Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA

Fumana Matlotlo a Patiloeng ka Bibeleng ao u ka a Sebelisang

Fumana Matlotlo a Patiloeng ka Bibeleng ao u ka a Sebelisang

Ha re bala Bibele, re ka batla matlotlo a patiloeng a ka Bibeleng ka ho etsa lipatlisiso ka lintlha tsa bohlokoa. Empa re ka rua molemo haholo joang?

Etsa lipatlisiso ka liketsahalo tsa Bibele. Ka mohlala, batla hore na lengolo le ngotsoe ke mang, le ngoletsoe bo-mang le hore le ngotsoe neng. Maemo a ka nako eo a ne a le joang? Ho ile ha etsahala’ng pele ho moo le ka mor’a moo?

Nahana ka lintho tseo u ka ithutang tsona ka hore u etse lipatlisiso ka lipotso tse kang tsena: ‘Batho bao ke balang ka bona ba ne ba ikutloa joang? Ke makhabane afe ao ba ileng ba a bontša? Ke hobane’ng ha ke lokela ho ba le makhabane ao ba neng ba e-na le ’ona kapa ho qoba ho etsa lintho tseo ba neng ba li etsa?’

Sebelisa lintho tseo u ithutang tsona, mohlomong tšebeletsong ea hao ea tšimo kapa ha u sebelisana le batho ba bang. Ka ho etsa joalo, u bontša hore u bohlale joalokaha Bibele e bolela, e re: “Ea bohlale o tla hlokomela lintho tsena.”—Pes. 107:43.

  • Ntho e ka u thusang: Hlokomela hore na karolo e hlahang libokeng tsa har’a beke e reng Matlotlo a Tsoang Bibeleng e re thusa joang ho sebelisa lintho tseo re ithutang tsona. Karolo ena e lula e e-na le lipotso tseo re ka ipotsang tsona, lintlha tseo re ka nahanisisang ka tsona le litšoantšo tseo re ka li hlahlobang.