Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 19

PINA YA 22 Mmuso o Hlonngwe —Ha o ke o Tle!

Re Tsebang ka Kahlolo ya Jehova ya Nakong e Tlang?

Re Tsebang ka Kahlolo ya Jehova ya Nakong e Tlang?

“Jehova . . . ha a lakatse hore mang kapa mang a timetswe.”2 PET. 3:9.

NTLHAKGOLO

Re ka kgodiseha hore ha Jehova a ahlola batho nakong e tlang o tla ba ahlola ka tsela e nepahetseng le ka toka.

1. Hobaneng ha re ka re re phela nakong e thabisang?

 RE PHELA nakong e thabisang. Letsatsi le leng le le leng re bona ha boprofeta ba Bibele bo phethahala. Ka mohlala, re bona “morena wa leboya” le “morena wa borwa” ba sututsana, e mong le e mong a batla ho laola lefatshe. (Dan. 11:​40, nal.) Re bona ha ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo di bolelwa lefatsheng lohle mme batho ba dimilione ba kgetha ho sebeletsa Jehova. (Esa. 60:22; Mat. 24:14) Hape re fumana matletsetletse a dijo tse matlafatsang tumelo ya rona “ka nako e tshwanetseng.”—Mat. 24:​45-47.

2. Re lokela ho kgodiseha ka eng, empa ke eng eo re lokelang ho e dumela?

2 Jehova o re thusa ho utlwisisa haholwanyane diketsahalo tsa bohlokwa tse tla etsahala haufinyane. (Diprov. 4:18; Dan. 2:28) Re ka kgodiseha hore nakong eo mahlomola a maholo a qalang, re tla be re tseba dintho tsohle tseo re lokelang ho di tseba e le hore re mamelle ka botshepehi le hore re dule re momahane nakong eo e thata. Le ha ho le jwalo, re lokela ho dumela hore ho na le dintho tseo re sa di tsebeng tse tla etsahala nakong e tlang. Hape re tla hlahloba tse ding tsa dintho tseo re di tsebang ka dintho tse tla etsahala ka moso le tsela eo ka yona Ntate wa rona wa lehodimo a tla etsa dintho ka yona.

HA RE TSEBE ENG?

3. Dingolwa tsa rona di ile tsa re ke neng ha batho ba ne ba ke ke ba hlola ba eba le monyetla wa ho beha tumelo ho Jehova, hona ke hobaneng ha re ne re nahana jwalo?

3 Nakong e fetileng, dingolweng tsa rona re ile ra re hang ha mahlomola a maholo a se a qadile, ha ho batho ba tla ba le monyetla wa hore ba behe tumelo ya bona ho Jehova le ho pholoha Armagedone. Re ile ra tjho jwalo hobane re ne re nahana hore motho e mong le e mong le ketsahalo e nngwe le e nngwe e etsahetseng nakong ya Morwallo e emela ntho e itseng e tla etsahala nakong e tlang. Ka mohlala, re ne re nahana hore feela jwalo ka ha ho ne ho se motho ya ka kenang ka arekeng ka mora hore Jehova a ‘kwale monyako,’ ha ho motho ya neng a tla kgona ho beha tumelo ho Jehova le ho pholoha hang ha mahlomola a maholo a se a qadile.—Mat. 24:​37-39.

4. Ke hobaneng ha re se re sa re ntho e nngwe le e nngwe e etsahetseng mehleng ya Noe e phethahala ka tsela e kgolwanyane mehleng ee? Hlalosa.

4 Na ho nepahetse hore re re ntho e nngwe le e nngwe e etsahetseng nakong ya Morwallo e emela dintho tse tla etsahala nakong e tlang? Karabo ke tjhe. Hobaneng? Ke hobane Bibele ha e re ho jwalo. a Ke nnete hore Jesu o ile a bapisa ‘mehla ya Noe’ le ho ba teng ha hae. Empa o ne a sa re ntho e nngwe le e nngwe e etsahetseng mehleng ya Noe jwalo ka ho kwalwa ha monyako wa areka, e ne e bontsha dintho tse neng di tla etsahala ka tsela e kgolwanyane nakong e tlang. Le ha ho le jwalo, ha se hore ha ho letho leo re ka ithutang lona tlalehong ya Noe le Morwallo.

5. (a) Noe o ile a etsang pele ho Morwallo ho bontsha hore o na le tumelo? (Baheberu 11:7; 1 Petrose 3:20) (b) Mosebetsi wa ho bolela o neng o etswa ke Noe le o etswang ke rona kajeno o tshwana jwang?

5 Ha Jehova a bolella Noe hore o tlo timetsa lefatshe, Noe o ile a bontsha hore o na le tumelo ka hore a hahe areka. (Bala Baheberu 11:7; 1 Petrose 3:20.) Ka tsela e tshwanang, ha batho ba utlwa ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo ba lokela ho bontsha tumelo ka ho etsa seo ba ithutileng sona. (Dik. 3:​17-20) Petrose o ile a re Noe o ne a “phatlalatsa ditaba tse lokileng.” (2 Pet. 2:5) Le ha ho le jwalo, jwalo ka ha ho hlalositswe sehloohong se fetileng, ha re tsebe hore na Noe o ile a leka ho bua le motho e mong le e mong lefatsheng pele ho Morwallo. Mehleng ena rona re leka ho bolella batho bohle ba phelang lefatsheng ditaba tse monate mme re etsa seo ka tjheseho. Empa ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae, re ke ke ra kgona ho bolella motho e mong le e mong pele bofelo bo fihla. Ke hobaneng ha re tjho jwalo?

6, 7. Ke hobaneng ha re re re ke ke ra kgona ho bolella motho e mong le e mong ya teng lefatsheng ditaba tse monate pele bofelo bo fihla? Hlalosa.

6 Nahana ka seo Jesu a ileng a se bua ka hore na mosebetsi wa ho bolela o tla etswa ho isa boholeng bofe. O ile a bolela esale pele hore ditaba tse monate di ne di tla bolelwa “lefatsheng lohle hore batho ba ditjhaba tsohle ba di utlwe.” (Mat. 24:14) Boprofeta bona bo phethahala hona jwale ho feta le ha e le neng pele. Molaetsa ona wa Mmuso o fumaneha ka dipuo tse fetang 1 000. Hape bongata ba batho ba phelang lefatsheng kajeno bo ka ithuta ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo websaeteng ya rona ya jw.org.

7 Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae hore ba ke ke ba “qeta mosebetsi wa ho bolela metseng le metsaneng” kapa ho bua le motho e mong le e mong pele a tla. (Mat. 10:23; 25:​31-33) Ka hoo, re ke ke ra kgona ho bolella motho e mong le e mong molaetsa wa Mmuso pele Jesu a tla ho tla ahlola batho. Batho ba dimilione mehleng ena ba phela dinaheng tseo mosebetsi wa ho bolela o thibetsweng. Ho ekelletsa moo, motsotso o mong le o mong ho tswalwa bana ba makgolo. Re leka kahohle ho bolella batho “ba merabe yohle, ditjhaba tsohle . . . le dipuo tsohle” ditaba tse monate. (Tshe. 14:6) Ho ntse ho le jwalo, nnete ke hore re ke ke ra kgona ho bolella motho e mong le e mong ditaba tse monate pele bofelo bo fihla.

8. Ke potso efe eo re ka nnang ra e botsa mabapi le dikahlolo tsa Jehova tsa nakong e tlang? (Sheba ditshwantsho.)

8 Ka lebaka leo, re ka nna ra ipotsa: Ho tla etsahalang ka batho ba tla be ba sa fumana monyetla wa ho utlwa ditaba tse monate pele mahlomola a maholo a qala? Jehova le Mora wa hae eo a mo kgethileng hore a ahlole batho, ba tla ahlola batho jwang? (Joh. 5:​19, 22, 27; Dik. 17:31) Temana ya sehlooho ya sehlooho sena e re Jehova “ha a lakatse hore mang kapa mang a timetswe.” Ho ena le hoo, o batla hore “bohle ba bake.” (2 Pet. 3:9; 1 Tim. 2:4) Le hoja re tseba dintho tsena ka Jehova, ha a eso re bolelle hore na o tla ahlola batho ba eso ka ba utlwa ditaba tse monate jwang. Hape ha ho na ntho e mo tlamang ho re bolella ntho le ha e le efe eo a e entseng kapa eo a tla e etsa.

Jehova o tla ahlola batho ba tla be ba sa fumana monyetla wa ho utlwa ditaba tse monate pele mahlomola a maholo a qala jwang? (Sheba serapa sa 8) c


9. Ke eng eo Jehova a re boleletseng yona ka Bibeleng?

9 Jehova o re boleletse tse ding tsa dintho tseo a tla di etsa ka Lentsweng la hae. Ka mohlala, Bibele e re bolella hore o tla tsosa “ba sa lokang” ba eso ka ba eba le monyetla wa ho ithuta ditaba tse monate le ho fetola boitshwaro ba bona. (Dik. 24:15; Luka 23:​42, 43) Sena se etsa hore re ipotse dipotso tse ding tsa bohlokwa.

10. Ke dipotso dife tse ding tseo re ka nnang ra di botsa?

10 Na batho bohle ba tla shwa nakong ya mahlomola a maholo ba tla timetswa ka ho sa feleng ho se na tshepo ya hore ba tla tsoha? Mangolo a hlakile hore batho ba hanyetsang Jehova, bao a tla ba timetsa a ena le mabotho a hae ka Armagedone, ba ke ke ba tsoha. (2 Bathes. 1:​6-10) Empa ho tla etsahalang ka batho ba bang nakong ya mahlomola a maholo bao ka mohlala ba tla shwa hobane ba kula, ba se ba tsofetse, ba hlahetswe ke dikotsi kapa ba bolawa ke batho ba bang? (Moek. 9:11; Zak. 14:13) Na batho baa ba tla ba hara “ba sa lokang” ba tla tsoswa lefatsheng le letjha? Ka nnete ha re tsebe.

RE TSEBA ENG?

11. Nakong ya Armagedone, batho ba tla ahlolwa ho ipapisitswe le eng?

11 Re tseba dintho tse mmalwa ka diketsahalo tsa nakong e tlang. Ka mohlala, re a tseba hore nakong ya Armagedone batho ba tla ahlolwa ho latela tsela eo ba ileng ba tshwara bara ba bo Kreste ka yona. (Mat. 25:40) Ba tla ahlolwa e le dinku ba tla be ba ile ba tshehetsa batlotsuwa le Kreste. Re boetse re a tseba hore ba bang ba bara ba bo Kreste ba tla be ba ntse ba le lefatsheng ka mora hore mahlomola a maholo a qale mme ba ke ke ba ya lehodimong ho fihlela ho setse nakwana pele Armagedone e qala. Ha feela bara ba bo Kreste ba ntse ba le lefatsheng, ho ka etsahala hore batho ba dipelo di ntle ba be le monyetla wa ho ba tshehetsa le ho tshehetsa mosebetsi oo ba o etsang. (Mat. 25:​31, 32; Tshe. 12:17) Ke hobaneng ha dintlha tsee di le bohlokwa?

12, 13. Batho ba bang ba ka nna ba etsang ha ba bona “Babilona e Moholo” e timetswa? (Sheba ditshwantsho.)

12 Ka mora hore mahlomola a maholo a qale, ho ka etsahala hore batho ba bang ba boneng ha “Babilona e Moholo” e timetswa, ba hopole hore ke kgale Dipaki Tsa Jehova di re sena se tla etsahala. Na batho bao ba tla bontsha tumelo ho Jehova?—Tshe. 17:5; Ezek. 33:33.

13 Haeba seo se ka etsahala, se tla be se tshwana le se ileng sa etsahala Egepeta mehleng ya Moshe. Hopola hore “sehlopha se seholo se tswakaneng” se ile sa tsamaya le Baiseraele ha ba tloha Egepeta. E ka nna yaba ba bang ba batho bao ba ile ba qala ho ba le tumelo ho Jehova ha ba bona Dikotlo Tse Leshome tseo Moshe a neng a lemositse ka tsona di etsahala. (Ex. 12:38) Haeba ntho e tshwanang e ka etsahala ka mora hore Babilona e Moholo e timetswe, na re tla utlwa e se toka hore ebe batho ba ikopanya le rona ho sebeletsa Jehova ho setse nakwana pele bofelo bo fihla? Ha ho jwalo. Re batla ho tshwana le Ntate wa rona ya lehodimong, “Modimo ya mohau le ya nang le kutlwelo bohloko, ya diehang ho halefa le ya nang le lerato le nnete.” bEx. 34:6.

Batho ba bang ba boneng ha “Babilona e Moholo” e timetswa ba tla hopola hore ke kgale Dipaki Tsa Jehova di re sena se tla etsahala (Sheba serapa sa 12 le 13) d


14, 15. Na ho phela ha motho ka ho sa feleng ho itshetlehile ka hore na o shwa neng kapa hore na o phela hokae? Hlalosa. (Pesaleme ya 33:​4, 5)

14 Ka dinako tse ding motho a ka nna a re ka mong ka yena eo eseng Paki ya Jehova, “bonyane o hlokahetse pele mahlomola a maholo a qala hobane ho na le tshepo ya hore o tla tsoha.” Ha ho pelaelo hore batho ba buang jwalo ba bua ka sepheo se setle. Empa hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa tjhe ha ho a itshetleha ka hore na o tla shwa neng. Jehova ke Moahlodi ya phethahetseng mme diqeto tsa hae di lokile ebile di nepahetse. (Bala Pesaleme ya 33:​4, 5.) Re ka kgodiseha hore “Moahlodi wa lefatshe lohle” o tla etsa se nepahetseng.—Gen. 18:25.

15 Hape ke ho utlwahalang ho etsa qeto ya hore taba ya hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa tjhe ha ya itshetleha ka hore na o phela hokae. Le ka mohla Jehova a ke ke a ahlola batho ba dimilione ka hore ke “dipodi” hobane feela ba phela dinaheng tseo ho tsona ba eso ka ba fumana monyetla wa ho ithuta ka molaetsa wa Mmuso. (Mat. 25:46) Moahlodi wa lefatshe lohle o tsotella batho bana ho feta ka moo rona re ka ba tsotellang ka teng. Ha re tsebe hore na Jehova o tla fetofetola dintho jwang nakong ya mahlomola a maholo. Mohlomong ba bang ba batho bana ba tla ba le monyetla wa ho ithuta ka Jehova, ho beha tumelo ho yena le ho ema ka lehlakoreng la hae ha a ikgalaletsa ho ditjhaba tsohle.—Ezek. 38:16.

Ka mora hore mahlomola a maholo a qale, . . . na batho [ba boneng ha “Babilona e Moholo” e timetswa] ba tla bontsha tumelo ho Jehova?

16. Ke eng eo re seng re e tseba ka Jehova? (Sheba setshwantsho.)

16 Ha re ntse re ithuta Bibele, re hlokometse hore na Jehova o nka bophelo ba batho e le ba bohlokwa hakae ho yena. O fane ka bophelo ba Mora wa hae e le hore kaofela ha rona re be le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 3:16) Kaofela ha rona re kile ra latswa lerato leo Jehova a re ratang ka lona. (Esa. 49:15) O tseba e mong le e mong wa rona ka lebitso. O re tseba hantle hoo le ha re ka shwa a ka kgonang ho re tsosa hobane o hopola ntho e nngwe le e nngwe ka rona le dintho tsohle tseo re neng re di tseba. (Mat. 10:​29-31) Ho hlakile hore re na le lebaka le utlwahalang la ho kgodiseha hore Ntate wa rona ya lehodimong ya re ratang o tla ahlola motho e mong le e mong ka tsela e phethahetseng hobane o bohlale, o lokile ebile o mohau.—Jak. 2:13.

Re ka kgodiseha hore Jehova o tla ahlola motho e mong le e mong ka tsela e phethahetseng hobane o bohlale, o lokile ebile o mohau (Sheba serapa sa 16)


17. Re tla tshohla eng sehloohong se latelang?

17 Ha e le mona re se re ena le kutlwisiso ena e ntlafaditsweng, re a hlokomela hore mosebetsi wa rona wa boboledi o potlakile ho feta le ha e le neng pele. Ke hobaneng ha re ka tjho jwalo? Hona ke eng e etsang hore re tswele pele ho bolela ditaba tse monate re sa kgaotse? Re tla tshohla dikarabo tsa dipotso tsena sehloohong se latelang.

PINA YA 76 Na ha ho Thabise?

a Sheba sehlooho se reng, Ena ke “Tsela e Amohelehang ho Wena” ho Molula-Qhooa wa March 15, 2015 maq. 3-8 e le hore o fumane tlhaloso ya hore na ke hobaneng ha ho ile ha etswa phetoho ena.

b Ka mora hore Babilona e Moholo e timetswe, bahlanka ba Jehova kaofela ba tla lekwa ha Gogo wa Magogo a hlasela. Mang kapa mang ya ikopanyang le batho ba Modimo ka mora hore Babilona e Moholo e timetswe le yena o tla lekwa.

c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Maemo a mararo a bontshang hore na ke hobaneng ha batho ba bang ho ke ke ha kgoneha hore ba pakelwe ha ho ntse ho etswa mosebetsi wa boboledi lefatsheng lohle: (1) Mme ya dulang moo bodumedi bo atileng bo etsang hore ho be kotsi hore ho pakelwe batho, (2) banyalani ba dulang moo boemo ba dipolotiki bo etsang hore ebe tlolo ya molao ho pakela batho hape ho be kotsi le (3) ntate ya dulang sebakeng se hole ebile ho le thata ho fihla ho sona.

d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Mme e mong e motjha ya kgaoditseng ho sebeletsa Jehova, o hopola seo a ithutileng sona ka ho timetswa ha “Babilona e Moholo.” O etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova hape le ho kgutlela ho batswadi ba hae bao e leng Dipaki. Haeba dintho tsena di etsahala, re batla ho tshwana le Ntate wa rona ya lehodimong ya mohau le ya nang le kutlwelo bohloko mme re thabe ha mofosi a kgutlile.