Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 15

PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla

Matlafatsa Tšepo eo u Nang le Eona Mokhatlong oa Jehova

Matlafatsa Tšepo eo u Nang le Eona Mokhatlong oa Jehova

“Hopolang ba le etellang pele, ba le boleletseng lentsoe la Molimo.”BAHEB. 13:7.

NTLHA-KHOLO

Re ka etsa’ng e le hore re lule re hlompha le ho tšepa mokhatlo oa Jehova?

1. Batho ba Jehova ba ne ba hlophisitsoe joang mehleng ea baapostola?

 HA JEHOVA a fa batho ba hae mosebetsi, o lebeletse hore ba o etse ka tsela e hlophisehileng. (1 Bakor. 14:33) Ka mohlala, ke thato ea Molimo hore litaba tse monate li boleloe lefatšeng lohle. (Mat. 24:14) Jehova o file Jesu boikarabelo ba ho etella pele mosebetsi ona. Jesu o etsa bonnete ba hore mosebetsi ona o etsoa ka tsela e hlophisehileng. Ha liphutheho li ne li thehoa libakeng tse fapaneng mehleng ea baapostola, ho ne ho khethoa baholo hore ba fane ka tataiso le ho etella pele. (Lik. 14:23) Jerusalema ho ne ho e-na le sehlopha sa baapostola le baholo ’me se ne se etsa liqeto tse itseng tseo liphutheho tsohle li neng li lebeletsoe hore li li mamele. (Lik. 15:2; 16:4) Kaha Bakreste ba mehleng eo ba ne ba mamela litaelo tseo, “liphutheho [li ile] tsa ’na tsa matlafala tumelong ’me tsa hola letsatsi le letsatsi.”—Lik. 16:5.

2. Ke joang Jehova a ’nileng a fa batho ba hae tataiso le litaelo ho tloha ka 1919?

2 Jehova o ntse a hlophisa batho ba hae le mehleng ena. Ho tloha ka 1919, haesale Jesu a sebelisa sehlopha se senyenyane sa banna ba tlotsitsoeng ho hlophisa mosebetsi oa boboleli le ho fa balateli ba hae litaelo tse tsoang Lentsoeng la Molimo ka nako e nepahetseng. a (Luka 12:42) Ho hlakile hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa sehlopha seo.—Esa. 60:22; 65:​13, 14.

3, 4. (a) Fana ka mohlala o bontšang hore na re rua molemo joang ka hore ebe re hlophisehile. (b) Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Haeba re ne re sa hlophiseha, re ne re ke ke ra khona ho etsa mosebetsi oo Jesu a re fileng oona. (Mat. 28:​19, 20) Ka mohlala, haeba bara ba bo rona ba ne ba sa hlophise hore tšimo eohle ea phutheho ea rona e sebetsoe, motho e mong le e mong o ne a tla ea tšimong moo a ratang. Libaka tse ling li ne li tla phetoa hangata ke bahoeletsi ba fapaneng, athe libaka tse ling tsona li ne li ke ke tsa sebetsoa ho hang. U nahana hore ke melemo efe e meng eo re e fumanang ka hore ebe re hlophisehile?

4 Jesu o ntse a tsoela pele ho hlophisa batho ba Molimo le mehleng ena feela joalokaha a ne a etsa ha a ne a le lefatšeng. Sehloohong sena re tla hlahloba mohlala oo Jesu a o behileng le hore na mokhatlo oa rona o mo etsisa joang. Re tla boela re bue ka hore na re ka bontša joang hore re tšepa mokhatlo oa Jehova.

MOKHATLO OA RONA O ETSISA JESU

5. Tsela e ’ngoe eo re etsisang Jesu ka eona ke efe? (Johanne 8:28)

5 Jesu o ile a ithuta lintho tseo a lokelang ho li bua le tseo a lokelang ho li etsa ho Ntate oa hae ea leholimong. Mokhatlo oa Jehova o etsisa Jesu ka ho sebelisa Lentsoe la Molimo ho re thusa ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng le ho re tataisa bophelong. (Bala Johanne 8:28; 2 Tim. 3:​16, 17) Khafetsa re hopotsoa ho bala Lentsoe la Molimo le ho sebelisa lintho tseo re ithutang tsona. Re rua molemo joang ha re mamela keletso ee?

6. Molemo o mong oa bohlokoa oo re o fumanang ha re ithuta Bibele ke ofe?

6 Re rua molemo haholo ha re ithuta Bibele re sebelisa lingoloa tse thehiloeng ho eona. Ka mohlala, re khona ho bapisa seo re ithutang sona le tataiso eo re e fuoang ke mokhatlo. Ha re bona hore tataiso eo re e fuoeng e thehiloe Mangolong, re tšepa mokhatlo oa Jehova le ho feta.—Bar. 12:2.

7. Ke molaetsa ofe oo Jesu a neng a ruta ka oona, hona batho ba ka mokhatlong oa Jehova ba mo etsisa joang?

7 Jesu o ne a bolela ‘molaetsa o monate oa ’Muso oa Molimo.’ (Luka 4:​43, 44) Jesu o ile a boela a laela barutuoa ba hae hore ba bolele ka ’Muso. (Luka 9:​1, 2; 10:​8, 9) Mehleng ena batho bohle ba ka mokhatlong oa Jehova ba bolela molaetsa oa ’Muso, ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae le hore na ba na le boikarabelo bofe.

8. Ke tlotla efe eo re nang le eona?

8 Ke tlotla ho bolella batho ba bang ka ’Muso oa Molimo. Ha se motho e mong le e mong ea nang le tlotla eo. Ka mohlala, ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a hanela bademona ho bua ka eena. (Luka 4:41) Mehleng ena pele motho a ea tšimong le Lipaki Tsa Jehova, o tlameha hore a be a se a ntse a phela ka tsela e khahlisang Molimo. Re bontša hore re ananela tlotla eo ka ho bolela ka ’Muso oa Molimo ka linako tsohle hohle moo re leng teng. Joaloka Jesu, sepheo sa rona ke ho lema le ho nosetsa peo ea ’Muso lipelong tsa batho.—Mat. 13:​3, 23; 1 Bakor. 3:6.

9. Mokhatlo o tsebahatsa lebitso la Molimo joang?

9 Jesu o ile a tsebahatsa lebitso la Molimo. Ha Jesu a rapela Ntate oa hae ea leholimong o ile a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.” (Joh. 17:26) Mokhatlo oa Jehova o etsisa Jesu ka ho etsa sohle ho thusa batho ba bang ho tseba lebitso la Molimo. O entse sena ka ho hatisa BibelePhetolelo ea Lefatše le Lecha e khutliselitseng lebitso la Molimo moo le neng le le teng qalong. Phetolelo ena ea Bibele ea fumaneha hona joale e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 270. Lintlha Tsa A4 le A5 phetolelong ena, li fana ka lintlha mabapi le ho khutlisetsoa ha lebitso la Molimo ka Bibeleng. Lintlha Tsa A5 li boetse li hlalosa hore na ke hobane’ng ha lebitso la Molimo le lokela ho hlaha Mangolong a Segerike a Bakreste ka makhetlo a 237.

10. U ithuta’ng ho se ileng sa buuoa ke ’mè e mong ea lulang Myanmar?

10 Joaloka Jesu, re batla ho thusa batho ba bangata haholo kamoo ho ka khonehang kateng hore ba tsebe lebitso la Molimo. ’Mè e mong ea lilemo li 67 ea lulang Myanmar o ile a lla ha a qala ho ithuta ka lebitso la Molimo. O ile a re: “Ke lekhetlo la ka la pele bophelong ke tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova. . . . Le nthutile ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.” Joalokaha re bone paleng ena, ho tseba lebitso la Molimo ho ka fetola bophelo ba batho.

LULA U BONTŠA HORE U TŠEPA MOKHATLO OA MOLIMO

11. Baholo ba ka bontša joang hore ba tšepa mokhatlo oa Jehova? (Sheba setšoantšo.)

11 Tsela e ’ngoe eo ka eona baholo ba ka bontšang hore ba tšepa mokhatlo oa Molimo ke efe? Ha ba fumana tataiso ba lokela ho e bala ka hloko ’me ba etse sohle se matleng a bona hore ba e sebelise. Ka mohlala, ba fumana tataiso ea hore na ba tšoare liboka joang, ba rapelle phutheho joang le hore na ba hlokomele linku tsa Kreste joang. Ha baholo ba latela tataiso eo ba e fuoang ke mokhatlo, bara le barali ba bo rona baa bona hore Jehova oa ba rata le ho ba hlokomela.

Baholo ba re thusa ho tšepa tataiso e tsoang mokhatlong oa Jehova (Sheba serapa sa 11) b


12. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela ba re etellang pele? (Baheberu 13:​7, 17) (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho sheba makhabane a ba re etellang pele?

12 Ha baholo ba re fa tataiso, re lokela ho ikemisetsa ho e latela. Ha re etsa joalo, re tla be re nolofaletsa ba etellang pele hore ba etse mosebetsi oa bona. Bibele e re khothaletsa ho mamela le ho ikokobeletsa ba re etellang pele. (Bala Baheberu 13:​7, 17.) Ka linako tse ling ho thata ho etsa joalo. Hobane’ng? Hobane banna bana ha baa phethahala. Leha ho le joalo, haeba re shebane le mefokolo ea baholo ho e-na le makhabane a bona, re tla be re thusa lira tsa rona. Joang? Batho ba re hanyetsang ba batla hore re se ke ra tšepa hore Jehova o sebelisa mokhatlo ho re tataisa. Haeba re nahana joaloka bona, re ka qetella re se re sa tšepe mokhatlo oa Molimo. Ke eng eo re ka e etsang e le hore re hlokomele le ho hana mashano a lira tsa rona?

U SE KE OA LUMELLA BA BANG HORE BA ETSE HORE U SE KE OA TŠEPA MOKHATLO

13. Bahanyetsi ba Molimo ba entse eng hore mokhatlo oa Molimo o bonahale o sa etse lintho hantle?

13 Bahanyetsi ba Molimo ba leka ho etsa hore lintho tse ntle tse etsoang ke mokhatlo oa hae li bonahale li le mpe. Ka mohlala, re ithutile hore Mangolo a re Jehova o batla hore barapeli ba hae ba hloeke ’meleng, boitšoarong le hore ba mo rapele ka tsela eo a e batlang. O batla hore batho ba etsang lintho tse mpe ba sa bake ba tlosoe ka phuthehong. (1 Bakor. 5:​11-13; 6:​9, 10) Re mamela taelo eo ea Mangolo. Empa ha re mamela taelo ena bahanyetsi ba rona ba re ha re rate batho, rea ba ahlola le hore ha re rate ha batho ba fapane le rona.

14. Ke mang ea hlohlelletsang lipale tsa bohata tse buuoang ka mokhatlo?

14 Elelloa hore na ke mang ea hlileng a hlaselang mokhatlo oa Molimo. Satane Diabolose ke eena ea hlohlelletsang mashano a buuoang ka mokhatlo. “Ke ntate oa leshano.” (Joh. 8:44; Gen. 3:​1-5) Kahoo, re ka lebella hore Satane o tla sebelisa batšehetsi ba hae ho jala lipale tsa bohata ka mokhatlo oa Jehova. Ke sona se ileng sa etsahalla Jesu le Bakreste ba mehleng ea pele.

15. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba tšoara Jesu le balateli ba hae joang?

15 Le hoja Jesu Mora oa Molimo a ne a phethahetse ebile a etsa mehlolo, Satane o ile a sebelisa batho ba bang hore ba jale mashano ka eena. Ka mohlala, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bolella batho hore Jesu o fuoe matla a ho leleka bademona ke “’musi oa bademona.” (Mar. 3:22) Ha Jesu a ne a le nyeoeng, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba mo qosa ka hore o rohakile Molimo eaba ba susumeletsa batho hore ba kope hore Jesu a ahloleloe lefu. (Mat. 27:20) Hamorao ha balateli ba Kreste ba bolela litaba tse monate, bahanyetsi ba bona ba ile ba “hlohlelletsa batho” hore ba hlorise Bakreste. (Lik. 14:​2, 19) Ha Molula-Qhooa oa December 1, 1998 o bua ka Liketso 14:​2, o ile oa re: “Ba sa khotsofalla ho hana ha bona molaetsa, bahanyetsi ba Bajuda ba ile ba qala ho etsa letšolo la liqoso tse se nang bopaki, ba leka ho hlohlelletsa Balichaba ho hloea Bakreste.”

16. Re lokela ho hopola eng ha re utloa lipale tsa bohata?

16 Satane ha aa ka a qetela ho bua leshano mehleng ea baapostola feela. Le kajeno o ntse a ‘khelosa lefatše lohle.’ (Tšen. 12:9) Ha u utloa lipale tsa bohata tse buang ka mokhatlo kapa ka bara ba bo rona ba etellang pele, hopola hore na lira tsa Jesu li ile tsa tšoara Jesu le barutuoa ba hae joang. Le mehleng ena batho ba Jehova ba ntse ba hlorisoa le ho etseletsoa ka mashano hantle feela joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele. (Mat. 5:​11, 12) Lipale tsa bohata li ke ke tsa re khelosa haeba re hlokomela hore na mohloli oa tsona ke ofe ebile re nka bohato hang-hang. Ke bohato bofe boo re lokelang ho bo nka?

17. Re ka etsa’ng hore lipale tsa bohata li se ke tsa re ntša kotsi? (2 Timothea 1:13) (Sheba lebokose le reng “ Seo u Lokelang ho se Etsa ha u Utloa Lipale Tsa Bohata.”)

17 Hana lipale tsa bohata. Moapostola Pauluse o ile a fana ka litaelo tse hlakileng ka hore na re lokela ho etsa eng ha re utloa lipale tsa bohata. O ile a bolella Timothea hore ‘a khalemele ba bang moo hore ba se ke ba mamela lipale tsa bohata.’ (1 Tim. 1:​3, 4; 4:7) Le hoja ngoana a ka thonaka ntho fatše eaba o e kenya ka hanong, motho e moholo a ke ke a etsa joalo hobane oa utloisisa hore ho etsa joalo ho ka mo kulisa. Re hana lipale tsa bohata hobane rea tseba hore na li tsoa hokae. Ho e-na le hoo, re mamela “thuto e molemo.”—Bala 2 Timothea 1:13.

18. Re ka bontša joang hore re tšepa mokhatlo oa Jehova?

18 Re buile ka litsela tse tharo feela tsa kamoo mokhatlo oa Molimo o etsisang Jesu kateng. Ha u ntse u ithuta Bibele, leka ho fumana litsela tse ling tseo mokhatlo o etsisang Jesu ka tsona. Thusa batho ba bang phuthehong ea heno hore ba tšepe mokhatlo haholoanyane. Hape, tsoela pele u tšepa mokhatlo ka hore u sebeletse Jehova ka botšepehi ’me u lule u le haufi le mokhatlo oo a o sebelisang ho phetha thato ea hae. (Pes. 37:28) E se eka re ka ananela tlotla ea ho ba karolo ea batho ba Jehova ba lerato le ba tšepahalang.

U KA RE’NG?

  • Batho ba Molimo ba etsisa Jesu ka litsela life?

  • Re ka tsoela pele re bontša hore re tšepa mokhatlo oa Jehova joang?

  • Re lokela ho etsa eng ha re utloa lipale tsa bohata?

PINA EA 103 Molimo o re File Balisa

a Sheba lebokose le reng “Hobane’ng re re 1919?” bukeng ea Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete leq. 102-103.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ka mor’a hore baholo ba buisane ka hore na teroli e lokela ho sebelisoa joang, molebeli oa sehlopha o fetisetsa tataiso eo ho bahoeletsi hore ba eme pel’a lebota ba le furaletse.