Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula u Thabile ha u Ntse u Letetse Jehova ka Mamello

Lula u Thabile ha u Ntse u Letetse Jehova ka Mamello

NA U tatetse nako eo ka eona Jehova a tla felisa bokhopo ’me a etse hore lintho tsohle li be ncha? (Tšen. 21:​1-5) Ha ho pelaelo hore ho joalo. Leha ho le joalo, ha ho bonolo kamehla ho lula re letetse Jehova ka mamello, haholo-holo ha re e-na le mathata. Ha ntho eo re tšepileng hore e etsahale e lieha ho phethahala, e kulisa pelo.—Liprov. 13:​12, nal.

Ho ntse ho le joalo, Jehova o lebeletse hore re mo letele ka mamello hore a nke khato ka nako eo a e behileng. Ke hobane’ng ha a lebeletse hore re lete? Ke eng e ka re thusang hore re lule re thabile ha re ntse re letile?

KE HOBANE’NG HA JEHOVA A LEBELETSE HORE RE LETE?

Bibele e re: “Jehova o letile ka mamello hore a le hauhele ’me o tla nka khato, a le hauhele. Jehova ke Molimo oa toka. Ho thaba bohle ba mo letetseng.” (Esa. 30:18) Qalong mantsoe ana a Esaia a ne a lebisitsoe ho Bajuda ba manganga. (Esa. 30:1) Empa ho ne ho ntse ho e-na le Bajuda ba tšepahalang ’me mantsoe ana a ne a ba fa tšepo. Mantsoe a tšoanang a fa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang tšepo mehleng ena.

Kahoo, re lokela ho leta ka mamello hobane Jehova o letile ka mamello. O khethile nako eo a tl’o felisa lefatše lena ka eona ’me o letetse letsatsi le hora eo hore li fihle. (Mat. 24:36) Ka nako eo, ho tla be ho hlakile ka ho feletseng hore liqoso tseo Satane a qosang Jehova le batho ba mo sebeletsang ka tsona ke leshano. Ka mor’a moo, o tla felisa Satane le bohle ba mo tšehetsang empa o tla ‘re hauhela.’

Ha re ntse re emetse nako eo, Jehova a ka ’na a se ke a felisa mathata a rona empa oa re tiisetsa hore re ka thaba ha re ntse re letile. Joalokaha Esaia a boletse, re ka thaba ha re emetse hore ntho e thabisang e etsahale. (Esa. 30:18) Re ka fumana thabo eo joang? Re ka thusoa ke lintho tse ’nè.

RE KA LULA RE THABILE JOANG HA RE NTSE RE LETILE?

Nahana ka lintho tse ntle tse etsahalang bophelong ba hao. Morena Davida o bone bokhopo bo etsahala bophelo bohle ba hae. (Pes. 37:35) Ho ntse ho le joalo, o ile a ngola a re: “Letela Jehova u khutsitse, u mo letele ka mamello. U se ke oa halefisoa ke motho ea atlehang ka maqheka a hae.” (Pes. 37:7) Davida o ile a sebelisa keletso eo ka hore a nahane ka tšepiso ea Jehova ea hore o tla mo pholosa. O ne a boetse a ananela lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a mo etselitseng tsona. (Pes. 40:5) Le rona haeba re nahana ka lintho tse molemo tse etsahalang bophelong ba rona ’me re sa nahane ka mathata a re hlahelang, ho tla ba bonolo hore re letele Jehova.

Sebelisa monyetla o mong le o mong ho rorisa Jehova. Mongoli oa Pesaleme ea 71 eo ho ka etsahalang hore e ne e le Davida, o ile a re ho Jehova: “Ke tla lula ke letile. Ke tla u rorisa ho feta pele.” (Pes. 71:14) O ne a tla rorisa Jehova joang? O ne a tla bolella batho ka Jehova a be a mo binele lithoriso. (Pes. 71:​16, 23) Joaloka Davida, re ka lula re thabile ha re ntse re letetse Jehova. Re mo rorisa ha re le tšimong, ha re bua ka eena le metsoalle le ba lelapa le ha re bina lipina tsa rona. Nakong e tlang ha u mamela e ’ngoe ea lipina tsa rona tsa ’Muso, nahanisisa ka mantsoe a eona le hore na e etsa hore u thabe joang.

Qeta nako le bara le barali beno. Ha Davida a ne a e-na le mathata, o ile a re ho Jehova: “Ke tla tšepa lebitso la hao ka pel’a batho ba u tšepahallang.” (Pes. 52:9) Le rona re ka khothala ha re e-na le bara le barali ba bo rona ebang ke libokeng, tšimong kapa ha re ithabisa hammoho.—Bar. 1:​11, 12.

Matlafatsa tšepo ea hao. Pesaleme ea 62:5 e re: “Ke letela Molimo ke khutsitse hobane ke eena ea mphang tšepo.” Ho bohlokoa hore re be le tšepo e matla, haholo-holo haeba bofelo bo sa tle ka nako eo re e lebeletseng. Re lokela ho kholiseha hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala ho sa tsotellehe hore na re tla tlameha ho li emela nako e telele hakae. Re ka matlafatsa tšepo ea rona ka ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ka mohlala, nahana ka boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse, kamoo bangoli ba Bibele ba lumellanang kateng le lintlha tseo Jehova a re boleletseng tsona ka eena. (Pes. 1:​2, 3) Hape re lokela ho tsoela pele ho ‘rapela ka thuso ea moea o halalelang’ e le hore kamano ea rona le Jehova e lule e le matla ha re ntse re emetse hore tšepiso ea hae ea ho re fa bophelo bo sa feleng e phethahale.—Juda 20, 21.

Joaloka Morena Davida, kholiseha hore Jehova o shebile ba mo letetseng ebile oa bontša hore oa ba rata. (Pes. 33:​18, 22) Lula u letetse Jehova ka mamello ka hore u nahane ka lintho tse ntle tse etsahalang bophelong ba hao, u mo rorise, u qete nako le bara le barali beno le hore u matlafatse tšepo ea hao.