Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na u Tšoara Basali ka Tsela eo Jehova a ba Tšoarang ka Eona?

Na u Tšoara Basali ka Tsela eo Jehova a ba Tšoarang ka Eona?

BARA ba bo rona ba na le monyetla oa ho sebetsa hammoho le barali ba bo rona ba bangata. Re rata le ho ananela barali bana ba bo rona ba tšepahalang le ba sebetsang ka thata. Kahoo, bara ba bo rona, re batla ho tšoara barali ba bo rona ka tsela e bontšang mosa, toka le tlhompho. Kaha re etsa liphoso, ka linako tse ling re ka thatafalloa ke ho tšoara barali ba bo rona hantle empa ho na le ntho e ’ngoe hape e etsang hore bara ba bo rona ba bang ba thatafalloe ke ho ba tšoara hantle.

Banna ba bang ba holela litsong tseo ho tsona basali ba nkoang e se batho ba bohlokoa. Ka mohlala, Mor’abo rona Hans eo e leng molebeli oa potoloho ea lulang Bolivia o re: “Banna ba bang ba holiselitsoe litsong tse khothaletsang banna hore ba ikutloe ba phahametse batho ba bang, banna bana ba lumela hore ba phahametse basali ’me hangata ha ba hlomphe basali.” Mor’abo rona Shengxian oa Taiwan eo e leng moholo o re: “Sebakeng seo ke lulang ho sona, banna ba bangata ba re basali ha baa lokela ho bolella banna maikutlo a bona. Haeba monna a ka bua ka hore na mosali o ikutloa joang ka taba e itseng, banna ba bang ba ka ’na ba mo nyatsa.” Banna ba bang ba khetholla basali ka litsela tse poteletseng. Ka mohlala, ba ka ’na ba etsa metlae e buang hampe ka basali.

Hoa thabisa ho tseba hore banna ba ka fetola tsela eo ba nahanang ka eona ho sa tsotellehe hore na ba holisitsoe joang. Monna a ka khona ho khaotsa ho nahana hore banna ba phahametse basali. (Baef. 4:​22-24) A ka etsa sena ka hore a etsise mohlala oa Jehova. Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na Jehova o tšoara basali joang, hore na bara ba bo rona ba ka ithuta ho tšoara basali joaloka Jehova joang le hore baholo ba ka beha mohlala o motle joang tabeng ea ho hlompha barali ba bo rona.

JEHOVA O TŠOARA BASALI JOANG?

Jehova o behetse banna mohlala o motle oa hore na ba ka tšoara basali joang. Ke Ntate ea mohau ’me o rata bana bohle ba hae. (Joh. 3:16) Barali ba bo rona ke ba bohlokoa ho eena. Nahana ka litsela tse latelang tseo Jehova a bontšang ka tsona hore o rata basali ebile oa ba hlompha.

Ha a ba khetholle. Jehova o bopile banna le basali ba tšoana le eena. (Gen. 1:27) Ha aa ka a etsa hore banna ba be bohlale kapa ba be le bokhoni bo fetang ba basali ebile o rata banna le basali ka tsela e tšoanang. (2 Likron. 19:7) O bopile banna le basali ba e-na le bokhoni bo tšoanang ba ho utloisisa lithuto tsa Bibele le ho etsisa makhabane a hae. Jehova o boetse o nka banna le basali ba nang le tumelo e matla e le ba bohlokoa ho sa tsotellehe hore na ba na le tšepo ea ho phela lefatšeng la paradeise ka ho sa feleng kapa ba na le tšepo ea ho phela leholimong e le baprista le marena. (2 Pet. 1:​1, nal.) Ho hlakile hore Jehova ha a khetholle basali.

Oa ba mamela. Jehova o tsotella tsela eo basali ba ikutloang ka eona le hore na ba na le mathata afe. Ka mohlala, o ile a mamela lithapelo tsa Ragele le Anna a ba a li araba. (Gen. 30:22; 1 Sam. 1:​10, 11, 19, 20) Hape Jehova o ile a susumeletsa bangoli ba Bibele hore ba ngole ka banna ba ileng ba mamela basali. Ka mohlala, Abrahama o ile a latela taelo ea Jehova ea hore a mamele mosali oa hae Sara. (Gen. 21:​12-14) Morena Davida o ile a mamela Abigaile. Ha e le hantle, Davida o ile a hlokomela hore ke Jehova ea rometseng Abigaile hore a bue le eena. (1 Sam. 25:​32-35) Kaha Jesu o ne a e-na le makhabane a tšoanang le a Ntate oa hae, o ile a mamela ’mè oa hae Maria. (Joh. 2:​3-10) Mehlala ena e bontša hore tsela e ’ngoe eo Jehova a bontšang ka eona hore o hlompha basali ke ka hore a ba mamele.

Oa ba tšepa. Ka mohlala, Jehova o ile a re Eva a thuse Adama hore a hlokomele lefatše. (Gen. 1:28) Ka ho etsa joalo, o ne a bontša hore ha a mo nke e le motho ea fokolang empa o mo nka e le mothusi oa monna oa hae. Jehova o ile a boela a tšepa baprofeta ba basali e leng Debora le Hulda hore ba fe batho ba hae likeletso ho akareletsa le moahloli le morena. (Baahl. 4:​4-9; 2 Mar. 22:​14-20) Mehleng ena Jehova o bontša hore o tšepa basali ba Bakreste ka hore ba etse mosebetsi oa hae. Barali bana ba bo rona ba sebeletsa e le bahoeletsi, bo-pula-maliboho le baromuoa. Ba thusa ka ho etsa meralo, ho haha le ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso le mehaho ea lekala. Ba bang ba sebeletsa Bethele ’me ba bang ba sebeletsa liofising tsa phetolelo. Barali bana ba bo rona ba joaloka lebotho le leholo leo Jehova a le sebelisang ho etsa thato ea hae. (Pes. 68:11) Ho hlakile hore Jehova ha a nke basali ba fokola kapa ba se na bokhoni.

BARA BA BO RONA BA KA ITHUTA HO TŠOARA BASALI JOALOKA JEHOVA JOANG?

Bara ba bo rona, e le hore re bone hore na re tšoara basali ba Bakreste ka tsela eo Jehova a ba tšoarang ka eona, re lokela ho hlahloba tsela eo re nahanang le ho etsa lintho ka eona. Re hloka thuso e le hore re khone ho etsa joalo. Ka mohlala, ngaka e ka sebelisa mechine e e thusang hore e khone ho bona hore na pelo ea motho e na le bothata bofe. Ka tsela e tšoanang, metsoalle e molemo le Lentsoe la Molimo le ka re thusa hore re khone ho bona hore na tsela eo re tšoarang basali ka eona e thabisa Jehova kapa che. Ke’ng eo re ka e etsang e le hore re fumane thuso eo?

Bua le motsoalle eo u mo tšepang. (Liprov. 18:17) Re etsa hantle haeba re botsa motsoalle eo re mo tšepang, ea mosa le ea nang le teka-tekano lipotso tse kang tsena: “U nahana hore ke tšoara barali ba bo rona joang? Na baa lumela hore kea ba hlompha? Na ho na le ntho eo nka e etsang e le hore nka ba tšoara hantle?” Haeba motsoalle oa hao a u bontša hore u lokela ho ntlafatsa tsela eo u tšoarang basali ka eona, qoba ho ipehela mabaka. Ho e-na le hoo, ikemisetse ho ntlafatsa moo u lokelang ho etsa joalo.

Ithute Lentsoe la Molimo. Tsela e molemo eo re ka tsebang ka eona hore na re tšoara barali ba bo rona hantle, ke ka ho hlahloba tsela eo re etsang le ho nahana lintho ka eona re sebelisa Lentsoe la Molimo. (Baheb. 4:12) Ha re ithuta Bibele, re bala ka banna ba ileng ba tšoara basali hantle le banna ba neng ba sa ba tšoare hantle. Re ka bapisa tsela eo ba neng ba etsa lintho ka eona le tsela eo rona re tšoarang basali ka eona. Hape ha rea lokela ho sebelisa temana ea Bibele ho tšehetsa tsela e fosahetseng ea ho tšoara basali eo e ka ’nang eaba re na le eona. Ho e-na le hoo, re lokela ho bapisa litemana tse ngata tsa Bibele tse buang ka hore na banna ba lokela ho tšoara basali joang. Ka mohlala, lengolo la 1 Petrose 3:​7, le re re lokela ho ‘tšoara basali ka tsela eo re neng re tla tšoara sejana se pshatlehang habonolo’ ka eona. a Na taba ee e bolela hore basali ha ba bohlale joaloka banna kapa ha ba na bokhoni bo tšoanang le ba bona? Ha ho joalo. Bapisa mantsoe a Petrose le seo lengolo la Bagalata 3:​26-29 le se bontšang e leng hore Jehova o khethile banna le basali hore ba e’o busa le Jesu leholimong. Ha re ithuta Lentsoe la Molimo ebile re kopa motsoalle eo re mo tšepang hore a re thuse ho bona hore na re tšoara basali joang, re ka ithuta ho hlompha barali ba bo rona.

BAHOLO BA BONTŠA JOANG HORE BA HLOMPHA BARALI BA BO RONA?

Bara ba bo rona ka phuthehong le bona ba ka ithuta ho tšoara barali ba bo rona ka tsela e bontšang tlhompho ka hore ba latele mohlala oa baholo. Baholo ba etsa’ng ho bontša hore ba hlompha barali ba bo rona? Nahana ka litsela tse latelang.

Baholo ba babatsa barali ba bo rona. Moapostola Pauluse o behetse baholo mohlala o motle oo ba ka o etsisang. O ile a babatsa barali ba bo rona ba ’maloa phatlalatsa lengolong leo a neng a le ngoletse phutheho ea Roma. (Bar. 16:12) Ak’u nahane feela hore na barali bao ba bo rona ba ne ba thabile joang ha lengolo leo Pauluse a le ngotseng le balloa phutheho. Ka tsela e tšoanang, baholo ba ka babatsa barali ba bo rona ka makhabane ao ba a bontšang le ka mosebetsi oo ba o etsetsang Jehova. Ho babatsa barali ba bo rona ho etsa hore ba tsebe hore baa hlomphuoa le hore ba ananeloa haholo. Barali ba bo rona ba ka hloka ho utloa mantsoe a khothatsang a moholo e le hore ba tsoele pele ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.—Liprov. 15:23.

Babatsa

Ha baholo ba babatsa barali ba bo rona, ba lokela ho bua ho tsoa pelong le ho hlakisa hore na ke lintho life tseo ba ba babatsang ka tsona. Hobane’ng? Morali oa bo rona Jessica o re: “Hoa thabisa ha bara ba bo rona ba re ho morali oa bo rona ‘u entse hantle.’ Empa re ananela haholo ha bara ba bo rona ba re babatsa ka ntho e itseng eo re e entseng, joaloka ho ruta bana ba rona hore ba mamele ha ba le libokeng kapa ha re entse boiteko ba ho lata motho eo re ithutang Bibele le eena hore a tle libokeng.” Ha baholo ba babatsa barali ba bo rona ka lintho tseo ba li entseng, ba etsa hore barali ba bo rona ba ikutloe ba hlokeha ebile e le batho ba bohlokoa ka phuthehong.

Ba mamela barali ba bo rona. Baholo baa hlokomela hore ha se bona feela ba nang le litlhahiso tse utloahalang. Ba amohela maikutlo a barali ba bo rona hape ba ba mamela ka hloko ha ba ntse ba bua. Ka ho etsa joalo, baholo ba khothatsa barali ba bo rona le ho ithuta lintho tse ling ho bona. Joang? Mor’abo rona Gerardo eo e leng moholo ea sebeletsang Bethele o re: “Ke hlokometse hore ho kopa ho utloa maikutlo a barali ba bo rona ka ntho e itseng, ho nthusa hore ke etse mosebetsi oa ka hantle. Hangata ba na le nako e telele ba etsa mosebetsi o itseng ho feta bara ba bo rona ba bangata.” Ka phuthehong, barali ba bo rona ba bangata ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ’me ba tseba batho ba moo ba lulang teng. Mor’abo rona Bryan eo e leng moholo o re: “Barali ba bo rona ba na le lintho tse ngata tseo ba ka li etsang ka mokhatlong oa Molimo. Kahoo, re lokela ho ithuta ho bona.”

Mamela

Baholo ha baa lokela ho iphapanyetsa litlhahiso tsa barali ba bo rona. Hobane’ng? Mor’abo rona Edward eo e leng moholo o re: “Maikutlo a morali oa bo rona le lintho tseo a li tsebang li ka thusa mor’abo rona ho utloisisa ntho e itseng le ho feta ebile li ka mo thusa hore a utloisise maikutlo a batho ba bang.” (Liprov. 1:5) Le haeba moholo a sa sebelise tlhahiso ea morali oa bo rona, a ka mo leboha ka ho fana ka maikutlo a hae le ho bua ka hore na o utloisisa taba e itseng joang.

Ba ruta barali ba bo rona. Baholo ba batla menyetla ea hore ba rute barali ba bo rona. Ka mohlala, ba ka ruta barali ba bo rona hore na ba ka tšoara seboka sa tšimo joang haeba ho ka etsahala hore mor’abo rona ea kolobelitsoeng a se ke a e-ba teng. Ba ka ba ruta ho sebelisa lithulusi kapa mechine e le hore ba ka thusa ho hlokomela le ho haha mehaho. Bethele bara ba bo rona ba etellang pele ba ruta barali ba bo rona hore ba etse mesebetsi e fapaneng e akareletsang ho hlokomela mehaho, ho reka, ho sebelisa chelete, ho sebetsa ka lik’homphieutha le mesebetsi e meng. Ha baholo ba ruta barali ba bo rona, ba bontša hore ba ba nka e le batho ba nang le bokhoni le ba tšepahalang.

Ruta

Barali ba bo rona ba bangata ba sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona ho baholo e le hore ba ka thusa ba bang. Ka mohlala, ba sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona ho thusa ba bang ho lokisa matlo a bona ka mor’a koluoa ea tlhaho. Ba bang ba sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona mosebetsing oa ho paka phatlalatsa ho thusa barali ba bo rona ba bang hore le bona ba etse mosebetsi ona. Barali ba bo rona ba ikutloa joang ka baholo ba ba rutileng lintho tse itseng? Morali oa bo rona Jennifer o re: “Ha ke ne ke sebetsa projekeng e ’ngoe ea ho haha Holo ea ’Muso, mor’abo rona ea neng a etella pele mosebetsi o ile a nka nako a nthuta. O ile a hlokomela mosebetsi oo ke neng ke o etsa ’me o ile a mpabatsa. Ke ne ke rata ho sebetsa le eena hobane ke ne ke ikutloa ke le motho oa bohlokoa ebile ke tšeptjoa.”

MELEMO EA HO NKA BARALI BA BO RONA E LE KAROLO EA LELAPA LA RONA

Re rata barali ba bo rona joalokaha Jehova a ba rata ebile re ba nka e le karolo ea lelapa la rona. (1 Tim. 5:​1, 2) Rea ba ananela ebile re thabela ho sebetsa le bona. Rea thaba ha ba tseba hore rea ba rata ebile rea ba tšehetsa. Morali oa bo rona Vanessa o re: “Ke leboha Jehova haholo ka hore ebe ke karolo ea mokhatlo oa hae o nang le bara ba bo rona ba bangata ba nkhothalitseng.” Morali oa bo rona ea lulang Taiwan eena o re: “Ke leboha Jehova le mokhatlo oa hae ka ho hlompha basali le maikutlo a bona. Sena se matlafatsa tumelo ea ka ebile se etsa hore ke ananele hore ebe ke karolo ea mokhatlo oa Jehova.”

Jehova o thaba haholo ha a bona banna ba Bakreste ba hlompha barali ba bo rona joaloka eena. (Liprov. 27:11) Mor’abo rona Benjamin oa Scotland eo e leng moholo o re: “Banna ba bangata kajeno ha ba hlomphe basali ho hang. Kahoo, ha barali ba bo rona ba le Holong ea ’Muso re batla ho etsa bonnete ba hore ba ikutloa ba hlomphuoa ebile ba ratoa.” E se eka re ka leka ka litsela tsohle ho etsisa Jehova ka hore re tšoare barali ba bo rona ka lerato le ka tlhompho e ba tšoanelang.—Bar. 12:10.

a E le hore u fumane tlhaloso ea polelo e reng “sejana se pshatlehang habonolo” sheba sehlooho se reng “Bohlokoa ba ‘Sejana se Fokolang Haholo’” ho Molula-Qhooa oa May 15, 2006 le se reng “Tataiso e Bohlale Bakeng sa Banyalani” ho Molula-Qhooa oa March 1, 2005.