Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 6

PINA YA 10 Rorisang Jehova, Modimo wa Rona!

“Rorisang Lebitso la Jehova”

“Rorisang Lebitso la Jehova”

“Lona bahlanka ba Jehova mo roriseng, rorisang lebitso la Jehova.”PES. 113:1.

NTLHAKGOLO

Ke eng e re susumeletsang ho rorisa lebitso le halalelang la Jehova ha monyetla o mong le o mong o hlaha?

1, 2. Ke mohlala ofe o ka re thusang ho utlwisisa hore na Jehova o ikutlwa jwang ha ho buuwa mashano ka yena?

 NAHANA ha motho eo o mo tsotellang a bua ntho e mpe ka wena. O a tseba hore ntho eo a e buang ha se nnete, ho ntse ho le jwalo, batho ba bang ba a mo kgolwa. O sa re o sa utlwile, ba hasa leshano leo mme batho ba bang ba bangata ba a ba kgolwa. O ne o ka ikutlwa jwang? Haeba o le motho ya ratang batho le ya batlang ho tsebahala o le motho ya hantle, ho senngwa lebitso ka tsela eo ho ne ho tla o utlwisa bohloko.—Diprov. 22:1.

2 Boemo bona bo ka re thusa ho utlwisisa hore na Jehova o ile a ikutlwa jwang ha botumo ba hae bo botle bo ne bo senngwa. Lengeloi la hae le leng le ile la bua leshano ka yena ho mosadi wa pele e leng Eva. Eva o ile a kgolwa leshano leo yaba yena le Adama ba fetohela Jehova ka lebaka la lona. Ka lebaka leo, batho bohle ba etsa sebe mme qetellong ba a shwa. (Gen. 3:​1-6; Bar. 5:12) Mathata ohle a teng lefatsheng kajeno a akareletsang lefu, dintwa le dintho tse bohloko, a teng ka lebaka la mashano ao Satane a ileng a a jala tshimong ya Edene. Na Jehova o utlwiswa bohloko ke ho senngwa lebitso le ditlamorao tse tliswang ke hona? E tlameha ebe ho jwalo. Le ha ho le jwalo, Jehova ha a tlala lehloyo. Ho ena le hoo, e ntse e le “Modimo ya thabileng.”—1 Tim. 1:11.

3. Re na le tlotla efe?

3 Re na le tlotla ya ho bontsha hore Satane o buile mashano ka Jehova ka hore re mamele taelo ena e bonolo e reng: “Rorisang lebitso la Jehova.” (Pes. 113:1) Re mo rorisa ka ho bua hantle ka yena. Na o tla etsa jwalo? A re bueng ka dintho tse tharo tsa bohlokwa tse tla re susumeletsa ho rorisa lebitso la Modimo wa rona ka dipelo tsohle.

RE THABISA JEHOVA HA RE RORISA LEBITSO LA HAE

4. Ke hobaneng ha Jehova a thaba ha re mo rorisa? Etsa mohlala. (Sheba setshwantsho.)

4 Re thabisa Ntate wa rona ya lehodimong ha re rorisa lebitso la hae. (Pes. 119:108) Na taba ee e bolela hore Modimo wa rona ya matla ohle o tshwana le rona baetsadibe ba batlang ho roriswa hobane ba sa itshepe kapa hobane ba batla ho kgothatswa? Tjhe. Nahana ka mohlala ona: Ngwanana e monyenyane o mathela ho ntate wa hae o fihla a mo haka ebe o re: “Ha ho na ntate ya tshwanang le wena lefatsheng kaofela!” Ntho ena eo ngwana wa hae a e entseng e a mo thabisa ebile e mo ama pelo. Hobaneng? Ha se hobane e le motho ya sa itshepeng, ya hlokang ho fumana kgothatso le thoriso e tswang ho moradi wa hae. Empa ke hobane a rata moradi wa hae ebile a thabetse hore ebe moradi wa hae o a bontsha hore o a mo rata le ho mo ananela. O a tseba hore ha moradi wa hae a ntse a hola mme a tswela pele ho bontsha lerato le kananelo, o tla thaba. Ka mabaka a tshwanang, Jehova Ntate e moholo ka ho fetisisa le yena o a thaba ha re mo rorisa.

Jwalo ka ha ntate a thaba ha ngwana wa hae a bontsha hore o a mo rata le ho mo ananela, Jehova le yena o a thaba ha re rorisa lebitso la hae (Sheba serapa sa 4)


5. Ke ntho efe eo Satane a e buileng ka rona eo re ka pakang hore ke leshano ha re rorisa lebitso la Modimo?

5 Ha re rorisa Ntate wa rona ya lehodimong, re paka hore ntho eo Satane a e buileng ka rona ke leshano. Satane o re ha ho na motho ya tla sireletsa lebitso la Modimo ka botshepehi. Ho ya ka yena, kaofela ha rona ha re tshepahale. O re kaofela ha rona re ka lahla Modimo haeba re nahana hore ho ka re tswela molemo. (Jobo 1:​9-11; 2:4) Empa Jobo o ile a tshepahala mme a bontsha hore Satane o leshano. Na le wena o tla etsisa Jobo? Kaofela ha rona re na le tlotla ya ho sireletsa lebitso la Ntate wa rona le ho mo thabisa ka ho mo sebeletsa ka botshepehi. (Diprov. 27:11) Ka nnete ke tlotla e kgolo ho etsa jwalo.

6. Re ka etsisa Morena Davida le Balevi jwang? (Nehemia 9:5)

6 Bahlanka ba Modimo ba rorisa lebitso la hae ka dipelo tsohle hobane ba mo rata. Morena Davida o ile a re: “Ke tla rorisa Jehova, ke rorise lebitso la hae le halalelang ka pelo ya ka yohle.” (Pes. 103:1) Davida o ne a utlwisisa hore ho rorisa lebitso la Jehova ke ho rorisa Jehova ka boyena. Lebitso la Jehova le akareletsa botumo ba hae. Ka hoo, le re hopotsa makgabane ohle a hae le dintho tsohle tse ntle tseo a di entseng. Davida o ne a batla ho nka lebitso la Ntate wa hae le halalela le ho le rorisa. O ne a batla ho etsa jwalo ‘ka pelo ya hae yohle.’ Balevi le bona ba ile ba etella pele ho roriseng Jehova. Ka boikokobetso ba ile ba dumela hore ha ba na mantswe a lekaneng a ho rorisa lebitso la Jehova le halalelang ka tsela eo le tshwanelwang ho roriswa ka yona. (Bala Nehemia 9:5.) Jwang kapa jwang Jehova o ile a thaba haholo ha a bona bahlanka ba hae ba mo rorisa ka pelo yohle ebile ba ikokobeditse.

7. Re ka rorisa Jehova jwang ha re le tshimong le bophelong ba letsatsi le letsatsi?

7 Mehleng ena re ka thabisa Jehova ka ho bua ka yena ka tsela e bontshang hore re na le kananelo ebile re a mo rata. Sepheo sa rona se ka sehloohong ha re le tshimong ke hore re thuse batho hore ba atamele ho Jehova le hore ba ikutlwe ka tsela eo re ikutlwang ka yona ka Ntate wa rona ya lerato. (Jak. 4:8) Re a thaba ha re bontsha batho seo Bibele e se buang ka Jehova le ka makgabane a hae a kang lerato, toka, bohlale, matla le a mang. Tsela e nngwe eo ka yona re rorisang le ho thabisa Jehova ke ka ho etsa sohle seo re se kgonang ho mo etsisa. (Baef. 5:1) Ha re etsa jwalo, re fapana le batho ba lefatshe lena le kgopo. Taba ena e ka nna ya etsa hore batho ba bang ba hlokomele hore re fapane le batho ba bang mme ba ipotsa hore na hobaneng. (Mat. 5:​14-16) Ha re sebedisana le bona bophelong ba letsatsi le letsatsi, re ka fumana monyetla wa ho ba hlalosetsa hore na ke hobaneng ha re fapane. Qetellong batho ba dipelo di ntle ba ka atamela ho Modimo wa rona. Ha re rorisa Jehova ka ditsela tsena, re mo thabisa haholo.—1 Tim. 2:​3, 4.

HA RE RORISA LEBITSO LA JEHOVA, RE THABISA JESU

8. Jesu o ile a rorisa lebitso la Jehova jwang ho feta mang kapa mang?

8 Ha ho na mang kapa mang, ebang ke lehodimong kapa lefatsheng ya tsebang Jehova ho feta Jesu. (Mat. 11:27) Jesu o rata Ntate wa hae mme o ile a rorisa lebitso la Jehova ho feta mang kapa mang. (Joh. 14:31) Ha a ne a rapela Ntate wa hae bosiung ba ho qetela pele a eshwa, o ile a bua ka hore na ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo a neng a e entse lefatsheng e ne e le efe. O ile a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.” (Joh. 17:26) O ne a bolela eng?

9. Jesu o ile a sebedisa papiso jwang ho hlalosa ka ho hlaka hore na Ntate wa hae ke Modimo ya jwang?

9 Jesu o ile a ruta batho hore lebitso la Modimo ke Jehova empa ha a ka a fella moo. Bajuda bao a neng a ba ruta ba ne ba se ba ntse ba tseba lebitso la Modimo. Empa Jesu o ile a etella pele ho ‘hlalosa hore na Modimo ke mang.’ (Joh. 1:​17, 18) Ka mohlala, Mangolo a Seheberu a re Jehova o mohau ebile o na le kutlwelobohloko. (Ex. 34:​5-7) Jesu o ile a hlalosa taba ena ka ho pharaletseng ha a ne a etsa papiso ya mora ya lehlaswa le ntate wa hae. Ha re bala ka ntate enwa mme re utlwa hore o ile a bona mora wa hae ya bakileng “a sa le hole,” a mo mathela, a mo haka a ba a mo tshwarela ho tswa pelong, re bona ka ho hlakileng hore na Jehova o na le kutlwelobohloko le mohau hakae. (Luka 15:​11-32) Jesu o thusitse batho hore ba utlwisise hore na hantlentle Ntate wa hae ke Modimo ya jwang.

10. (a) Re tseba Jwang hore Jesu o ne a sebedisa lebitso la Ntate wa hae a bile a batla hore batho ba bang le bona ba le sebedise? (Mareka 5:19) (Sheba setshwantsho.) (b) Jesu o batla hore re etse eng mehleng ee?

10 Na Jesu o ne a batla hore batho ba bang le bona ba sebedise lebitso la Ntate wa hae? E, ho jwalo. Ho ka etsahala hore ebe baetapele ba bang ba bodumedi mehleng ya Jesu ba ne ba nka ho fosahetse ho bitsa lebitso la Modimo empa ha ho mohla Jesu a ileng a dumella meetlo e jwalo e sa thehwang mangolong hore e mo sitise ho hlompha lebitso la Ntate wa hae. Nahana ka lekgetlo leo ka lona a ileng a fodisa monna ya neng a ena le bademona naheng ya Bagerasa. Jesu ha a ka a dula sebakeng seo hobane batho ba moo ba ne ba tshohile mme ba mo kopa hore a tsamaye. (Mar. 5:​16, 17) Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a batla hore lebitso la Jehova le tsejwe moo. Ka hoo, o ile a laela monna eo a neng a mo fodisitse hore a bolelle batho hore na Jehova o entseng eseng hore na Jesu o entseng. (Bala Mareka 5:19.) a O batla hore le rona mehleng ena re tsebahatse lebitso la Ntate wa hae lefatsheng lohle. (Mat. 24:14; 28:​19, 20) Ha re etsa jwalo, re thabisa Morena wa rona Jesu.

Jesu o ile a laela monna ya neng a ena le bademona hore a bolelle batho ba bang ka moo Jehova a mo thusitseng ka teng (Sheba serapa sa 10)


11. Jesu o ile a re balatedi ba hae ba rapelle eng, hona ke hobaneng ha taba eo e le bohlokwa? (Ezekiele 36:23)

11 Jesu o ne a tseba hore morero wa Jehova ke ho halaletsa lebitso la hae, e leng ho shanofatsa dintho tsohle tse buuweng ka yena tseo e seng nnete. Ke ka lebaka leo Monga rona a ileng a ruta balatedi ba hae hore ha ba rapela ba re: “Ntate wa rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe.” (Mat. 6:9) Jesu o ne a tseba hore ho halaletswa ha lebitso la Modimo ke taba ya bohlokwa ka ho fetisisa e amang popo yohle. (Bala Ezekiele 36:23.) Ha ho na mang kapa mang ya kileng a halaletsa lebitso la Jehova ho feta Jesu. Empa ha Jesu a ne a tshwerwe, dira tsa hae di ile tsa mo qosa ka hore o hlompholotse lebitso la Modimo. E tlameha ebe Jesu o ne a utlwa ho senya lebitso le halalelang la Ntate wa hae e le sebe se seholo ka ho fetisisa. O ne a tshwenyehile haholo ka hore ebe o ne a tlo qoswa ka sebe sena a be a fumanwe a le molato. E ka nna yaba leo e ne e le lona lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ebe Jesu o ile a “sarelwa ha bohloko” dihora pele a tshwarwa.—Luka 22:​41-44.

12. Jesu o ile a halaletsa lebitso la Ntate wa hae jwang ka tsela e ipabolang ka ho fetisisa?

12 Jesu o ile a mamella ho hlokofatswa, ho rohakwa le ho senngwa lebitso e le hore a halaletse lebitso la Ntate wa hae. O ne a tseba hore o ne a mametse Ntate wa hae dinthong tsohle mme ho se na letho le neng le ka mo hlabisa dihlong. (Baheb. 12:2) O ne a bile a tseba hore Satane o ne a mo hlasela ka ho toba nakong eo e thata. (Luka 22:​2-4; 23:​33, 34) Satane o ne a nahanne hore o tla etsa hore Jesu a se ke a tshepahala empa o ile a hloleha ka ho feletseng. Jesu o ile a paka ka ho feletseng hore Satane ke raleshano ya sehloho le hore Jehova o na le bahlanka ba hae ba mo tshepahallang le tlasa diteko tse boima ka ho fetisisa.

13. O ka thabisa Morena wa hao ya busang jwang?

13 Na o batla ho thabisa Morena wa hao ya busang? Dula o rorisa lebitso la Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo tsebe hore na ke Modimo ya jwang. Ha o etsa jwalo, o tla be o etsisa Jesu. (1 Pet. 2:21) Jwalo ka Jesu, o thabisa Jehova mme o paka hore sera sa hae Satane ke raleshano ya se nang dihlong.

HA RE RORISA LEBITSO LA JEHOVA, RE PHOLOSA BOPHELO BA BATHO

14, 15. Ke dintho dife tse hlollang tse ka etsahalang ha re ruta batho ka Jehova?

14 Ha re rorisa lebitso la Jehova, re thusa batho hore ba pholohe. Jwang? Satane o foufaditse dikelello tsa bao e seng badumedi. (2 Bakor. 4:4) Ka lebaka leo, batho ba dumela mashano a kang ana: Modimo ha a yo, Modimo o hole ebile ha a tsotelle batho, Modimo o kgopo hape o hlokofatsa baetsadibe ka ho sa feleng. Morero wa mashano ana a Satane ke ho senya lebitso la Jehova le botumo ba hae e le hore batho ba se ke ba batla ho atamela haufi le yena. Empa mosebetsi wa rona wa ho bolela o sitisa Satane hore a finyelle morero wa hae. Re ruta batho nnete ka Ntate wa rona ebile re rorisa lebitso la hae le halalelang. Melemo ya ho etsa jwalo ke efe?

15 Nnete e ka Lentsweng la Modimo e na le matla a maholo. Ha re ruta batho ka Jehova le hore na ke Modimo ya jwang, re bona dintho tse hlollang. Batho bao pele ba neng ba foufaditswe ke mashano a Satane, ba qala ho bona makgabane a Ntate wa rona. Ba a hlollwa ha ba bona matla a hae a maholo. (Esa. 40:26) Ba a mo tshepa ha ba ithuta hore toka ya hae e phethahetse. (Deut. 32:4) Ba ithuta dintho tse ngata bohlaleng ba hae bo ke keng ba lekanngwa. (Esa. 55:9; Bar. 11:33) Hape ba ikutlwa ba tshedisehile ha ba ithuta hore yena ka boyena ke lerato. (1 Joh. 4:8) Ha ba ntse ba atamela haufi le Jehova, tshepo ya bona ya hore ba tla phela ka ho sa feleng e le bana ba hae, e tiya le ho feta. Ka nnete ke tlotla e kgolo ho thusa batho hore ba atamele haufi le Ntate wa bona. Ho etsa jwalo ho etsa hore Jehova a re nke re le “basebetsimmoho” le yena.—1 Bakor. 3:​5, 9.

16. Batho ba bang ba ikutlwa jwang ha ba ithuta lebitso la Modimo? Fana ka mehlala.

16 Qalong re ka nna ra ruta batho taba e bonolo feela ya hore lebitso la Modimo ke Jehova. Taba ena ka boyona e ka ama ka botebo motho ya nang le pelo e ntle. Ka mohlala, mosadi e motjha ya bitswang Aaliyah b o ne a hodiseditswe bodumeding boo e seng ba Bokreste. Empa o ne a sa kgotsofalla bodumedi ba hae hape o ne a sa utlwe a le haufi le Modimo. Maikutlo a hae a ile a fetoha ka mora hore a qale ho ithuta Bibele le Dipaki. O ile a qala ho nka Modimo e le Motswalle wa hae. O ne a maketse ha a ithuta hore lebitso la Modimo le ne le hlakotswe Dibibeleng tse ngata le nketswe sebaka ke ditlotla tse kang Morena. Ho ithuta lebitso la Jehova ho ile ha fetola bophelo ba hae. O ile a hweletsa a re: “Motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo o na le lebitso!” Taba ee e ile ya mo thusa jwang? O re: “Ke na le kgotso e kgaphatsehang hona jwale. Ke ikutlwa ke le motlotlo.” Monna ya bitswang Steve e ne e le sebini hape a holetse Bojudeng bo kgomarelang melao ka thata. O ne a sa batle ho ba karolo ya bodumedi bo itseng hobane o ne a bone boikaketsi bo bongata. Ka mora hore mme wa hae a hlokahale, o ile a dumela ho ba teng thutong ya Bibele eo Dipaki Tsa Jehova di neng di e kgannela motho e mong. O ile a ameha haholo maikutlong ha a ithuta lebitso la Modimo. O re: “Ke ne ke qala ho utlwa lebitso la Modimo.” O boetse o re: “Ka lekgetlo la pele, ke ile ka utlwisisa hore Modimo o teng. Ke ne ke tseba hore ke fumane Motswalle.”

17. Ke hobaneng ha o ikemiseditse ho tswela pele o rorisa lebitso la Jehova? (Sheba setshwantsho.)

17 Ha o ntse o bolella batho ka Modimo le ho ba ruta ka yena, na o ba bolella lebitso la hae? Na o ba thusa hore ba tsebe hore na hantlentle Modimo wa rona o jwang? Ha o etsa jwalo, o rorisa lebitso la Modimo. E se eka o ka tswela pele ho rorisa lebitso la Jehova le halalelang ka hore o thuse batho hore ba tsebe hore na ke Modimo ya jwang. O tla pholosa bophelo ba batho ha o etsa jwalo. O tla latela mohlala wa Morena wa hao e leng Kreste Jesu. Ka hodimo ho tsohle, o tla thabisa Ntate wa hao ya lerato Jehova. E se eka o ka ‘rorisa lebitso la hae ka ho sa feleng.’—Pes. 145:2.

Re rorisa lebitso la Jehova ka ho le ruta batho le ka ho ba bontsha hore na Jehova ke Modimo ya jwang (Sheba serapa sa 17)

KE JWANG HO RORISA LEBITSO LA MODIMO HO . . .

  • thabisang Jehova?

  • thabisang Kreste Jesu?

  • pholosang bophelo?

PINA YA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

a Ho na le bopaki bo bongata bo bontshang hore qalong Mareka o ne a sebedisitse lebitso la Modimo ha a qotsa Jesu. Ke ka lebaka leo le kgutliseditsweng ho Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

b Mabitso a fetotswe.