Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ditho Tse Pedi Tse Ntjha Tsa Sehlopha se Busang

Ditho Tse Pedi Tse Ntjha Tsa Sehlopha se Busang

KA LABORARO la la 18 January 2023, ho ile ha etswa tsebiso e kgethehileng ho jw.org. Tsebiso ena e ne e re Morabo rona Gage Fleegle le Morabo rona Jeffrey Winder ba kgethilwe hore e be ditho tsa Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova. Bara bana ba bo rona ba sebeleditse Jehova ka botshepehi ka dilemo tse ngata.

Gage Fleegle le mosadi wa hae Nadia

Morabo rona Fleegle o holetse Pennsylvania bophirimela, U.S.A., a hodiswa ke batswadi ba Dipaki Tsa Jehova. Ha a ntse a le motjha, lelapa labo le ile la fallela motseng o monyenyane wa mahaeng moo ho neng ho hlokeha bahweletsi. Nakwana ka mora moo, ka la 20 November 1988, o ile a kolobetswa.

Batswadi ba Morabo rona Fleegle ba ne ba dula ba mo kgothaletsa ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Hangata ba ne ba memela bapotolohi le batho ba sebetsang Bethele lelapeng la bona, e leng ho ileng ha etsa hore Morabo rona Fleegle a bone ka moo bara le baradi bana ba bo rona ba thabileng ka teng. Ka la 1 September 1989, nakwana ka mora hore a kolobetswe, e ile ya eba pulamadiboho ya ka mehla. Dilemo tse pedi ha morao, o ile a fihlela ntho eo esale a batla ho e fihlela ho tloha ha a le dilemo di 12 e leng ya ho sebeletsa Bethele. O ile a qala ho sebetsa Bethele e Brooklyn ka October 1991.

Ha Morabo rona Fleegle a le Bethele, o ile a sebetsa moo ho kopanngwang dibuka dilemo tse robedi yaba ka mora moo o ya Lefapheng la Tshebeletso. Ka nako eo, o ile a ba phuthehong ya puo ya Serussia ka dilemo tse mmalwa. Ka 2006 o ile a nyalana le Nadia, yaba le yena o qala ho sebeletsa Bethele. Bobedi ba bona ba bile tshimong ya Sepotoketsi athe tshimong ya Sepanishe teng ba qetile dilemo tse fetang leshome. Ka mora hore Morabo rona Fleegle a sebetse dilemo tse ngata Lefapheng la Tshebeletso, o ile a abelwa ho sebetsa Ofising ya Komiti ya Thuto mme ha morao a ya Ofising ya Komiti ya Tshebeletso. Ka March 2022 o ile a kgethwa e le mothusi Komiting ya Tshebeletso ya Sehlopha se Busang.

Jeffrey Winder le mosadi wa hae Angela

Morabo rona Winder o holetse Murrieta, California, U.S.A. O hodisitswe ke batswadi ba Dipaki Tsa Jehova yaba o kolobetswa ka la 29 March 1986. Kgweding e latelang feela, e ile ya eba pulamadiboho e thusang. O ile a utlwa ho le monate ho ba pulamadiboho hoo a neng a batla ho tswela pele. Ka mora ho qeta dikgwedi tse mmalwa e le pulamadiboho e thusang, e ile ya eba pulamadiboho ya ka mehla ka la 1 October 1986.

Ha Morabo rona Winder e sa le motjha, o ile a etela bo abuti ba hae ba babedi ba neng ba le Bethele ka nako eo. Ka mora moo, o ile a batla ho kenya kopo ya ho sebetsa Bethele le yena ha a se a hodile. Ka May 1990, o ile a fumana memo ya ho sebetsa Bethele e Wallkill.

Morabo rona Winder o ile a sebetsa mafapheng a fapafapaneng ho akareletsa Lefapha la Tlhwekiso, la Polasi le Ofisi ya Bethele. Ka 1997, o ile a nyalana le Angela mme haesale ba sebetsa ha mmoho Bethele ho tloha ka nako eo. Ka 2014 ba ile ba fallela Warwick moo Morabo rona Winder a ileng a thusa ka kaho ya mehaho ya ntlokgolo. Ka 2016 ba ile ba fallela Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson moo Morabo rona Winder a ileng a sebetsa lefapheng la Ditshebeletso Tsa ho Etsa Direkoto Kapa Divideo. Dilemo tse nne ha morao, ba ile ba kgutlela Warwick hape mme Morabo rona Winder o ile a abelwa ho sebetsa Ofising ya Komiti ya Basebetsi. Ka March 2022, o ile a kgethwa e le mothusi Komiting ya Basebetsi ya Sehlopha se Busang.

Re rapella hore Jehova a hlohonolofatse banna bana bao e leng dimpho ha ba ntse ba sebetsa ka thata bakeng sa dithahasello tsa Mmuso.—Baef. 4:8.