Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 7

PINA YA 51 Re Inehetse ho Modimo!

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Banazari?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Banazari?

“O a halalela ho Jehova ka matsatsi ohle a Bonazari ba hae.”NUM. 6:8.

NTLHAKGOLO

Mohlala wa Banazari o ka re thusa hore re sebeletse Jehova ka boitelo le ka sebete.

1. Bahlanka ba Jehova ba ile ba etsang ho tloha mehleng ya kgale?

 NA O nka setswalle sa hao le Jehova e le sa bohlokwa? Re kgodisehile hore o se nka e le sa bohlokwa ebile ha se wena feela ya ikutlwang ka tsela ena. Ho tloha kgale, esale batho ba bangata ba ikutlwa ka tsela ena. (Pes. 104:​33, 34) Batho ba bangata ba tetse dintho tse ngata e le hore ba sebeletse Jehova. Ke yona ntho eo Baiseraele ba kgale ba neng ba tsebahala e le Banazari ba ileng ba e etsa. Banazari e ne e le bomang, hona re ka ithutang mohlaleng wa bona?

2. (a) Banazari e ne e le bomang? (Numere 6:​1, 2) (b) Ke hobaneng ha Baiseraele ba bang ba ile ba kgetha ho ba Banazari?

2 Lentswe “Monazari” le nkilwe polelwaneng ya Seheberu e bolelang “motho ya kgethetsweng mosebetsi o kgethehileng.” Baiseraele bao e neng e le Banazari e ne e le batho ba ileng ba tela dintho tse ngata e le hore ba ka sebeletsa Jehova ka tsela e kgethehileng. Molao wa Moshe o ne o dumella banna le basadi hore ba etse boitlamo bo kgethehileng ho Jehova ka hore ba kgethe ho phela e le Banazari ka nako e itseng. a (Bala Numere 6:​1, 2.) Ha Moiseraele a ne a itlama hore e tla ba Monazari, o ne a tlameha ho latela ditaelo tse neng di fanwa tseo Baiseraele ba bang ba neng ba sa di latele. Ka hoo, ke hobaneng ha Moiseraele a ne a ka kgetha ho ba Monazari? Ke hobane a ne a rata Jehova haholo a bile a ananela ditlhohonolofatso tseo a mo fang tsona.—Deut. 6:5; 16:17.

3. Bahlanka ba Modimo ba mehleng ee ba tshwana jwang le Banazari?

3 Tokisetso ena ya Bonazari e ile ya fela ha Molao wa Moshe o nkelwa sebaka ke “molao wa Kreste.” (Bagal. 6:2; Bar. 10:4) Le ha ho le jwalo, jwalo ka Banazari batho ba Jehova le kajeno ba ntse ba tswela pele ho bontsha hore ba batla ho sebeletsa Jehova ka pelo yohle, moya ohle, kelello yohle le matla ohle a bona. (Mar. 12:30) Le rona re ikgethela ho etsa boitlamo ba hore re tla sebeletsa Jehova ka hore re inehele ho yena. Ho phela ka tsela e dumellanang le boitlamo boo ho akareletsa ho etsa thato ya Jehova le ho tela dintho tse ding e le hore re mo sebeletse. Ha re ntse re tswela pele re hlahloba tsela eo Banazari ba neng ba phela tumellanong le boitlamo ba bona ka yona, re ka ithuta dithuto tsa bohlokwa ka hore na re ka phelela boitlamo boo re bo entseng jwang. b (Mat. 16:24) A re ke re bueng ka e meng ya mehlala ena.

IKEMISETSE HO TELA DINTHO TSE DING

4. Ho ya ka Numere 6:​3, 4, Banazari ba ne ba tela dintho dife?

4 Bala Numere 6:​3, 4. Banazari ba ne ba sa lokela ho nwa jwala kapa ho ja dijo tse kang morara, esita le o omisitsweng. Ho nwa jwala kapa ho ja morara e ne e se ntho e fosahetseng ka ha batho ba ne ba thabela dijo tse kang tsena. Bibele e bontsha hore ‘veine e thabisa pelo ya motho’ mme ke mpho e tswang ho Modimo. (Pes. 104:​14, 15) Le hoja dintho tsena di ne di ka etsa hore motho a thabele bophelo, Banazari ba ne ba ikemiseditse ho di qoba e le hore ba phethe boitlamo ba bona. c

Na o ikemiseditse ho itela jwalo ka Banazari? (Sheba serapa sa 4-6)


5. Morabo rona Madián le Moradi wa bo rona Marcela ba ile ba kgetha ho tela dintho dife, hona hobaneng?

5 Ka ho tshwanang, le rona re ka kgona ho tela dintho tse itseng jwalo ka Banazari e le hore re sebeletse Jehova haholwanyane. Ako nahane ka mohlala wa Madián le Marcela. Banyalani bana ba Bakreste ba ne ba phela ha monate. Morabo rona Madián o ne a sebetsa mosebetsi o patalang hantle ebile ba dula ntlong e ntle. Le ha ho le jwalo, ba ne ba batla ho sebeletsa Jehova haholwanyane. E le hore ba finyelle seo ba se batlang tshebeletsong, ba ile ba nka qeto ya hore ba tla etsa diphetoho. Ba re: “Re ile ra qala ka hore re fokotse ditshenyehelo tsa rona. Re ile ra boela ra tloha ntlong ya rona e kgolo mme ra dula ntlong e nyenyane ra ba ra rekisa le koloi ya rona.” Morabo rona Madián le Moradi wa bo rona Marcela ba ne ba sa tlangwe ke letho hore ba tele dintho tseo ba neng ba ena le tsona empa ho etsa jwalo ho ile ha ba dumella hore ba eketse tshebeletso ya bona. Ba ikutlwa ba kgotsofetse haholo ebile ba thabile ka lebaka la diqeto tseo ba ileng ba di etsa.

6. Ke hobaneng ha Bakreste ba kgetha ho tela dintho tse itseng mehleng ee? (Sheba setshwantsho.)

6 Le kajeno Bakreste ba ntse ba thaba ha ba tela dintho tse ding e le hore ba be le nako e ngata ya ho sebeletsa Jehova. (1 Bakor. 9:​3-6) Jehova ha a re tlame hore re tele dintho tsena ebile ha ho phoso ho ba le tsona. Ka mohlala, batho ba bang ba tela ho sebetsa mosebetsi oo ba o batlang, ho ba le ntlo le ho rua phoofolo. Batho ba bang ba nka qeto ya ho se kene lenyalong kapa ya ho se be le lelapa ka nako e itseng. Ba bang bona ba kgetha ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi teng le hoja seo se ka bolela hore ba tla dula hole le ba malapa a bona le metswalle. Bongata ba rona re ikemiseditse ho tela dintho tse ding hobane re batla ho fa Jehova sohle seo re ka se kgonang. Kgodiseha hore Jehova o ananela dintho tsohle tseo o di telang e le hore o mo sebeletse ho sa tsotellehe hore na ke dintho tse kgolo kapa tse nyenyane.—Baheb. 6:10.

IKEMISETSE HO SE TSHWANE LE BATHO BA BANG

7. Keng e neng e ka etsa hore ho be thata hore Monazari a phethe boitlamo ba hae? (Numere 6:5) (Sheba setshwantsho.)

7 Bala Numere 6:5. Banazari ba ne ba etsa boitlamo ka hore ba se ke ba kuta moriri. Ka ho etsa jwalo, ba ne ba bontsha hore ba mamela Jehova. Ho ne ho le bonolo hore batho ba bang ba hlokomele haeba Moiseraele a ne a ena le nako e telele e le Monazari hobane moriri wa hae o ne o le molelele. Haeba batho ba ne ba hlompha le ho kgothaletsa Monazari hore a phelele Bonazari ba hae, ho ne ho ka ba bonolo hore Monazari a phele ka tsela e fapaneng le eo batho ba bang ba neng ba phela ka yona. Ka maswabi, ho ne ho ena le nako eo ka yona Iseraele Banazari ba neng ba sa ananelwe le ho tshehetswa. Nakong ya moprofeta Amose, ho ne ho ena le Baiseraele ba bakwenehi ba neng “ba nwesa Banazari veine” e le ha ba ne ba leka hore ba se ke ba phetha boitlamo ba bona ba hore ba se ke ba nwa veine. (Amose 2:12) Ka dinako tse ding Monazari o ne a hloka hore a bontshe sebete e le hore a phethe boitlamo ba hae hore a phele ka tsela e fapaneng le ya batho ba bang.

Monazari ya neng a phelela boitlamo ba hae o ne a ikemiseditse hore a se ke a tshwana le batho ba bang (Sheba serapa sa 7)


8. Pale ya Benjamin e o kgothaditse jwang?

8 Le rona Jehova a ka re thusa hore re be sebete le hore re se ke ra tshwana le batho ba bang le hoja re le dihlong. Nahana ka mohlala wa Morabo rona Benjamin ya nang le dilemo tse leshome, ya dulang Norway. Sekolong sa hae ho ne ho ena le ketsahalo e tshehetsang batho ba dulang Ukraine ka lebaka la ntwa e ntseng e tswela pele moo. Bana ba kenang sekolo seo ba ne ba laetswe hore ba bine pina e itseng le hore ba apare diaparo tse nang le mebala ya naha ya Ukraine. Benjamin o ne a ikemiseditse hore a se ke a kenella ketsahalong ena ka hore a emelle hojana ha e ntse e tswela pele. Le ha ho le jwalo, titjhere e ile ya mo bona mme e ile ya mo hweletsa ya re: “O lokela ho tla mona hona jwale. Kaofela ha rona re ntse re o emetse!” Benjamin o ile a ya ho titjhere eo ka sebete mme a re: “Nna ha ke kenelle dipolotiking. Dipaki Tsa Jehova tse ngata di teronkong hobane di hana ho ya ntweng.” Titjhere eo e ile ya utlwisisa tlhaloso ya Benjamin yaba e mo dumella hore a tsamaye. Empa bana bao a kenang tlelase le bona ba ile ba mo botsa hore na ke hobaneng ha a sa ka a bina le bona. Benjamin o ne a tshohile haholo a bile a batla le ho lla empa o ile a ba sebete mme a hlalosetsa bana bao a kenang tlelase le bona seo a neng a se boleletse titjhere. Ka mora moo, Benjamin o ile a bolella batswadi ba hae hore o ile a bona hore Jehova o ne a mo thusa hore a emele tumelo ya hae.

9. Re ka thabisa pelo ya Jehova jwang?

9 Ha re tshwane le batho ba bang hobane re kgetha ho mamela Jehova. Re hloka ho ba sebete e le hore re ka bolella batho bao re sebetsang le bona kapa bao re kenang sekolo le bona hore re Dipaki Tsa Jehova. Ha tsela eo batho ba itshwereng ka yona e ntse e ba mpe le ho feta, ho ka nna ha eba thata hore re mamele melaomotheo ya Bibele le hore re bolelle batho ba bang ditaba tse monate. (2 Tim. 1:8; 3:13) Le ha ho le jwalo, re lokela ho dula re hopola hore re ‘thabisa pelo ya Jehova’ ha re le sebete mme re sa tshabe ho fapana le batho ba sa mo sebeletseng.—Diprov. 27:11; Mal. 3:18.

BEHA JEHOVA PELE BOPHELONG BA HAO

10. Keng e neng e ka etsa hore ho be thata hore Monazari a mamele taelo e hlahang ho Numere 6:​6, 7?

10 Bala Numere 6:​6, 7. Banazari ba ne ba sa lokela ho atamela motho ya shweleng. Qalong sena se ka bonahala e se ntho e kgolo. Empa mehleng ya Bibele, Monazari o ne a bona sena e le teko e kgolo haeba ho hlokahetse motho ya atamelaneng le yena haholo. Meetlo e neng e etswa ha motho a ne a patwa mehleng eo e ne e akareletsa ho ba haufi le setopo. (Joh. 19:​39, 40; Dik. 9:​36-40) Boitlamo ba Monazari bo ne bo mo thibela ho latela meetlo e jwalo. Nakong eo lelapa le leng boemong ba ho llela mofu, Monazari o ne a lokela ho bontsha tumelo e matla ka ho kgomarela boitlamo ba hae. Jehova o ne a matlafatsa barapedi bao ba inehetseng ha ba tobana le diteko tse jwalo.

11. Mokreste o lokela ho ikemisetsa ho etsang ha a etsa diqeto tse amang lelapa? (Sheba setshwantsho.)

11 Ka ha re Bakreste, re nka boitlamo ba rona ho Jehova e le ba bohlokwa. Sena se ama tsela eo re itshwarang ka yona le diqeto tseo re di etsang tse amang lelapa. Re sebetsa ka thata hore re hlokomele ba malapa a rona empa re ke ke ra beha dintho tseo ba malapa a rona ba batlang hore re di etse ka pele ho dintho tseo Jehova a batlang hore re di etse. (Mat. 10:​35-37; 1 Tim. 5:8) Ka dinako tse ding, re ka nna ra etsa diqeto tse sa thabiseng ba malapa a rona e le hore re thabise Jehova.

Na o ikemiseditse ho mamela Jehova le maemong a thata? (Sheba serapa sa 11) d


12. Morabo rona Alexandru o ile a etsang ha ho ne ho ena le boemo bo boima lelapeng la hae mme o ile a qoba ho etsang?

12 Nahana ka pale ya Alexandru le mosadi wa hae Dorina. Ka mora selemo ba ithuta Bibele, Dorina o ile a kgaotsa ho ithuta mme o ne a batla hore le Alexandru a kgaotse ho ithuta Bibele. Le ha ho le jwalo, Alexandru o ile a mo hlalosetsa a kgobile matshwafo hore o ne a tlo tswela pele a ithuta. Dorina o ne a sa thabela taba eo mme o ile a leka ho mo qobella hore a kgaotse ho ithuta. Alexandru o re o ile a leka ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha a ne a ikutlwa ka tsela eo le hoja ho ne ho se bonolo. Ka dinako tse ding ha Dorina a ne a bua dintho tse neng di mo utlwisa bohloko, o ne a utlwa eka a ka kgaotsa ho ithuta Bibele. Le ha ho le jwalo, Alexandru o ile a tswela pele a beha Jehova pele bophelong ba hae mme a rata mosadi wa hae le ho mo hlompha haholo. Mohlala wa hae o motle o ile wa susumetsa mosadi wa hae hore a batle ho ithuta Bibele hape mme qetellong o ile a kolobetswa.—Sheba video ya Alexandru le Dorina Văcar: Lerato le a Tiisetsa Ebile le Mosa ho jw.org/st-za.

13. Re ka bontsha jwang hore re rata Jehova le ba malapa a rona?

13 Jehova o entse tokisetso ya lelapa ebile o batla hore re be le malapa a thabileng. (Baef. 3:​14, 15) Haeba re batla ho thaba e le ka nnete, re lokela ho etsa dintho ka tsela ya Jehova. O se ke wa belaella hore Jehova o ananela boiteko ba hao ba ho mo sebeletsa ha o ntse o hlokometse lelapa la hao ebile o le rata le ho le hlompha.—Bar. 12:10.

KGOTHALETSA BA BANG HORE BA TSHWANE LE BANAZARI

14. Ke bomang bao ka ho kgetheha re lokelang ho ba kgothatsa ka dintho tseo re di buang?

14 Batho bohle ba kgethang ho sebeletsa Jehova mehleng ena ba hloka hore ba ikemisetse ho tela dintho tse ding hobane ba mo rata. Ka dinako tse ding ho etsa jwalo ha se ntho e bonolo. Re ka kgothatsana jwang e le hore re itele? Re ka kgothatsana ka dintho tseo re di buang. (Jobo 16:5) Na ho na le batho ba phuthehong ya heno ba lekang ho etsa diphetoho bophelong ba bona e le hore ba tle ba kgone ho sebeletsa Jehova haholwanyane? Na o tseba batjha bao ka sebete ba etsang dintho tse sa tshwaneng le tseo batjha ba bang ba di etsang sekolong le hoja ho le thata? Na ho na le batho ba ithutang Bibele kapa Bakrestemmoho le rona ba tobaneng le bothata ba ho hanyetswa ke ba malapa a bona ka lebaka la tumelo ya bona? A re sebediseng monyetla o mong le o mong oo re o fumanang ho kgothatsa Bakrestemmoho le rona bana ba ratehang, re ba bontshe ka moo re ananelang hore ebe ba tela dintho tse ding e le hore ba sebeletse Jehova le ka moo ba bontshang sebete ka teng.—Filem. 4, 5, 7.

15. Batho ba bang ba ile ba tshehetsa bara le baradi ba bo rona ba tshebeletsong ya nako e tletseng jwang?

15 Ka dinako tse ding re ka ba le bokgoni ba ho thusa Bakrestemmoho le rona ba leng tshebeletsong ya nako e tletseng. (Diprov. 19:17; Baheb. 13:16) Moradi wa bo rona e mong ya hodileng ya dulang Sri Lanka o ne a batla ho etsa sona seo. Tjhelete ya hae ya penshene e ile ya eketswa mme ka lebaka la seo o ile a thusa baradi ba bo rona ba babedi ba bopulamadiboho ho tswela pele tshebeletsong ya bona ho sa tsotellehe mathata a moruo. Moradi wa bo rona o ile a etsa qeto ya ho fana ka tjhelete e itseng kgwedi le kgwedi bakeng sa ditshenyehelo tsa bona tsa fono. Ka nnete o ne a ena le boikutlo bo botle ba ho fana.

16. Re ka ithutang ho Banazari?

16 Re ka ithuta dintho tse ngata mohlaleng o motle wa Banazari ba ileng ba ithaopa. Le ha ho le jwalo, boitlamo boo ba ileng ba bo etsa bo re ruta ntho e nngwe ka Ntate wa rona Jehova. O a tseba hore re batla ho mo thabisa le hore re ikemiseditse ho tela dintho tse itseng e le hore re phelele boinehelo ba rona. O a re tlotla ka ho re fa monyetla wa hore re ikgethele tsela eo re ka mo bontshang ka yona hore re a mo rata. (Diprov. 23:​15, 16; Mar. 10:​28-30; 1 Joh. 4:19) Tokisetso ya Bonazari e bontsha hore Jehova o hlokomela dintho tseo re di telang e le hore re mo sebeletse ebile o a re rata ka lebaka la dintho tseo re mo etsetsang tsona. E se eka re ka ikemisetsa ho tswela pele re sebeletsa Jehova le ho mo etsetsa sohle seo re ka se kgonang.

O KA RENG?

  • Banazari ba ile ba bontsha jwang hore ba itetse le hore ba sebete?

  • Re ka kgothatsana jwang hore re tshwane le Banazari mehleng ee?

  • Tokisetso ya Bonazari e bontsha jwang hore Jehova o tshepa bahlanka ba hae?

PINA YA 124 Tshepahalang Kamehla

a Le hoja Baiseraele ba bang ba ne ba kgethilwe ke Jehova hore e be Banazari, bongata ba bona ba ne ba ithaopetse ho ba Banazari.—Sheba lebokose le reng “ Banazari ba kgethilweng ke Jehova.”

b Ka dinako tse ding dingolwa tsa rona di bapisa Banazari le bara le baradi ba bo rona ba tshebeletsong ya nako e tletseng. Le ha ho le jwalo, sehloohong sena re tlo bua ka hore na bahlanka bohle ba Jehova ba ka etsisa Banazari jwang.

c Ha ho bonahale eka Banazari ba ne ba ena le mesebetsi e meng eo ba neng ba lokela ho e etsa e le hore ba phethe boitlamo ba bona.

d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Monazari o shebile ha tshebeletso ya lepato ya e mong wa lelapa labo e tswela pele a le marulelong a ntlo. Boitlamo ba hae bo mo thibela hore a be teng tshebeletsong eo.