Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTHO TSEO U KA LI BATLISISANG

Batho ba Batlang ho Thabisa Jehova ba Etsa Liqeto Tse Bohlale

Batho ba Batlang ho Thabisa Jehova ba Etsa Liqeto Tse Bohlale

Bala Genese 25:​29-34 e le hore u ithute hore na ebe Esau le Jakobo ba ile ba etsa liqeto tse bohlale.

Ithute haholoanyane ka lintlha tse potolohileng taba. Ho etsahetse’ng pele? (Gen. 25:​20-28) Ho etsahetse’ng ka mor’a moo?—Gen. 27:​1-46.

Etsa lipatlisiso ka lintlha tse ling tse amehang. Mehleng eo, mora oa letsibolo o ne a e-na le litokelo le boikarabelo bofe?—Gen. 18:​18, 19; w10 5/1 13.

  • Na motho o ne a lokela hore e be letsibolo e le hore e be moholo-holo oa Mesia? (w17.12 14-15)

Nahana ka lintho tseo u ithutileng tsona ’me u li sebelise. Ke hobane’ng ha Jakobo a ne a nka tokelo ea ho ba letsibolo e le bohlokoa ho feta tsela eo Esau a neng a e nka ka eona? (Baheb. 12:​16, 17; w03 10/15 28-29) Jehova o ne a ikutloa joang ka bara baa ba motho, hona hobane’ng? (Mal. 1:​2, 3) Esau a ka be a entse’ng e fapaneng e le hore a etse liqeto tse molemo?

  • Ipotse, ‘Nka bontša joang hore ke nka ho rapela Jehova e le ntho ea bohlokoa ho ’na ha ke etsa qeto ea hore na ke tla sebelisa nako ea ka joang e le hore ke tšoare borapeli ba lelapa?’