Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 20

PINA YA 67 “Bolelang Lentswe”

Bolela Ditaba Tse Monate Hobane o Susumetswa ke Lerato

Bolela Ditaba Tse Monate Hobane o Susumetswa ke Lerato

“Ditaba tse monate tsa Mmuso di lokela ho bolelwa ditjhabeng tsohle pele.”MAR. 13:10.

NTLHAKGOLO

Ka moo lerato le ka re thusang ka teng hore re tjhesehele ho bolela ditaba tse monate.

1. Re ithutileng sebokeng sa selemo le selemo sa 2023?

 SEBOKENG sa selemo le selemo sa 2023, a re ile ra fumana dithuto tse ding tse ntlafaditsweng le ditsebiso tse thabisang tse buang ka tshebeletso ya rona. Ka mohlala, re ile ra ithuta hore batho ba bang ba ka nna ba eba le monyetla wa hore ba sebeletse Jehova ka mora hore Babilona e Moholo e fediswe. Re ile ra boela ra ithuta hore ho tloha ka November 2023, bahweletsi ba ke ke ba hloka ho tlaleha divideo, dingolwa tseo ba faneng ka tsona le hore na ba qetile dihora tse kae tshebeletsong ya tshimo. Na diphetoho tsee di entse hore mosebetsi wa rona wa boboledi o se ke wa potlaka jwalo ka pele? Ho hang!

2. Ke hobaneng ha mosebetsi wa rona wa boboledi e eba o potlakileng letsatsi ka leng le fetang? (Mareka 13:10)

2 Letsatsi le leng le le leng le fetang mosebetsi wa rona wa boboledi e ba o potlakileng haholo. Hobaneng? Hobane ho setse nako e nyenyane pele bofelo bo fihla. Hlokomela seo Jesu a ileng a se bolela ka mosebetsi wa boboledi mehleng ena ya bofelo. (Bala Mareka 13:10.) Ho ya ka tlaleho ya Matheu, Jesu o itse ditaba tse monate di tla bolelwa lefatsheng lohle pele “bofelo” bo fihla. (Mat. 24:14) Polelo ena e bua ka bofelo ba lefatshe la Satane le kgopo. Jehova o se a behile ‘letsatsi kapa hora’ eo dintho tsena di tla etsahala ka yona. (Mat. 24:36; 25:13; Dik. 1:7) Letsatsi le leng le le leng le fetang le re atametsa haufi le nako eo ya bofelo. (Bar. 13:11) Hona jwale re lokela ho bolela ditaba tse monate ho fihlela bofelo bo fihla.

3. Keng e re susumeletsang hore re bolele ditaba tse monate?

3 Ha re ntse re nahana ka mosebetsi wa rona wa boboledi, re lokela ho ipotsa potso ena ya bohlokwa: Ke hobaneng ha re bolela ditaba tse monate? Ka mantswe a bonolo feela, lerato ke lona le re susumeletsang hore re bolele ditaba tse monate. Ha re etsa mosebetsi ona wa boboledi, re bontsha hore re rata ditaba tsena tse monate, re rata batho mme ha bohlokwa le ho feta re rata Jehova le lebitso la hae. A re bueng ka dintlha tsena tse tharo.

RE BOLELA HOBANE RE RATA DITABA TSE MONATE

4. Hangata re etsang ha re utlwa ditaba tse monate?

4 Na o sa hopola ka moo o ileng wa ikutlwa ka teng ha o ne o utlwa ditaba tse monate? Mohlomong e ne e le ditaba tsa hore ho na le ngwana ya sa tswa hlaha ka lapeng kapa ditaba tsa hore o fumane mosebetsi oo e leng kgale o o hloka. Ha ho pelaelo hore o ne o tatetse ho bolella ba lelapa kapa yona metswalle ya hao ditaba tsena tse monate. Na ebe ntho e tshwanang e ile ya o etsahalla ha o ne o utlwa ditaba tse monate ka ho fetisisa e leng ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo?

5. O ile wa ikutlwa jwang ha o ne o qala ho ithuta dinnete tse ka Lentsweng la Modimo? (Sheba ditshwantsho.)

5 Nahana ka hore na o ile wa ikutlwa jwang ha o ne o qala ho ithuta dinnete tse ka Lentsweng la Modimo. O ile wa ithuta hore Ntate wa hao ya lehodimong o a o rata le hore o batla hore o be karolo ya barapedi ba hae le hore o o tshepisa ho fedisa bohloko le mathata, le hore o tla boela o bone baratuwa ba hao ba hlokahetseng ba phela hape lefatsheng le letjha le tse ding tse ngata. (Mar. 10:​29, 30; Joh. 5:​28, 29; Bar. 8:​38, 39; Tshen. 21:​3, 4) Dithuto tsena di ile tsa o thabisa. (Luka 24:32) O ile wa rata seo o ithutileng sona mme wa batla ho bolella batho ba bang dintho tseo o ithutileng tsona.—Bapisa le Jeremia 20:9.

Ha re ne re qala ho ithuta dithuto tse ka Bibeleng re ne re thabile haholo hoo re neng re batla ho bolella batho bohle ka tsona (Sheba serapa sa 5)


6. O ithutang paleng ya Ernest le Rose?

6 Nahana ka pale ena. Morabo rona Ernest b o ne a le dilemo di ka bang leshome ha ntate wa hae a hlokahala. Ernest o re: “Ke ne ke ipotsa: ‘Na ebe ntate o ile lehodimong? Na ha ke sa tla hlola ke mo bona?’ Ke ne ke kgalla bana ba bang ba neng ba ntse ba ena le bontate.” Ernest o ne a dula a ya mabitleng ebe o kgumama lebitleng la ntate wa hae mme o a rapela o re: “Modimo, ke kopa ho tseba hore na ntate wa ka o hokae.” Dilemo tse 17 ka mora hore ntate wa hae a hlokahale, Ernest o ile a dumela ho ithuta Bibele. O ne a thabile ha a ne a ithuta hore bafu ha ba tsebe letho ho hang, ho tshwana le ha eka ba robetse boroko bo tebileng le hore Bibele e tshepisa hore ba tla tsoswa nakong e tlang. (Moek. 9:​5, 10; Dik. 24:15) O ile a fumana dikarabo tsa dipotso tse neng di mo tshwenya ka nako e telele. Ernest o ne a thabetse ho ithuta dithuto tsena tse tswang ka Bibeleng. Mosadi wa hae Rose le yena o ile a qala ho ithuta mme o ile a thabela seo a neng a ithuta sona ka Bibeleng. Ka 1978 ba ile ba kolobetswa. Ba ne ba tjhesehela ho bolella ba malapa, metswalle le batho ba bang dintho tseo ba neng ba ithuta tsona ka Bibeleng. Ka hoo, Ernest le Rose ba ile ba thusa batho ba fetang 70 hore ba ithute ka Jehova mme ba kolobetswe.

7. Re susumeletseha ho etsang ha re rata seo re ithutileng sona ka Bibeleng? (Luka 6:45)

7 Ho hlakile hore ha re rata seo re ithutang sona ka Bibeleng, re susumeletseha ho bolella ba bang ka sona. (Bala Luka 6:45.) Re ikutlwa jwalo ka barutuwa ba Jesu ba ileng ba re: “Re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.” (Dik. 4:20) Re rata dithuto tsa Bibele haholo hoo re batlang ho di bolella batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang ka teng.

RE BOLELA DITABA TSE MONATE HOBANE RE RATA BATHO

8. Keng e etsang hore re batle ho bolella batho ditaba tse monate? (Sheba lebokose le reng  Rata Batho—O ba Etse Barutuwa.”) (Sheba setshwantsho.)

8 Re rata batho jwalo ka Jehova le Mora wa hae. (Diprov. 8:31; Joh. 3:16) Re utlwela batho ba ‘sa tsebeng Modimo’ le ba ‘se nang tshepo’ bohloko. (Baef. 2:12) Mathata ao ba nang le ona a ka etsa hore ba ikutlwe eka ba ka hara sekoti se tebileng empa rona re tshwere thapo e ka ba ntshang sekoting seo e leng ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo. Ka ha re a ba rata ebile re ba utlwela bohloko, re batla ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho ba bolella ditaba tse monate. Ditaba tseo di ka etsa hore ba be le tshepo le ho ba thusa hore ba thabele bophelo hona jwale. Hape di ka ba fa monyetla wa hore ba fumane “bophelo ba sebele” e leng bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha la Modimo.—1 Tim. 6:19.

Ho rata batho le ho ba utlwela bohloko ho re susumeletsa hore re leke ka hohle ho ba bolella ditaba tse monate (Sheba serapa sa 8)


9. Ke molaetsa ofe o lemosang oo re o bolellang batho ka dintho tse tla etsahala nakong e tlang, hona ke hobaneng ha re ba bolella wona? (Ezekiele 33:​7, 8)

9 Lerato leo re ratang batho ka lona le etsa hore re batle ho ba bolella ka se tla etsahala ka lefatshe lena le kgopo. (Bala Ezekiele 33:​7, 8.) Re utlwela batho ba sa sebeletseng Jehova ho akareletsa le ba malapa a rona bohloko. Batho ba bangata ba iphelela feela ba sa tsebe hore ho tlo ba le “mahlomola a maholo. A kang ona ha a eso be teng ho tloha ha lefatshe le thehwa ho fihlela jwale ebile ha a sa tla ba teng.” (Mat. 24:21) Re batla hore ba tsebe hore na ho tlo etsahalang nakong ya kahlolo ha ho fediswa bodumedi ba bohata ebile ho fediswa le batho ba kgopo ka letsatsi la Armagedone. (Tshen. 16:​14, 16; 17:​16, 17; 19:​11, 19, 20) Re rapella hore batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang ba mamele seo re ba bolellang sona mme ba nke qeto ya hore ba sebeletse Jehova ha mmoho le rona hona jwale. Empa ho tla etsahalang ka batho ba sa batleng ho mamela molaetsa wa rona o ba lemosang ho akareletsa le ba malapa a rona?

10. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re bolelle batho molaetsa o lemosang?

10 Jwalo ka ha re ithutile sehloohong se fetileng, Jehova a ka nna a batla ho pholosa batho ba qalang ho bontsha tumelo ho yena ha ba bona Babilona e Moholo e fediswa. Ka hoo, ke ha bohlokwa haholo hore re bolelle batho ka taba ena. Nahana ka ntlha ena: Ka nako eo ba ka nna ba hopola dintho tseo re ba bolellang tsona hona jwale. (Bapisa le Ezekiele 33:33.) Mohlomong ba tla nahana ka molaetsa o lemosang oo re ileng ra ba bolella wona ebe ba batla ho sebeletsa Jehova ha mmoho le rona pele bofelo bo fihla. Jwalo ka molebedi wa teronko wa Filipi ya ileng a bontsha tumelo ka mora hore “lefatshe le reketle ka matla,” mohlomong batho ba sa mameleng molaetsa wa rona hona jwale ba tla o mamela ka mora hore Babilona e Moholo e fediswe ba sa lebella.—Dik. 16:​25-34.

RE BOLELA DITABA TSE MONATE HOBANE RE RATA JEHOVA LE LEBITSO LA HAE

11. Re ka etsang ho rorisa, ho hlompha le ho fa Jehova matla a rona? (Tshenolo 4:11) (Sheba ditshwantsho.)

11 Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re bolelang ditaba tse monate ke hobane re rata Jehova Modimo le lebitso la hae le halalelang. Re nka mosebetsi wa rona wa boboledi e le tsela eo re rorisang Modimo wa rona eo re mo ratang. (Bala Tshenolo 4:11.) Re a dumela hore Jehova Modimo wa rona ya matla o tshwanelwa ke ho roriswa le ho hlomphuwa. Re rorisa Jehova le ho mo hlompha ha re bolella batho ba bang bopaki bo bontshang hore o “bopile dintho tsohle” le hore re a phela hobane a re bopile. Re fa Jehova matla a rona ha re sebedisa nako ya rona le dintho tseo re nang le tsona ho bolella batho ba bangata ka moo re ka kgonang ditaba tse monate. (Mat. 6:33; Luka 13:24; Bakol. 3:23) Ka mantswe a bonolo feela, re rata ho bua ka Modimo wa rona eo re mo ratang. Re ikutlwa re susumeletseha ho bolella batho ba bang ka lebitso la hae le hore na ke Modimo ya jwang. Ke hobaneng ha re ikutlwa ka tsela ee?

Re fa Jehova matla a rona ha re sebedisa nako ya rona le dintho tseo re nang le tsona ho bolella batho ba bangata ka moo re ka kgonang ditaba tse monate (Sheba serapa sa 11)


12. Re halaletsa lebitso la Jehova jwang ha re bolela ditaba tse monate?

12 Re batla ho halaletsa lebitso la Jehova hobane re a mo rata. (Mat. 6:9) Taba ena e etsa hore re batle ho bolella batho hore mashano a matala ao Satane a a buileng ka Jehova ha se nnete. (Gen. 3:​1-5; Jobo 2:4; Joh. 8:44) Ha re bolela ditaba tse monate re bontsha hore re batla ho bolella batho bohle ba ikemiseditseng ho re mamela hore na Jehova ke Modimo ya jwang. Re batla ho bolella batho bohle hore Jehova o lerato ebile o busa ka tsela e lokileng le e nang le toka le hore Mmuso wa hae o tla fedisa mathata ohle le ho etsa hore re be le kgotso mme re thabe. (Pes. 37:​10, 11, 29; 1 Joh. 4:8) Ha re bolella batho dintho tsena ka Jehova, re halaletsa lebitso la hae. Hape re a thaba hobane re etsa seo re lokelang ho se etsa jwalo ka ha re le Dipaki Tsa Jehova. Ke hobaneng ha re ka tjho jwalo?

13. Ke hobaneng ha re le motlotlo ka ho bitswa Dipaki Tsa Jehova? (Esaia 43:​10-12)

13 Jehova o re kgethile hore re be “dipaki” tsa hae. (Bala Esaia 43:​10-12.) Dilemo tse mmalwa tse fetileng, lengolo le tswang ho Sehlopha se Busang le ile la re: “Ka sebele ha ho na tlotla e fetang ya hore ebe re bitswa Dipaki Tsa Jehova.” c Ke hobaneng ha re ka tjho jwalo? Nahana ka mohlala o latelang. A re re o qoswa ka hore o entse ntho e fosahetseng mme o hloka paki e tla o buella lekgotleng ho bontsha hore seo o qoswang ka sona ha se nnete le hore o motho ya lokileng ya ke keng a etsa ntho e jwalo. O ne o tla kgetha mang? Ho hlakile hore o ne o tla kgetha motho eo o mo tsebang le eo o mo tshepang le ya nang le botumo bo botle ka ha batho ba tla mo kgolwa. Hore ebe Jehova o re kgethile hore re be Dipaki tsa hae ho bontsha hore o re tseba hantle mme o a re tshepa hore re tla bolella batho ba bang hore ke yena feela Modimo wa nnete. Re ikutlwa re le motlotlo hore ebe re Dipaki tsa hae mme re sebedisa monyetla o mong le o mong oo re o fumanang ho tsebisa batho lebitso la hae le ho bontsha hore dintho tse mpe tseo batho ba di buileng ka yena ha se nnete. Ha re etsa jwalo, re tla be re etsa se bolelwang ke lebitso la rona e leng ho ba Dipaki Tsa Jehova.—Pes. 83:18; Bar. 10:​13-15.

RE TLA BOLELA HO FIHLELA BOFELO BO FIHLA

14. Ke dintho dife tse thabisang tse tlo etsahala haufinyane?

14 Ho tlo etsahala dintho tse thabisang haufinyane. Jehova o tla re hlohonolofatsa mme re tshepa hore re tla bona ha batho ba bangata ba batla ho mo sebeletsa pele mahlomola a maholo a qala. Ntho e re thabisang ke hore nakong ya mahlomola a maholo, e leng nako e thata ka ho fetisisa e tla ba teng lefatsheng, ho tla ba le batho ba bangata ba kgethang ho tswa lefatsheng la Satane mme ba sebeletse Jehova ha mmoho le rona.—Dik. 13:48.

15, 16. Keng eo re tla dula re e etsa, hona re tla e etsa ho fihlela neng?

15 Pele nako eo e fihla, re na le mosebetsi wa bohlokwa oo re lokelang ho o etsa. Ke mosebetsi oo re ke keng ra hlola re o etsa hape. Ka hoo, hona jwale re na le tlotla ya hore re bolele ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo lefatsheng lohle. Ka nako e tshwanang re lokela ho tswela pele re lemosa batho ka dintho tse tlo etsahala haufinyane. Batho ba hloka ho tseba hore bofelo ba lefatshe lena le kgopo bo ntse bo atamela ka potlako mme ha nako ya kahlolo e fihla ba tla tseba hore molaetsa oo re neng re ba bolella wona o tswa ho Jehova Modimo.—Ezek. 38:23.

16 Keng seo re ikemiseditseng ho se etsa? Ka ha re rata ditaba tse monate, re rata batho mme ka ho fetisisa re rata Jehova Modimo le lebitso la hae. Re tla dula re bolela molaetsa ona o potlakileng ka tjheseho le ka mafolofolo ho fihlela Jehova a re: “Ho lekane!”

PINA YA 54 “Tsela ke Yona Ena”

a Seboka sa selemo le selemo se ne se tshwerwe ka la 7 October 2023 Holong ya Kopano ya Dipaki Tsa Jehova ya Newburgh e New York, U.S.A. Lenaneo la seboka seo le ile la hlaha ho JW Broadcasting®. Karolo ya Pele ya lona e ile ya hlaha ka November 2023 mme Karolo ya Bobedi ya hlaha ka January 2024.

b Sheba sehlooho se reng “Bibele e Fetola Batho—Ke ile ka Khahloa ke Kamoo Bibele e Hlakileng e Bileng e Utloahalang Kateng,” se hlahang ho Molula-Qhooa wa February 1, 2015.

c Sheba Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova ya 2007, leq. 3.