Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 5

PINA YA 27 Bara ba Modimo ba a Senolwa

‘Nke ke ka o Furalla’

‘Nke ke ka o Furalla’

Modimo o itse: ‘Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.’”BAHEB. 13:5b.

NTLHAKGOLO

Ho tiisetsa bahlanka ba Modimo ba lefatsheng hore a ke ke a ba furalla ha batlotsuwa ba ntseng ba le lefatsheng ba se ba ile lehodimong.

1. Batlotsuwa ba ntseng ba le lefatsheng ba tla ya lehodimong neng?

 DILEMO tse ngata tse fetileng, batho ba Jehova ba nnile ba ipotsa hore na batlotsuwa ba ho qetela ba setseng lefatsheng ba tla ya lehodimong neng. Pele re ne re nahana hore ba bang ba batlotsuwa ba tla phela lefatsheng Paradeiseng ka nakwana ka mora Armagedone. Le ha ho le jwalo, Molula-Qhooa wa July 15, 2013 o ile wa hlalosa hore batlotsuwa bohle ba ntseng ba le lefatsheng ba tla ya lehodimong pele ho ntwa ya Armagedone.—Mat. 24:31.

2. Re ka nna ra ipotsa potso efe, hona re tlo ithuta eng sehloohong see?

2 Le ha ho le jwalo, ba bang ba rona re ka nna ra ipotsa: Ho tla etsahalang ka “dinku tse ding” tsa Kreste tse tla beng di ntse di sebeletsa Jehova mona lefatsheng nakong ya “mahlomola a maholo”? (Joh. 10:16; Mat. 24:21) Ba bang ba dinku tse ding ba ka nna ba tshwenyeha ka hore na ba tla etsa jwang ha bara le baradi ba bo rona ba ratehang ba batlotsuwa ba ya lehodimong. A re hlahlobeng ditlaleho tse pedi tse hlahang ka Bibeleng tse ka etsang hore ba ikutlwe ka tsela ena. Ka mora moo re tla hlahloba hore na ke hobaneng ha re sa lokela ho tshwenyeha.

KE ENG E KE KENG YA ETSAHALA?

3, 4. Ba bang ba ka nna ba tshwenngwa ke eng, hona hobaneng?

3 Ba bang ba ka nna ba tshwenyeha hore dinku tse ding di tla kgaotsa ho sebeletsa Jehova ha bara ba bo rona ba tlotsitsweng ba Sehlopha se Busang ba se ba le siyo hore ba ka ba tataisa. Mohlomong ba ikutlwa tjena ka lebaka la ditlaleho tse ding tse hlahang ka Bibeleng. A re nahaneng ka mehlala e mmedi. Mohlala wa pele ke wa Moprista ya Phahameng Jehojada. E ne e le mohlanka wa Modimo ya tshepahalang. Yena le mosadi wa hae Joshabeathe, ba ile ba sireletsa moshanyana e monyenyane ya bitswang Joase mme ba mo thusa hore e be morena ya lokileng le ya tshepahalang. Nakong yohle eo Jehojada a neng a ntse a phela, Joase o ne a sebeletsa Jehova a bile a etsa dintho tse ntle. Empa ka mora hore Jehojada a shwe, Joase o ile a qalella ho etsa dintho tse mpe. O ile a mamela dikgosana tse kgopo mme a kgaotsa ho sebeletsa Jehova.—2 Dikron. 24:​2, 15-19.

4 Mohlala wa bobedi ke wa Bakreste ba phetseng ka mora mehla ya baapostola. Moapostola wa ho qetela wa ho shwa ke Johanne. Ha a ntse a phela, o ile a thusa Bakreste ba bangata ho tshepahalla Jehova. (3 Joh. 4) Jwalo ka baapostola ba bang, o ile a sebetsa ka thata ho sireletsa diphutheho kgahlanong le bokwenehi bo neng bo ata. (1 Joh. 2:18; 2 Bathes. 2:7.) Ka mora hore Johanne a shwe, batho ba bangata diphuthehong e ile ya eba bakwenehi. Ka mora dilemo tse ngata, bakwenehi bana ba ne ba ruta leshano ba bile ba dumella boitshwaro bo fosahetseng diphuthehong tsohle.

5. Ke dintho dife tseo re sa lokelang ho di nahana ka mora ho ithuta ka ditlaleho tseo tse pedi?

5 Na ditlaleho tseo tse pedi di bontsha hore ha Bakreste ba tlotsitsweng ba qeta ho ya lehodimong, dinku tse ding tsa Kreste di ka nna tsa qalella ho etsa dintho tse mpe jwalo ka Joase kapa ya eba bakwenehi jwalo ka Bakreste ba neng ba phela ka mora hore baapostola kaofela ba shwe? Ha ho jwalo. Re ka kgodiseha hore ha batlotsuwa ba qeta ho ya lehodimong, dinku tse ding di tla tswela pele di sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng mme Jehova o tla tswela pele a di hlokomela. Re ka kgodiswa keng?

BORAPEDI BA NNETE BO TLA DULA BO LE TENG

6. Ke dinako dife tse tharo tseo re tlo di hlahloba?

6 Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore borapedi ba nnete bo tla dula bo le teng le dinakong tsa mathata tse larileng ka pele? Hobane Bibele e hlalosa hore nako eo re phelang ho yona e fapane hole le eo Baiseraele ba neng ba phela ho yona le nako eo baapostola ba neng ba qeta ho shwa kaofela. A re hlahlobeng dinako tsena tse tharo: (1) Mehla ya Baiseraele, (2) nako eo baapostola ba neng ba qeta ho shwa kaofela le (3) mehla ya rona e leng “nako . . . ya hore ho ntjhafatswe dintho tsohle.”—Dik. 3:21.

7. Ke hobaneng ha Baiseraele ba tshepahalang ba sa ka ba fellwa ke tshepo ha marena le batho ba bangata ba etsa dintho tseo Jehova a sa di batleng?

7 Mehla ya Baiseraele. Nakwana pele Moshe a shwa, o ile a re ho Baiseraele: “Ke tseba hantle hore ka mora lefu la ka le tla etsa bobe mme le ke ke la mamela ditaelo tseo ke le fileng tsona.” (Deut. 31:29) Moshe o ile a boela a lemosa Baiseraele hore ha ba ka kgaotsa ho sebeletsa Jehova, ba ne ba tla iswa botlamuweng. (Deut. 28:​35, 36) Na mantswe ao a ile a phethahala? Ho jwalo. Ka dilemo tse ngata, marena a mangata a ile a etsa dintho tseo Jehova a sa di batleng mme a kgelosa batho ba Modimo. Ka lebaka leo, o ile a otla setjhaba sa hae mme a etsa hore ho se ke ha hlola ho eba le morena ya se busang. (Ezek. 21:​25-27) Empa Baiseraele ba tshepahalang ba ile ba sebeletsa Modimo ka mora hore ba bone hore mantswe ao a neng a a buile a phethahetse.—Esa. 55:​10, 11.

8. Na re lokela ho makatswa ke taba ya hore phutheho ya Bokreste e ile ya eba le bakwenehi ka mora hore baapostola ba shwe? Hlalosa.

8 Nako eo baapostola ba neng ba qeta ho shwa kaofela. Na re lokela ho makatswa ke taba ya hore phutheho ya Bokreste e ile ya eba le bakwenehi ka mora hore baapostola ba shwe? Le hanyenyane. Jesu o ile a profeta hore ho ne ho tla ba le bakwenehi ba bangata. (Mat. 7:​21-23; 13:​24-30, 36-43) Moapostola Pauluse, Petrose le Johanne ba ile ba netefatsa hore boprofeta ba Jesu bo qadile ho phethahala mehleng ya bona. (2 Bathes. 2:​3, 7; 2 Pet. 2:1; 1 Joh. 2:18) Ka mora selemo sa 100, phutheho ya Bokreste e ile ya qala ho ruta dithuto tsa bokwenehi. Bakreste ba bakwenehi e ile ya eba karolo e ka sehloohong ya Babilona e Moholo, e leng mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata. Boprofeta bo ne bo phethahetse hape.

9. Mehla ya rona e fapane le ya Baiseraele le mehla eo bokwenehi bo ileng ba eba teng ka mora selemo sa 100 jwang?

9 “Nako . . . ya hore ho ntjhafatswe dintho tsohle.” Mehla ya rona e fapane le mehla ya Baiseraele le nako eo bokwenehi bo ileng ba eba teng ka mora selemo sa 100. Mehla ya rona e bitswang? Hangata re e bitsa ‘mehla ya bofelo’ ba lefatshe. (2 Tim. 3:1) Empa Bibele e bontsha hore ka nako eo mehla ya bofelo e qadileng ka yona, ho ile ha qala nako e nngwe e teletsana ho feta eo. Nako ena e tla tswela pele ho fihlela Mmuso wa Modimo o etellwang pele ke Kreste o entse hore batho ba phethahale le ho fetola lefatshe lohle paradeise. Nako ena e bitswa “nako . . . ya hore ho ntjhafatswe dintho tsohle.” (Dik. 3:21) E qadile ka 1914. Ho ile ha ntjhafatswa eng ka nako eo? Jesu o ile a hlomamiswa teroneng e le Morena lehodimong. Ka hoo, Jehova o ile a boela a ba le morena ya mo emelang, e leng mojalefa wa morena ya neng a tshepahala, Davida. Le ha ho le jwalo, borena ha se yona feela ntho eo Jehova a ileng a e tsosolosa. Kapele ka mora moo, borapedi ba nnete bo ile ba tsosoloswa. (Esa. 2:​2-4; Ezek. 11:​17-20) Na bo tla silafatswa hape?

10. (a) Bibele e ile ya re ho tla etsahala eng ka borapedi ba nnete mehleng ee? (Esaia 54:17) (b) Ke hobaneng ha boprofeta boo e le bo kgothatsang?

10 Bala Esaia 54:17. Nahana ka boprofeta bona: “Ha ho na sebetsa se etseditsweng ho o lwantsha se tla atleha.” Mantswe ana a a phethahala mehleng ena. Le mantswe a latelang a tshedisang a a phethahala: “Bana bohle ba hao ba tla rutwa ke Jehova mme kgotso ya bana ba hao e tla ba ngata. O tla tiiswa ka thata ka ho loka. . . . O ke ke wa tshaba letho kapa ha eba le ntho e o tshosang ka ha e ke ke ya o atamela.” (Esa. 54:​13, 14) “Modimo wa lefatshe lena,” e leng Satane le yena ha a kgone ho emisa mosebetsi wa ho ruta batho ka Jehova. (2 Bakor. 4:4) Borapedi ba nnete bo tsosolositswe mme bo ke ke ba hlola bo silafatswa hape. Bo tla dula bo le teng ka ho sa feleng. Ha ho na sebetsa se etseditsweng ho re lwantsha se tla atleha.

HO TLA ETSAHALA ENG?

11. Keng e re kgodisang hore bongata bo boholo bo ke ke ba sala bo se na mang we ha batlotsuwa ba ya lehodimong?

11 Ho tla etsahala eng ka mora hore batlotsuwa ba ye lehodimong? Re lokela ho hopola hore Jesu ke Modisa wa rona. Ke yena hlooho ya phutheho ya Bokreste. O ile a hlakisa taba eo ha a re: “Moetapele wa lona o mong, ke Kreste.” (Mat. 23:10) Morena wa rona ya busang a ke ke a hloleha ho re hlokomela. Ha Kreste e le yena ya etellang pele, Bakreste mona lefatsheng ha ba a lokela ho tshaba letho. Ke nnete hore ha re tsebe dintlha kaofela tsa ka moo Kreste a tla tataisa batho ba hae ka nako eo. Empa re na le mehlala ka Bibeleng e re netefaletsang hore ha re a tlameha ho tshwenyeha.

12. Jehova o ile a hlokomela batho ba hae jwang ka mora hore (a) Moshe a shwe? (b) Elia a fuwe mosebetsi o mong sebakeng se fapaneng? (Sheba setshwantsho.)

12 Moshe o ile a shwa pele Baiseraele ba kena Naheng e Tshepisitsweng. Ho ile ha etsahala eng ka batho ba Modimo? Na Jehova o ile a tlohela ho thusa batho ba hae ka mora hore Moshe a shwe? Le letho. Ha feela ba ne ba tshepahala, Jehova o ile a ba hlokomela. Pele Moshe a shwa, Jehova o ile a mo bolella hore a kgethe Joshua e le yena ya tla etella setjhaba pele. Moshe o ne a kwetlisitse Joshua ka dilemo tse ngata. (Ex. 33:11; Deut. 34:9) Ntle ho moo, ho ne ho ena le banna ba bang ba bangata ba neng ba kgona ho etella pele, jwalo ka balaodi ba ba dikete, ba ba makgolo, ba ba mashome a mahlano le ba ba leshome. (Deut. 1:15) Batho ba Modimo ba ne ba hlokometswe. Mohlala o mong o tshwanang ke wa Elia. O ne a eteletse pele borapedi ba nnete Iseraele ka dilemo tse ngata. Empa ha morao Jehova o ile a mo fa mosebetsi o mong sebakeng se fapaneng, ka borwa ho Juda. (2 Mar. 2:1; 2 Dikron. 21:12) Na Baiseraele ba tshepahalang ba mmuso wa meloko e leshome ba ile ba sala ba se na motho ya ba etellang pele? Tjhe. Elia o ne a kwetlisitse Elisha ka dilemo tse ngata. Ho ne ho boetse ho ena le “bara ba baprofeta” bao le bona ba ileng ba fumana kwetliso ya mofuta o itseng. (2 Mar. 2:7) Ka hoo, ho ne ho ena le banna ba bangata ba tshepahalang ba ileng ba thusa ho etella batho ba Modimo pele. Jehova o ile a phethahatsa morero wa hae wa ho hlokomela ba mo tshepahallang.

Moshe (setshwantshong se ka letsohong le letshehadi) le Elia (setshwantshong se ka letsohong le letona) ba ile ba kwetlisa batho ba neng ba tla etella pele setjhaba sa Modimo ka mora bona (Sheba serapa sa 12)


13. Jehova o re tshepisa eng ho Baheberu 13:5b? (Sheba setshwantsho.)

13 Ho latela mehlala ee eo re qetang ho bua ka yona, o nahana hore ho tla etsahalang ka mora hore batlotsuwa kaofela ba ye lehodimong? Ha ho hlokahale hore re tshwenyehe. Bibele e fana ka karabo e bonolo le e kgothatsang e reng: Jehova a ke ke a tlohela batho ba hae ba lefatsheng. (Bala Baheberu 13:5b.) Bara ba bo rona ba tlotsitsweng ba etellang pele mehleng ena, ba utlwisisa bohlokwa ba ho kwetlisa ba bang jwalo ka Moshe le Elia. E se e le dilemo tse ngata jwale Sehlopha se Busang se kwetlisetsa banna bao e leng karolo ya dinku tse ding hore ba etelle pele. Ka mohlala, se hlophisitse dikolo tse ngata tse kwetlisang baholo, balebedi ba tsamayang, ditho tsa Komiti ya Lekala, balebedi ba mafapha a Bethele le ba bang. Sehlopha se Busang se ntse se kwetlisa bathusi dikomiting tse fapafapaneng tsa Sehlopha se Busang. Bathusi bana ba tshepahalang ba na le boikarabelo bo boholo ka hara mokgatlo wa Jehova. Ba kwetlisitswe hantle ho tswela pele ka mosebetsi wa bona wa ho hlokomela dinku tsa Kreste.

Sehlopha se Busang se sebeditse ka thata ho kwetlisa bathusi dikomiting tsa Sehlopha se Busang le ho hlophisa dikolo tse kwetlisang baholo, balebedi ba tsamayang, ditho tsa Komiti ya Lekala, balebedi ba mafapha a Bethele le baromuwa lefatsheng lohle (Sheba serapa sa 13)


14. Ntlha ya sehlooho moo ke efe?

14 Ntlha ya sehlooho ke ena: Ka mora hore batlotsuwa kaofela ba ye lehodimong ho elella qetellong ya mahlomola a maholo, batho ba Jehova ba lefatsheng ba tla tswela pele ba mo sebeletsa ka botshepehi. Re leboha Jehova ka boetapele ba Jesu Kreste hobane barapedi ba Modimo ba tla tswela pele ba mo rapela. Ke nnete hore ka nako eo, re tla hlaselwa ke Gogo wa Magogo, e leng dinaha tse ikopantseng. (Ezek. 38:​18-20) Empa tlhaselo eo ya nakwana, e ke ke ya atleha hobane e ke ke ya etsa hore batho ba Modimo ba kgaotse ho mo rapela. Jehova o tla ba pholosa. Ponong, moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo” ba dinku tse ding tsa Kreste. Johanne o ile a bolellwa hore “bongata bo boholo” bo pholohile “mahlomola a maholo.” (Tshen. 7:​9, 14) Bongata bo boholo bo tla dula bo sireletsehile.

15, 16. Ho ya ka Tshenolo 17:​14, Bakreste ba tlotsitsweng ba tla be ba ntse ba etsang nakong ya ntwa ya Armagedone, hona ke hobaneng ha taba ee e le e kgothatsang?

15 Le ha ho le jwalo, batlotsuwa ba tla etsa eng ka mora hore ba ye lehodimong? Bibele e araba potso eo ka ho toba. E re mebuso ya lefatshe lena e tla “lwana le Konyana.” Ho hlakile hore mebuso e tla hlolwa. Bibele e re: “Konyana e tla [e] hlola.” Ke bomang ba tla thusa Konyana? Temana e tshwanang e fana ka karabo. E tla thuswa ke “bao Modimo a ba bitsitseng,” “bao a ba kgethileng” le “ba mo tshepahallang.” (Bala Tshenolo 17:14.) Ke bomang bao? Ke batlotsuwa ba tsositsweng. Ka hoo, ha batlotsuwa kaofela ba se ba ile lehodimong ho elella qetellong ya mahlomola a maholo, o mong wa mesebetsi ya pele oo ba tla o fuwa ke ho lwana. Oo ke mosebetsi o thahasellisang. Bakreste ba bang ba tlotsitsweng ba ne ba rata ntwa pele e ba Dipaki Tsa Jehova. Ba bang e ne e bile e le masole. Empa ha morao e ile ya eba Bakreste ba nnete mme ba ithuta ho ba le kgotso le batho ba bang. (Bagal. 5:22; 2 Bathes. 3:16) Ba ile ba tlohela ho tshehetsa dintwa tsohle. Le ha ho le jwalo, ka mora hore ba tsosetswe lehodimong, ba tla sebetsa le Kreste le mangeloi a hae a halalelang ba lwantshe dira tsa Modimo ntweng ya ho qetela.

16 Nahana ka taba ena. Bakreste ba bang ba tlotsitsweng ba ntseng ba le lefatsheng mona, ba hodile ebile ba fokollwa ke bophelo. Empa ka mora hore ba tsosetswe ho ya phela lehodimong, e tla ba dibopuwa tsa moya tse matla le tse ke keng tsa shwa mme ba tla fuwa mosebetsi wa ho lwana ha mmoho le Morena wa Mohlabani, e leng Jesu Kreste. Ka mora ntwa ya Armagedone, ba tla sebetsa le Jesu ho etsa hore batho ba phethahale. Ho hlakile hore ba tla tswela bara le baradi ba bo rona ba lefatsheng mona molemo o moholo ha ba le lehodimong ho feta ha ba ne ba le mona lefatsheng ba sa phethahala.

17. Re tseba jwang hore bahlanka bohle ba Modimo ba tla sireletseha nakong ya ntwa ya Armagedone?

17 Na o karolo ya dinku tse ding? Haeba ho jwalo, o tla hloka ho etsang ha ntwa ya bohlokwa ya Armagedone e qala? O tla hloka ho etsa ntho ena e bonolo: Tshepa Jehova mme o latele tataiso ya hae. Hoo ho akareletsa eng? Bibele ha e re kgothatsa e re: “Kena dikamoreng tsa hao tse ka hare, o kwale mamati. Ipate ka nakwana ho fihlela kgalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Bahlanka bohle ba Modimo ba tshepahalang ba tla sireletseha ka nako eo, ho sa tsotellehe hore na ba lehodimong kapa ba lefatsheng. Re kgodisehile jwalo ka moapostola Pauluse hore “mebuso, dintho tse teng hona jwale, dintho tse tlang . . . di ke ke tsa re arohanya le lerato leo Modimo a re bontshitseng lona.” (Bar. 8:​38, 39) Dula o hopola hore Jehova o a o rata le hore ho hang a ke ke a o furalla.

KA MORA HORE BAKRESTE BOHLE BA TLOTSITSWENG BA YE LEHODIMONG,

  • ke eng e ke keng ya etsahala?

  • ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore borapedi ba nnete bo ke ke ba silafatswa?

  • ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova o tla hlokomela batho ba hae?

PINA YA 8 Jehova ke Setshabelo sa Rona