Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 21

PINA YA 107 Modimo o re Behela Mohlala wa Lerato

O ka Fumana Molekane Jwang?

O ka Fumana Molekane Jwang?

“Ke mang ya ka fumanang mosadi wa sebele? Mosadi eo o bohlokwa haholo ho feta dikorale.”DIPROV. 31:10.

NTLHAKGOLO

Hlahloba melaomotheo ya Bibele e ka thusang motho hore a fumane molekane ya mo loketseng le ka moo Bakreste ba bang ba ka thusang bara le baradi ba bo rona ba batlang ho kena lenyalong.

1, 2. (a) Ke dintlha dife tseo Bakreste ba seng lenyalong ba lokelang ho di hlahloba pele ba qala ho ratana? (b) Re bolelang ha re bua ka “ho ratana”? (Sheba “Tlhaloso.”)

 NA O ka thabela ho kena lenyalong? Le hoja lenyalo e se lona feela le tlisang thabo bophelong, Bakreste ba bangata ba seng lenyalong ho sa tsotellehe hore ba batjha kapa ba hodile ba ka thabela ho ba le molekane wa lenyalo. Le ha ho le jwalo, o lokela ho ba le kamano e matla le Jehova, o tsebe seo o se batlang mme o be le bokgoni ba ho hlokomela lelapa la hao e le hore o ka kena lenyalong. a (1 Bakor. 7:36) Haeba ho le jwalo o tla ba le lenyalo le atlehileng.

2 Le ha ho le jwalo, ha se ka mehla ho leng bonolo ho fumana molekane ya o loketseng wa lenyalo. (Diprov. 31:10) Le haeba ho ka etsahala hore o fumane motho eo o ka ratang ho mo tseba haholwanyane, ho ka nna ha se be bonolo hore o qale ho ratana le yena. b Sehloohong sena, re tlo bua ka hore na Bakreste ba seng lenyalong ba ka fumana balekane ba ba loketseng jwang le hore ba ka ba tseba ha molemo jwang haeba ba batla ho ratana le bona. Re tla boela re ithute ka hore na ke jwang Bakreste ba bang ka phuthehong ba ka tshehetsang Bakrestemmoho ba batlang ho kena lenyalong.

KENG E KA O THUSANG HORE O FUMANE MOLEKANE WA LENYALO YA O LOKETSENG?

3. Ke dintho dife tseo Mokreste ya batlang ho nyala a lokelang ho nahana ka tsona?

3 Haeba o batla ho nyala, ho ka ba molemo hore o tsebe makgabane ao o batlang hore motho eo o ka nyalanang le yena a be le ona pele o qala ho ratana le yena. c Ha o sa etse jwalo o ka nna wa hlokomoloha motho eo e ka nnang ya eba molekane wa lenyalo ya o loketseng kapa wa ratana le motho ya sa o lokelang. Ke nnete hore o lokela ho kgetha motho ya kolobeditsweng hore e be molekane wa hao. (1 Bakor. 7:39) Le ha ho le jwalo, ha se motho e mong le e mong ya kolobeditsweng eo e ka bang molekane wa lenyalo ya o loketseng. Ka hoo, ipotse: ‘Ke dintho dife tseo ke batlang ho di finyella bophelong? Ke makgabane afe ao ke nkang hore molekane wa lenyalo o lokela ho ba le ona? Na dintho tseo ke di lebeletseng ho yena di a utlwahala?’

4. Batho ba bang ba kopa Jehova eng ha ba rapela?

4 Ha ho pelaelo hore o kile wa rapella ho fumana motho eo o batlang hore e be molekane wa hao haeba o batla ho kena lenyalong. (Bafil. 4:6) Ke nnete hore Jehova ha a o tshepise ho o fa molekane wa lenyalo. Empa o a tseba hore na o hlokang le hore o ikutlwa jwang mme a ka o thusa hore o fumane molekane. Ka hoo, tswela pele o mo bolella seo o se batlang le hore na o ikutlwa jwang. (Pes. 62:8) Kopa Jehova hore a o thuse hore o be le mamello mme a o fe bohlale. (Jak. 1:5) Morabo rona John d ya eso nyale ya dulang United States, o hlalosa hore na ke dintho dife tseo a di rapellang, o re: “Ke bolella Jehova makgabane ao ke a batlang ho molekane. Ke rapella menyetla ya ho kopana le motho eo e ka bang molekane wa ka. Ke boetse ke kopa hore Jehova a nthuse hore ke be le makgabane a tla nthusa hore ke be monna ya molemo.” Moradi wa bo rona Tanya ya dulang Sri Lanka o re: “Ha ke ntse ke batla molekane ya molemo ke kopa Jehova hore a nthuse hore ke dule ke tshepahala, ke ena le boikutlo bo botle ebile ke thabile.” Le haeba o eso fumane motho ya o loketseng hore o ka nyalana le yena, Jehova o tshepisa hore o tla dula a o hlokomela maikutlong le ka dintho tseo o di hlokang.—Pes. 55:22.

5. Ke menyetla efe eo Bakreste ba seng lenyalong ba bang le yona ya hore ba kopane le batho ba ratang Jehova? (1 Bakorinthe 15:58) (Sheba setshwantsho.)

5 Bibele e re kgothaletsa hore ‘re dule re phathahane ka mosebetsi wa Morena.’ (Bala 1 Bakorinthe 15:58.) Ha o ntse o sebeletsa Jehova mme o qeta nako le bara le baradi ba bo rona ba sa tshwaneng, o ke ke wa thabela feela botswalle boo le bang le bona empa o tla boela o be le menyetla ya hore o kopane le bara le baradi ba bo rona ba eso kene lenyalong jwalo ka wena ba phathahaneng ka ho sebeletsa Jehova. Hape ha o ntse o etsa sohle seo o ka se kgonang, o tla fumana thabo ya sebele.

Haeba o qeta nako o sebeletsa Jehova mme o dula o ena le Bakrestemmoho ba sa tshwaneng, ho ka etsahala hore o kopane le ba bang ba ntseng ba batla ho nyala (Sheba serapa sa 5)


6. Keng seo Bakreste ba seng lenyalong ba lokelang ho nahana ka sona ha ba batla balekane?

6 O lokela ho ela hloko hore ho batla molekane wa lenyalo ha e a lokela ho ba ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba hao. (Bafil. 1:10) Thabo ya sebele ha e a itshetleha ka hore na o lenyalong kapa tjhe empa e itshetlehile ka kamano ya hao le Jehova. (Mat. 5:3) Empa ha o ntse o eso nyale, o ka ba le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova haholwanyane. (1 Bakor. 7:​32, 33) Sebedisa nako ena ha molemo. Moradi wa bo rona Jessica ya dulang United States, ya nyetsweng a ena le dilemo tse ka bang 40 o re: “Ke ne ke dula ke etsa mosebetsi wa boboledi, sena se ne se etsa hore ke kgotsofale le hoja ke ne ke batla ho nyalwa.”

NKA NAKO HO MO TSEBA

7. Ke hobaneng ha ho ka ba molemo hore o tsebe motho eo e ka bang molekane ya o loketseng wa lenyalo pele o ka mo bolella hore o a mo rata? (Diproverbia 13:16)

7 O ka etsang haeba o nahana hore motho e mong e ka ba molekane ya o loketseng wa lenyalo? Na o ka potlakela ho mo bontsha hore o a mo rata? Bibele e re ya bohlale o nahana ka mehato ya hae pele a etsa dintho. (Bala Diproverbia 13:16.) Ka hoo, e ka ba bohlale ho tseba motho eo o mo ratang hantle pele o etsa qeto, o nke nako pele o ka mo bolella hore o a mo rata. Morabo rona Aschwin ya dulang Netherlands o re: “Maikutlo a lerato a ka ba matla kapele ebile a ka fela ka ho panya ha leihlo. Ka hoo, haeba o ipha nako e lekaneng ya ho tseba motho, seo se tla o thusa hore o se ke wa mo fereha hobane feela o nkehile maikutlo.” Ho feta moo, ha o ntse o ithuta yena o ka nna wa hlokomela hore motho eo ha se ya o loketseng.

8. Motho ya sa nyalang a ka etsang ha a ntse a sheba motho eo a batlang hore e be molekane wa hae? (Sheba setshwantsho.)

8 O ka etsang e le hore o shebe motho e mong ka bohlale? Ha le le dibokeng kapa le le mmokeng o ka nna wa hlokomela hore na motho eo o na le kamano e ntle le Jehova, o na le botho bo jwang le hore na boitshwaro ba hae bo jwang. Metswalle ya hae ke bomang, hona o qoqa ka eng? (Luka 6:45) Na o batla ho finyella dintho tseo le wena o batlang ho di finyella bophelong? O ka buisana le baholo ba phutheho ya habo kapa Bakreste ba bang ba hodileng tsebong ba mo tsebang hantle. (Diprov. 20:18) O ka nna wa botsa ka botumo le makgabane a motho eo. (Ruthe 2:11) Ha o ntse o shebile motho eo, etsa bonnete ba hore o qoba ho etsa hore a ikutlwe a sa phutholoha. Hlompha maikutlo a hae mme o se ke wa batla ho dula o le moo a leng teng le ho batla ho tseba ntho e nngwe le e nngwe ka yena.

Nka nako o shebile motho eo o mo ratang hore na o etsa dintho jwang pele o mo bontsha hore o a mo rata (Sheba serapa sa 7 le 8)


9. Keng eo o lokelang ho kgodiseha ka yona pele o ka bolella motho e mong maikutlo a hao?

9 O lokela ho nka nako e kae o shebile motho e mong pele o ka mo bolella hore o a mo rata? Haeba o potlakela ho bolella motho maikutlo a hao, a ka nna a nahana hore ha o nahane dintho ka hloko pele o etsa diqeto. (Diprov. 29:20) Ka lehlakoreng le leng, haeba a hlokomela hore o a mo rata empa o nka nako e telele pele o mo bolella, a ka nna a nahana hore o motho ya diehang ho etsa diqeto. (Moek. 11:4) Hopola hore pele o bolella motho e mong maikutlo a hao, ha se hore o lokela ho kgodiseha hore o tla mo nyala. Empa ntho eo o ka kgodisehang ka yona ke hore wena o se o loketse ho nyala le hore motho eo e ka nna ya eba molekane wa lenyalo ya o loketseng.

10. Keng seo o lokelang ho se etsa ha o hlokomela hore ho na le motho ya o ratang empa wena o ena le maikutlo a fapaneng?

10 O ka etsang haeba o hlokomela hore ho na le motho ya o ratang? Haeba o ena le maikutlo a fapaneng, ho ka ba molemo hore o mo bontshe ka ho hlakileng ka diketso. E ka ba ho hloka mosa ho etsa hore a be le maikutlo a hore le ka ratana empa wena o ena le maikutlo a fapaneng.—1 Bakor. 10:24; Baef. 4:25.

11. Dinaheng tse ding moo batho ba bang ba kgethelang batho hore na ba ka ratana le bomang kapa ba nyalana le bomang, ke dintlha dife tseo ba lokelang ho nahana ka tsona?

11 Dinaheng tse ding ho lebeletswe hore batswadi kapa batho ba baholo e be bona ba kgethelang bana ba bona balekane ba lenyalo. Athe dinaheng tse ding, ba lelapa kapa metswalle ba batlela motho ya sa nyalang motho eo e ka bang molekane wa lenyalo mme ha morao ba etsa ditokisetso tsa hore ba ka kopana e le ho bona hore na ba ka qala ho ratana. Haeba o koptjwa hore o lokisetse hore batho bao e ka bang balekane ba lenyalo ba kopane kapa hore o kgethele motho e mong molekane wa lenyalo, nahana ka dintho tseo batho bana ba babedi ba di ratang le tseo ba di hlokang. Haeba o nahana hore motho e mong e ka ba molekane wa motswalle wa hao kapa e mong wa lelapa, etsa bonnete ba hore o mo tseba hantle, o tsebe makgabane a hae mme ka ho kgetheha o tsebe hore na o na le kamano e ntle le Jehova kapa tjhe. Ho ba le kamano e ntle le Jehova ho bohlokwa ho feta ho ba le tjhelete, ho ruteha haholo kapa ho ba le maemo setjhabeng. Le ha ho le jwalo, hopola hore morabo rona le moradi wa bo rona ba sa nyalang ba lokela ho etsa qeto ya hore ba tla nyalana kapa tjhe.—Bagal. 6:5.

HO QALA HO RATANA

12. Haeba o rata motho e mong o ka mo tsebisa jwang?

12 Haeba o batla ho ratana le motho e mong, o ka mo jwetsa jwang? e O ka etsa tokisetso ya hore le kopane sebakeng se itseng kapa le buisane ka fono. Mo bolelle ka ho hlakileng hore o a mo rata le hore o ka rata ho mo tseba haholwanyane. (1 Bakor. 14:9) Haeba ho hlokahala, o ka mo fa nako ya hore a nahane ka taba ena. (Diprov. 15:28) Haeba motho eo a se na maikutlo a hore le ka ratana, o lokela ho hlompha maikutlo a hae.

13. O ka etsang haeba motho e mong a o bolella hore o a o rata? (Bakolose 4:6)

13 O ka etsang haeba motho e mong a o bolella hore o a o rata? Hopola hore motho eo o ile a hloka hore a be sebete hore a tle ho wena. Ka hoo, eba mosa mme o mo hlomphe. (Bala Bakolose 4:6.) Haeba o hloka nako ya ho inahana ka hore na o batla ho qala ho ratana le yena, mo bolelle. Le ha ho le jwalo, leka ho mo bolella kapele ka moo ho ka kgonehang ka teng. (Diprov. 13:12) Haeba o sa batle ho ratana le yena, leka ho mo bolella seo ka tsela e mosa le e hlakileng. Hlokomela ka moo Morabo rona Hans ya dulang Austria a ileng a araba moradi wa bo rona e mong ka teng, o re: “Ke ile ka mo bolella maikutlo a ka ka tsela e bohlale le e hlakileng. Ke ile ka etsa jwalo hanghang hobane ke ne ke sa batle hore a be le maikutlo a fosahetseng. Ka lebaka leo, ke ile ka ela hloko tsela eo ke buisanang le yena ka yona ka mora moo.” Ka lehlakoreng le leng, haeba o ka thabela ho ratana le motho ya itseng, mo hlalosetse maikutlo a hao le seo o se lebeletseng haeba le tlo ratana. Seo o se lebeletseng ho motho eo o batlang ho ratana le yena se ka fapana le seo yena a se lebeletseng, mohlomong ho itshetlehile ka hore na le hodisitswe jwang kapa dintho tse ding.

RE KA TSHEHETSA BAKRESTE BA SENG LENYALONG JWANG?

14. Re lokela ho qoba ho etsang e le ho bontsha hore re tshehetsa Bakreste ba sa nyalang?

14 Kaofela ha rona re ka tshehetsa Bakreste ba batlang ho nyala jwang? Tsela e nngwe ke ka ho ba hlokolosi ka seo re se buang. (Baef. 4:29) Re ka ipotsa: ‘Na ke soma batho ba batlang ho nyala? Ha ke bona morabo rona ya sa nyalang le moradi wa bo rona ya sa nyalwang ba bua, na ke nahana hore ba a ratana?’ (1 Tim. 5:13) Le ka mohla ha re a lokela ho etsa hore Bakreste ba sa nyalang ba ikutlwe eka ha se ba bohlokwa hobane ba sa nyala. Morabo rona Hans eo re buileng ka yena dirapeng tse fetileng o re: “Bara ba bo rona ba bang ba re, ‘Ke hobaneng ha o sa nyale? Ha o sa le motjha.’ Dipuo tse jwalo di etsa hore Bakreste ba sa nyalang ba ikutlwe ba sa ananelwe mme di etsa hore ba be le kgatello ya hore ba ikutlwe ba batla ho nyala.” Re lokela ho batla menyetla ya ho babatsa Bakreste ba sa nyalang.—1 Bathes. 5:11.

15. (a) Pele o ka thusa motho hore a fumane molekane wa lenyalo, keng eo o lokelang ho e ela hloko? (Baroma 15:2) (Sheba setshwantsho.) (b) Ke dintlha dife tsa bohlokwa tseo o di fumaneng videong?

15 Keng seo re lokelang ho se etsa haeba re nahana hore morabo rona ya itseng le moradi wa bo rona ya itseng ba ka tshwanelana? Bibele e re re lokela ho nahanela maikutlo a batho ba bang. (Bala Baroma 15:2.) Bara le baradi ba bo rona ba bangata ba sa nyalang ha ba rate ha batho ba bang ba ba kopanya le batho bao e ka nnang yaba ba ka tshwanelana le bona mme re lokela ho hlompha maikutlo a bona. (2 Bathes. 3:11) Ba bang ba ka ananela ha re ba thusa empa ha re a lokela hore re etse jwalo ntle le haeba ba re kopa. f (Diprov. 3:27) Ba bang ba bara le baradi ba bo rona ba sa nyalang ba kgetha hore ba se ke ba thuswa ka tsela ena. Moradi wa bo rona Lydia ya sa nyalwang ya dulang Jeremane o re: “O ka mema mora kapa moradi wa bo rona mmokeng oo ho nang le batho ba bangata teng. O ka etsa hore ho be le monyetla wa hore mora le moradi wa bo rona ba sa nyalang ba kopane ebe o tlohela dintho tsohle matsohong a bona.”

Ho ba hara batho ba bangata ho thusa Bakreste ba sa nyalang hore ba kgone ho kopana (Sheba serapa sa 15)


16. Bakreste ba sa nyalang ba lokela ho hopola eng?

16 Kaofela ha rona ba nyetseng le ba sa nyalang re ka phela bophelo bo monate le bo kgotsofatsang. (Pes. 128:1) Ka hoo, haeba o batla ho nyala empa o eso fumane motho eo o ka ratanang le yena, tswela pele o phathahane ka ho sebeletsa Jehova. Moradi wa bo rona Sin Yi ya dulang Macao o re: “Ha o bapisa nako eo o tla e qeta o ena le molekane Paradeiseng le nako eo o e qetang o se na molekane hona jwale, o tla hlokomela hore nako eo e kgutshwanyane haholo. Nka nako eo e le ya bohlokwa mme o e sebedise ha molemo.” Empa o lokela ho etsang haeba o fumane motho eo e ka bang molekane wa hao mme le se le qadile ho ratana? Sehloohong se latelang re tlo bua ka moo batho ba ratanang ba ka etsang qeto e nepahetseng ka teng.

PINA YA 137 Basadi ba Tshepahalang, Baradibabo Rona ba Bakreste

a E le ho o thusa ho bona hore na o se o loketse ho nyala, sheba sehlooho se reng Dating—Part 1: Am I Ready to Date? ho jw.org.

b TLHALOSO: Sehloohong sena le se latelang, ha ho buuwa ka “ho ratana” ho buuwa ka nako eo morwetsana le mohlankana ba e qetang ba tsebana ho bona hore na ba a tshwanelana e le hore ba ka nyalana. Dinaheng tse ding, pele batho ba ratana ho thwe ba a intsha kapa ba a tsebana. Ho ratana ho qala ha morwetsana le mohlankana ba hlakisa hore ba a ratana mme ba etsa qeto ya hore ba tla nyalana kapa ba tla arohana.

c Dirapeng tse latelang, re tlo lebisa ditaba ho bara ba bo rona ba batlang ho nyala empa dintlha tsena di ama le baradi ba bo rona ba batlang ho nyalwa.

d Mabitso a mang a fetotswe.

e Ditsong tse ding ho tlwaelehile hore morabo rona e be yena ya jwetsang moradi wa bo rona hore o a mo rata. Le ha ho le jwalo, ho ntse ho se na phoso haeba moradi wa bo rona a jwetsa morabo rona hore o a mo rata. (Ruthe 3:​1-13) E le hore o fumane dintlha tse ding, sheba sehlooho se reng “Bacha Baa Botsa . . . Nka mo Bolella Joang Hore na ke Ikutloa Joang?” ho Tsoha! ya November 8, 2004.

f Sheba video e nang le sehlooho se reng Batho ba Atlehang ho Lwanela Tumelo—Bakreste ba Masoha ho jw.org/st-za.