Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Litho Tse Peli Tse Ncha Tsa Sehlopha se Busang

Litho Tse Peli Tse Ncha Tsa Sehlopha se Busang

KA LABORARO la la 18 January 2023, ho ile ha etsoa tsebiso e khethehileng ho jw.org. Tsebiso ena e ne e re Mor’abo rona Gage Fleegle le Mor’abo rona Jeffrey Winder ba khethiloe hore e be litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Bara bana ba bo rona ba sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata.

Gage Fleegle le mosali oa hae Nadia

Mor’abo rona Fleegle o holetse Pennsylvania bophirimela, U.S.A., a holisoa ke batsoali ba Lipaki Tsa Jehova. Ha a ntse a le mocha, lelapa labo le ile la fallela motseng o monyenyane oa mahaeng moo ho neng ho hlokeha bahoeletsi. Nakoana ka mor’a moo, ka la 20 November 1988, o ile a kolobetsoa.

Batsoali ba Mor’abo rona Fleegle ba ne ba lula ba mo khothaletsa ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Hangata ba ne ba memela bapotolohi le batho ba sebetsang Bethele lelapeng la bona, e leng ho ileng ha etsa hore Mor’abo rona Fleegle a bone kamoo bara le barali bana ba bo rona ba thabileng kateng. Ka la 1 September 1989, nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe, e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla. Lilemo tse peli hamorao, o ile a fihlela ntho eo esale a batla ho e fihlela ho tloha ha a le lilemo li 12 e leng ea ho sebeletsa Bethele. O ile a qala ho sebetsa Bethele e Brooklyn ka October 1991.

Ha Mor’abo rona Fleegle a le Bethele, o ile a sebetsa moo ho kopanngoang libuka lilemo tse robeli eaba ka mor’a moo o ea Lefapheng la Tšebeletso. Ka nako eo, o ile a ba phuthehong ea puo ea Serussia ka lilemo tse ’maloa. Ka 2006 o ile a nyalana le Nadia, eaba le eena o qala ho sebeletsa Bethele. Bobeli ba bona ba bile tšimong ea Sepotoketsi athe tšimong ea Sepanishe teng ba qetile lilemo tse fetang leshome. Ka mor’a hore Mor’abo rona Fleegle a sebetse lilemo tse ngata Lefapheng la Tšebeletso, o ile a abeloa ho sebetsa Ofising ea Komiti ea Thuto ’me hamorao a ea Ofising ea Komiti ea Tšebeletso. Ka March 2022 o ile a khethoa e le mothusi Komiting ea Tšebeletso ea Sehlopha se Busang.

Jeffrey Winder le mosali oa hae Angela

Mor’abo rona Winder o holetse Murrieta, California, U.S.A. O holisitsoe ke batsoali ba Lipaki Tsa Jehova eaba o kolobetsoa ka la 29 March 1986. Khoeling e latelang feela, e ile ea e-ba pula-maliboho e thusang. O ile a utloa ho le monate ho ba pula-maliboho hoo a neng a batla ho tsoela pele. Ka mor’a ho qeta likhoeli tse ’maloa e le pula-maliboho e thusang, e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla ka la 1 October 1986.

Ha Mor’abo rona Winder e sa le mocha, o ile a etela bo-abuti ba hae ba babeli ba neng ba le Bethele ka nako eo. Ka mor’a moo, o ile a batla ho kenya kopo ea ho sebetsa Bethele le eena ha a se a holile. Ka May 1990, o ile a fumana memo ea ho sebetsa Bethele e Wallkill.

Mor’abo rona Winder o ile a sebetsa mafapheng a fapa-fapaneng ho akareletsa Lefapha la Tlhoekiso, la Polasi le Ofisi ea Bethele. Ka 1997, o ile a nyalana le Angela ’me haesale ba sebetsa hammoho Bethele ho tloha ka nako eo. Ka 2014 ba ile ba fallela Warwick moo Mor’abo rona Winder a ileng a thusa ka kaho ea mehaho ea ntlo-kholo. Ka 2016 ba ile ba fallela Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson moo Mor’abo rona Winder a ileng a sebetsa lefapheng la Litšebeletso Tsa ho Etsa Lirekoto Kapa Livideo. Lilemo tse ’nè hamorao, ba ile ba khutlela Warwick hape ’me Mor’abo rona Winder o ile a abeloa ho sebetsa Ofising ea Komiti ea Basebetsi. Ka March 2022, o ile a khethoa e le mothusi Komiting ea Basebetsi ea Sehlopha se Busang.

Re rapella hore Jehova a hlohonolofatse banna bana bao e leng limpho ha ba ntse ba sebetsa ka thata bakeng sa lithahasello tsa ’Muso.—Baef. 4:8.