batho ba mo hloile a bile a utloa bohloko.

11. Fana ka mohlala o bontšang kamoo Jehova a neng a ikutloa kateng ha Jesu a ne a bolaoa.

11 Motsoali e mong le e mong ea kileng a hlokahalloa ke ngoana o tseba hantle bohloko ba ho hlokahalloa ke ngoana. Re na le tumelo e matla ea hore ho tla ba le tsoho ea bafu empa taba eo ha e tlose bohloko boo re bo utloang ha re hlokahalloa ke motho eo re mo ratang. Mohlala ona o re thusa ho utloisisa hore na e ka ’na eaba Jehova o ne a ikutloa joang ha a bona Mora oa hae eo a mo ratang a utloa bohloko a bile a shoa ka selemo sa 33. cMat. 3:17.

12. Re ka etsa’ng ha nako ea Sehopotso e ntse e atamela?

12 Ha re ntse re letetse letsatsi la Sehopotso hore le fihle, re ka ithuta ka topollo Borapeling ba Lelapa kapa ha re ithuta re le bang. U ka sebelisa buka ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova kapa oa sebelisa lingoloa tse ling tse buang ka topollo e le hore u ithute lintlha tse ling. d U ka boela oa latela ’malo oa Bibele oa Sehopotso o hlahang ho Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona. Hape ka letsatsi la Sehopotso, u se ke oa lebala ho shebella lenaneo le khethehileng la Temana ea Letsatsi. Ha re itokisetsa Sehopotso re tla khona ho thusa le batho ba bang hore ba be teng ho sona le hore ba se thabele.—Esdr. 7:10.

THUSA BATHO BA BANG HORE BA BE TENG SEHOPOTSONG

13. Re ka etsa’ng ho thusa batho ba bang hore ba tle Sehopotsong?

13 Re ka thusa batho ba bang joang hore ba be teng Sehopotsong? Ntho ea pele eo re ka e etsang ke ho ba mema hore ba tle Sehopotsong. Re ka mema batho bao re kopanang le bona tšimong. Hape re ka etsa lethathamo la batho bao re batlang ho ba mema. Batho bana e ka ba ba lelapa, basebetsi-’moho, bao re kenang sekolo le bona le batho ba bang bao re ba tsebang. Haeba re se na limemo tse hatisitsoeng tse lekaneng, re ka ba romella link ea memo lisebelisoeng tsa bona tsa elektronike. Re ka makala hore na ke batho ba bakae ba ka tlang Sehopotsong.—Moek. 11:6.

14. Fana ka mohlala oa hore na ho memela batho Sehopotsong ho ka etsa’ng.

14 U se ke oa khella fatše taba ea ho memela motho Sehopotsong hobane motho eo a ka ’na a tla Sehopotsong. Ka letsatsi le leng, morali oa bo rona e mong eo monna oa hae e seng Paki ea Jehova o ile a makala ha monna oa hae a re o tl’o ea le eena Sehopotsong. Ke hobane’ng ha a ne a maketse? Ke hobane nakong e fetileng o ne a mo kopile ka makhetlo a mangata hore a ee le eena Sehopotsong empa ha aa ka a ea. Ke’ng e ileng ea fetola maikutlo a monna oa hae? Monna oa hae o re: “Ke ile ka fuoa memo e hatisitsoeng ea Sehopotso.” O hlalosa hore mor’abo rona oa moholo eo a neng a mo tloaetse o ile a mo mema. Monna oa morali oa bo rona o ile a ea Sehopotsong selemong seo ’me o ile a lula a ea ho sona lilemo tse ngata ka mor’a moo.

15. Re lokela ho hopola’ng ha re memela batho Sehopotsong?

15 Lula u hopola hore batho bao u ba memang ba ka ’na ba e-ba le lipotso, haholo-holo haeba e le lekhetlo la pele ba tla libokeng. Re lokela ho nahana ka lipotso tseo ba ka ’nang ba li botsa ’me re itokisetse ho li araba. (Bakol. 4:6) Ka mohlala, ba ka ipotsa lipotso tse latelang: ‘Ho tla etsahala’ng moo?’ ‘Ho tl’o nkoa nako e kae?’ ‘Ke lokela ho apara joang?’ ‘Na ke lokela ho patala ha ke kena?’ ‘Na ho ntšoa koleke?’ Ha re memela motho Sehopotsong, re ka mo botsa hore na o na le lipotso ebe rea li araba. Re ka boela ra sebelisa video ea Ikhopotse Lefu la Jesu le ea Ho Etsahala Eng Holong ea ’Muso? e le ho mo thusa hore a utloisise hore liboka li tšoaroa joang. Hape re ka sheba khaolo ea 28 ea buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! E fana ka lintlha tsa bohlokoa tseo re ka li bontšang motho eo re mo memang.

16. Batho ba menngoeng Sehopotsong ba ka ’na ba ipotsa eng?

16 Ka mor’a Sehopotso, batho ba ka thabelang ho ithuta Bibele ba ka ’na ba e-ba le lipotso tse ling. Mohlomong ba ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha e le batho ba ’maloa feela ba jang bohobe le ba noang veine (haeba ba ne ba le teng). Hape e ka ’na eaba baa ipotsa hore na re tšoara Sehopotso hangata hakae. E ka ’na eaba ba batla ho tseba hore na liboka tsa Lipaki Tsa Jehova kaofela li tšoaroa ka tsela e tšoanang. Le hoja puong ea Sehopotso ho buuoa ka tse ling tsa lintlha tsena, batho ba qalang ho ea Sehopotsong ba ka ’na ba batla ho tseba lintlha tse ling. Sehlooho se hlahang ho jw.org/st se reng “Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka Tsela eo Malumeli a Mang a Etsang ka Eona?” se ka re thusa ho araba lipotso tse ling tseo ba nang le tsona. Pele ho Sehopotso, nakong ea sona le ka mor’a sona re batla ho leka ka matla ho thusa ‘batho bao lipelo tsa bona li ba susumetsang hore ba amohele lentsoe’ e le hore ba ka thabela ketsahalo ena.—Lik. 13:48.

THUSA BA KHAOLITSENG HO TLA LIBOKENG

17. Baholo ba ka etsa’ng ho thusa batho ba seng ba khaolitse ho tla libokeng? (Ezekiele 34:​12, 16)

17 Nakong ea ha ho lokisetsoa Sehopotso, baholo ba ka etsa’ng ho thusa batho ba khaolitseng ho tla libokeng? Ba lokela ho ba bontša hore baa ba tsotella. (Bala Ezekiele 34:​12, 16.) Baholo, pele Sehopotso se qala etsang bonnete ba hore le letsetsa ba bangata kamoo le ka khonang. Le ba kholise hore le ntse le ba rata ebile le batla ho ba thusa. Ba memeleng Sehopotsong. Haeba ba tla, ba amoheleng ka mofuthu. Ka mor’a Sehopotso, tsoelang pele le letsetsa le ho etela bara le barali bana ba bo rona ’me le ba thuse ka ntho leha e le efe e tla ba thusa hore ba khutlele ho Jehova.—1 Pet. 2:25.

18. Re ka thusa batho ba seng ba sa tle libokeng joang? (Baroma 12:10)

18 Batho bohle ka phuthehong ba ka thusa batho ba seng ba khaolitse ho tla libokeng hore ba tle Sehopotsong. Re ka ba thusa joang? Ka hore re ba bontše lerato, mosa le tlhompho. (Bala Baroma 12:10.) Hopolang hore e ka ’na eaba ha ho bonolo hore ba khutlele libokeng. Mohlomong ba ne ba tšaba hore ba ke ke ba amoheloa hantle. e Kahoo, qobang ho ba botsa lipotso tse ka ba hlabisang lihlong kapa ka ho bua lintho tse ka ba utloisang bohloko. (1 Bathes. 5:11) Re thabela ho boela re sebeletsa Jehova hammoho le bara le barali bana ba bo rona.—Pes. 119:176; Lik. 20:35.

19. Re fumana melemo efe ha re hopola lefu la Jesu?

19 Re thabela hore ebe Jesu o lokiselitse hore re hopole lefu la hae selemo le selemo. Ho na le melemo e mengata eo re e fumanang ha re ea Sehopotsong le eo batho ba bang ba e fumanang. (Esa. 48:​17, 18) Ho ea Sehopotsong ho etsa hore re rate Jehova le Jesu le ho feta. Re bontša hore re ananela seo ba re etselitseng sona. Re ba le kamano e matla le Bakreste-’moho le rona. Hape re ka thusa batho ba bang hore ba bone hore na ke joang ba ka fumanang litlhohonolofatso tseo re li fumanang ka lebaka la topollo. Kahoo, a re lekeng ka matla ho itokisetsa Sehopotso sa selemong sena hobane ke letsatsi la bohlokoa haholo.

RE KA ETSA’NG HO . . .

  • itokisetsa Sehopotso?

  • thusa ba bang hore ba tle Sehopotsong?

  • thusa ba khaolitseng ho tla libokeng?

PINA EA 18 Rea U Leboha ka Mora oa Hao

a Sebelisa karolo ea batla e ho jw.org/st ho fumana lihlooho le livideo tse hlahang sehloohong sena.

b Sheba sehlooho se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” se hlahang ho Molula-Qhooa oa April 2021.

d Sheba lebokose le reng “ Lintho Tseo u ka Etsang Lipatlisiso ka Tsona.”

e Sheba litšoantšo le lebokose le reng “ Phutheho e Ile ea ba Tšoara Joang?” Mor’abo rona ea neng a khaolitse ho tla libokeng o tšaba ho kena ka hare ho Holo ea ’Muso empa qetellong oa kena. O amoheloa ka mofuthu ebile o thabela ho ba le bara le barali ba bo rona.

f TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha batho ba le Sehopotsong karolong e ’ngoe ea lefatše, bara le barali ba bo rona ba bang ba itokisetsa ketsahalo ena ea bohlokoa likarolong tse ling tsa lefatše.