Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o Tshwara Basadi ka Tsela eo Jehova a ba Tshwarang ka Yona?

Na o Tshwara Basadi ka Tsela eo Jehova a ba Tshwarang ka Yona?

BARA ba bo rona ba na le monyetla wa ho sebetsa ha mmoho le baradi ba bo rona ba bangata. Re rata le ho ananela baradi bana ba bo rona ba tshepahalang le ba sebetsang ka thata. Ka hoo, bara ba bo rona re batla ho tshwara baradi ba bo rona ka tsela e bontshang mosa, toka le tlhompho. Ka ha re etsa diphoso, ka dinako tse ding re ka thatafallwa ke ho tshwara baradi ba bo rona hantle empa ho na le ntho e nngwe hape e etsang hore bara ba bo rona ba bang ba thatafallwe ke ho ba tshwara hantle.

Banna ba bang ba holela ditsong tseo ho tsona basadi ba nkwang e se batho ba bohlokwa. Ka mohlala, Morabo rona Hans eo e leng molebedi wa potoloho ya dulang Bolivia o re: “Banna ba bang ba hodiseditswe ditsong tse kgothaletsang banna hore ba ikutlwe ba phahametse batho ba bang, banna bana ba dumela hore ba phahametse basadi mme hangata ha ba hlomphe basadi.” Morabo rona Shengxian wa Taiwan eo e leng moholo o re: “Sebakeng seo ke dulang ho sona, banna ba bangata ba re basadi ha ba a lokela ho bolella banna maikutlo a bona. Haeba monna a ka bua ka hore na mosadi o ikutlwa jwang ka taba e itseng, banna ba bang ba ka nna ba mo nyatsa.” Banna ba bang ba kgetholla basadi ka ditsela tse poteletseng. Ka mohlala, ba ka nna ba etsa metlae e buang hampe ka basadi.

Ho a thabisa ho tseba hore banna ba ka fetola tsela eo ba nahanang ka yona ho sa tsotellehe hore na ba hodisitswe jwang. Monna a ka kgona ho kgaotsa ho nahana hore banna ba phahametse basadi. (Baef. 4:​22-24) A ka etsa sena ka hore a etsise mohlala wa Jehova. Sehloohong sena, re tlo bua ka hore na Jehova o tshwara basadi jwang, hore na bara ba bo rona ba ka ithuta ho tshwara basadi jwalo ka Jehova jwang le hore baholo ba ka beha mohlala o motle jwang tabeng ya ho hlompha baradi ba bo rona.

JEHOVA O TSHWARA BASADI JWANG?

Jehova o behetse banna mohlala o motle wa hore na ba ka tshwara basadi jwang. Ke Ntate ya mohau mme o rata bana bohle ba hae. (Joh. 3:16) Baradi ba bo rona ke ba bohlokwa ho yena. Nahana ka ditsela tse latelang tseo Jehova a bontshang ka tsona hore o rata basadi ebile o a ba hlompha.

Ha a ba kgetholle. Jehova o bopile banna le basadi ba tshwana le yena. (Gen. 1:27) Ha a ka a etsa hore banna ba be bohlale kapa ba be le bokgoni bo fetang ba basadi ebile o rata banna le basadi ka tsela e tshwanang. (2 Dikron. 19:7) O bopile banna le basadi ba ena le bokgoni bo tshwanang ba ho utlwisisa dithuto tsa Bibele le ho etsisa makgabane a hae. Jehova o boetse o nka banna le basadi ba nang le tumelo e matla e le ba bohlokwa ho sa tsotellehe hore na ba na le tshepo ya ho phela lefatsheng la paradeise ka ho sa feleng kapa ba na le tshepo ya ho phela lehodimong e le baprista le marena. (2 Pet. 1:​1, nal.) Ho hlakile hore Jehova ha a kgetholle basadi.

O a ba mamela. Jehova o tsotella tsela eo basadi ba ikutlwang ka yona le hore na ba na le mathata afe. Ka mohlala, o ile a mamela dithapelo tsa Ragele le Anna a ba a di araba. (Gen. 30:22; 1 Sam. 1:​10, 11, 19, 20) Hape Jehova o ile a susumeletsa bangodi ba Bibele hore ba ngole ka banna ba ileng ba mamela basadi. Ka mohlala, Abrahama o ile latela taelo ya Jehova ya hore a mamele mosadi wa hae Sara. (Gen. 21:​12-14) Morena Davida o ile a mamela Abigaile. Ha e le hantle, Davida o ile a hlokomela hore ke Jehova ya rometseng Abigaile hore a bue le yena. (1 Sam. 25:​32-35) Ka ha Jesu o ne a ena le makgabane a tshwanang le a Ntate wa hae, o ile a mamela mme wa hae Maria. (Joh. 2:​3-10) Mehlala ena e bontsha hore tsela e nngwe eo Jehova a bontshang ka yona hore o hlompha basadi ke ka hore a ba mamele.

O a ba tshepa. Ka mohlala, Jehova o ile a re Eva a thuse Adama hore a hlokomele lefatshe. (Gen. 1:28) Ka ho etsa jwalo, o ne a bontsha hore ha a mo nke e le motho ya fokolang empa o mo nka e le mothusi wa monna wa hae. Jehova o ile a boela a tshepa baprofeta ba basadi e leng Debora le Hulda hore ba fe batho ba hae dikeletso ho akareletsa le moahlodi le morena. (Baahl. 4:​4-9; 2 Mar. 22:​14-20) Mehleng ena Jehova o bontsha hore o tshepa basadi ba Bakreste ka hore ba etse mosebetsi wa hae. Baradi bana ba bo rona ba sebeletsa e le bahweletsi, bopulamadiboho le baromuwa. Ba thusa ka ho etsa meralo, ho haha, le ho hlokomela Diholo Tsa Mmuso le mehaho ya lekala. Ba bang ba sebeletsa Bethele mme ba bang ba sebeletsa diofising tsa phetolelo. Baradi bana ba bo rona ba jwalo ka lebotho le leholo leo Jehova a le sebedisang ho etsa thato ya hae. (Pes. 68:11) Ho hlakile hore Jehova ha a nke basadi ba fokola kapa ba se na bokgoni.

BARA BA BO RONA BA KA ITHUTA HO TSHWARA BASADI JWALO KA JEHOVA JWANG?

Bara ba bo rona, e le hore re bone hore na re tshwara basadi ba Bakreste ka tsela eo Jehova a ba tshwarang ka yona, re lokela ho hlahloba tsela eo re nahanang le ho etsa dintho ka yona. Re hloka thuso e le hore re kgone ho etsa jwalo. Ka mohlala, ngaka e ka sebedisa metjhine e e thusang hore e kgone ho bona hore na pelo ya motho e na le bothata bofe. Ka tsela e tshwanang, metswalle e molemo le Lentswe la Modimo le ka re thusa hore re kgone ho bona hore na tsela eo re tshwarang basadi ka yona e thabisa Jehova kapa tjhe. Keng eo re ka e etsang e le hore re fumane thuso eo?

Bua le motswalle eo o mo tshepang. (Diprov. 18:17) Re etsa hantle haeba re botsa motswalle eo re mo tshepang, ya mosa le ya nang le tekatekano dipotso tse kang tsena: “O nahana hore ke tshwara baradi ba bo rona jwang? Na ba a dumela hore ke a ba hlompha? Na ho na le ntho eo nka e etsang e le hore nka ba tshwara hantle?” Haeba motswalle wa hao a o bontsha hore o lokela ho ntlafatsa tsela eo o tshwarang basadi ka yona, qoba ho ipehela mabaka. Ho ena le hoo, ikemisetse ho ntlafatsa moo o lokelang ho etsa jwalo.

Ithute Lentswe la Modimo. Tsela e molemo eo re ka tsebang ka yona hore na re tshwara baradi ba bo rona hantle, ke ka ho hlahloba tsela eo re etsang le ho nahana dintho ka yona re sebedisa Lentswe la Modimo. (Baheb. 4:12) Ha re ithuta Bibele, re bala ka banna ba ileng ba tshwara basadi hantle le banna ba neng ba sa ba tshware hantle. Re ka bapisa tsela eo ba neng ba etsa dintho ka yona le tsela eo rona re tshwarang basadi ka yona. Hape ha re a lokela ho sebedisa temana ya Bibele ho tshehetsa tsela e fosahetseng ya ho tshwara basadi eo e ka nnang yaba re na le yona. Ho ena le hoo re lokela ho bapisa ditemana tse ngata tsa Bibele tse buang ka hore na banna ba lokela ho tshwara basadi jwang. Ka mohlala, lengolo la 1 Petrose 3:​7, le re re lokela ho ‘tshwara basadi ka tsela eo re neng re tla tshwara sejana se pshatlehang ha bonolo’ ka yona. a Na taba ee e bolela hore basadi ha ba bohlale jwalo ka banna kapa ha ba na bokgoni bo tshwanang le ba bona? Ha ho jwalo. Bapisa mantswe a Petrose le seo lengolo la Bagalata 3:​26-29 le se bontshang e leng hore Jehova o kgethile banna le basadi hore ba yo busa le Jesu lehodimong. Ha re ithuta Lentswe la Modimo ebile re kopa motswalle eo re mo tshepang hore a re thuse ho bona hore na re tshwara basadi jwang, re ka ithuta ho hlompha baradi ba bo rona.

BAHOLO BA BONTSHA JWANG HORE BA HLOMPHA BARADI BA BO RONA?

Bara ba bo rona ka phuthehong le bona ba ka ithuta ho tshwara baradi ba bo rona ka tsela e bontshang tlhompho ka hore ba latele mohlala wa baholo. Baholo ba etsang ho bontsha hore ba hlompha baradi ba bo rona? Nahana ka ditsela tse latelang.

Baholo ba babatsa baradi ba bo rona. Moapostola Pauluse o behetse baholo mohlala o motle oo ba ka o etsisang. O ile a babatsa baradi ba bo rona ba mmalwa phatlalatsa lengolong leo a neng a le ngoletse phutheho ya Roma. (Bar. 16:12) Ako nahane feela hore na baradi bao ba bo rona ba ne ba thabile jwang ha lengolo leo Pauluse a le ngotseng le ballwa phutheho. Ka tsela e tshwanang, baholo ba ka babatsa baradi ba bo rona ka makgabane ao ba a bontshang le ka mosebetsi oo ba o etsetsang Jehova. Ho babatsa baradi ba bo rona ho etsa hore ba tsebe hore ba a hlomphuwa le hore ba ananelwa haholo. Baradi ba bo rona ba ka hloka ho utlwa mantswe a kgothatsang a moholo e le hore ba tswele pele ba sebeletsa Jehova ka botshepehi.—Diprov. 15:23.

Babatsa

Ha baholo ba babatsa baradi ba bo rona, ba lokela ho bua ho tswa pelong le ho hlakisa hore na ke dintho dife tseo ba ba babatsang ka tsona. Hobaneng? Moradi wa bo rona Jessica o re: “Ho a thabisa ha bara ba bo rona ba re ho moradi wa bo rona ‘o entse hantle.’ Empa re ananela haholo ha bara ba bo rona ba re babatsa ka ntho e itseng eo re e entseng, jwalo ka ho ruta bana ba rona hore ba mamele ha ba le dibokeng kapa ha re entse boiteko ba ho lata motho eo re ithutang Bibele le yena hore a tle dibokeng.” Ha baholo ba babatsa baradi ba bo rona ka dintho tseo ba di entseng, ba etsa hore baradi ba bo rona ba ikutlwe ba hlokeha ebile e le batho ba bohlokwa ka phuthehong.

Ba mamela baradi ba bo rona. Baholo ba a hlokomela hore ha se bona feela ba nang le ditlhahiso tse utlwahalang. Ba amohela maikutlo a baradi ba bo rona hape ba ba mamela ka hloko ha ba ntse ba bua. Ka ho etsa jwalo baholo ba kgothatsa baradi ba bo rona le ho ithuta dintho tse ding ho bona. Jwang? Morabo rona Gerardo eo e leng moholo ya sebeletsang Bethele o re: “Ke hlokometse hore ho kopa ho utlwa maikutlo a baradi ba bo rona ka ntho e itseng, ho nthusa hore ke etse mosebetsi wa ka hantle. Hangata ba na le nako e telele ba etsa mosebetsi o itseng ho feta bara ba bo rona ba bangata.” Ka phuthehong, baradi ba bo rona ba bangata ba sebeletsa e le bopulamadiboho mme ba tseba batho ba moo ba dulang teng. Morabo rona Bryan eo e leng moholo o re: “Baradi ba bo rona ba na le dintho tse ngata tseo ba ka di etsang ka mokgatlong wa Modimo. Ka hoo, re lokela ho ithuta ho bona.”

Mamela

Baholo ha ba a lokela ho iphapanyetsa ditlhahiso tsa baradi ba bo rona. Hobaneng? Morabo rona Edward eo e leng moholo o re: “Maikutlo a moradi wa bo rona le dintho tseo a di tsebang di ka thusa morabo rona ho utlwisisa ntho e itseng le ho feta ebile di ka mo thusa hore a utlwisise maikutlo a batho ba bang.” (Diprov. 1:5) Le haeba moholo a sa sebedise tlhahiso ya moradi wa bo rona, a ka mo leboha ka ho fana ka maikutlo a hae le ho bua ka hore na o utlwisisa taba e itseng jwang.

Ba ruta baradi ba bo rona. Baholo ba batla menyetla ya hore ba rute baradi ba bo rona. Ka mohlala, ba ka ruta baradi ba bo rona hore na ba ka tshwara seboka sa tshimo jwang haeba ho ka etsahala hore morabo rona ya kolobeditsweng a se ke a eba teng. Ba ka ba ruta ho sebedisa dithulusi kapa metjhine e le hore ba ka thusa ho hlokomela le ho haha mehaho. Bethele bara ba bo rona ba etellang pele ba ruta baradi ba bo rona hore ba etse mesebetsi e fapaneng e akareletsang ho hlokomela mehaho, ho reka, ho sebedisa tjhelete, ho sebetsa ka dikhompiyutha le mesebetsi e meng. Ha baholo ba ruta baradi ba bo rona, ba bontsha hore ba ba nka e le batho ba nang le bokgoni le ba tshepahalang.

Ruta

Baradi ba bo rona ba bangata ba sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona ho baholo e le hore ba ka thusa ba bang. Ka mohlala, ba sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona ho thusa ba bang ho lokisa matlo a bona ka mora koduwa ya tlhaho. Ba bang ba sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona mosebetsing wa ho paka phatlalatsa ho thusa baradi ba bo rona ba bang hore le bona ba etse mosebetsi ona. Baradi ba bo rona ba ikutlwa jwang ka baholo ba ba rutileng dintho tse itseng? Moradi wa bo rona Jennifer o re: “Ha ke ne ke sebetsa projekeng e nngwe ya ho haha Holo ya Mmuso, morabo rona ya neng a etella pele mosebetsi o ile a nka nako a nthuta. O ile a hlokomela mosebetsi oo ke neng ke o etsa mme o ile a mpabatsa. Ke ne ke rata ho sebetsa le yena hobane ke ne ke ikutlwa ke le motho wa bohlokwa ebile ke tsheptjwa.”

MELEMO YA HO NKA BARADI BA BO RONA E LE KAROLO YA LELAPA LA RONA

Re rata baradi ba bo rona jwalo ka ha Jehova a ba rata ebile re ba nka e le karolo ya lelapa la rona. (1 Tim. 5:​1, 2) Re a ba ananela ebile re thabela ho sebetsa le bona. Re a thaba ha ba tseba hore re a ba rata ebile re a ba tshehetsa. Moradi wa bo rona Vanessa o re: “Ke leboha Jehova haholo ka hore ebe ke karolo ya mokgatlo wa hae o nang le bara ba bo rona ba bangata ba nkgothaditseng.” Moradi wa bo rona ya dulang Taiwan yena o re: “Ke leboha Jehova le mokgatlo wa hae ka ho hlompha basadi le maikutlo a bona. Sena se matlafatsa tumelo ya ka ebile se etsa hore ke ananele hore ebe ke karolo ya mokgatlo wa Jehova.”

Jehova o thaba haholo ha a bona banna ba Bakreste ba hlompha baradi ba bo rona jwalo ka yena. (Diprov. 27:11) Morabo rona Benjamin wa Scotland eo e leng moholo o re: “Banna ba bangata kajeno ha ba hlomphe basadi ho hang. Ka hoo, ha baradi ba bo rona ba le Holong ya Mmuso re batla ho etsa bonnete ba hore ba ikutlwa ba hlomphuwa ebile ba ratwa.” E se eka re ka leka ka ditsela tsohle ho etsisa Jehova ka hore re tshware baradi ba bo rona ka lerato le ka tlhompho e ba tshwanelang.—Bar. 12:10.

a E le hore o fumane tlhaloso ya polelo e reng “sejana se pshatlehang ha bonolo” sheba sehlooho se reng “Bohlokoa ba ‘Sejana se Fokolang Haholo’” ho Molula-Qhooa wa May 15, 2006 le se reng “Tataiso e Bohlale Bakeng sa Banyalani” ho Molula-Qhooa wa March 1, 2005.