Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 19

PINA EA 22 ’Muso o ke o Tle

Re Tseba’ng ka Kahlolo ea Jehova ea Nakong e Tlang?

Re Tseba’ng ka Kahlolo ea Jehova ea Nakong e Tlang?

“Jehova . . . ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe.”2 PET. 3:9.

NTLHA-KHOLO

Re ka kholiseha hore ha Jehova a ahlola batho nakong e tlang o tla ba ahlola ka tsela e nepahetseng le ka toka.

1. Hobane’ng ha re ka re re phela nakong e thabisang?

 RE PHELA nakong e thabisang. Letsatsi le leng le le leng re bona ha boprofeta ba Bibele bo phethahala. Ka mohlala, re bona “morena oa leboea” le “morena oa boroa” ba sututsana, e mong le e mong a batla ho laola lefatše. (Dan. 11:​40, nal.) Re bona ha litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo li boleloa lefatšeng lohle ’me batho ba limilione ba khetha ho sebeletsa Jehova. (Esa. 60:22; Mat. 24:14) Hape re fumana matletse-tletse a lijo tse matlafatsang tumelo ea rona “ka nako e tšoanetseng.”—Mat. 24:​45-47.

2. Re lokela ho kholiseha ka eng, empa ke eng eo re lokelang ho e lumela?

2 Jehova o re thusa ho utloisisa haholoanyane liketsahalo tsa bohlokoa tse tla etsahala haufinyane. (Liprov. 4:18; Dan. 2:28) Re ka kholiseha hore nakong eo mahlomola a maholo a qalang, re tla be re tseba lintho tsohle tseo re lokelang ho li tseba e le hore re mamelle ka botšepehi le hore re lule re momahane nakong eo e thata. Leha ho le joalo, re lokela ho lumela hore ho na le lintho tseo re sa li tsebeng tse tla etsahala nakong e tlang. Hape re tla hlahloba tse ling tsa lintho tseo re li tsebang ka lintho tse tla etsahala ka moso le tsela eo ka eona Ntate oa rona oa leholimo a tla etsa lintho ka eona.

HA RE TSEBE ENG?

3. Lingoloa tsa rona li ile tsa re ke neng ha batho ba ne ba ke ke ba hlola ba e-ba le monyetla oa ho beha tumelo ho Jehova, hona ke hobane’ng ha re ne re nahana joalo?

3 Nakong e fetileng, lingoloeng tsa rona re ile ra re hang ha mahlomola a maholo a se a qalile, ha ho batho ba tla ba le monyetla oa hore ba behe tumelo ea bona ho Jehova le ho pholoha Armagedone. Re ile ra cho joalo hobane re ne re nahana hore motho e mong le e mong le ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng nakong ea Moroallo e emela ntho e itseng e tla etsahala nakong e tlang. Ka mohlala, re ne re nahana hore feela joalokaha ho ne ho se motho ea ka kenang ka arekeng ka mor’a hore Jehova a ‘koale monyako,’ ha ho motho ea neng a tla khona ho beha tumelo ho Jehova le ho pholoha hang ha mahlomola a maholo a se a qalile.—Mat. 24:​37-39.

4. Ke hobane’ng ha re se re sa re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng mehleng ea Noe e phethahala ka tsela e kholoanyane mehleng ee? Hlalosa.

4 Na ho nepahetse hore re re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng nakong ea Moroallo e emela lintho tse tla etsahala nakong e tlang? Karabo ke che. Hobane’ng? Ke hobane Bibele ha e re ho joalo. a Ke ’nete hore Jesu o ile a bapisa ‘mehla ea Noe’ le ho ba teng ha hae. Empa o ne a sa re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng mehleng ea Noe joaloka ho koaloa ha monyako oa areka, e ne e bontša lintho tse neng li tla etsahala ka tsela e kholoanyane nakong e tlang. Leha ho le joalo, ha se hore ha ho letho leo re ka ithutang lona tlalehong ea Noe le Moroallo.

5. (a) Noe o ile a etsa’ng pele ho Moroallo ho bontša hore o na le tumelo? (Baheberu 11:7; 1 Petrose 3:20) (b) Mosebetsi oa ho bolela o neng o etsoa ke Noe le o etsoang ke rona kajeno o tšoana joang?

5 Ha Jehova a bolella Noe hore o tl’o timetsa lefatše, Noe o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore a hahe areka. (Bala Baheberu 11:7; 1 Petrose 3:20.) Ka tsela e tšoanang, ha batho ba utloa litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo ba lokela ho bontša tumelo ka ho etsa seo ba ithutileng sona. (Lik. 3:​17-20) Petrose o ile a re Noe o ne a “phatlalatsa litaba tse lokileng.” (2 Pet. 2:5) Leha ho le joalo, joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se fetileng, ha re tsebe hore na Noe o ile a leka ho bua le motho e mong le e mong lefatšeng pele ho Moroallo. Mehleng ena rona re leka ho bolella batho bohle ba phelang lefatšeng litaba tse monate ’me re etsa seo ka cheseho. Empa ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae, re ke ke ra khona ho bolella motho e mong le e mong pele bofelo bo fihla. Ke hobane’ng ha re cho joalo?

6, 7. Ke hobane’ng ha re re re ke ke ra khona ho bolella motho e mong le e mong ea teng lefatšeng litaba tse monate pele bofelo bo fihla? Hlalosa.

6 Nahana ka seo Jesu a ileng a se bua ka hore na mosebetsi oa ho bolela o tla etsoa ho isa boholeng bofe. O ile a bolela esale pele hore litaba tse monate li ne li tla boleloa “lefatšeng lohle hore batho ba lichaba tsohle ba li utloe.” (Mat. 24:14) Boprofeta bona bo phethahala hona joale ho feta leha e le neng pele. Molaetsa ona oa ’Muso o fumaneha ka lipuo tse fetang 1 000. Hape bongata ba batho ba phelang lefatšeng kajeno bo ka ithuta litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo websaeteng ea rona ea jw.org.

7 Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba ke ke ba “qeta mosebetsi oa ho bolela metseng le metsaneng” kapa ho bua le motho e mong le e mong pele a tla. (Mat. 10:23; 25:​31-33) Kahoo, re ke ke ra khona ho bolella motho e mong le e mong molaetsa oa ’Muso pele Jesu a tla ho tla ahlola batho. Batho ba limilione mehleng ena ba phela linaheng tseo mosebetsi oa ho bolela o thibetsoeng. Ho ekelletsa moo, motsotso o mong le o mong ho tsoaloa bana ba makholo. Re leka kahohle ho bolella batho “ba merabe eohle, lichaba tsohle . . . le lipuo tsohle” litaba tse monate. (Tše. 14:6) Ho ntse ho le joalo, ’nete ke hore re ke ke ra khona ho bolella motho e mong le e mong litaba tse monate pele bofelo bo fihla.

8. Ke potso efe eo re ka ’nang ra e botsa mabapi le likahlolo tsa Jehova tsa nakong e tlang? (Sheba litšoantšo.)

8 Ka lebaka leo, re ka ’na ra ipotsa: Ho tla etsahala’ng ka batho ba tla be ba sa fumana monyetla oa ho utloa litaba tse monate pele mahlomola a maholo a qala? Jehova le Mora oa hae eo a mo khethileng hore a ahlole batho, ba tla ahlola batho joang? (Joh. 5:​19, 22, 27; Lik. 17:31) Temana ea sehlooho ea sehlooho sena e re Jehova “ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe.” Ho e-na le hoo, o batla hore “bohle ba bake.” (2 Pet. 3:9; 1 Tim. 2:4) Le hoja re tseba lintho tsena ka Jehova, ha a e-s’o re bolelle hore na o tla ahlola batho ba e-s’o ka ba utloa litaba tse monate joang. Hape ha ho na ntho e mo tlamang ho re bolella ntho leha e le efe eo a e entseng kapa eo a tla e etsa.

Jehova o tla ahlola batho ba tla be ba sa fumana monyetla oa ho utloa litaba tse monate pele mahlomola a maholo a qala joang? (Sheba serapa sa 8) c


9. Ke eng eo Jehova a re boleletseng eona ka Bibeleng?

9 Jehova o re boleletse tse ling tsa lintho tseo a tla li etsa ka Lentsoeng la hae. Ka mohlala, Bibele e re bolella hore o tla tsosa “ba sa lokang” ba e-s’o ka ba e-ba le monyetla oa ho ithuta litaba tse monate le ho fetola boitšoaro ba bona. (Lik. 24:15; Luka 23:​42, 43) Sena se etsa hore re ipotse lipotso tse ling tsa bohlokoa.

10. Ke lipotso life tse ling tseo re ka ’nang ra li botsa?

10 Na batho bohle ba tla shoa nakong ea mahlomola a maholo ba tla timetsoa ka ho sa feleng ho se na tšepo ea hore ba tla tsoha? Mangolo a hlakile hore batho ba hanyetsang Jehova, bao a tla ba timetsa a e-na le mabotho a hae ka Armagedone, ba ke ke ba tsoha. (2 Bathes. 1:​6-10) Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba bang nakong ea mahlomola a maholo bao ka mohlala ba tla shoa hobane ba kula, ba se ba tsofetse, ba hlahetsoe ke likotsi kapa ba bolaoa ke batho ba bang? (Moek. 9:11; Zak. 14:13) Na batho baa ba tla ba har’a “ba sa lokang” ba tla tsosoa lefatšeng le lecha? Kannete ha re tsebe.

RE TSEBA ENG?

11. Nakong ea Armagedone, batho ba tla ahloloa ho ipapisitsoe le eng?

11 Re tseba lintho tse ’maloa ka liketsahalo tsa nakong e tlang. Ka mohlala, rea tseba hore nakong ea Armagedone batho ba tla ahloloa ho latela tsela eo ba ileng ba tšoara bara ba bo Kreste ka eona. (Mat. 25:40) Ba tla ahloloa e le linku ba tla be ba ile ba tšehetsa batlotsuoa le Kreste. Re boetse rea tseba hore ba bang ba bara ba bo Kreste ba tla be ba ntse ba le lefatšeng ka mor’a hore mahlomola a maholo a qale ’me ba ke ke ba ea leholimong ho fihlela ho setse nakoana pele Armagedone e qala. Hafeela bara ba bo Kreste ba ntse ba le lefatšeng, ho ka etsahala hore batho ba lipelo li ntle ba be le monyetla oa ho ba tšehetsa le ho tšehetsa mosebetsi oo ba o etsang. (Mat. 25:​31, 32; Tše. 12:17) Ke hobane’ng ha lintlha tsee li le bohlokoa?

12, 13. Batho ba bang ba ka ’na ba etsa’ng ha ba bona “Babilona e Moholo” e timetsoa? (Sheba litšoantšo.)

12 Ka mor’a hore mahlomola a maholo a qale, ho ka etsahala hore batho ba bang ba boneng ha “Babilona e Moholo” e timetsoa, ba hopole hore ke khale Lipaki Tsa Jehova li re sena se tla etsahala. Na batho bao ba tla bontša tumelo ho Jehova?—Tše. 17:5; Ezek. 33:33.

13 Haeba seo se ka etsahala, se tla be se tšoana le se ileng sa etsahala Egepeta mehleng ea Moshe. Hopola hore “sehlopha se seholo se tsoakaneng” se ile sa tsamaea le Baiseraele ha ba tloha Egepeta. E ka ’na eaba ba bang ba batho bao ba ile ba qala ho ba le tumelo ho Jehova ha ba bona Likotlo Tse Leshome tseo Moshe a neng a lemositse ka tsona li etsahala. (Ex. 12:38) Haeba ntho e tšoanang e ka etsahala ka mor’a hore Babilona e Moholo e timetsoe, na re tla utloa e se toka hore ebe batho ba ikopanya le rona ho sebeletsa Jehova ho setse nakoana pele bofelo bo fihla? Ha ho joalo. Re batla ho tšoana le Ntate oa rona ea leholimong, “Molimo ea mohau le ea nang le kutloelo-bohloko, ea liehang ho halefa le ea nang le lerato le ’nete.” bEx. 34:6.

Batho ba bang ba boneng ha “Babilona e Moholo” e timetsoa ba tla hopola hore ke khale Lipaki Tsa Jehova li re sena se tla etsahala (Sheba serapa sa 12 le 13) d


14, 15. Na ho phela ha motho ka ho sa feleng ho itšetlehile ka hore na o shoa neng kapa hore na o phela hokae? Hlalosa. (Pesaleme ea 33:​4, 5)

14 Ka linako tse ling motho a ka ’na a re ka mong ka eena eo eseng Paki ea Jehova, “bonyane o hlokahetse pele mahlomola a maholo a qala hobane ho na le tšepo ea hore o tla tsoha.” Ha ho pelaelo hore batho ba buang joalo ba bua ka sepheo se setle. Empa hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa che ha hoa itšetleha ka hore na o tla shoa neng. Jehova ke Moahloli ea phethahetseng ’me liqeto tsa hae li lokile ebile li nepahetse. (Bala Pesaleme ea 33:​4, 5.) Re ka kholiseha hore “Moahloli oa lefatše lohle” o tla etsa se nepahetseng.—Gen. 18:25.

15 Hape ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore taba ea hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa che ha ea itšetleha ka hore na o phela hokae. Le ka mohla Jehova a ke ke a ahlola batho ba limilione ka hore ke “lipoli” hobane feela ba phela linaheng tseo ho tsona ba e-s’o ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka molaetsa oa ’Muso. (Mat. 25:46) Moahloli oa lefatše lohle o tsotella batho bana ho feta kamoo rona re ka ba tsotellang kateng. Ha re tsebe hore na Jehova o tla feto-fetola lintho joang nakong ea mahlomola a maholo. Mohlomong ba bang ba batho bana ba tla ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova, ho beha tumelo ho eena le ho ema ka lehlakoreng la hae ha a ikhalaletsa ho lichaba tsohle.—Ezek. 38:16.

Ka mor’a hore mahlomola a maholo a qale, . . . na batho [ba boneng ha “Babilona e Moholo” e timetsoa] ba tla bontša tumelo ho Jehova?

16. Ke eng eo re seng re e tseba ka Jehova? (Sheba setšoantšo.)

16 Ha re ntse re ithuta Bibele, re hlokometse hore na Jehova o nka bophelo ba batho e le ba bohlokoa hakae ho eena. O fane ka bophelo ba Mora oa hae e le hore kaofela ha rona re be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 3:16) Kaofela ha rona re kile ra latsoa lerato leo Jehova a re ratang ka lona. (Esa. 49:15) O tseba e mong le e mong oa rona ka lebitso. O re tseba hantle hoo leha re ka shoa a ka khonang ho re tsosa hobane o hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka rona le lintho tsohle tseo re neng re li tseba. (Mat. 10:​29-31) Ho hlakile hore re na le lebaka le utloahalang la ho kholiseha hore Ntate oa rona ea leholimong ea re ratang o tla ahlola motho e mong le e mong ka tsela e phethahetseng hobane o bohlale, o lokile ebile o mohau.—Jak. 2:13.

Re ka kholiseha hore Jehova o tla ahlola motho e mong le e mong ka tsela e phethahetseng hobane o bohlale, o lokile ebile o mohau (Sheba serapa sa 16)


17. Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?

17 Ha e le mona re se re e-na le kutloisiso ena e ntlafalitsoeng, rea hlokomela hore mosebetsi oa rona oa boboleli o potlakile ho feta leha e le neng pele. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Hona ke eng e etsang hore re tsoele pele ho bolela litaba tse monate re sa khaotse? Re tla tšohla likarabo tsa lipotso tsena sehloohong se latelang.

PINA EA 76 U Utloa ho le Joang?

a Sheba sehlooho se reng, Ena ke “Tsela e Amohelehang ho Uena” ho Molula-Qhooa oa March 15, 2015 maq. 3-8 e le hore u fumane tlhaloso ea hore na ke hobane’ng ha ho ile ha etsoa phetoho ena.

b Ka mor’a hore Babilona e Moholo e timetsoe, bahlanka ba Jehova kaofela ba tla lekoa ha Gogo oa Magogo a hlasela. Mang kapa mang ea ikopanyang le batho ba Molimo ka mor’a hore Babilona e Moholo e timetsoe le eena o tla lekoa.

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Maemo a mararo a bontšang hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ho ke ke ha khoneha hore ba pakeloe ha ho ntse ho etsoa mosebetsi oa boboleli lefatšeng lohle: (1) ’Mè ea lulang moo bolumeli bo atileng bo etsang hore ho be kotsi hore ho pakeloe batho, (2) banyalani ba lulang moo boemo ba lipolotiki bo etsang hore ebe tlolo ea molao ho pakela batho hape ho be kotsi le (3) ntate ea lulang sebakeng se hole ebile ho le thata ho fihla ho sona.

d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: ’Mè e mong e mocha ea khaolitseng ho sebeletsa Jehova, o hopola seo a ithutileng sona ka ho timetsoa ha “Babilona e Moholo.” O etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova hape le ho khutlela ho batsoali ba hae bao e leng Lipaki. Haeba lintho tsena li etsahala, re batla ho tšoana le Ntate oa rona ea leholimong ea mohau le ea nang le kutloelo-bohloko ’me re thabe ha mofosi a khutlile.