Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na u ne u Tseba?

Na u ne u Tseba?

Ke hobane’ng ha Bibele e pheta mantsoe?

KA LINAKO tse ling bangoli ba Bibele ba ne ba pheta mantsoe a tšoanang. Nahana ka lintlha tsena tse tharo tseo e ka ’nang eaba li ne li etsa hore bangoli ba Bibele ba phete mantsoe:

Nako eo e ngotsoeng ka eona. Mehleng ea khale ea Iseraele, batho ba bangata ba ne ba se na likopi tsa Molao. Hangata ba ne ba utloa Molao ha o baloa tabernakeleng moo sechaba se neng se bokana hammoho. (Deut. 31:​10-12) Ho ka etsahala hore ho ne ho e-ba le lintho tse ba sitisang ha ba mametse ’me ba ne ba ema lihora tse ngata e le batho ba bangata. (Neh. 8:​2, 3, 7) Liketsahalong tse kang tsena, ho ne ho ka ba bonolo hore batho ba hopole mangolo le ho a sebelisa haeba mantsoe a bohlokoa a ne a phetoa ka makhetlo. Ho pheta mantsoe a itseng ho ne ho ka ba thusa ho hopola lintlha tsa melao eo Jehova a neng a ba file eona.—Lev. 18:​4-22; Deut. 5:1.

Mokhoa oa ho ngola. Likarolo tse ling tsa Bibele li na le lipina tse akareletsang buka ea Lipesaleme, Sefela sa Lifela le Lillo Tsa Jeremia. Ka linako tse ling lipina li ne li e-na le lentsoe le itseng le neng le kopanya pina le ho thusa ba mametseng ho tšoara mantsoe ka hlooho. Ka mohlala, hlokomela mantsoe a ho Pesaleme ea 115:​9-11 a reng: “Tšepang Jehova lona Baiseraele, ke eena ea tla le thusa le ho le sireletsa. Tšepang Jehova lona litloholo tsa Arone, ke eena ea tla le thusa le ho le sireletsa. Tšepang Jehova lona ba tšabang Jehova, ke eena ea tla le thusa le ho le sireletsa.” Na u bona kamoo ho pheta-pheta mantsoe ho thusitseng libini hore li lule li hopola mantsoe aa a bohlokoa?

Ho hlakisa lintlha tsa bohlokoa. Ka linako tse ling, bangoli ba Bibele ba ne ba pheta mantsoe a bohlokoa. Ka mohlala, ha Jehova a ne a laela Baiseraele hore ba se ke ba ja mali, o ile a re Moshe a phete lebaka la ho etsa seo ka makhetlo. Molimo o ne a batla ho hlakisa hore bophelo ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang bo maling, ho bolelang hore mali a emela bophelo. (Lev. 17:​11, 14) Hamorao ha baapostola le baholo ba Jerusalema ba bua ka litsela tsa bohlokoa tsa ho qoba ho etsa lintho tse sa thabiseng Molimo, ba ile ba boela ba bua ka bohlokoa ba ho qoba ho sebelisa mali.—Lik. 15:​20, 29.

Ho pheta-pheta mantsoe a itseng a hlahang ka Mangolong ho ne ho sa bolele hore Jehova o ne a rerile hore e be tloaelo. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Ha u rapela, u se ke oa pheta-pheta mantsoe a tšoanang.” (Mat. 6:7) O ile a boela a re bolella ka lintho tseo re lokelang ho bua ka tsona thapelong tse lumellanang le thato ea Molimo. (Mat. 6:​9-13) Kahoo, ha re ntse re qoba ho pheta-pheta mantsoe a tšoanang lithapelong tsa rona, re ka khona ho rapella lintho tseo re kileng ra li rapella pele.—Mat. 7:​7-11.

Ho hlakile hore ho na le mabaka a utloahalang a hore ebe Lentsoe la Molimo le pheta mantsoe a itseng. Ho pheta mantsoe ke e ’ngoe ea litsela tse ngata tseo Morupeli oa rona e Moholo a re rutang ka tsona hore re fumane molemo.—Esa. 48:​17, 18.