Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Bofokodi ba ka bo Bonahaditse Matla a Modimo

Bofokodi ba ka bo Bonahaditse Matla a Modimo

HA NNA le mosadi wa ka re fihla Colombia ka 1985, naha eo e ne e se e le sebaka se kotsi haholo. Mmuso o ne o lwantsha dihlopha tse matla tsa batho ba neng ba rekisa dithethefatsi le masole a neng a lwantsha mmuso a neng a dula dithabeng. Sebakeng se bitswang Medellín moo ha morao re ileng ra dula teng, ho ne ho ena le sehlopha sa bahlankana ba neng ba tsamaya ba tshwere dithunya hohle. Ba ne ba rekisa dithethefatsi, ba re batho ba ba fe tjhelete haeba ba sa batle hore ba ba ntshe kotsi ebile ba bolaya batho e le hore ba fumane tjhelete. Ha ho na le a le mong wa bona ya neng a phela nako e telele. Re ne re utlwa eka re phela lefatsheng le leng.

Keng e ileng ya etsa hore batho ba tlwaelehileng jwalo ka rona ba tswang naheng ya Finland e ka leboya, ba qetelle ba le Amerika Borwa? Ke dintho dife tseo ke ithutileng tsona dilemong tse fetileng?

HA KE NE KE LE DILEMONG TSA BOTJHA FINLAND

Ke hlahile ka 1955 mme ke nna e monyenyane ho bashanyana ba bararo. Ke holetse sebakeng se pela lewatle ka borwa ho Finland, e leng sebaka seo hona jwale se tsebahalang e le toropo ya Vantaa.

Mme wa ka o ile a kolobetswa mme ya eba Paki ya Jehova dilemo tse seng kae pele ke hlaha. Le ha ho le jwalo, ntate wa ka o ne a hanyetsa mme wa ka ebile a sa batla ha mme wa ka a ithuta Bibele le rona kapa hore a ye le rona dibokeng. Empa mme wa ka o ne a re ruta Bibele ha ntate wa ka a ne a le siyo hae.

Ke ile ka tshepahalla Jehova ha ke le dilemo di supileng

Ho tloha ke sa le ngwana, ke ile ka hana ho se hlomphe Jehova. Ka mohlala, ka nako e nngwe ha ke ne ke le dilemo di supileng, titjhere ya ka e ile ya kwata haholo hobane ke ne ke hana ho ja verilättyjä (Diphaphatha tse entsweng ka madi tsa Finland). O ile a ntshwara ka marama ka letsoho le leng mme ka le leng a tshwere fereko a batla ho ntjesa ka nkane empa ke ile ka kgona ho otla fereko e ka letsohong la hae mme ya wela kwana.

Ha ke le dilemo di 12, ntate o ile a hlokahala. Ka mora moo ke ne ke se ke kgona ho ya dibokeng. Bara ba bo rona ka phuthehong ba ile ba mpontsha mosa mme sena se ile sa nkgothatsa le ho nthusa hore ke be le kamano e haufi le Jehova. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele ka mehla le ho bala dingolwa tsa rona. Mokgwa ona o motle wa ho ithuta o ile wa nthusa hore ha ke le dilemo di 14 ke kolobetswe, ka di 8 tsa August 1969.

Ha ke qeta sekolo ke ile ka ba pulamadiboho ya ka mehla. Ka mora dibeke tse seng kae ke ile ka ya sebakeng seo ho neng ho hlokahala bahweletsi ba eketsehileng, e leng Pielavesi haufi le bohareng ba Finland.

Ha ke le Pielavesi, ke ile ka kopana le Sirkka eo e neng e tla ba mosadi wa ka eo ke mo ratang. Ke ile ka mo rata hobane o ne a ikokobeditse ebile a rata Jehova haholo. O ne a sa batle ho ba le bophelo bo mabothobotho kapa ho ba le dintho tse ngata. Ka bobedi ba rona re ne re batla ho sebeletsa Jehova ka matla a rona kaofela mme re ne re ikemiseditse ho ya hohle moo ho neng ho ka thwe re ye teng. Re ile ra nyalana ka di 23 tsa March 1974. Ho ena le hore re intshe ha re qeta ho nyalana, re ile ra tloha Pielavesi ra ya Karttula moo ho neng ho hlokahala baboledi ba Mmuso ba eketsehileng.

Ntlo eo re neng re e hirile ha re ne re le Karttula, Finland

JEHOVA O ILE A RE HLOKOMELA

Koloi eo abuti wa ka a neng a re file yona

Ho tloha qalong ya lenyalo la rona, Jehova o re bontshitse hore o tla re hlokomela ka dintho tseo re di hlokang haeba re beha Mmuso pele. (Mat. 6:33) Ka mohlala, ha re ne re dula Karttula re ne re se na koloi. Qalong re ne re tsamaya ka dibaesekele. Le ha ho le jwalo, ka mariha ho ne ho bata haholo. E le hore re fihle dibakeng tse hole tsa tshimo ya rona, re ne re hloka koloi empa re ne re se na tjhelete ya hore re ka e reka.

Abuti wa ka e mong o ile a re etela re sa lebella. O ile a re fa koloi ya hae. O ne a patetse inshorense ya yona. Seo re neng re lokela ho se etsa e ne e le hore feela re reke mafura. Ka mora moo, re ne re se re ena le koloi eo re neng re e hloka.

Jehova o ile a re bontsha hore ke yena ya re hlokomelang ka ho re fa dintho tseo re neng re di hloka. Mosebetsi wa rona e ne e le hore feela re behe Mmuso pele.

SEKOLO SA GILEADE

Tlelase ya rona ya Sekolo sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho ka 1978

Ha re ne re le Sekolong sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho ka 1978, Raimo Kuokkanen, a eo e neng e le e mong wa bara ba bo rona ba neng ba re ruta, o ile a re kgothaletsa hore re kenye kopo ya ho ya Sekolong sa Gileade. Ka hoo, re ile ra qala ho ithuta Senyesemane e le hore re ka kgona ho ya Sekolong sa Gileade. Le ha ho le jwalo, ka 1980 pele re ka kenya kopo ya ho ya Sekolong sa Gileade, re ile ra memelwa ho yo sebeletsa ofising ya lekala ya Finland. Ka nako eo, batho ba neng ba sebeletsa Bethele ba ne ba sa kgone ho kenya kopo ya ho ya Gileade. Empa re ne re batla ho ya moo Jehova a bonang ho le molemo hore re ye teng, eseng moo rona re neng re bona ho le molemo hore re ye. Ka hoo, re ile ra amohela memo eo. Le ha ho le jwalo, re ile ra tswela pele re ithuta Senyesemane hore haeba re ne re ka fumana monyetla, re kgone ho kenya kopo ya ho ya Gileade.

Dilemo tse seng kae ha morao, Sehlopha se Busang se ile sa re ba sebeletsang Bethele ba ka ba le monyetla wa hore ba ka kenya kopo ya ho ya Sekolong sa Gileade. Re ile ra kenya kopo ya rona hanghang empa eseng hobane re ne re sa thabele ho ba Bethele. Re ne re mpa re batla ho ya moo ho hlokahalang baboledi ba Mmuso teng haeba re tshwaneleha. Re ile ra amohelwa Sekolong sa Gileade tlelaseng ya bo 79 yaba re fumana mangolo a rona ka September 1985. Re ile ra abelwa ho ya sebeletsa Colombia.

MOSEBETSI WA RONA WA PELE RE LE BAROMUWA

Ha re ne re le Colombia, re ile ra abelwa ho ya sebeletsa ofising ya lekala. Ke ile ka leka ho etsa sohle seo nka se kgonang mosebetsing oo ke neng ke o fuwe empa ka mora selemo re sebeletsa lekaleng, ke ile ka utlwa eka re ne re hloka ho etsa mosebetsi o mong o fapaneng. Ka lekgetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka kopa hore ke fuwe mosebetsi o mong. Ka mora moo, re ile ra abelwa hore re yo sebeletsa re le baromuwa toropong ya Neiva seterekeng sa Huila.

Ke ne ke dula ke thabela mosebetsi wa boboledi. Ha ke ne ke le pulamadiboho Finland pele ke nyala, ke ne ke tsoha hoseng e le hore ke etse mosebetsi wa boboledi ho fihlela mantsiboya. Ha re se re nyalane le Sirkka, re ne re qeta matsatsi a mangata re le mosebetsing wa boboledi. Ha re ne re sebetsa dibakeng tse hole le moo re dulang teng, ka dinako tse ding re ne re robala ka koloing ya rona. Sena se ne se re thusa ho fokotsa nako eo re e qetang re le tseleng le ho re thusa hore re kgone ho tsoha esale hoseng haholo letsatsi le latelang.

Ka ha re ne re se re le baromuwa, re ile ra utlwa re ena le tjheseho eo re neng re ena le yona pele ka mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate. Phutheho ya rona e ile ya eba le bahweletsi ba eketsehileng mme bara le baradi ba bo rona ba Colombia e ne e le batho ba hlomphang, ba nang le lerato le ba bontshang kananelo.

MATLA A THAPELO

Haufi le Neiva moo re neng re sebeletsa teng ho ne ho ena le ditoropo tseo ho neng ho se na Dipaki ho tsona. Ke ne ke tshwenyehile haholo ka hore na molaetsa wa Bibele o tla fihla jwang moo. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la masole a neng a lwantsha mmuso, ditoropo tseo di ne di sa bolokeha bakeng sa batho ba neng ba sa dule ho tsona. Ka hoo, ke ile ka rapela hore ho be le motho a le mong feela ho e nngwe ya ditoropo tsena eo e neng e tla ba Paki ya Jehova. Ke ne ke nahana hore motho eo o ne a tlameha hore a tlo dula Neiva mme a ithute Bibele. Ke ile ka boela ka rapela hore ka mora hore a kolobetswe a be le kamano e matla le Jehova mme a kgutlele motseng wa habo e le hore a bolele ditaba tse monate. Ke ne ke sa tsebe hore Jehova o tla etsa se molemo ho feta seo ke neng ke se nahanne.

Ka mora nako e sa fediseng pelo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le mohlankana ya bitswang Fernando González. O ne a dula Algeciras, e leng e nngwe ya ditoropo tseo ho neng ho se na Dipaki ho tsona. Fernando o ne a tsamaya dikhilomithara tse ka hodimo ho 50 ho ya Neiva moo a neng a sebetsa teng. O ne a lokisetsa thuto e nngwe le e nngwe hantle mme o ile a qala ho tla dibokeng tsohle. Ho tloha ka beke ya pele a qadile ho ithuta, Fernando o ne a se a ruta batho ba motseng wa habo dintho tseo a ithutileng tsona ha a ntse a ithuta Bibele.

Ha re ne re ena le Fernando ka 1993

Fernando o ile a kolobetswa ka January 1990, dikgwedi tse tsheletseng feela ka mora hore a ithute Bibele. Ka mora moo e ile ya eba pulamadiboho ya ka mehla. Ka ha ho ne ho ena le Paki e le nngwe feela Algeciras, ho ne ho se ho batla ho bolokehile hore jwale ofisi ya lekala e ka romela bopulamadiboho ba kgethehileng sebakeng seo. Ka February 1992, ho ile ha eba le phutheho toropong eo.

Na Fernando o ile a bolela ditaba tse monate motseng wa habo feela? Tjhe! Ka mora hore a nyale, yena le mosadi wa hae ba ile ba dula sebakeng se bitswang San Vicente del Caguán e leng toropo e nngwe eo ho neng ho se na Dipaki ho yona. Ha ba le moo ba ile ba thusa hore ho be le phutheho. Ka 2002, Fernando o ile a kgethwa hore a sebeletse e le molebedi wa potoloho mme yena le mosadi wa hae Olga, ba ntse ba tswela pele ho etsa mosebetsi wa potoloho ho fihlela lena le hodimo.

Ka lebaka la dintho tsena tse etsahetseng, ke ithutile hore ho bohlokwa hakae ho rapela Jehova ka tsela e tobileng ka dintho tse amanang le ho mo sebeletsa. Jehova o etsa dintho tseo re ke keng ra kgona ho di etsa ka ha ke yena monga kotulo eseng rona.—Mat. 9:38.

JEHOVA O RE FA ‘MATLA A HORE RE ETSE DINTHO TSE MO KGAHLISANG’

Ka 1990 re ile ra abelwa ho etsa mosebetsi wa potoloho. Lekgetlo la pele ha re ne re potoloha re ile ra iswa toropong ya Bogotá. Re ne re tshohile hore re ne re ke ke ra kgona ho phetha mosebetsi ona. Nna le mosadi wa ka re batho feela ba tlwaelehileng ba se nang bokgoni bo ikgethang. Hape re ne re sa tlwaela ho dula toropong e phetheselang. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a phethahatsa tshepiso ya hae e ho Bafilipi 2:13 e reng: “Modimo ke yena ya le matlafatsang. O etsa hore le be le tabatabelo ebile o le fa matla a hore le etse dintho tse mo kgahlisang.”

Ha morao re ile ra abelwa ho yo potoloha sebakeng sa Medellín, e leng toropo eo ke buileng ka yona di sa tloha. Batho ba sebakeng seo ba ne ba se ba tlwaetse hore batho ba moo ba dula ba lwantshana ebile taba eo e ne e se e sa ba tshose. Ka mohlala, ka le leng ke ne ke kganna thuto ya Bibele yaba batho ba qala ho thunyana ka ntle. Ke ne ke se ke ikemiseditse ho paqama fatshe empa motho eo ke ithutang Bibele le yena o ile a tswela pele ho bala dirapa a kgobile matshwafo. Ha a qeta ho bala o ile a kopa ho ya ka ntle. Ka mora nakwana o ile a kgutla a tshwere bana ba babedi mme a bua a kgobile matshwafo a re: “Ke kopa o ntshwarele, ke ne ke tlameha ho lata bana ba ka.”

Ho ne ho ena le dinako tse ding tseo ka tsona re neng re eba kotsing. Ka nako e nngwe ha re ne re ntse re etsa mosebetsi wa ntlo le ntlo, mosadi wa ka o ile a tla ho nna a matha mme o ne a bonahala a tshohile haholo. O ile a re ho na le motho ya batlang ho mo thunya. Ha ke utlwa a tjho jwalo ke ile ka tshoha haholo. Le ha ho le jwalo, ha morao re ile ra hlokomela hore motho eo o ne a sa batle ho thunya Sirkka empa o ne a batla ho thunya monna e mong ya neng a feta pela hae.

Ka mora nako, dintho tse kotsi tse neng di etsahala sebakeng seo di ne di se di sa re tshose. Re ile ra kgothatswa ke tsela eo Dipaki tse neng di dula sebakeng seo di neng di bontsha sebete ka yona ha di tobana le maemo a tshwanang le ao le a mabe ho a feta. Re ile ra fihlela qeto ya hore ha Jehova a ba thusa le rona o tla re thusa mme re ile ra mamela keletso ya baholo ba sebakeng seo, ra etsa se hlokahalang e le hore re dule re sireletsehile mme ra siya tsohle matsohong a Jehova.

Ke nnete hore maemong a mang ho ne ho sa be kotsi ka tsela eo re neng re lebeletse ka yona. Ka letsatsi le leng, ke ile ka utlwa eka ho na le basadi ba babedi ba ntseng ba rohakana ka ntle ho ntlo eo ke neng ke etile ho yona. Ke ne ke se na thahasello ya ho shebella ha batho ba ngangisana empa mongantlo o ile a mpitsa hore ke tle foranteng ya ntlo ya hae. Eitse ha ke re ke a sheba, ka fumana hore “ngangisano” ena e pakeng tsa dipapakgaie tse pedi tse neng di etsisa batho ba sebaka seo.

BOIKARABELO BO EKETSEHILENG LE MATHATA AO RE BILENG LE ONA

Ka 1997 ke ile ka kgethwa hore ke be morupedi Sekolong sa ho Kwetlisetswa Bosebeletsi. b Ke ne ke dula ke ananela ho ba teng dikolong tsena tsa Mmuso empa ha ho mohla nkileng ka nahana hore ke tla ba le monyetla wa hore ke rute ho tse ding tsa dikolo tsena.

Ha morao ke ile ka sebeletsa jwalo ka molebedi wa setereke. Ha tokisetso eo e kgaotsa ho ba teng, ke ile ka kgutlela mosebetsing wa potoloho. Hoo e ka bang dilemo tse fetang 30, ke ile ka thabela ho sebeletsa ke le morupedi le ho ba molebedi ya tsamayang. Boikarabelo boo re neng re bo filwe bo re tliseditse ditlhohonolofatso tse ngata. Le ha ho le jwalo, ha ho bolele hore dintho di ne di tsamaya bolatjha. E re ke hlalose.

Ke motho ya sa tshabeng ho ntsha maikutlo a ka. Ho ba motho ya jwalo ho nthusitse hore ke sebetsane le maemo ao ho leng thata ho a mamella. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding ke ne ke potlakela ho leka ho lokisa mathata a itseng ka phuthehong. Ka nako e nngwe, ke ile ka iphumana ke se ke qobella bara le baradi ba bo rona hore ba ratane ba be ba nahanele maikutlo a batho ba bang. Ka hoo, ho etsa jwalo ho ile ha etsa hore ke hlokomele hore ke ne ke haellwa ke makgabane ona ao.—Bar. 7:​21-23.

Ka lebaka la diphoso tsa ka, ka dinako tse ding ke ne ke ikutlwa ke nyahame. (Bar. 7:24) Ka lekgetlo le leng ke ile ka bolella Jehova ka thapelo hore ho ka ba molemo hore ke tlohele ho ba moromuwa mme ke kgutlele Finland. Mantsiboyeng ao, ke ile ka ya dibokeng. Kgothatso eo ke e fumaneng dibokeng e ile ya nkgodisa hore ke lokela ho tswela pele ke ntse ke le moromuwa le hore ke ntlafatse moo ke sa etseng dintho hantle. Ho tla fihlela letsatsing lena, ke angwa haholo ke tsela e hlakileng eo Jehova a arabileng thapelo ya ka ka yona. Ho ekeletsa moo, ke ananela ka moo a ileng a nthusa ka mosa hore ke hlole mefokolo ya ka.

RE LETETSE BOKAMOSO KA KGODISEHO

Nna le Sirkka re ikutlwa re kolota Jehova ka hore ebe o ile a re fa monyetla wa hore re qete nako e ngata ya bophelo ba rona re mo sebeletsa tshebeletsong ya nako e tletseng. Hape ke boetse ke ananela hore ebe Jehova o ile a mpha mosadi ya lerato le ya tshepahalang dilemo tsena kaofela.

Haufinyane ke tla ba dilemo di 70 mme ke tla tlohella ho sebeletsa jwalo ka morupedi le molebedi ya tsamayang empa sena ha se nkutlwise bohloko. Hobaneng? Hobane ke dumela hore ntho e tlotlisang Jehova ka ho fetisisa ke hore re mo sebeletse ka boikokobetso hape re mo rorise ho tswa pelong hobane re mo rata ebile re ena le kananelo. (Mik. 6:8; Mar. 12:​32-34) Ho hlompha Jehova ha ho bolele hore re lokela hore re fuwe mesebetsi ya bohlokwa.

Ha ke sheba morao, ke nahana ka mesebetsi eo ke ileng ka e thabela eo ke neng ke e filwe, ke a hlokomela hore ha ke a ka ka e fuwa hobane ke ne ke le bohlokwa ho feta batho ba bang kapa hobane ke ne ke ena le bokgoni bo fetang ba batho ba bang. Empa Jehova o ile a mpha mesebetsi ena hobane a nthata. Jehova o mphile mesebetsi ena hore ke e phethe ho sa tsotellehe mefokolo ya ka. Ke a tseba hore ke ile ka kgona ho phetha mesebetsi eo ke neng ke e filwe hobane Jehova a ne a nthusa. Ka tsela eo, bofokodi ba ka bo ile ba bonahatsa matla a Modimo.—2 Bakor. 12:9.

a Pale ya bophelo ya Raimo Kuokkanen e nang le sehlooho se reng, “Re ile ra Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova,” e ile ya hatiswa ho Molula-Qhooa wa April 1, 2006.

b Sekolo sena se nketswe sebaka ke Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso.