Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 25

PINA YA 7 Jehova ke Matla a Rona

Hopola Hore Jehova “ke Modimo ya Phelang”

Hopola Hore Jehova “ke Modimo ya Phelang”

“Jehova o a phela.”PES. 18:46.

NTLHAKGOLO

Re rua molemo haholo ha re hopola hore Modimo eo re mo sebeletsang ke “Modimo ya phelang.”

1. Keng e thusang bahlanka ba Jehova hore ba dule ba mo sebeletsa ho sa tsotellehe mathata ao ba nang le ona?

 BIBELE e re re phela nakong eo bophelo bo neng “bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.” (2 Tim. 3:1) Bahlanka ba Jehova ba na le mathata ao batho bohle ba nang le ona lefatsheng lena le buswang ke Satane ebile ba a hanyetswa le ho hloriswa. Keng e re thusang hore re nne re sebeletse Jehova ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ona? Ntho e nngwe e re thusang ke ho tseba hore Jehova “ke Modimo ya phelang.”—Jer. 10:10; 2 Tim. 1:12.

2. Ke ka tsela efe Jehova e leng Modimo ya phelang?

2 Jehova ke Modimo wa sebele, o bona mathata ao re kopanang le ona ebile o batla ho re thusa. (2 Dikron. 16:9; Pes. 23:4) Ho mo nka e le Modimo ya phelang ho tla re thusa ho sebetsana le mathata a rona ka katleho. Ke sona se ileng sa etsahalla Morena Davida.

3. Davida o ne a bolelang ha a ne a re “Jehova o a phela”?

3 Davida o ne a tseba Jehova hantle ebile o ne a mo tshepa. Ha Morena Saule le dira tse ding tsa Davida ba ne ba batla ho bolaya Davida, Davida o ile a rapela Jehova mme a mo kopa hore a mo thuse. (Pes. 18:6) Ka mora hore Modimo a arabe thapelo ya hae mme a mo pholose, Davida o ile a re: “Jehova o a phela.” (Pes. 18:46) Davida ha a ka a bua mantswe ao ho bontsha feela hore Modimo o teng. Buka e nngwe ya dipatlisiso e re Davida o ne a kgodisehile hore Jehova ke “Modimo ya phelang ya dulang a thusa bahlanka ba hae.” Dintho tse ileng tsa etsahalla Davida di ile tsa etsa hore a tsebe hore Modimo wa hae o a phela mme di ile tsa etsa hore a ikemisetse ho sebeletsa Jehova le ho mo rorisa.—Pes. 18:​28, 29, 49.

4. Re fumana melemo efe ha re nka Jehova e le Modimo ya phelang?

4 Ha re kgodisehile hore Jehova ke Modimo ya phelang, seo se ka re thusa hore re mo sebeletse ka tjheseho. Re tla ba le matla a ho mamella mathata hape re tla ikemisetsa ho tswela pele re sebetsa ka thata tshebeletsong ya hae. Re tla boela re ikemisetse ho dula re le haufi le Jehova.

MODIMO YA PHELANG O TLA O MATLAFATSA

5. Keng e ka re kgodisang hore re ka kgona ho sebetsana le mathata a rona? (Bafilipi 4:13)

5 Haeba re hopola hore Jehova o a phela le hore o dula a re thusa, re tla kgona ho mamella mathata le ha e le afe a re hlahelang. Ha ho na bothata bo ka hlolang Modimo wa rona. Ke ya Matla Ohle, ka hoo a ka re fa matla a hore re mamelle. (Bala Bafilipi 4:13.) Ho tseba taba ena ho ka re thusa hore re kgodisehe hore re ka kgona ho sebetsana le mathata a rona. Hape ha re bona ka moo Jehova a re thusang ka teng ha re ena le mathata a manyenyane, re a kgodiseha hore o tla re thusa le ha re ena le mathata a maholo.

6. Ha Davida a le monyenyane ho ile ha etsahalang e ileng ya etsa hore a tshepe Jehova haholwanyane?

6 Nahana ka diketsahalo tse pedi tse ileng tsa etsa hore Davida a tshepe Jehova haholwanyane. Ha Davida e sa le modisana, bere le tau di ile tsa nka e nngwe ya dinku tsa ntate wa hae. Maemong ao a mabedi, ka sebete Davida o ile a lelekisa diphoofolo tseo mme a pholosa dinku. Le ha ho le jwalo, Davida ha a ka a nahana hore o entse seo ka matla a hae. O ne a tseba hore Jehova ke yena ya mo thusitseng. (1 Sam. 17:​34-37) Ha ho mohla Davida a ileng a lebala diketsahalo tseo. Ha a ne a nahana ka tsona, o ne a kgodiseha hore Modimo ya phelang o tla mo fa matla le nakong e tlang.

7. Davida o ne a amehile ka eng, hona seo se ile sa mo thusa jwang hore a lwantshe Goliathe?

7 Ha Davida a ntse a le dilemong tsa botjha, o ile a ya ditenteng tsa masole a Baiseraele. O ile a fumana masole ao a tshohile hobane Goliathe, e leng seqhenqha sa Mofilista, o ne a ‘batla ho bona hore na masoleng a Iseraele ke mang ya nang le sebete sa ho mo lwantsha.’ (1 Sam. 17:​10, 11) Masole ao a ne a tshohile hobane a ne a shebile tsela eo Goliathe a neng a shebahala ka yona le dintho tseo a neng a ba bolella tsona. (1 Sam. 17:​24, 25) Le ha ho le jwalo, Davida o ne a amehile ka ntho e nngwe e fapaneng. Davida o ne a tseba hore Goliathe o ne a sa lwantshe masole a Iseraele feela empa ha e le hantle, o ne a lwantsha “lebotho la sesole la Modimo ya phelang.” (1 Sam. 17:26) Davida o ne a nahana ka Jehova. O ne a kgodisehile hore Modimo ya ileng a mo thusa ha e ne e le modisa o ne a tla boela a mo thuse le boemong bona. Ka hoo, Davida o ile a lwantsha Goliathe mme o ile a mo hlola ka ha o ne a kgodisehile hore Modimo o tla mo thusa.—1 Sam. 17:​45-51.

8. Ke jwang re ka kgodisehang hore Jehova o tla re thusa ha re ena le mathata? (Sheba setshwantsho.)

8 Ka ho tshwanang, le rona re ka sebetsana ka katleho le mathata a rona ha re hopola hore Modimo ya phelang o ikemiseditse ho re thusa. (Pes. 118:6) Re ka kgodiseha le ho feta hore o tla re thusa ha re nahana ka dintho tseo a di entseng nakong e fetileng. Bala ditlaleho tsa Bibele tse o hopotsang ka moo Jehova a ileng a pholosa barapedi ba hae ka teng. (Esa. 37:​17, 33-37) Hape, bala kapa o shebelle ditlaleho tse hlahang websaeteng ya rona ya jw.org tse bontshang ka moo Jehova a tsheheditseng bara le baradi ba bo rona mehleng ena ya rona. Ho feta moo, hopola dinako tseo Jehova a ileng a o thusa. Mohlomong o ka nna wa utlwa eka Jehova ha a eso ka a o etsetsa ntho e itseng e ikgethang jwalo ka ho o thusa ho lwantsha bere kapa tau. Le ha ho le jwalo, nnete ke hore Jehova o o etseditse dintho tse ngata haholo bophelong ba hao. O ile a o mema hore o be motswalle wa hae. (Joh. 6:44) Le hona jwale o ntse o kgona ho mo sebeletsa hobane a o thusa. Ka hoo, kopa Jehova hore a o thuse ho hopola maemo ao ka ona a ileng a araba dithapelo tsa hao mme a o fa seo o se hlokang ka nako e nepahetseng kapa a o thusa ha o ne o le boemong bo thata. Ho nahanisisa ka diketsahalo tse kang tsena, ho tla o matlafatsa le ho o kgodisa hore Jehova o tla tswela pele a o thusa.

Tsela eo re itshwarang ka yona ha re ena le mathata e ama tsela eo Jehova a ikutlwang ka yona (Sheba serapa sa 8 le 9)


9. Keng eo re lokelang ho e hopola ha re ena le mathata? (Diproverbia 27:11)

9 Ha re ena le mathata re lokela ho nahana ka ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa. Satane o re ha re ena le mathata re tla lahla Jehova. Ka hoo, tsela eo re itshwarang ka yona ha re ena le mathata e ama tsela eo Jehova a ikutlwang ka yona. (Jobo 1:​10, 11; bala Diproverbia 27:11.) Empa haeba re tshepahalla Jehova le hoja re ena le mathata, re bontsha hore re rata Jehova ebile re paka hore Diabolose o leshano. Na hona jwale o dula sebakeng seo mebuso e hanyetsang Dipaki Tsa Jehova? Na o na le mathata a ditjhelete kapa batho ha ba batle ho mamela molaetsa wa Bibele? Kapa na o na le bothata bo bong? Haeba ho jwalo, hopola hore boemo boo o leng ho bona bo o fa monyetla wa hore o thabise pelo ya Jehova. Hape hopola hore a ke ke a dumella hore o hlahelwe ke diteko tseo o ke keng wa kgona ho di mamella. (1 Bakor. 10:13) O tla o fa matla ao o a hlokang e le hore o mamelle.

MODIMO YA PHELANG O TLA O PUTSA

10. Modimo ya phelang o tla etsetsa batho ba mo sebeletsang eng?

10 Jehova o dula a putsa batho ba mo sebeletsang. (Baheb. 11:6) O re fa kgotso ebile o re thusa hore re kgotsofale hona jwale, hape o tla re fa bophelo bo sa feleng nakong e tlang. Re ka tshepa ka ho feletseng hore Jehova o tla re putsa le hore o na le matla a ho etsa jwalo. Ka lebaka leo, re tswela pele re mo fa sohle se matleng a rona ha re mo sebeletsa feela jwalo ka ha bahlanka ba hae ba tshepahalang ba nakong e fetileng ba ne ba etsa jwalo. Sena ke seo Timothea a ileng a se etsa.—Baheb. 6:​10-12.

11. Ke hobaneng ha Timothea a ne a sebetsa ka thata ka phuthehong? (1 Timothea 4:10)

11 Bala 1 Timothea 4:10. Timothea o ne a ena le tshepo ya hore Modimo ya phelang o ne a tla mo putsa, ke ka hoo a ileng a sebetsa ka thata le ho ikitlaetsa. O ile a etsa seo jwang? Moapostola Pauluse o ile a mo kgothaletsa hore a ntlafatse tsela eo a rutang ka yona mosebetsing wa boboledi le ka phuthehong. O ile a boela a mo kgothaletsa hore a behele badumedimmoho le yena mohlala o motle ebang ba baholo kapa ba banyenyane. Hape Timothea o ile a fuwa mesebetsi e boima eo a neng a lokela ho e etsa e akareletsang ho fana ka kgalemelo e matla ho ba e hlokang empa a etsa jwalo ka tsela e lerato. (1 Tim. 4:​11-16; 2 Tim. 4:​1-5) Timothea o ne a ka kgodiseha hore le hoja ka dinako tse ding batho ba bang ba ne ba ke ke ba hlokomela mesebetsi eo a e etsang kapa ba ne ba ke ke ba e ananela, Jehova o ne a tla mo putsa.—Bar. 2:​6, 7

12. Ke hobaneng ha baholo ba sebetsa ka thata ka phuthehong? (Sheba setshwantsho.)

12 Mehleng ena baholo le bona ba ka kgodiseha hore Jehova o bona mesebetsi e metle eo ba e etsang ebile o a e ananela. Baholo ba etsa maeto a bodisa, ba a ruta ebile ba etsa le mosebetsi wa boboledi mme ba bangata ba bona ba thusa diprojekeng tsa kaho le ha ho hlahile dikoduwa. Baholo ba bang ba thusa Dikomiting Tsa Bohokahanyi le Dipetlele kapa ba Dihlopheng Tse Etelang Bakudi. Baholo ba a tseba hore phutheho ke ya Jehova, ha se ya motho le ha e le ofe. Ka hoo, ba sebetsa ka thata ka phuthehong ebile ba na le tumelo e matla ya hore Modimo o tla ba putsa ka lebaka la mesebetsi eo ba e etsang.—Bakol. 3:​23, 24.

Modimo ya phelang o tla o putsa ha o sebetsa ka thata ka phuthehong (Sheba serapa sa 12 le 13)


13. Jehova o ikutlwa jwang ka dintho tseo re mo etsetsang tsona?

13 Ha se motho e mong le e mong eo e ka bang moholo. Le ha ho le jwalo, kaofela ha rona ho na le seo re ka se etsetsang Jehova. Modimo wa rona o thaba haholo ha re etsa sohle se matleng a rona ho mo sebeletsa. O a bona ha re fana ka menehelo ho tshehetsa mosebetsi wa lefatshe lohle le haeba re sa kgone ho fana ka o mongata. O boetse o thaba haholo ha re phahamisa matsoho a rona e le hore re ka araba ka dibokeng, haholoholo haeba re le dihlong. Hape o a thaba ha re tshwarela batho ba re utlwisang bohloko. Le haeba o utlwa hore o ke ke wa kgona ho etsetsa Jehova dintho tseo o batlang ho mo etsetsa tsona, o ka tshepa hore Jehova o ananela seo o ka kgonang ho mo etsetsa sona. Boiteko boo o bo etsang bo etsa hore a o rate ebile o tla o putsa.—Luka 21:​1-4.

DULA O LE HAUFI LE MODIMO YA PHELANG

14. Ho ba metswalle ya Jehova ho ka re thusa jwang hore re dule re mo tshepahalla? (Sheba setshwantsho.)

14 Haeba re nka Jehova e le Modimo wa sebele, ho tla ba bonolo hore re mo tshepahalle. Ke sona seo Josefa a ileng a se etsa. Ka ha Modimo e ne e le wa sebele ho yena, o ile a hana ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano hobane o ne a sa batle ho mo utlwisa bohloko. (Gen. 39:9) E le hore Jehova e be wa sebele ho rona, re lokela ho ipha nako ya ho rapela le ho bala Lentswe la hae. Ha re etsa jwalo, setswalle sa rona le yena se tla ba matla. Jwalo ka Josefa, ha re ena le setswalle se matla le Jehova re ke ke ra batla ho etsa ntho le ha e le efe e tla mo utlwisa bohloko.—Jak. 4:8.

Ho ba haufi le Modimo ya phelang ho tla o thusa hore o mo tshepahalle (Sheba serapa sa 14 le 15)


15. Ke thuto efe eo re ithutang yona ho se ileng sa etsahalla Baiseraele lefeelleng? (Baheberu 3:12)

15 Ho bonolo ho batho ba lebalang hore Jehova ke Modimo ya phelang hore ba kgaotse ho mo tshepahalla. Nahana ka se ileng sa etsahalla Baiseraele ha ba ne ba le lefeelleng. Ba ne ba tseba hore Jehova o teng empa ba ile ba qala ho belaela hore o ne a tla ba hlokomela ka dintho tseo ba di hlokang. Ba ile ba ba ba botsa hore “na Jehova o na le bona kapa tjhe.” (Ex. 17:​2, 7) Ka hoo, ba ile ba fetohela Modimo. Ho hlakile hore ha re batle ho etsisa mohlala wa bona o mobe.—Bala Baheberu 3:12.

16. Ke eng e ka lekang tumelo ya rona?

16 Ho ka ba thata hore re dule re le haufi le Jehova lefatsheng lena leo re phelang ho lona. Batho ba bangata ha ba dumele hore Modimo o teng. Hangata batho ba sa mameleng melao ya Modimo ba bonahala ba phela ha monate. Ha re bona tsela eo ba phelang ka yona, tumelo ya rona e ka lekeha. Le hoja re dumela hore Modimo o teng, re ka nna ra ipotsa hore na o tla re thusa. Mongodi wa Pesaleme ya 73 le yena o ile a ikutlwa ka tsela e tshwanang. O ile a bona batho bao a phelang le bona ba sa mameleng melao ya Modimo ba phela ha monate. Ka hoo, o ile a qala ho ipotsa hore na ho sebeletsa Modimo ho na le molemo.—Pes. 73:​11-13.

17. Keng e tla re thusa hore re dule re le haufi le Jehova?

17 Keng e ileng ya thusa mopesaleme hore a fetole tsela eo a neng a nahana ka yona? O ile a nahanisisa ka hore na ho tla etsahalang ka batho ba lebalang Jehova. (Pes. 73:​18, 19, 27) O ile a boela a nahana ka melemo ya ho sebeletsa Modimo. (Pes. 73:24) Le rona re ka nahana ka ditlhohonolofatso tseo Jehova a re fileng tsona. Re lokela ho nahana ka hore na bophelo ba rona bo ne bo tla ba jwang haeba re ne re sa sebeletse Jehova. Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re dule re tshepahalla Jehova mme jwalo ka mopesaleme re tla re: “Ha e le nna, ho atamela ho Modimo ho ntswela molemo.”—Pes. 73:28.

18. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshoha bokamoso?

18 Re ka sebetsana le mathata le ha e le afe ao re ka kopanang le ona matsatsing ana a ho qetela hobane re ‘sebeletsa Modimo ya phelang le wa nnete.’ (1 Bathes. 1:9) Modimo wa rona ke wa sebele ebile o thusa batho bohle ba mo sebeletsang. O ile a ba le bahlanka ba hae nakong e fetileng mme o ntse a tswela pele a ena le rona le kajeno. Haufinyane re tla kopana le mahlomola a maholo a eso kang a eba teng lefatsheng. Empa re tla be re se bang hobane Jehova o tla re thusa. (Esa. 41:10) E se eka kaofela ha rona re ka ba sebete mme ra re: “Nke ke ka tshoha letho hobane Jehova ke mothusi wa ka.”—Baheb. 13:​5, 6.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona