Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Bofokoli ba ka bo Bonahalitse Matla a Molimo

Bofokoli ba ka bo Bonahalitse Matla a Molimo

HA ’NA le mosali oa ka re fihla Colombia ka 1985, naha eo e ne e se e le sebaka se kotsi haholo. ’Muso o ne o loantša lihlopha tse matla tsa batho ba neng ba rekisa lithethefatsi le masole a neng a loantša ’muso a neng a lula lithabeng. Sebakeng se bitsoang Medellín moo hamorao re ileng ra lula teng, ho ne ho e-na le sehlopha sa bahlankana ba neng ba tsamaea ba tšoere lithunya hohle. Ba ne ba rekisa lithethefatsi, ba re batho ba ba fe chelete haeba ba sa batle hore ba ba ntše kotsi ebile ba bolaea batho e le hore ba fumane chelete. Ha ho na le a le mong oa bona ea neng a phela nako e telele. Re ne re utloa eka re phela lefatšeng le leng.

Ke’ng e ileng ea etsa hore batho ba tloaelehileng joaloka rona ba tsoang naheng ea Finland e ka leboea, ba qetelle ba le Amerika Boroa? Ke lintho life tseo ke ithutileng tsona lilemong tse fetileng?

HA KE NE KE LE LILEMONG TSA BOCHA FINLAND

Ke hlahile ka 1955 ’me ke ’na e monyenyane ho bashanyana ba bararo. Ke holetse sebakeng se pel’a leoatle ka boroa ho Finland, e leng sebaka seo hona joale se tsebahalang e le toropo ea Vantaa.

’Mè oa ka o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba Paki ea Jehova lilemo tse seng kae pele ke hlaha. Leha ho le joalo, ntate oa ka o ne a hanyetsa ’mè oa ka ebile a sa batla ha ’mè oa ka a ithuta Bibele le rona kapa hore a ee le rona libokeng. Empa ’mè oa ka o ne a re ruta Bibele ha ntate oa ka a ne a le sieo hae.

Ke ile ka tšepahalla Jehova ha ke le lilemo li supileng

Ho tloha ke sa le ngoana, ke ile ka hana ho se hlomphe Jehova. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe ha ke ne ke le lilemo li supileng, tichere ea ka e ile ea koata haholo hobane ke ne ke hana ho ja verilättyjä (Liphaphatha tse entsoeng ka mali tsa Finland). O ile a ntšoara ka marama ka letsoho le leng ’me ka le leng a tšoere fereko a batla ho ntjesa ka nkane empa ke ile ka khona ho otla fereko e ka letsohong la hae ’me ea oela koana.

Ha ke le lilemo li 12, ntate o ile a hlokahala. Ka mor’a moo ke ne ke se ke khona ho ea libokeng. Bara ba bo rona ka phuthehong ba ile ba mpontša mosa ’me sena se ile sa nkhothatsa le ho nthusa hore ke be le kamano e haufi le Jehova. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele kamehla le ho bala lingoloa tsa rona. Mokhoa ona o motle oa ho ithuta o ile oa nthusa hore ha ke le lilemo li 14 ke kolobetsoe, ka li 8 tsa August 1969.

Ha ke qeta sekolo ke ile ka ba pula-maliboho ea kamehla. Ka mor’a libeke tse seng kae ke ile ka ea sebakeng seo ho neng ho hlokahala bahoeletsi ba eketsehileng, e leng Pielavesi haufi le bohareng ba Finland.

Ha ke le Pielavesi, ke ile ka kopana le Sirkka eo e neng e tla ba mosali oa ka eo ke mo ratang. Ke ile ka mo rata hobane o ne a ikokobelitse ebile a rata Jehova haholo. O ne a sa batle ho ba le bophelo bo mabothobotho kapa ho ba le lintho tse ngata. Ka bobeli ba rona re ne re batla ho sebeletsa Jehova ka matla a rona kaofela ’me re ne re ikemiselitse ho ea hohle moo ho neng ho ka thoe re ee teng. Re ile ra nyalana ka li 23 tsa March 1974. Ho e-na le hore re intše ha re qeta ho nyalana, re ile ra tloha Pielavesi ra ea Karttula moo ho neng ho hlokahala baboleli ba ’Muso ba eketsehileng.

Ntlo eo re neng re e hirile ha re ne re le Karttula, Finland

JEHOVA O ILE A RE HLOKOMELA

Koloi eo abuti oa ka a neng a re file eona

Ho tloha qalong ea lenyalo la rona, Jehova o re bontšitse hore o tla re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang haeba re beha ’Muso pele. (Mat. 6:33) Ka mohlala, ha re ne re lula Karttula re ne re se na koloi. Qalong re ne re tsamaea ka libaesekele. Leha ho le joalo, ka mariha ho ne ho bata haholo. E le hore re fihle libakeng tse hole tsa tšimo ea rona, re ne re hloka koloi empa re ne re se na chelete ea hore re ka e reka.

Abuti oa ka e mong o ile a re etela re sa lebella. O ile a re fa koloi ea hae. O ne a patetse inshorense ea eona. Seo re neng re lokela ho se etsa e ne e le hore feela re reke mafura. Ka mor’a moo, re ne re se re e-na le koloi eo re neng re e hloka.

Jehova o ile a re bontša hore ke eena ea re hlokomelang ka ho re fa lintho tseo re neng re li hloka. Mosebetsi oa rona e ne e le hore feela re behe ’Muso pele.

SEKOLO SA GILEADE

Tlelase ea rona ea Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho ka 1978

Ha re ne re le Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho ka 1978, Raimo Kuokkanen, a eo e neng e le e mong oa bara ba bo rona ba neng ba re ruta, o ile a re khothaletsa hore re kenye kopo ea ho ea Sekolong sa Gileade. Kahoo, re ile ra qala ho ithuta Senyesemane e le hore re ka khona ho ea Sekolong sa Gileade. Leha ho le joalo, ka 1980 pele re ka kenya kopo ea ho ea Sekolong sa Gileade, re ile ra memeloa ho eo sebeletsa ofising ea lekala ea Finland. Ka nako eo, batho ba neng ba sebeletsa Bethele ba ne ba sa khone ho kenya kopo ea ho ea Gileade. Empa re ne re batla ho ea moo Jehova a bonang ho le molemo hore re ee teng, eseng moo rona re neng re bona ho le molemo hore re ee. Kahoo, re ile ra amohela memo eo. Leha ho le joalo, re ile ra tsoela pele re ithuta Senyesemane hore haeba re ne re ka fumana monyetla, re khone ho kenya kopo ea ho ea Gileade.

Lilemo tse seng kae hamorao, Sehlopha se Busang se ile sa re ba sebeletsang Bethele ba ka ba le monyetla oa hore ba ka kenya kopo ea ho ea Sekolong sa Gileade. Re ile ra kenya kopo ea rona hang-hang empa eseng hobane re ne re sa thabele ho ba Bethele. Re ne re mpa re batla ho ea moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso teng haeba re tšoaneleha. Re ile ra amoheloa Sekolong sa Gileade tlelaseng ea bo79 eaba re fumana mangolo a rona ka September 1985. Re ile ra abeloa ho ea sebeletsa Colombia.

MOSEBETSI OA RONA OA PELE RE LE BAROMUOA

Ha re ne re le Colombia, re ile ra abeloa ho ea sebeletsa ofising ea lekala. Ke ile ka leka ho etsa sohle seo nka se khonang mosebetsing oo ke neng ke o fuoe empa ka mor’a selemo re sebeletsa lekaleng, ke ile ka utloa eka re ne re hloka ho etsa mosebetsi o mong o fapaneng. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka kopa hore ke fuoe mosebetsi o mong. Ka mor’a moo, re ile ra abeloa hore re e’o sebeletsa re le baromuoa toropong ea Neiva seterekeng sa Huila.

Ke ne ke lula ke thabela mosebetsi oa boboleli. Ha ke ne ke le pula-maliboho Finland pele ke nyala, ke ne ke tsoha hoseng e le hore ke etse mosebetsi oa boboleli ho fihlela mantsiboea. Ha re se re nyalane le Sirkka, re ne re qeta matsatsi a mangata re le mosebetsing oa boboleli. Ha re ne re sebetsa libakeng tse hole le moo re lulang teng, ka linako tse ling re ne re robala ka koloing ea rona. Sena se ne se re thusa ho fokotsa nako eo re e qetang re le tseleng le ho re thusa hore re khone ho tsoha esale hoseng haholo letsatsi le latelang.

Kaha re ne re se re le baromuoa, re ile ra utloa re e-na le cheseho eo re neng re e-na le eona pele ka mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate. Phutheho ea rona e ile ea e-ba le bahoeletsi ba eketsehileng ’me bara le barali ba bo rona ba Colombia e ne e le batho ba hlomphang, ba nang le lerato le ba bontšang kananelo.

MATLA A THAPELO

Haufi le Neiva moo re neng re sebeletsa teng ho ne ho e-na le litoropo tseo ho neng ho se na Lipaki ho tsona. Ke ne ke tšoenyehile haholo ka hore na molaetsa oa Bibele o tla fihla joang moo. Leha ho le joalo, ka lebaka la masole a neng a loantša ’muso, litoropo tseo li ne li sa bolokeha bakeng sa batho ba neng ba sa lule ho tsona. Kahoo, ke ile ka rapela hore ho be le motho a le mong feela ho e ’ngoe ea litoropo tsena eo e neng e tla ba Paki ea Jehova. Ke ne ke nahana hore motho eo o ne a tlameha hore a tl’o lula Neiva ’me a ithute Bibele. Ke ile ka boela ka rapela hore ka mor’a hore a kolobetsoe a be le kamano e matla le Jehova ’me a khutlele motseng oa habo e le hore a bolele litaba tse monate. Ke ne ke sa tsebe hore Jehova o tla etsa se molemo ho feta seo ke neng ke se nahanne.

Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le mohlankana ea bitsoang Fernando González. O ne a lula Algeciras, e leng e ’ngoe ea litoropo tseo ho neng ho se na Lipaki ho tsona. Fernando o ne a tsamaea lik’hilomithara tse ka holimo ho 50 ho ea Neiva moo a neng a sebetsa teng. O ne a lokisetsa thuto e ’ngoe le e ’ngoe hantle ’me o ile a qala ho tla libokeng tsohle. Ho tloha ka beke ea pele a qalile ho ithuta, Fernando o ne a se a ruta batho ba motseng oa habo lintho tseo a ithutileng tsona ha a ntse a ithuta Bibele.

Ha re ne re e-na le Fernando ka 1993

Fernando o ile a kolobetsoa ka January 1990, likhoeli tse tšeletseng feela ka mor’a hore a ithute Bibele. Ka mor’a moo e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla. Kaha ho ne ho e-na le Paki e le ’ngoe feela Algeciras, ho ne ho se ho batla ho bolokehile hore joale ofisi ea lekala e ka romela bo-pula-maliboho ba khethehileng sebakeng seo. Ka February 1992, ho ile ha e-ba le phutheho toropong eo.

Na Fernando o ile a bolela litaba tse monate motseng oa habo feela? Che! Ka mor’a hore a nyale, eena le mosali oa hae ba ile ba lula sebakeng se bitsoang San Vicente del Caguán e leng toropo e ’ngoe eo ho neng ho se na Lipaki ho eona. Ha ba le moo ba ile ba thusa hore ho be le phutheho. Ka 2002, Fernando o ile a khethoa hore a sebeletse e le molebeli oa potoloho ’me eena le mosali oa hae Olga, ba ntse ba tsoela pele ho etsa mosebetsi oa potoloho ho fihlela lena le holimo.

Ka lebaka la lintho tsena tse etsahetseng, ke ithutile hore ho bohlokoa hakae ho rapela Jehova ka tsela e tobileng ka lintho tse amanang le ho mo sebeletsa. Jehova o etsa lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa kaha ke eena mong’a kotulo eseng rona.—Mat. 9:38.

JEHOVA O RE FA ‘MATLA A HORE RE ETSE LINTHO TSE MO KHAHLISANG’

Ka 1990 re ile ra abeloa ho etsa mosebetsi oa potoloho. Lekhetlo la pele ha re ne re potoloha re ile ra isoa toropong ea Bogotá. Re ne re tšohile hore re ne re ke ke ra khona ho phetha mosebetsi ona. ’Na le mosali oa ka re batho feela ba tloaelehileng ba se nang bokhoni bo ikhethang. Hape re ne re sa tloaela ho lula toropong e phetheselang. Leha ho le joalo, Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae e ho Bafilipi 2:13 e reng: “Molimo ke eena ea le matlafatsang. O etsa hore le be le tabatabelo ebile o le fa matla a hore le etse lintho tse mo khahlisang.”

Hamorao re ile ra abeloa ho eo potoloha sebakeng sa Medellín, e leng toropo eo ke buileng ka eona li sa tloha. Batho ba sebakeng seo ba ne ba se ba tloaetse hore batho ba moo ba lula ba loantšana ebile taba eo e ne e se e sa ba tšose. Ka mohlala, ka le leng ke ne ke khanna thuto ea Bibele eaba batho ba qala ho thunyana ka ntle. Ke ne ke se ke ikemiselitse ho paqama fatše empa motho eo ke ithutang Bibele le eena o ile a tsoela pele ho bala lirapa a khobile matšoafo. Ha a qeta ho bala o ile a kopa ho ea ka ntle. Ka mor’a nakoana o ile a khutla a tšoere bana ba babeli ’me a bua a khobile matšoafo a re: “Ke kopa u ntšoarele, ke ne ke tlameha ho lata bana ba ka.”

Ho ne ho e-na le linako tse ling tseo ka tsona re neng re e-ba kotsing. Ka nako e ’ngoe ha re ne re ntse re etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo, mosali oa ka o ile a tla ho ’na a matha ’me o ne a bonahala a tšohile haholo. O ile a re ho na le motho ea batlang ho mo thunya. Ha ke utloa a cho joalo ke ile ka tšoha haholo. Leha ho le joalo, hamorao re ile ra hlokomela hore motho eo o ne a sa batle ho thunya Sirkka empa o ne a batla ho thunya monna e mong ea neng a feta pel’a hae.

Ka mor’a nako, lintho tse kotsi tse neng li etsahala sebakeng seo li ne li se li sa re tšose. Re ile ra khothatsoa ke tsela eo Lipaki tse neng li lula sebakeng seo li neng li bontša sebete ka eona ha li tobana le maemo a tšoanang le ao le a mabe ho a feta. Re ile ra fihlela qeto ea hore ha Jehova a ba thusa le rona o tla re thusa ’me re ile ra mamela keletso ea baholo ba sebakeng seo, ra etsa se hlokahalang e le hore re lule re sireletsehile ’me ra siea tsohle matsohong a Jehova.

Ke ’nete hore maemong a mang ho ne ho sa be kotsi ka tsela eo re neng re lebeletse ka eona. Ka letsatsi le leng, ke ile ka utloa eka ho na le basali ba babeli ba ntseng ba rohakana ka ntle ho ntlo eo ke neng ke etile ho eona. Ke ne ke se na thahasello ea ho shebella ha batho ba ngangisana empa mong’a ntlo o ile a mpitsa hore ke tle foranteng ea ntlo ea hae. Eitse ha ke re kea sheba, ka fumana hore “ngangisano” ena e pakeng tsa lipapakhaie tse peli tse neng li etsisa batho ba sebaka seo.

BOIKARABELO BO EKETSEHILENG LE MATHATA AO RE BILENG LE ’ONA

Ka 1997 ke ile ka khethoa hore ke be morupeli Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. b Ke ne ke lula ke ananela ho ba teng likolong tsena tsa ’Muso empa ha ho mohla nkileng ka nahana hore ke tla ba le monyetla oa hore ke rute ho tse ling tsa likolo tsena.

Hamorao ke ile ka sebeletsa joaloka molebeli oa setereke. Ha tokisetso eo e khaotsa ho ba teng, ke ile ka khutlela mosebetsing oa potoloho. Hoo e ka bang lilemo tse fetang 30, ke ile ka thabela ho sebeletsa ke le morupeli le ho ba molebeli ea tsamaeang. Boikarabelo boo re neng re bo filoe bo re tliselitse litlhohonolofatso tse ngata. Leha ho le joalo, ha ho bolele hore lintho li ne li tsamaea bolacha. E re ke hlalose.

Ke motho ea sa tšabeng ho ntša maikutlo a ka. Ho ba motho ea joalo ho nthusitse hore ke sebetsane le maemo ao ho leng thata ho a mamella. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ke ne ke potlakela ho leka ho lokisa mathata a itseng ka phuthehong. Ka nako e ’ngoe, ke ile ka iphumana ke se ke qobella bara le barali ba bo rona hore ba ratane ba be ba nahanele maikutlo a batho ba bang. Kahoo, ho etsa joalo ho ile ha etsa hore ke hlokomele hore ke ne ke haelloa ke makhabane ’ona ao.—Bar. 7:​21-23.

Ka lebaka la liphoso tsa ka, ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke nyahame. (Bar. 7:24) Ka lekhetlo le leng ke ile ka bolella Jehova ka thapelo hore ho ka ba molemo hore ke tlohele ho ba moromuoa ’me ke khutlele Finland. Mantsiboeeng ao, ke ile ka ea libokeng. Khothatso eo ke e fumaneng libokeng e ile ea nkholisa hore ke lokela ho tsoela pele ke ntse ke le moromuoa le hore ke ntlafatse moo ke sa etseng lintho hantle. Ho tla fihlela letsatsing lena, ke angoa haholo ke tsela e hlakileng eo Jehova a arabileng thapelo ea ka ka eona. Ho ekeletsa moo, ke ananela kamoo a ileng a nthusa ka mosa hore ke hlole mefokolo ea ka.

RE LETETSE BOKAMOSO KA KHOLISEHO

’Na le Sirkka re ikutloa re kolota Jehova ka hore ebe o ile a re fa monyetla oa hore re qete nako e ngata ea bophelo ba rona re mo sebeletsa tšebeletsong ea nako e tletseng. Hape ke boetse ke ananela hore ebe Jehova o ile a mpha mosali ea lerato le ea tšepahalang lilemo tsena kaofela.

Haufinyane ke tla ba lilemo li 70 ’me ke tla tlohella ho sebeletsa joaloka morupeli le molebeli ea tsamaeang empa sena ha se nkutloise bohloko. Hobane’ng? Hobane ke lumela hore ntho e tlotlisang Jehova ka ho fetisisa ke hore re mo sebeletse ka boikokobetso hape re mo rorise ho tsoa pelong hobane re mo rata ebile re e-na le kananelo. (Mik. 6:8; Mar. 12:​32-34) Ho hlompha Jehova ha ho bolele hore re lokela hore re fuoe mesebetsi ea bohlokoa.

Ha ke sheba morao, ke nahana ka mesebetsi eo ke ileng ka e thabela eo ke neng ke e filoe, kea hlokomela hore ha kea ka ka e fuoa hobane ke ne ke le bohlokoa ho feta batho ba bang kapa hobane ke ne ke e-na le bokhoni bo fetang ba batho ba bang. Empa Jehova o ile a mpha mesebetsi ena hobane a nthata. Jehova o mphile mesebetsi ena hore ke e phethe ho sa tsotellehe mefokolo ea ka. Kea tseba hore ke ile ka khona ho phetha mesebetsi eo ke neng ke e filoe hobane Jehova a ne a nthusa. Ka tsela eo, bofokoli ba ka bo ile ba bonahatsa matla a Molimo.—2 Bakor. 12:9.

a Pale ea bophelo ea Raimo Kuokkanen e nang le sehlooho se reng, “Re ile ra Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova,” e ile ea hatisoa ho Molula-Qhooa oa April 1, 2006.

b Sekolo sena se nketsoe sebaka ke Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso.