Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Bibele e re’ng ka bokhoni boo Jehova a nang le bona ba ho tseba lintho tse tla etsahala nakong e tlang?

Bibele e bontša hore Jehova o tseba lintho tse tl’o etsahala nakong e tlang. (Esa. 45:21) Empa ha e hlalose hore na o khona joang ho tseba lintho tse tl’o etsahala nakong e tlang, ke neng a khethang ho tseba lintho tseo le hore na o khetha ho tseba hakae ka tsona. Ha re tsebe lintho tsohle ka bokhoni boo Jehova a nang le bona ba ho tseba ka bokamoso. Empa ho na le lintho tse ’maloa tseo re li tsebang.

Jehova o khona ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang empa ka linako tse ling o khetha hore a se ke a etsa lintho tse itseng. Jehova a ka sebelisa bohlale boo a nang le bona hore a tsebe lintho tseo a batlang ho li tseba tse tla etsahala nakong e tlang. (Bar. 11:33) Ka lebaka la hore o khona ho ithiba ho etsa lintho tse itseng, a ka boela a khetha hore a se ke a tseba hore na ke’ng e tla etsahala.—Bapisa le Esaia 42:14.

Jehova o etsa hore thato ea hae e phethahale. Ho tseba taba eo ho re thusa joang hore re utloisise bokhoni boo a nang le bona ba ho tseba lintho tse tl’o etsahala nakong e tlang? Esaia 46:10 e re: “Ke profeta qetello esale qalong ’me ho tloha khale ke bolela lintho tse e-s’o etsoe. Ke re, ‘Qeto ea ka e tla phethahala ntle ho tšitiso. Ke tla etsa eng kapa eng eo ke e batlang.’”

Lebaka le leng le etsang hore Jehova a khone ho tseba lintho tse tla etsahala nakong e tlang, ke hobane o na le matla a ho etsa hore lintho li etsahale. Jehova ha a hloke ho bona hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang, joalokaha re ka shebella papali e rekotiloeng ebe re khetha ho e fetisetsa karolong e qetellang ea eona e le hore re bone esale pele hore na e fella joang. Empa Jehova a ka etsa qeto ea hore na ntho e itseng e tla etsahala ka nako efe ebe ha nako eo e fihla o etsa bonnete ba hore ntho eo ea etsahala.—Ex. 9:​5, 6; Mat. 24:36; Lik. 17:31.

Ka lebaka leo, Bibele e sebelisa lipolelo tse kang “ke rerile,” “ke e entse” le “ke tla e phethahatsa” ho hlalosa hore na Jehova o khetha ho etsa’ng ka lintho tse ling tse tla etsahala nakong e tlang. (2 Mar. 19:25; nal.; Esa. 46:11) Lipolelo tsena li nkiloe lentsoeng la Seheberu le bolelang “sebopi.” (Jer. 18:4) Joalokaha sebopi se hloahloa se etsa sejana se setle ka letsopa, Jehova le eena a ka etsa lintho ka tsela e tla etsa hore thato ea hae e phethahale.—Baef. 1:11.

Jehova o lumella batho hore ba iketsetse liqeto. Ha a khethele motho hore na ho tla etsahala’ng bophelong ba hae ebile ha a qobelle batho hore ba etse liqeto tse nepahetseng kapa tse fosahetseng. O lumella batho bohle hore ba ikhethele hore na ba batla ho phela joang empa o ba ruta hore na ba ka phela joang ka tsela e nepahetseng.

Nahana ka mehlala e ’meli e latelang. Oa pele o bua ka baahi ba Ninive. Jehova o ile a bolela esale pele hore motse oa Ninive o tla felisoa ka lebaka la lintho tse khopo tseo batho ba neng ba li etsa. Empa ka mor’a hore baahi ba Ninive ba bake, Jehova “ha aa ka a ba felisa joalokaha a ne a boletse.” (Jon. 3:​1-10) Jehova ha aa ka a hlola a felisitse motse oa Ninive ka lebaka la hore batho ba ile ba tlohela ho etsa lintho tse khopo ka mor’a hore ba utloe molaetsa oa Jehova o neng o ba lemosa.

Mohlala oa bobeli ke boprofeta bo buang ka Saeruse ea neng a tla lokolla Bajuda botlamuoeng e le hore ba ka tsosolosa tempele ea Jehova. (Esa. 44:26–45:4) Morena Saeruse oa Persia o ile a phethahatsa boprofeta boo. (Esdr. 1:​1-4) Leha ho le joalo, Saeruse o ne a sa sebeletse Molimo oa ’nete. Jehova o ile a sebelisa Saeruse ho phethahatsa boprofeta bona empa ha aa ka a mo qobella hore a mo sebeletse.—Liprov. 21:1.

Tsena ke lintlha tse ling tseo Jehova a nahanang ka tsona ha a bolela hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Re ke ke ra utloisisa lintho tsohle tseo Jehova a li nahanang le tseo a li etsang. (Esa. 55:​8, 9) Empa lintho tseo Jehova a re boleletseng tsona li matlafatsa tumelo ea rona ebile li etsa hore re mo tšepe hore o lula a etsa lintho tse nepahetseng ebile lintho tseo a re boleletseng tsona ka bokamoso li tla fela li etsahale.