Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Bibele e reng ka bokgoni boo Jehova a nang le bona ba ho tseba dintho tse tla etsahala nakong e tlang?

Bibele e bontsha hore Jehova o tseba dintho tse tlo etsahala nakong e tlang. (Esa. 45:21) Empa ha e hlalose hore na o kgona jwang ho tseba dintho tse tlo etsahala nakong e tlang, ke neng a kgethang ho tseba dintho tseo le hore na o kgetha ho tseba hakae ka tsona. Ha re tsebe dintho tsohle ka bokgoni boo Jehova a nang le bona ba ho tseba ka bokamoso. Empa ho na le dintho tse mmalwa tseo re di tsebang.

Jehova o kgona ho etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang empa ka dinako tse ding o kgetha hore a se ke a etsa dintho tse itseng. Jehova a ka sebedisa bohlale boo a nang le bona hore a tsebe dintho tseo a batlang ho di tseba tse tla etsahala nakong e tlang. (Bar. 11:33) Ka lebaka la hore o kgona ho ithiba ho etsa dintho tse itseng, a ka boela a kgetha hore a se ke a tseba hore na ke eng e tla etsahala.—Bapisa le Esaia 42:14.

Jehova o etsa hore thato ya hae e phethahale. Ho tseba taba eo ho re thusa jwang hore re utlwisise bokgoni boo a nang le bona ba ho tseba dintho tse tlo etsahala nakong e tlang? Esaia 46:10 e re: “Ke profeta qetello esale qalong mme ho tloha kgale ke bolela dintho tse eso etswe. Ke re, ‘Qeto ya ka e tla phethahala ntle ho tshitiso. Ke tla etsa eng kapa eng eo ke e batlang.’”

Lebaka le leng le etsang hore Jehova a kgone ho tseba dintho tse tla etsahala nakong e tlang, ke hobane o na le matla a ho etsa hore dintho di etsahale. Jehova ha a hloke ho bona hore na ho tla etsahalang nakong e tlang, jwalo ka ha re ka shebella papadi e rekotilweng ebe re kgetha ho e fetisetsa karolong e qetellang ya yona e le hore re bone esale pele hore na e fella jwang. Empa Jehova a ka etsa qeto ya hore na ntho e itseng e tla etsahala ka nako efe ebe ha nako eo e fihla o etsa bonnete ba hore ntho eo e a etsahala.—Ex. 9:​5, 6; Mat. 24:36; Dik. 17:31.

Ka lebaka leo, Bibele e sebedisa dipolelo tse kang “ke rerile,” “ke e entse” le “ke tla e phethahatsa” ho hlalosa hore na Jehova o kgetha ho etsang ka dintho tse ding tse tla etsahala nakong e tlang. (2 Mar. 19:25; nal.; Esa. 46:11) Dipolelo tsena di nkilwe lentsweng la Seheberu le bolelang “sebopi.” (Jer. 18:4) Jwalo ka ha sebopi se hlwahlwa se etsa sejana se setle ka letsopa, Jehova le yena a ka etsa dintho ka tsela e tla etsa hore thato ya hae e phethahale.—Baef. 1:11.

Jehova o dumella batho hore ba iketsetse diqeto. Ha a kgethele motho hore na ho tla etsahalang bophelong ba hae ebile ha a qobelle batho hore ba etse diqeto tse nepahetseng kapa tse fosahetseng. O dumella batho bohle hore ba ikgethele hore na ba batla ho phela jwang empa o ba ruta hore na ba ka phela jwang ka tsela e nepahetseng.

Nahana ka mehlala e mmedi e latelang. Wa pele o bua ka baahi ba Ninive. Jehova o ile a bolela esale pele hore motse wa Ninive o tla fediswa ka lebaka la dintho tse kgopo tseo batho ba neng ba di etsa. Empa ka mora hore baahi ba Ninive ba bake, Jehova “ha a ka a ba fedisa jwalo ka ha a ne a boletse.” (Jon. 3:​1-10) Jehova ha a ka a hlola a fedisitse motse wa Ninive ka lebaka la hore batho ba ile ba tlohela ho etsa dintho tse kgopo ka mora hore ba utlwe molaetsa wa Jehova o neng o ba lemosa.

Mohlala wa bobedi ke boprofeta bo buang ka Saeruse ya neng a tla lokolla Bajuda botlamuweng e le hore ba ka tsosolosa tempele ya Jehova. (Esa. 44:26–45:4) Morena Saeruse wa Persia o ile a phethahatsa boprofeta boo. (Esdr. 1:​1-4) Le ha ho le jwalo, Saeruse o ne a sa sebeletse Modimo wa nnete. Jehova o ile a sebedisa Saeruse ho phethahatsa boprofeta bona empa ha a ka a mo qobella hore a mo sebeletse.—Diprov. 21:1.

Tsena ke dintlha tse ding tseo Jehova a nahanang ka tsona ha a bolela hore na ho tla etsahalang nakong e tlang. Re ke ke ra utlwisisa dintho tsohle tseo Jehova a di nahanang le tseo a di etsang. (Esa. 55:​8, 9) Empa dintho tseo Jehova a re boleletseng tsona di matlafatsa tumelo ya rona ebile di etsa hore re mo tshepe hore o dula a etsa dintho tse nepahetseng ebile dintho tseo a re boleletseng tsona ka bokamoso di tla fela di etsahale.