Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na u ne u Tseba?

Na u ne u Tseba?

Ke hobane’ng ha balichaba e ne e le karolo ea sesole sa Morena Davida?

SESOLENG sa Morena Davida, ho ne ho e-na le banna bao e neng e se Baiseraele ba kang Zeleke oa Moamone, Uria oa Mohethe le Ithma oa Momoabe. a (1 Likron. 11:​39, 41, 46) Har’a masole a Davida ho ne ho boetse ho e-na le ‘Bakerethe, Bapelethe le Bagathe.’ (2 Sam. 15:18) Ho bonahala eka Bakerethe le Bapelethe ba ne ba amana haholo le Bafilista. (Ezek. 25:16) Bagathe e ne e le baahi ba motse oa Bafilista o bitsoang Gathe.—Josh. 13:​2, 3; 1 Sam. 6:​17, 18.

Ke hobane’ng ha Davida a ile a lumella balichaba baa hore e be masole a hae? Ke hobane o ne a kholisehile hore baa mo tšepahalla le hore haholo-holo ba tšepahalla Jehova. Ka mohlala, The New Interpreter’s Dictionary of the Bible ha e bua ka Bakerethe le Bapelethe e re: “Ba ile ba tšepahalla Davida nakong e thata ka ho fetisisa ea puso ea hae.” Ba ile ba bontša joang hore baa mo tšepahalla? Ha “banna bohle ba Iseraele” ba tlohela ho latela Morena Davida ’me ba latela “monna ea neng a le likhathatso eo lebitso la hae e leng Sheba,” Bakerethe le Bapelethe ba ile ba lula ba tšepahalla Davida ’me ba mo thusa ho loantša borabele ba Sheba. (2 Sam. 20:​1, 2, 7) Ka lekhetlo le leng, mora oa Morena Davida ea bitsoang Adonija o ile a leka ho inkela borena boo e neng e tla ba ba Solomone. Leha ho le joalo, Bakerethe le Bapelethe ba ile ba lula ba tšepahalla Davida ’me ba mo thusa ho hlomamisa Solomone e le mohlahlami oa hae hobane e ne e le eena eo Jehova a mo khethileng.—1 Mar. 1:​24-27, 38, 39.

Molichaba e mong ea ileng a lula a tšepahalla Davida haholo ke Itai oa Mogathe. Itai le masole a hae a 600 ba ile ba thusa Morena Davida ha mora oa hae Absalome a ne a leka ho etsa hore banna ba Iseraele ba mo thuse ho inkela borena ka mahahapa. Qalong, Davida o ile a re Itai a se ke a ea le eena ntoeng hobane e ne e le molichaba. Empa Itai o ile a re: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang le ka moren’a ka ea phelang hore ’na mohlanka oa hao ke tla ea hohle moo u eang teng moren’a ka ’me ke ikemiselitse ho shoa le uena.”—2 Sam. 15:​6, 18-21.

Itai o ne a tšepahalla Davida, morena ea tlotsitsoeng oa Jehova

Le hoja Bakerethe, Bapelethe le Bagathe e ne e le balichaba, ba ne ba nka Jehova e le Molimo oa ’nete ’me ba nka Davida e le motlotsuoa oa Jehova. E tlameha ebe Davida o ne a ananela haholo taba ea hore ebe o na le banna ba tšepahalang hakaalo ka lehlakoreng la hae.

a Molao oa Molimo o fumanehang ho Deuteronoma 23:​3-6 o ne o thibela Baamone le Bamoabe hore e be karolo ea phutheho ea Iseraele. Leha ho le joalo, ho bonahala eka molao ona o ne o thibela balichaba bana ho ba le litokelo tsohle tsa molao tseo baahi ba nang le tsona empa o ne o sa ba thibele hore ba lule le sechaba sa Molimo. Sheba buka ea Insight on the Scriptures, Volume 1, leq. 95.