Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Ke hobaneng ha Bibele e pheta mantswe?

KA DINAKO tse ding bangodi ba Bibele ba ne ba pheta mantswe a tshwanang. Nahana ka dintlha tsena tse tharo tseo e ka nnang yaba di ne di etsa hore bangodi ba Bibele ba phete mantswe:

Nako eo e ngotsweng ka yona. Mehleng ya kgale ya Iseraele, batho ba bangata ba ne ba se na dikopi tsa Molao. Hangata ba ne ba utlwa Molao ha o balwa tabernakeleng moo setjhaba se neng se bokana ha mmoho. (Deut. 31:​10-12) Ho ka etsahala hore ho ne ho eba le dintho tse ba sitisang ha ba mametse mme ba ne ba ema dihora tse ngata e le batho ba bangata. (Neh. 8:​2, 3, 7) Diketsahalong tse kang tsena, ho ne ho ka ba bonolo hore batho ba hopole mangolo le ho a sebedisa haeba mantswe a bohlokwa a ne a phetwa ka makgetlo. Ho pheta mantswe a itseng ho ne ho ka ba thusa ho hopola dintlha tsa melao eo Jehova a neng a ba file yona.—Lev. 18:​4-22; Deut. 5:1.

Mokgwa wa ho ngola. Dikarolo tse ding tsa Bibele di na le dipina tse akareletsang buka ya Dipesaleme, Sefela sa Difela le Dillo Tsa Jeremia. Ka dinako tse ding dipina di ne di ena le lentswe le itseng le neng le kopanya pina le ho thusa ba mametseng ho tshwara mantswe ka hlooho. Ka mohlala, hlokomela mantswe a ho Pesaleme ya 115:​9-11 a reng: “Tshepang Jehova lona Baiseraele, ke yena ya tla le thusa le ho le sireletsa. Tshepang Jehova lona ditloholo tsa Arone, ke yena ya tla le thusa le ho le sireletsa. Tshepang Jehova lona ba tshabang Jehova, ke yena ya tla le thusa le ho le sireletsa.” Na o bona ka moo ho phetapheta mantswe ho thusitseng dibini hore di dule di hopola mantswe aa a bohlokwa?

Ho hlakisa dintlha tsa bohlokwa. Ka dinako tse ding, bangodi ba Bibele ba ne ba pheta mantswe a bohlokwa. Ka mohlala, ha Jehova a ne a laela Baiseraele hore ba se ke ba ja madi, o ile a re Moshe a phete lebaka la ho etsa seo ka makgetlo. Modimo o ne a batla ho hlakisa hore bophelo ba ntho e nngwe le e nngwe e phelang bo mading, ho bolelang hore madi a emela bophelo. (Lev. 17:​11, 14) Ha morao ha baapostola le baholo ba Jerusalema ba bua ka ditsela tsa bohlokwa tsa ho qoba ho etsa dintho tse sa thabiseng Modimo, ba ile ba boela ba bua ka bohlokwa ba ho qoba ho sebedisa madi.—Dik. 15:​20, 29.

Ho phetapheta mantswe a itseng a hlahang ka Mangolong ho ne ho sa bolele hore Jehova o ne a rerile hore e be tlwaelo. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Ha o rapela, o se ke wa phetapheta mantswe a tshwanang.” (Mat. 6:7) O ile a boela a re bolella ka dintho tseo re lokelang ho bua ka tsona thapelong tse dumellanang le thato ya Modimo. (Mat. 6:​9-13) Ka hoo, ha re ntse re qoba ho phetapheta mantswe a tshwanang dithapelong tsa rona, re ka kgona ho rapella dintho tseo re kileng ra di rapella pele.—Mat. 7:​7-11.

Ho hlakile hore ho na le mabaka a utlwahalang a hore ebe Lentswe la Modimo le pheta mantswe a itseng. Ho pheta mantswe ke e nngwe ya ditsela tse ngata tseo Morupedi wa rona e Moholo a re rutang ka tsona hore re fumane molemo.—Esa. 48:​17, 18.