Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 14

PINA YA 56 Phelela Nnete

Tswela Pele ho Hola

Tswela Pele ho Hola

“A re tsweleng pele ho hola.BAHEB. 6:1.

NTLHAKGOLO

Ithute ka moo Mokreste ya hodileng a nahanang le ho etsa dintho ka tsela eo Jehova a e batlang.

1. Jehova o batla hore re etseng?

 E NNGWE ya dinako tse monate ka ho fetisisa bakeng sa banyalani ke ha ngwana wa bona a hlaha. Le hoja batswadi ba rata ngwana wa bona e monyenyane, ha ba batle hore e dule e le lesea. Ha e le hantle, ba ne ba ka tshwenyeha haholo haeba a sa hole. Ka tsela e tshwanang, le hoja Jehova a thaba ha re qala ho ithuta ka yena, ha a batle hore re felle moo. (1 Bakor. 3:1) Ho ena le hoo, o batla hore re tshwane le “batho ba baholo” tabeng ya ho ba Bakreste.—1 Bakor. 14:20.

2. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

2 Ho bolelang ho ba Mokreste ya hodileng? Re lokela ho etsang e le hore re be Bakreste ba hodileng? Ho ithuta dithuto tse tebileng tsa Bibele ho ka re thusa jwang hore re be Bakreste ba hodileng? Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho itshepa ho tlola? Sehlooho sena se tlo araba dipotso tsena.

HO BA MOKRESTE YA HODILENG HO BOLELANG?

3. Ho ba Mokreste ya hodileng ho bolelang?

3 Ka Bibeleng, lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “ba baholo” le ka boela la bolela “ba hodileng,” “ho phethahala,” le “ho fella.” (Baef. 4:13) Jwalo ka ha ngwana a tswela pele ho hola ho fihlela e eba motho e moholo, le rona re lokela ho tswela pele re hodisa kamano ya rona le Jehova. Ka tsela eo, re tla ba Bakreste ba hodileng. Le ka mora hore kamano ya rona le Jehova e hole, re ntse re lokela ho tswela pele ho e ntlafatsa. (1 Tim. 4:15) Kaofela ha rona, ho akareletsa le ba banyenyane dilemong, re ka ba Bakreste ba hodileng. Le ha ho le jwalo, re ka tseba jwang hore re Bakreste ba hodileng?

4. O ka hlalosa Mokreste ya hodileng jwang?

4 Mokreste ya hodileng o etsa ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a reng a e etse. Ha a ikgethele hore na o batla ho etsang. Ke nnete hore o etsa diphoso hobane ha a phethahala. Empa tsela eo a phelang ka yona letsatsi le letsatsi e a bontsha hore o nahana le ho etsa dintho ka tsela eo Modimo a e batlang. O apere botho bo botjha mme ka dinako tsohle o leka ho nahana jwalo ka Modimo. (Baef. 4:​22-24) O ithutile ho etsa diqeto tse bohlale ka hore a nahane ka melao le melaomotheo ya Jehova. Ka hoo, ha a hloke letoto le letelele la melao e mo jwetsang hore na a etseng. Ha a entse qeto, o sebetsa ka thata hore a e phethe.—1 Bakor. 9:​26, 27.

5. Ho ka etsahalang ka Mokreste ya sa holang? (Baefese 4:​14, 15)

5 Ka lehlakoreng le leng, Mokreste ya sa holang a ka kgeloswa “ke batho ba bolotsana” le “batho ba qhekellang ba bang ka maqiti a bona.” A ka nna a kgolwa batho ba jalang ditaba tse kgelosang, mabarebare le ditaba tseo eseng nnete tse tswang metjheng ya puisano. A ka nna a kgeloswa ke bakwenehi. a (Bala Baefese 4:​14, 15.) Hape a ka nna a monela ba bang, a ba le dikgohlano le bona kapa a kgopeha ha bonolo. A ka boela a etsa ntho e fosahetseng ha a lekwa.—1 Bakor. 3:3.

6. Ke hobaneng ha re bapisa ho hola ha Mokreste le ho hola ha ngwana? (Sheba setshwantsho.)

6 Jwalo ka ha ho boletswe pejana, Mangolo a bapisa ho hola ha Mokreste le ho hola ha ngwana ho fihlela e eba motho e moholo. Ngwana ha a tsebe dintho tse ngata, ka hoo o hloka hore motho e moholo a mo tataise le ho mo sireletsa. Ka mohlala, mme a ka nna a tshwara moradi wa hae e monyenyane ka letsoho ha ba tshela tsela. Ha ngwanana eo a ntse a hola, mme wa hae a ka nna a mo dumella hore a tshele tsela a le mong, empa o tla mo hopotsa hore a shebe dikoloi ka lehlakoreng le letona le le letshehadi pele a tshela. Ha ngwana e se e le motho e moholo, o se a tseba ho qoba dikotsi tse kang tseo. Feela jwalo ka ha bana ba hloka thuso ya batho ba baholo ho qoba dikotsi, le Bakreste ba sa holang ba hloka thuso ya Bakreste ba hodileng hore ba qobe dikotsi tse ka senyang kamano ya bona le Jehova le hore ba etse diqeto tse nepahetseng. Ka lehlakoreng le leng, ha Bakreste ba hodileng ba hloka ho etsa qeto, ba nahana ka melaomotheo ya Bibele e le hore ba tsebe hore na Jehova o nahana jwang ka taba eo, ebe jwale ba etsa qeto e nepahetseng.

Bakreste ba sa holang ba lokela ho ithuta ho etsa diqeto ba sebedisa melaomotheo ya Bibele (Sheba serapa sa 6)


7. Na Bakreste ba hodileng ba hloka thuso ya ba bang?

7 Na taba ee e bolela hore Mokreste ya hodileng ha ho mohla a hlokang thuso ya motho e mong? Ha ho jwalo. O ntse a hloka ho kopa thuso ka dinako tse ding. Empa Mokreste ya sa holang a ka nna a batla hore ba bang ba mo jwetse hore na a etseng kapa ba mo etsetse qeto eo a lokelang ho e etsa. Phapang ke hore ha Mokreste ya hodileng a kopa thuso ho batho ba bohlale le ba nang le boiphihlelo, o a tseba hore o na le boikarabelo ba ho iketsetsa diqeto le hore “o tla ikarabella ka dintho tseo a di etsang.”—Bagal. 6:5.

8. Bakreste ba hodileng ba fapane jwang?

8 Jwalo ka ha batho ba baholo ba fapane ka ditshobotsi, le Bakreste ba hodileng ba na le makgabane a sa tshwaneng a kang bohlale, sebete, ho fana le kutlwelobohloko. Hape Bakreste ba babedi ba hodileng ba ka nna ba tobana le boemo bo tshwanang empa ba etsa diqeto tse pedi tse fapaneng tse ntseng di sa hanane le Mangolo. Taba ena e etsahala hangata haeba qeto e lokelang ho etswa e itshetlehile ka letswalo la motho. Ka hoo, Bakreste ha ba ahlolane ka lebaka la diqeto tse fapaneng tseo ba di entseng. Ho ena le hoo, ba dula ba momahane.—Bar. 14:10; 1 Bakor. 1:10.

RE LOKELA HO ETSANG E LE HORE RE BE BAKRESTE BA HODILENG?

9. Na re ka ba Bakreste ba hodileng re sa etse letho? Hlalosa.

9 Ngwana o a hola ha nako e ntse e ya empa ha ho motho eo kamano ya hae le Jehova e ka holang ho se letho leo a le etsang. Ka mohlala, Bakreste ba Korinthe ba ile ba amohela ditaba tse monate, ba kolobetswa, ba amohela moya o halalelang ba ba ba ithuta dinthong tseo moapostola Pauluse a neng a ba ruta tsona. (Dik. 18:​8-11) Ho ntse ho le jwalo, bongata ba bona e ne e ntse e le Bakreste ba sa holang ka mora dilemo tse ngata ba kolobeditswe. (1 Bakor. 3:2) Re ka etsa jwang hore ntho e tshwanang e se ke ya re etsahalla?

10. Re lokela ho etsang e le hore re be Bakreste ba hodileng? (Juda 20)

10 E le hore re be Bakreste ba hodileng, re tlameha ho batla ho hola. Batho ba ‘ratang ho hloka tsebo’ e leng batho ba ratang ho dula e le Bakreste ba sa holang, ba tla dula ba le jwalo. (Diprov. 1:22) Ha re batle ho tshwana le motho e moholo ya sa batleng ho nka boikarabelo ebile a batla hore batswadi ba hae ba mo etsetse diqeto. Ho ena le hoo, re batla ho nka boikarabelo le ho etsa bonnete ba hore re ba Bakreste ba hodileng. (Bala Juda 20.) Haeba o ntse o sebeletsa ho ba Mokreste ya hodileng, rapela Jehova hore a o fe ‘tabatabelo le matla a hore o etse dintho tse mo kgahlisang.’—Bafil. 2:13.

11. Jehova o re thusa jwang hore re be Bakreste ba hodileng? (Baefese 4:​11-13)

11 Jehova ha a lebella hore re be Bakreste ba hodileng ka matla a rona feela. O re file badisa le mesuwe ka phuthehong, ba re thusang hore re be Bakreste ba hodileng mme “re tla ba batho ba hodileng ka ditsela tsohle jwalo ka Kreste.” (Bala Baefese 4:​11-13.) Jehova o boetse o re fa moya wa hae o halalelang ho re thusa hore re tsebe ho “nahana jwalo ka Kreste.” (1 Bakor. 2:​14-16) Ho feta moo, Modimo o re file Dikosepele tse nne tse re bontshang hore na Jesu o ne a nahana jwang, a bua jwang a bile a etsa dintho jwang ha a ne a le lefatsheng. Haeba o nahana o bile o etsa dintho jwalo ka Jesu, o tla kgona ho ba Mokreste ya hodileng.

HO ITHUTA DITHUTO TSE TEBILENG TSA BIBELE HO KA RE THUSA JWANG HORE RE BE BAKRESTE BA HODILENG?

12. “Dithuto tsa motheo tse mabapi le Kreste” ke eng?

12 E le hore re be Bakreste ba hodileng, re lokela ho ithuta ho fetang feela “dithuto tsa motheo tse mabapi le Kreste.” Mehlala ya dithuto tseo e akareletsa ho baka, ho ba le tumelo, ho kolobetswa le tsoho ya bafu. (Baheb. 6:​1, 2) Dithuto tsena ke mokokotlo wa thuto ya Bokreste. Ke ka lebaka leo moapostola Petrose a ileng a ruta ka tsona ha a ne a bua le letshwele ka Pentekonta. (Dik. 2:​32-35, 38) Re tlameha ho dumela dithuto tsena tsa motheo e le hore re be barutuwa ba Kreste. Ka mohlala, Pauluse o ile a re re ke ke ra re re barutuwa ba Kreste haeba re sa dumele tsohong ya bafu. (1 Bakor. 15:​12-14) Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho kgotsofalla dithuto tsa motheo feela.

13. Re lokela ho etsa eng e le hore re fumane molemo dijong tse tiileng tseo ho buuwang ka tsona ho Baheberu 5:14? (Sheba setshwantsho.)

13 Dijo tse tiileng di fapane le dithuto tsa motheo hobane tsona di akareletsa melao ya Jehova le melaomotheo ya hae e re thusang ho utlwisisa hore na o nahana jwang. E le hore re fumane molemo dijong tseo, re lokela ho ithuta, ho nahanisisa le ho sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona Lentsweng la Modimo. Ha re etsa jwalo, re ikwetlisetsa ho etsa diqeto tse tla thabisa Jehova. bBala Baheberu 5:14.

Dijo tse tiileng di re ruta ho etsa diqeto tse thabisang Jehova (Sheba serapa sa 13) c


14. Pauluse o ile a thusa Bakorinthe jwang hore e be Bakreste ba hodileng?

14 Bakreste ba sa holang ba ba le bothata ha ba tobane le boemo boo ho bona ba lokelang ho etsa qeto tabeng eo Bibele e sa faneng ka molao o tobileng. Ba bang ba nahana hore ha molao o jwalo o le siyo, ba ka etsa ntho e nngwe le e nngwe eo ba e batlang. Ba bang bona ba ka batla hore ho be le molao le ha ho sa hlokahale. Ka mohlala, Bakreste ba Korinthe ba ile ba kopa Pauluse hore a ba fe molao tabeng ya hore na ba je dijo tse hlabetsweng ditshwantsho kapa tjhe. Ho ena le hore a ba bolelle hore na ba lokela ho etsang, Pauluse o ile a ba bolella hore ba lokela ho kgetha seo ba tla se etsa ba ipapisitse le seo matswalo a bona a ba dumellang ho se etsa. O ile a ba fa melaomotheo e tswang ka Bibeleng e neng e tla ba thusa hore ba etse qeto e dumellanang le matswalo a bona empa e sa kgopise batho ba bang. (1 Bakor. 8:​4, 7-9) Ka ho etsa jwalo, Pauluse o ne a ruta Bakorinthe hore e be Bakreste ba hodileng e le hore ba sebedise dikelello tsa bona ho ena le ho itshetleha ka batho ba bang kapa ho batlana le melao.

15. Pauluse o ile a thusa Bakreste ba Baheberu jwang hore ba hole?

15 Re ithuta thuto e nngwe ya bohlokwa ho seo Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste ba Baheberu. Ba bang ba Bakreste ba ne ba se ba sa hole. Ho ena le hoo, ba ne ba ‘boetse e le batho ba hlokang lebese eseng dijo tse tiileng.’ (Baheb. 5:12) Ba ne ba sa ithute dintho tse ntjha tseo Jehova a neng a ba ruta tsona a sebedisa phutheho ebile ba sa di dumele. (Diprov. 4:18) Ka mohlala, Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ne ba ntse ba buella hore ho bolokwe Molao wa Moshe le hoja ho ne ho se ho fetile dilemo tse 30 sehlabelo sa Jesu se fedisitse Molao oo. (Bar. 10:4; Tite 1:10) Dilemo tseo tse 30 di ne di file Bakreste bao nako e ngata ya hore ba utlwisise hore ha ho sa hlokahala hore ba boloke Molao. Jwale, Pauluse o ne a leka ho ba thusa hore ba amohele dijo tse tiileng tseo a neng a ba ruta tsona. Lengolo la Baheberu le ile la ba thusa ho bona hore tsela ena e ntjha ya Bokreste eo ba neng ba rapela Jehova ka yona, e ne e le molemo ho feta tsela ya Sejuda. Le ile la boela la ba fa sebete sa ho tswela pele ba bolela ho sa tsotellehe kganyetso e tswang ho Bajuda.—Baheb. 10:​19-23.

QOBA HO ITSHEPA HO TLOLA

16. Ke eng seo re lokelang ho se etsa ka mora hore re be Bakreste ba hodileng?

16 Re lokela ho sebetsa ka thata, eseng feela hore re be Bakreste ba hodileng empa le hore re dule re le bona. Taba ena e bolela hore re tlameha ho qoba ho itshepa ho tlola. (1 Bakor. 10:12) Re lokela hore ‘re nne re itlhahlobe’ e le ho etsa bonnete ba hore re tswela pele re ntse re hola.—2 Bakor. 13:5.

17. Lengolo la Pauluse le yang ho Bakolose le bontsha bohlokwa ba hore re dule re le Bakreste ba hodileng jwang?

17 Pauluse o ile a boela a totobatsa bohlokwa ba ho ba Bakreste ba hodileng lengolong la hae le yang ho Bakolose. Le hoja Bakolose e ne e se e le Bakreste ba hodileng, Pauluse o ile a ba lemosa hore ba itlhokomele hore ba se ke ba nahana jwalo ka batho ba lefatshe. (Bakol. 2:​6-10) Epafrase eo ho bonahalang hore o ne a tseba Bakreste ba Kolose hantle, o ile a ba rapella hangata hore ba ‘eme ba tiile’ kapa re ka re ba dule ba hodile. (Bakol. 4:12) Re ithutang? Pauluse le Epafrase ba ne ba utlwisisa hore ho dula re le Bakreste ba hodileng ho hloka boiteko ba rona le thuso ya Modimo. Ba ne ba batla hore Bakolose ba dule e le Bakreste ba hodileng ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba tobane le ona.

18. Ho ka etsahala eng ka Mokreste ya hodileng? (Sheba setshwantsho.)

18 Pauluse o ile a lemosa Baheberu hore Mokreste ya hodileng a ka lahlehelwa ke kamohelo ya Modimo ka ho sa feleng haeba a se hlokolosi. Haeba Mokreste a sa mamele Jehova, a ka suthela hole le yena hoo Modimo a ke keng a mo tshwarela hobane a sa bake. Ntho e thabisang ke hore Baheberu ba ne ba eso be babe hakaalo. (Baheb. 6:​4-9) Ho thweng ka batho ba seng ba sa kopanele kapa ba kgaotsweng empa ha morao ba baka? Haeba ba ikokobetsa mme ba baka, ba a bontsha hore ha ba tshwane le bao Pauluse a ileng a bua ka bona, ba tla lahlehelwa ke kamohelo ya Modimo ka ho sa feleng. Le ha ho le jwalo, ha ba kgutlela ho Jehova ba tla hloka hore a ba thuse. (Ezek. 34:​15, 16) Baholo ba ka nna ba etsa tokisetso ya hore Mokreste e mong ya hodileng a ba thuse hore ba matlafatse kamano ya bona le Jehova hape.

Jehova o thusa batho ba hlokang ho lokisa kamano ya bona le yena (Sheba serapa sa 18)


19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

19 Haeba o sebetsa ka thata hore o tswele pele ho hola, o tla atleha. Tswela pele o ithuta dithuto tse tebileng tsa Bibele le ho nahana jwalo ka Jehova. Haeba o se o le Mokreste ya hodileng, etsa sohle seo o ka se kgonang hore o dule o le jwalo hona jwale le ka ho sa feleng.

O KA RENG?

  • Ho ba Mokreste ya hodileng ho bolelang?

  • Re ka etsang hore re be Bakreste ba hodileng?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho itshepa ho tlola?

PINA YA 65 Hatelang Pele!

a Sheba sehlooho se reng “Itshireletse Ditabeng Tseo Eseng Nnete” ho jw.org/st-za tlasa “Dihlooho Tse Ding” le ho JW Library® tlasa article series.

b Sheba sehlooho se reng “Dintho Tseo o ka di Batlisisang” ho Tora ya ho Lebela ena.

c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona o sebedisa molaomotheo oo a ithutileng wona Lentsweng la Modimo ha a kgetha hore na o tla shebella eng thelevisheneng.