Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 7

PINA EA 51 Re Sebeletsa Molimo

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Banazari?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Banazari?

“Oa halalela ho Jehova ka matsatsi ’ohle a Bonazari ba hae.”NUM. 6:8.

NTLHA-KHOLO

Mohlala oa Banazari o ka re thusa hore re sebeletse Jehova ka boitelo le ka sebete.

1. Bahlanka ba Jehova ba ile ba etsa’ng ho tloha mehleng ea khale?

 NA U nka setsoalle sa hao le Jehova e le sa bohlokoa? Re kholisehile hore u se nka e le sa bohlokoa ebile ha se uena feela ea ikutloang ka tsela ena. Ho tloha khale, esale batho ba bangata ba ikutloa ka tsela ena. (Pes. 104:​33, 34) Batho ba bangata ba tetse lintho tse ngata e le hore ba sebeletse Jehova. Ke eona ntho eo Baiseraele ba khale ba neng ba tsebahala e le Banazari ba ileng ba e etsa. Banazari e ne e le bo-mang, hona re ka ithuta’ng mohlaleng oa bona?

2. (a) Banazari e ne e le bo-mang? (Numere 6:​1, 2) (b) Ke hobane’ng ha Baiseraele ba bang ba ile ba khetha ho ba Banazari?

2 Lentsoe “Monazari” le nkiloe poleloaneng ea Seheberu e bolelang “motho ea khethetsoeng mosebetsi o khethehileng.” Baiseraele bao e neng e le Banazari e ne e le batho ba ileng ba tela lintho tse ngata e le hore ba ka sebeletsa Jehova ka tsela e khethehileng. Molao oa Moshe o ne o lumella banna le basali hore ba etse boitlamo bo khethehileng ho Jehova ka hore ba khethe ho phela e le Banazari ka nako e itseng. a (Bala Numere 6:​1, 2.) Ha Moiseraele a ne a itlama hore e tla ba Monazari, o ne a tlameha ho latela litaelo tse neng li fanoa tseo Baiseraele ba bang ba neng ba sa li latele. Kahoo, ke hobane’ng ha Moiseraele a ne a ka khetha ho ba Monazari? Ke hobane a ne a rata Jehova haholo a bile a ananela litlhohonolofatso tseo a mo fang tsona.—Deut. 6:5; 16:17.

3. Bahlanka ba Molimo ba mehleng ee ba tšoana joang le Banazari?

3 Tokisetso ena ea Bonazari e ile ea fela ha Molao oa Moshe o nkeloa sebaka ke “molao oa Kreste.” (Bagal. 6:2; Bar. 10:4) Leha ho le joalo, joaloka Banazari batho ba Jehova le kajeno ba ntse ba tsoela pele ho bontša hore ba batla ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle, moea oohle, kelello eohle le matla ’ohle a bona. (Mar. 12:30) Le rona re ikhethela ho etsa boitlamo ba hore re tla sebeletsa Jehova ka hore re inehele ho eena. Ho phela ka tsela e lumellanang le boitlamo boo ho akareletsa ho etsa thato ea Jehova le ho tela lintho tse ling e le hore re mo sebeletse. Ha re ntse re tsoela pele re hlahloba tsela eo Banazari ba neng ba phela tumellanong le boitlamo ba bona ka eona, re ka ithuta lithuto tsa bohlokoa ka hore na re ka phelela boitlamo boo re bo entseng joang. b (Mat. 16:24) A re ke re bueng ka e meng ea mehlala ena.

IKEMISETSE HO TELA LINTHO TSE LING

4. Ho ea ka Numere 6:​3, 4, Banazari ba ne ba tela lintho life?

4 Bala Numere 6:​3, 4. Banazari ba ne ba sa lokela ho noa joala kapa ho ja lijo tse kang morara, esita le o omisitsoeng. Ho noa joala kapa ho ja morara e ne e se ntho e fosahetseng kaha batho ba ne ba thabela lijo tse kang tsena. Bibele e bontša hore ‘veine e thabisa pelo ea motho’ ’me ke mpho e tsoang ho Molimo. (Pes. 104:​14, 15) Le hoja lintho tsena li ne li ka etsa hore motho a thabele bophelo, Banazari ba ne ba ikemiselitse ho li qoba e le hore ba phethe boitlamo ba bona. c

Na u ikemiselitse ho itela joaloka Banazari? (Sheba serapa sa 4-6)


5. Mor’abo rona Madián le Morali oa bo rona Marcela ba ile ba khetha ho tela lintho life, hona hobane’ng?

5 Ka ho tšoanang, le rona re ka khona ho tela lintho tse itseng joaloka Banazari e le hore re sebeletse Jehova haholoanyane. Ak’u nahane ka mohlala oa Madián le Marcela. Banyalani bana ba Bakreste ba ne ba phela hamonate. Mor’abo rona Madián o ne a sebetsa mosebetsi o patalang hantle ebile ba lula ntlong e ntle. Leha ho le joalo, ba ne ba batla ho sebeletsa Jehova haholoanyane. E le hore ba finyelle seo ba se batlang tšebeletsong, ba ile ba nka qeto ea hore ba tla etsa liphetoho. Ba re: “Re ile ra qala ka hore re fokotse litšenyehelo tsa rona. Re ile ra boela ra tloha ntlong ea rona e kholo ’me ra lula ntlong e nyenyane ra ba ra rekisa le koloi ea rona.” Mor’abo rona Madián le Morali oa bo rona Marcela ba ne ba sa tlangoe ke letho hore ba tele lintho tseo ba neng ba e-na le tsona empa ho etsa joalo ho ile ha ba lumella hore ba eketse tšebeletso ea bona. Ba ikutloa ba khotsofetse haholo ebile ba thabile ka lebaka la liqeto tseo ba ileng ba li etsa.

6. Ke hobane’ng ha Bakreste ba khetha ho tela lintho tse itseng mehleng ee? (Sheba setšoantšo.)

6 Le kajeno Bakreste ba ntse ba thaba ha ba tela lintho tse ling e le hore ba be le nako e ngata ea ho sebeletsa Jehova. (1 Bakor. 9:​3-6) Jehova ha a re tlame hore re tele lintho tsena ebile ha ho phoso ho ba le tsona. Ka mohlala, batho ba bang ba tela ho sebetsa mosebetsi oo ba o batlang, ho ba le ntlo le ho rua phoofolo. Batho ba bang ba nka qeto ea ho se kene lenyalong kapa ea ho se be le lelapa ka nako e itseng. Ba bang bona ba khetha ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi teng le hoja seo se ka bolela hore ba tla lula hole le ba malapa a bona le metsoalle. Bongata ba rona re ikemiselitse ho tela lintho tse ling hobane re batla ho fa Jehova sohle seo re ka se khonang. Kholiseha hore Jehova o ananela lintho tsohle tseo u li telang e le hore u mo sebeletse ho sa tsotellehe hore na ke lintho tse kholo kapa tse nyenyane.—Baheb. 6:10.

IKEMISETSE HO SE TŠOANE LE BATHO BA BANG

7. Ke’ng e neng e ka etsa hore ho be thata hore Monazari a phethe boitlamo ba hae? (Numere 6:5) (Sheba setšoantšo.)

7 Bala Numere 6:5. Banazari ba ne ba etsa boitlamo ka hore ba se ke ba kuta moriri. Ka ho etsa joalo, ba ne ba bontša hore ba mamela Jehova. Ho ne ho le bonolo hore batho ba bang ba hlokomele haeba Moiseraele a ne a e-na le nako e telele e le Monazari hobane moriri oa hae o ne o le molelele. Haeba batho ba ne ba hlompha le ho khothaletsa Monazari hore a phelele Bonazari ba hae, ho ne ho ka ba bonolo hore Monazari a phele ka tsela e fapaneng le eo batho ba bang ba neng ba phela ka eona. Ka masoabi, ho ne ho e-na le nako eo ka eona Iseraele Banazari ba neng ba sa ananeloe le ho tšehetsoa. Nakong ea moprofeta Amose, ho ne ho e-na le Baiseraele ba bakoenehi ba neng “ba noesa Banazari veine” e le ha ba ne ba leka hore ba se ke ba phetha boitlamo ba bona ba hore ba se ke ba noa veine. (Amose 2:12) Ka linako tse ling Monazari o ne a hloka hore a bontše sebete e le hore a phethe boitlamo ba hae hore a phele ka tsela e fapaneng le ea batho ba bang.

Monazari ea neng a phelela boitlamo ba hae o ne a ikemiselitse hore a se ke a tšoana le batho ba bang (Sheba serapa sa 7)


8. Pale ea Benjamin e u khothalitse joang?

8 Le rona Jehova a ka re thusa hore re be sebete le hore re se ke ra tšoana le batho ba bang le hoja re le lihlong. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Benjamin ea nang le lilemo tse leshome, ea lulang Norway. Sekolong sa hae ho ne ho e-na le ketsahalo e tšehetsang batho ba lulang Ukraine ka lebaka la ntoa e ntseng e tsoela pele moo. Bana ba kenang sekolo seo ba ne ba laetsoe hore ba bine pina e itseng le hore ba apare liaparo tse nang le mebala ea naha ea Ukraine. Benjamin o ne a ikemiselitse hore a se ke a kenella ketsahalong ena ka hore a emelle hojana ha e ntse e tsoela pele. Leha ho le joalo, tichere e ile ea mo bona ’me e ile ea mo hoeletsa ea re: “U lokela ho tla mona hona joale. Kaofela ha rona re ntse re u emetse!” Benjamin o ile a ea ho tichere eo ka sebete ’me a re: “’Na ha ke kenelle lipolotiking. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li teronkong hobane li hana ho ea ntoeng.” Tichere eo e ile ea utloisisa tlhaloso ea Benjamin eaba e mo lumella hore a tsamaee. Empa bana bao a kenang tlelase le bona ba ile ba mo botsa hore na ke hobane’ng ha a sa ka a bina le bona. Benjamin o ne a tšohile haholo a bile a batla le ho lla empa o ile a ba sebete ’me a hlalosetsa bana bao a kenang tlelase le bona seo a neng a se boleletse tichere. Ka mor’a moo, Benjamin o ile a bolella batsoali ba hae hore o ile a bona hore Jehova o ne a mo thusa hore a emele tumelo ea hae.

9. Re ka thabisa pelo ea Jehova joang?

9 Ha re tšoane le batho ba bang hobane re khetha ho mamela Jehova. Re hloka ho ba sebete e le hore re ka bolella batho bao re sebetsang le bona kapa bao re kenang sekolo le bona hore re Lipaki Tsa Jehova. Ha tsela eo batho ba itšoereng ka eona e ntse e ba mpe le ho feta, ho ka ’na ha e-ba thata hore re mamele melao-motheo ea Bibele le hore re bolelle batho ba bang litaba tse monate. (2 Tim. 1:8; 3:13) Leha ho le joalo, re lokela ho lula re hopola hore re ‘thabisa pelo ea Jehova’ ha re le sebete ’me re sa tšabe ho fapana le batho ba sa mo sebeletseng.—Liprov. 27:11; Mal. 3:18.

BEHA JEHOVA PELE BOPHELONG BA HAO

10. Ke’ng e neng e ka etsa hore ho be thata hore Monazari a mamele taelo e hlahang ho Numere 6:​6, 7?

10 Bala Numere 6:​6, 7. Banazari ba ne ba sa lokela ho atamela motho ea shoeleng. Qalong sena se ka bonahala e se ntho e kholo. Empa mehleng ea Bibele, Monazari o ne a bona sena e le teko e kholo haeba ho hlokahetse motho ea atamelaneng le eena haholo. Meetlo e neng e etsoa ha motho a ne a patoa mehleng eo e ne e akareletsa ho ba haufi le setopo. (Joh. 19:​39, 40; Lik. 9:​36-40) Boitlamo ba Monazari bo ne bo mo thibela ho latela meetlo e joalo. Nakong eo lelapa le leng boemong ba ho llela mofu, Monazari o ne a lokela ho bontša tumelo e matla ka ho khomarela boitlamo ba hae. Jehova o ne a matlafatsa barapeli bao ba inehetseng ha ba tobana le liteko tse joalo.

11. Mokreste o lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng ha a etsa liqeto tse amang lelapa? (Sheba setšoantšo.)

11 Kaha re Bakreste, re nka boitlamo ba rona ho Jehova e le ba bohlokoa. Sena se ama tsela eo re itšoarang ka eona le liqeto tseo re li etsang tse amang lelapa. Re sebetsa ka thata hore re hlokomele ba malapa a rona empa re ke ke ra beha lintho tseo ba malapa a rona ba batlang hore re li etse ka pele ho lintho tseo Jehova a batlang hore re li etse. (Mat. 10:​35-37; 1 Tim. 5:8) Ka linako tse ling, re ka ’na ra etsa liqeto tse sa thabiseng ba malapa a rona e le hore re thabise Jehova.

Na u ikemiselitse ho mamela Jehova le maemong a thata? (Sheba serapa sa 11) d


12. Mor’abo rona Alexandru o ile a etsa’ng ha ho ne ho e-na le boemo bo boima lelapeng la hae ’me o ile a qoba ho etsa’ng?

12 Nahana ka pale ea Alexandru le mosali oa hae Dorina. Ka mor’a selemo ba ithuta Bibele, Dorina o ile a khaotsa ho ithuta ’me o ne a batla hore le Alexandru a khaotse ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, Alexandru o ile a mo hlalosetsa a khobile matšoafo hore o ne a tl’o tsoela pele a ithuta. Dorina o ne a sa thabela taba eo ’me o ile a leka ho mo qobella hore a khaotse ho ithuta. Alexandru o re o ile a leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a ne a ikutloa ka tsela eo le hoja ho ne ho se bonolo. Ka linako tse ling ha Dorina a ne a bua lintho tse neng li mo utloisa bohloko, o ne a utloa eka a ka khaotsa ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, Alexandru o ile a tsoela pele a beha Jehova pele bophelong ba hae ’me a rata mosali oa hae le ho mo hlompha haholo. Mohlala oa hae o motle o ile oa susumetsa mosali oa hae hore a batle ho ithuta Bibele hape ’me qetellong o ile a kolobetsoa.—Sheba video ea Alexandru le Dorina Văcar: Lerato Lea Tiisetsa ’me le Mosa ho jw.org/st.

13. Re ka bontša joang hore re rata Jehova le ba malapa a rona?

13 Jehova o entse tokisetso ea lelapa ebile o batla hore re be le malapa a thabileng. (Baef. 3:​14, 15) Haeba re batla ho thaba e le kannete, re lokela ho etsa lintho ka tsela ea Jehova. U se ke oa belaella hore Jehova o ananela boiteko ba hao ba ho mo sebeletsa ha u ntse u hlokometse lelapa la hao ebile u le rata le ho le hlompha.—Bar. 12:10.

KHOTHALETSA BA BANG HORE BA TŠOANE LE BANAZARI

14. Ke bo-mang bao ka ho khetheha re lokelang ho ba khothatsa ka lintho tseo re li buang?

14 Batho bohle ba khethang ho sebeletsa Jehova mehleng ena ba hloka hore ba ikemisetse ho tela lintho tse ling hobane ba mo rata. Ka linako tse ling ho etsa joalo ha se ntho e bonolo. Re ka khothatsana joang e le hore re itele? Re ka khothatsana ka lintho tseo re li buang. (Jobo 16:5) Na ho na le batho ba phuthehong ea heno ba lekang ho etsa liphetoho bophelong ba bona e le hore ba tle ba khone ho sebeletsa Jehova haholoanyane? Na u tseba bacha bao ka sebete ba etsang lintho tse sa tšoaneng le tseo bacha ba bang ba li etsang sekolong le hoja ho le thata? Na ho na le batho ba ithutang Bibele kapa Bakreste-’moho le rona ba tobaneng le bothata ba ho hanyetsoa ke ba malapa a bona ka lebaka la tumelo ea bona? A re sebeliseng monyetla o mong le o mong oo re o fumanang ho khothatsa Bakreste-’moho le rona bana ba ratehang, re ba bontše kamoo re ananelang hore ebe ba tela lintho tse ling e le hore ba sebeletse Jehova le kamoo ba bontšang sebete kateng.—Filem. 4, 5, 7.

15. Batho ba bang ba ile ba tšehetsa bara le barali ba bo rona ba tšebeletsong ea nako e tletseng joang?

15 Ka linako tse ling re ka ba le bokhoni ba ho thusa Bakreste-’moho le rona ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng. (Liprov. 19:17; Baheb. 13:16) Morali oa bo rona e mong ea holileng ea lulang Sri Lanka o ne a batla ho etsa sona seo. Chelete ea hae ea penshene e ile ea eketsoa ’me ka lebaka la seo o ile a thusa barali ba bo rona ba babeli ba bo-pula-maliboho ho tsoela pele tšebeletsong ea bona ho sa tsotellehe mathata a moruo. Morali oa bo rona o ile a etsa qeto ea ho fana ka chelete e itseng khoeli le khoeli bakeng sa litšenyehelo tsa bona tsa fono. Kannete o ne a e-na le boikutlo bo botle ba ho fana.

16. Re ka ithuta’ng ho Banazari?

16 Re ka ithuta lintho tse ngata mohlaleng o motle oa Banazari ba ileng ba ithaopa. Leha ho le joalo, boitlamo boo ba ileng ba bo etsa bo re ruta ntho e ’ngoe ka Ntate oa rona Jehova. Oa tseba hore re batla ho mo thabisa le hore re ikemiselitse ho tela lintho tse itseng e le hore re phelele boinehelo ba rona. Oa re tlotla ka ho re fa monyetla oa hore re ikhethele tsela eo re ka mo bontšang ka eona hore rea mo rata. (Liprov. 23:​15, 16; Mar. 10:​28-30; 1 Joh. 4:19) Tokisetso ea Bonazari e bontša hore Jehova o hlokomela lintho tseo re li telang e le hore re mo sebeletse ebile oa re rata ka lebaka la lintho tseo re mo etsetsang tsona. E se eka re ka ikemisetsa ho tsoela pele re sebeletsa Jehova le ho mo etsetsa sohle seo re ka se khonang.

U KA RE’NG?

  • Banazari ba ile ba bontša joang hore ba itetse le hore ba sebete?

  • Re ka khothatsana joang hore re tšoane le Banazari mehleng ee?

  • Tokisetso ea Bonazari e bontša joang hore Jehova o tšepa bahlanka ba hae?

PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla

a Le hoja Baiseraele ba bang ba ne ba khethiloe ke Jehova hore e be Banazari, bongata ba bona ba ne ba ithaopetse ho ba Banazari.—Sheba lebokose le reng “ Banazari ba khethiloeng ke Jehova.”

b Ka linako tse ling lingoloa tsa rona li bapisa Banazari le bara le barali ba bo rona ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Leha ho le joalo, sehloohong sena re tl’o bua ka hore na bahlanka bohle ba Jehova ba ka etsisa Banazari joang.

c Ha ho bonahale eka Banazari ba ne ba e-na le mesebetsi e meng eo ba neng ba lokela ho e etsa e le hore ba phethe boitlamo ba bona.

d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Monazari o shebile ha tšebeletso ea lepato ea e mong oa lelapa labo e tsoela pele a le marulelong a ntlo. Boitlamo ba hae bo mo thibela hore a be teng tšebeletsong eo.