Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTHO TSE KA O THUSANG HA O ITHUTA

Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta

Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta

Re rorisa Jehova re le sehlopha ha re le dibokeng, dikopanong tsa potoloho le dikopanong tsa setereke. Hape re mo rorisa ha re le bang le ha re ena le malapa a rona. O ka sebedisa ditlhahiso tse latelang ha o ithuta o le mong kapa le le lelapa:

  • Lokisetsa diboka. O ka boela wa ithuta ho bina dipina tse tlo binwa dibokeng le ho thusa bohle ka lapeng hore ba lokisetse dikarabo.

  • Bala tlaleho ya Bibele. Ka mora moo, toroya setshwantsho sa ketsahalo e hlahang tlalehong eo kapa o ngole seo o ithutileng sona.

  • Bala thapelo e hlahang ka Bibeleng ebe o a nahana hore na e ka o thusa jwang hore o ntlafatse dithapelo tsa hao.

  • Shebella video e hlahang ho jw.org ebe o buisana ka yona le ba bang kapa o ngole dintlha tseo o di ratileng videong eo.

  • Lokisetsa tshimo. Mohlomong e mong ka lapeng e ka ba monga ntlo.

  • Sheba popo mme o nahanisise ka yona kapa o buisane le ba bang ka hore na e o rutang ka Jehova. a

a Sheba sehlooho se reng “Ithute ka Jehova Dinthong Tseo a di Bopileng” se hlahang ho Tora ya ho Lebela ya March 2023.