Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 6

PINA EA 10 Rorisang Jehova

“Rorisang Lebitso la Jehova”

“Rorisang Lebitso la Jehova”

“Lona bahlanka ba Jehova mo roriseng, rorisang lebitso la Jehova.”PES. 113:1.

NTLHA-KHOLO

Ke eng e re susumeletsang ho rorisa lebitso le halalelang la Jehova ha monyetla o mong le o mong o hlaha?

1, 2. Ke mohlala ofe o ka re thusang ho utloisisa hore na Jehova o ikutloa joang ha ho buuoa mashano ka eena?

 NAHANA ha motho eo u mo tsotellang a bua ntho e mpe ka uena. Oa tseba hore ntho eo a e buang ha se ’nete, ho ntse ho le joalo, batho ba bang baa mo kholoa. U sa re u sa utloile, ba hasa leshano leo ’me batho ba bang ba bangata baa ba kholoa. U ne u ka ikutloa joang? Haeba u le motho ea ratang batho le ea batlang ho tsebahala u le motho ea hantle, ho senngoa lebitso ka tsela eo ho ne ho tla u utloisa bohloko.—Liprov. 22:1.

2 Boemo bona bo ka re thusa ho utloisisa hore na Jehova o ile a ikutloa joang ha botumo ba hae bo botle bo ne bo senngoa. Lengeloi la hae le leng le ile la bua leshano ka eena ho mosali oa pele e leng Eva. Eva o ile a kholoa leshano leo eaba eena le Adama ba fetohela Jehova ka lebaka la lona. Ka lebaka leo, batho bohle ba etsa sebe ’me qetellong baa shoa. (Gen. 3:​1-6; Bar. 5:12) Mathata ’ohle a teng lefatšeng kajeno a akareletsang lefu, lintoa le lintho tse bohloko, a teng ka lebaka la mashano ao Satane a ileng a a jala tšimong ea Edene. Na Jehova o utloisoa bohloko ke ho senngoa lebitso le litla-morao tse tlisoang ke hona? E tlameha ebe ho joalo. Leha ho le joalo, Jehova ha aa tlala lehloeo. Ho e-na le hoo, e ntse e le “Molimo ea thabileng.”—1 Tim. 1:11.

3. Re na le tlotla efe?

3 Re na le tlotla ea ho bontša hore Satane o buile mashano ka Jehova ka hore re mamele taelo ena e bonolo e reng: “Rorisang lebitso la Jehova.” (Pes. 113:1) Re mo rorisa ka ho bua hantle ka eena. Na u tla etsa joalo? A re bueng ka lintho tse tharo tsa bohlokoa tse tla re susumeletsa ho rorisa lebitso la Molimo oa rona ka lipelo tsohle.

RE THABISA JEHOVA HA RE RORISA LEBITSO LA HAE

4. Ke hobane’ng ha Jehova a thaba ha re mo rorisa? Etsa mohlala. (Sheba setšoantšo.)

4 Re thabisa Ntate oa rona ea leholimong ha re rorisa lebitso la hae. (Pes. 119:108) Na taba ee e bolela hore Molimo oa rona ea matla ’ohle o tšoana le rona baetsalibe ba batlang ho rorisoa hobane ba sa itšepe kapa hobane ba batla ho khothatsoa? Che. Nahana ka mohlala ona: Ngoanana e monyenyane o mathela ho ntate oa hae o fihla a mo haka ebe o re: “Ha ho na ntate ea tšoanang le uena lefatšeng kaofela!” Ntho ena eo ngoana oa hae a e entseng ea mo thabisa ebile e mo ama pelo. Hobane’ng? Ha se hobane e le motho ea sa itšepeng, ea hlokang ho fumana khothatso le thoriso e tsoang ho morali oa hae. Empa ke hobane a rata morali oa hae ebile a thabetse hore ebe morali oa hae oa bontša hore oa mo rata le ho mo ananela. Oa tseba hore ha morali oa hae a ntse a hola ’me a tsoela pele ho bontša lerato le kananelo, o tla thaba. Ka mabaka a tšoanang, Jehova Ntate e moholo ka ho fetisisa le eena oa thaba ha re mo rorisa.

Joalokaha ntate a thaba ha ngoana oa hae a bontša hore oa mo rata le ho mo ananela, Jehova le eena oa thaba ha re rorisa lebitso la hae (Sheba serapa sa 4)


5. Ke ntho efe eo Satane a e buileng ka rona eo re ka pakang hore ke leshano ha re rorisa lebitso la Molimo?

5 Ha re rorisa Ntate oa rona ea leholimong, re paka hore ntho eo Satane a e buileng ka rona ke leshano. Satane o re ha ho na motho ea tla sireletsa lebitso la Molimo ka botšepehi. Ho ea ka eena, kaofela ha rona ha re tšepahale. O re kaofela ha rona re ka lahla Molimo haeba re nahana hore ho ka re tsoela molemo. (Jobo 1:​9-11; 2:4) Empa Jobo o ile a tšepahala ’me a bontša hore Satane o leshano. Na le uena u tla etsisa Jobo? Kaofela ha rona re na le tlotla ea ho sireletsa lebitso la Ntate oa rona le ho mo thabisa ka ho mo sebeletsa ka botšepehi. (Liprov. 27:11) Kannete ke tlotla e kholo ho etsa joalo.

6. Re ka etsisa Morena Davida le Balevi joang? (Nehemia 9:5)

6 Bahlanka ba Molimo ba rorisa lebitso la hae ka lipelo tsohle hobane ba mo rata. Morena Davida o ile a re: “Ke tla rorisa Jehova, ke rorise lebitso la hae le halalelang ka pelo ea ka eohle.” (Pes. 103:1) Davida o ne a utloisisa hore ho rorisa lebitso la Jehova ke ho rorisa Jehova ka boeena. Lebitso la Jehova le akareletsa botumo ba hae. Kahoo, le re hopotsa makhabane ’ohle a hae le lintho tsohle tse ntle tseo a li entseng. Davida o ne a batla ho nka lebitso la Ntate oa hae le halalela le ho le rorisa. O ne a batla ho etsa joalo ‘ka pelo ea hae eohle.’ Balevi le bona ba ile ba etella pele ho roriseng Jehova. Ka boikokobetso ba ile ba lumela hore ha ba na mantsoe a lekaneng a ho rorisa lebitso la Jehova le halalelang ka tsela eo le tšoaneloang ho rorisoa ka eona. (Bala Nehemia 9:5.) Joang kapa joang Jehova o ile a thaba haholo ha a bona bahlanka ba hae ba mo rorisa ka pelo eohle ebile ba ikokobelitse.

7. Re ka rorisa Jehova joang ha re le tšimong le bophelong ba letsatsi le letsatsi?

7 Mehleng ena re ka thabisa Jehova ka ho bua ka eena ka tsela e bontšang hore re na le kananelo ebile rea mo rata. Sepheo sa rona se ka sehloohong ha re le tšimong ke hore re thuse batho hore ba atamele ho Jehova le hore ba ikutloe ka tsela eo re ikutloang ka eona ka Ntate oa rona ea lerato. (Jak. 4:8) Rea thaba ha re bontša batho seo Bibele e se buang ka Jehova le ka makhabane a hae a kang lerato, toka, bohlale, matla le a mang. Tsela e ’ngoe eo ka eona re rorisang le ho thabisa Jehova ke ka ho etsa sohle seo re se khonang ho mo etsisa. (Baef. 5:1) Ha re etsa joalo, re fapana le batho ba lefatše lena le khopo. Taba ena e ka ’na ea etsa hore batho ba bang ba hlokomele hore re fapane le batho ba bang ’me ba ipotsa hore na hobane’ng. (Mat. 5:​14-16) Ha re sebelisana le bona bophelong ba letsatsi le letsatsi, re ka fumana monyetla oa ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha re fapane. Qetellong batho ba lipelo li ntle ba ka atamela ho Molimo oa rona. Ha re rorisa Jehova ka litsela tsena, re mo thabisa haholo.—1 Tim. 2:​3, 4.

HA RE RORISA LEBITSO LA JEHOVA, RE THABISA JESU

8. Jesu o ile a rorisa lebitso la Jehova joang ho feta mang kapa mang?

8 Ha ho na mang kapa mang, ebang ke leholimong kapa lefatšeng ea tsebang Jehova ho feta Jesu. (Mat. 11:27) Jesu o rata Ntate oa hae ’me o ile a rorisa lebitso la Jehova ho feta mang kapa mang. (Joh. 14:31) Ha a ne a rapela Ntate oa hae bosiung ba ho qetela pele a e-shoa, o ile a bua ka hore na ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo a neng a e entse lefatšeng e ne e le efe. O ile a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.” (Joh. 17:26) O ne a bolela eng?

9. Jesu o ile a sebelisa papiso joang ho hlalosa ka ho hlaka hore na Ntate oa hae ke Molimo ea joang?

9 Jesu o ile a ruta batho hore lebitso la Molimo ke Jehova empa ha aa ka a fella moo. Bajuda bao a neng a ba ruta ba ne ba se ba ntse ba tseba lebitso la Molimo. Empa Jesu o ile a etella pele ho ‘hlalosa hore na Molimo ke mang.’ (Joh. 1:​17, 18) Ka mohlala, Mangolo a Seheberu a re Jehova o mohau ebile o na le kutloelo-bohloko. (Ex. 34:​5-7) Jesu o ile a hlalosa taba ena ka ho pharaletseng ha a ne a etsa papiso ea mora ea lehlasoa le ntate oa hae. Ha re bala ka ntate enoa ’me re utloa hore o ile a bona mora oa hae ea bakileng “a sa le hole,” a mo mathela, a mo haka a ba a mo tšoarela ho tsoa pelong, re bona ka ho hlakileng hore na Jehova o na le kutloelo-bohloko le mohau hakae. (Luka 15:​11-32) Jesu o thusitse batho hore ba utloisise hore na hantle-ntle Ntate oa hae ke Molimo ea joang.

10. (a) Re tseba Joang hore Jesu o ne a sebelisa lebitso la Ntate oa hae a bile a batla hore batho ba bang le bona ba le sebelise? (Mareka 5:19) (Sheba setšoantšo.) (b) Jesu o batla hore re etse eng mehleng ee?

10 Na Jesu o ne a batla hore batho ba bang le bona ba sebelise lebitso la Ntate oa hae? E, ho joalo. Ho ka etsahala hore ebe baeta-pele ba bang ba bolumeli mehleng ea Jesu ba ne ba nka ho fosahetse ho bitsa lebitso la Molimo empa ha ho mohla Jesu a ileng a lumella meetlo e joalo e sa thehoang mangolong hore e mo sitise ho hlompha lebitso la Ntate oa hae. Nahana ka lekhetlo leo ka lona a ileng a folisa monna ea neng a e-na le bademona naheng ea Bagerasa. Jesu ha aa ka a lula sebakeng seo hobane batho ba moo ba ne ba tšohile ’me ba mo kopa hore a tsamaee. (Mar. 5:​16, 17) Leha ho le joalo, Jesu o ne a batla hore lebitso la Jehova le tsejoe moo. Kahoo, o ile a laela monna eo a neng a mo folisitse hore a bolelle batho hore na Jehova o entse’ng eseng hore na Jesu o entse’ng. (Bala Mareka 5:19.) a O batla hore le rona mehleng ena re tsebahatse lebitso la Ntate oa hae lefatšeng lohle. (Mat. 24:14; 28:​19, 20) Ha re etsa joalo, re thabisa Morena oa rona Jesu.

Jesu o ile a laela monna ea neng a e-na le bademona hore a bolelle batho ba bang kamoo Jehova a mo thusitseng kateng (Sheba serapa sa 10)


11. Jesu o ile a re balateli ba hae ba rapelle eng, hona ke hobane’ng ha taba eo e le bohlokoa? (Ezekiele 36:23)

11 Jesu o ne a tseba hore morero oa Jehova ke ho halaletsa lebitso la hae, e leng ho shanofatsa lintho tsohle tse buuoeng ka eena tseo e seng ’nete. Ke ka lebaka leo Mong’a rona a ileng a ruta balateli ba hae hore ha ba rapela ba re: “Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Jesu o ne a tseba hore ho halaletsoa ha lebitso la Molimo ke taba ea bohlokoa ka ho fetisisa e amang popo eohle. (Bala Ezekiele 36:23.) Ha ho na mang kapa mang ea kileng a halaletsa lebitso la Jehova ho feta Jesu. Empa ha Jesu a ne a tšoeroe, lira tsa hae li ile tsa mo qosa ka hore o hlompholotse lebitso la Molimo. E tlameha ebe Jesu o ne a utloa ho senya lebitso le halalelang la Ntate oa hae e le sebe se seholo ka ho fetisisa. O ne a tšoenyehile haholo ka hore ebe o ne a tl’o qosoa ka sebe sena a be a fumanoe a le molato. E ka ’na eaba leo e ne e le lona lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ebe Jesu o ile a “sareloa habohloko” lihora pele a tšoaroa.—Luka 22:​41-44.

12. Jesu o ile a halaletsa lebitso la Ntate oa hae joang ka tsela e ipabolang ka ho fetisisa?

12 Jesu o ile a mamella ho hlokofatsoa, ho rohakoa le ho senngoa lebitso e le hore a halaletse lebitso la Ntate oa hae. O ne a tseba hore o ne a mametse Ntate oa hae linthong tsohle ’me ho se na letho le neng le ka mo hlabisa lihlong. (Baheb. 12:2) O ne a bile a tseba hore Satane o ne a mo hlasela ka ho toba nakong eo e thata. (Luka 22:​2-4; 23:​33, 34) Satane o ne a nahanne hore o tla etsa hore Jesu a se ke a tšepahala empa o ile a hloleha ka ho feletseng. Jesu o ile a paka ka ho feletseng hore Satane ke raleshano ea sehloho le hore Jehova o na le bahlanka ba hae ba mo tšepahallang le tlas’a liteko tse boima ka ho fetisisa.

13. U ka thabisa Morena oa hao ea busang joang?

13 Na u batla ho thabisa Morena oa hao ea busang? Lula u rorisa lebitso la Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo tsebe hore na ke Molimo ea joang. Ha u etsa joalo, u tla be u etsisa Jesu. (1 Pet. 2:21) Joaloka Jesu, u thabisa Jehova ’me u paka hore sera sa hae Satane ke raleshano ea se nang lihlong.

HA RE RORISA LEBITSO LA JEHOVA, RE PHOLOSA BOPHELO BA BATHO

14, 15. Ke lintho life tse hlollang tse ka etsahalang ha re ruta batho ka Jehova?

14 Ha re rorisa lebitso la Jehova, re thusa batho hore ba pholohe. Joang? Satane o foufalitse likelello tsa bao e seng balumeli. (2 Bakor. 4:4) Ka lebaka leo, batho ba lumela mashano a kang ana: Molimo ha a eo, Molimo o hole ebile ha a tsotelle batho, Molimo o khopo hape o hlokofatsa baetsalibe ka ho sa feleng. Morero oa mashano ana a Satane ke ho senya lebitso la Jehova le botumo ba hae e le hore batho ba se ke ba batla ho atamela haufi le eena. Empa mosebetsi oa rona oa ho bolela o sitisa Satane hore a finyelle morero oa hae. Re ruta batho ’nete ka Ntate oa rona ebile re rorisa lebitso la hae le halalelang. Melemo ea ho etsa joalo ke efe?

15 ’Nete e ka Lentsoeng la Molimo e na le matla a maholo. Ha re ruta batho ka Jehova le hore na ke Molimo ea joang, re bona lintho tse hlollang. Batho bao pele ba neng ba foufalitsoe ke mashano a Satane, ba qala ho bona makhabane a Ntate oa rona. Baa hlolloa ha ba bona matla a hae a maholo. (Esa. 40:26) Baa mo tšepa ha ba ithuta hore toka ea hae e phethahetse. (Deut. 32:4) Ba ithuta lintho tse ngata bohlaleng ba hae bo ke keng ba lekanngoa. (Esa. 55:9; Bar. 11:33) Hape ba ikutloa ba tšelisehile ha ba ithuta hore eena ka boeena ke lerato. (1 Joh. 4:8) Ha ba ntse ba atamela haufi le Jehova, tšepo ea bona ea hore ba tla phela ka ho sa feleng e le bana ba hae, e tiea le ho feta. Kannete ke tlotla e kholo ho thusa batho hore ba atamele haufi le Ntate oa bona. Ho etsa joalo ho etsa hore Jehova a re nke re le “basebetsi-’moho” le eena.—1 Bakor. 3:​5, 9.

16. Batho ba bang ba ikutloa joang ha ba ithuta lebitso la Molimo? Fana ka mehlala.

16 Qalong re ka ’na ra ruta batho taba e bonolo feela ea hore lebitso la Molimo ke Jehova. Taba ena ka boeona e ka ama ka botebo motho ea nang le pelo e ntle. Ka mohlala, mosali e mocha ea bitsoang Aaliyah b o ne a holiselitsoe bolumeling boo e seng ba Bokreste. Empa o ne a sa khotsofalla bolumeli ba hae hape o ne a sa utloe a le haufi le Molimo. Maikutlo a hae a ile a fetoha ka mor’a hore a qale ho ithuta Bibele le Lipaki. O ile a qala ho nka Molimo e le Motsoalle oa hae. O ne a maketse ha a ithuta hore lebitso la Molimo le ne le hlakotsoe Libibeleng tse ngata le nketsoe sebaka ke litlotla tse kang Morena. Ho ithuta lebitso la Jehova ho ile ha fetola bophelo ba hae. O ile a hoeletsa a re: “Motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo o na le lebitso!” Taba ee e ile ea mo thusa joang? O re: “Ke na le khotso e khaphatsehang hona joale. Ke ikutloa ke le motlotlo.” Monna ea bitsoang Steve e ne e le sebini hape a holetse Bojudeng bo khomarelang melao ka thata. O ne a sa batle ho ba karolo ea bolumeli bo itseng hobane o ne a bone boikaketsi bo bongata. Ka mor’a hore ’mè oa hae a hlokahale, o ile a lumela ho ba teng thutong ea Bibele eo Lipaki Tsa Jehova li neng li e khannela motho e mong. O ile a ameha haholo maikutlong ha a ithuta lebitso la Molimo. O re: “Ke ne ke qala ho utloa lebitso la Molimo.” O boetse o re: “Ka lekhetlo la pele, ke ile ka utloisisa hore Molimo o teng. Ke ne ke tseba hore ke fumane Motsoalle.”

17. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho tsoela pele u rorisa lebitso la Jehova? (Sheba setšoantšo.)

17 Ha u ntse u bolella batho ka Molimo le ho ba ruta ka eena, na u ba bolella lebitso la hae? Na u ba thusa hore ba tsebe hore na hantle-ntle Molimo oa rona o joang? Ha u etsa joalo, u rorisa lebitso la Molimo. E se eka u ka tsoela pele ho rorisa lebitso la Jehova le halalelang ka hore u thuse batho hore ba tsebe hore na ke Molimo ea joang. U tla pholosa bophelo ba batho ha u etsa joalo. U tla latela mohlala oa Morena oa hao e leng Kreste Jesu. Ka holimo ho tsohle, u tla thabisa Ntate oa hao ea lerato Jehova. E se eka u ka ‘rorisa lebitso la hae ka ho sa feleng.’—Pes. 145:2.

Re rorisa lebitso la Jehova ka ho le ruta batho le ka ho ba bontša hore na Jehova ke Molimo ea joang (Sheba serapa sa 17)

KE JOANG HO RORISA LEBITSO LA MOLIMO HO . . .

  • thabisang Jehova?

  • thabisang Kreste Jesu?

  • pholosang bophelo?

PINA EA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

a Ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore qalong Mareka o ne a sebelisitse lebitso la Molimo ha a qotsa Jesu. Ke ka lebaka leo le khutliselitsoeng ho Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

b Mabitso a fetotsoe.