Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 26

PINA EA 8 Jehova ke Setšabelo sa Rona

Etsa Jehova Lefika la Hao

Etsa Jehova Lefika la Hao

“Ha ho lefika le tšoanang le Molimo oa rona.”1 SAM. 2:2.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta hore na ke makhabane afe a etsang hore Jehova a tšoane le lefika le hore na re ka mo etsisa joang.

1. Ho latela Pesaleme ea 18:​46, Davida o tšoantša Jehova le eng?

 KA LINAKO tse ling re ka tobana le mathata ao re sa a lebellang a etsang hore bophelo bo be boima kapa bo fetohe. Re thabisoa haholo ke ho tseba hore Jehova Molimo a ka re thusa. Sehlooho se fetileng se ile sa re hopotsa hore Jehova ke Molimo ea phelang le hore o lula a ikemiselitse ho re thusa. Ha re bona kamoo a re tšehetsang kateng, re kholiseha le ho feta hore “Jehova oa phela.” (Bala Pesaleme ea 18:46.) Ka mor’a hore Davida a re Jehova oa phela, o ile a mo bitsa ‘Lefika la hae.’ Empa ke hobane’ng ha a ne a tšoantša Jehova Molimo ea phelang le ntho e sa pheleng joaloka lefika?

2. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha Jehova a tšoantšoa le lefika le hore na seo se re ruta eng ka eena. Re tla boela re ithute hore na ke joang re ka mo tšepang ’me ra mo etsa Lefika la rona. Re tla qetella ka ho ithuta hore na re ka mo etsisa joang.

KE HOBANE’NG HA JEHOVA A TŠOANTŠOA LE LEFIKA?

3. Hangata Bibele e sebelisa lentsoe “lefika” joang? (Sheba setšoantšo .)

3 Bibele e sebelisa lentsoe “lefika” e le mokhabo-puo o re thusang ho utloisisa a mang a makhabane a Jehova. Le hlaha hangata mangolong a rorisang Jehova hobane ha ho na Molimo ea tšoanang le eena. Ka mohlala, lekhetlo la pele moo Bibele e reng Jehova ke “Lefika” ke ho Deuteronoma 32:4. Anna le eena ha a rapela o ile a re “ha ho lefika le tšoanang le Molimo oa rona.” (1 Sam. 2:2) Habakuke eena o ile a bitsa Jehova ‘Lefika la hae.’ (Hab. 1:12) Mongoli oa Pesaleme ea 73 le eena o ile a bitsa Jehova ‘lefika la hae.’ (Pes. 73:26) Le Jehova ka boeena o ile a ipitsa lefika. (Esa. 44:8) Hona joale a re ke re ithuteng ka makhabane a mararo ao Jehova a nang le ’ona a bontšang hore ke lefika ’me re bone kamoo re ka mo etsang “Lefika la rona” kateng.—Deut. 32:31.

Batho ba Jehova ba mo nka e le Lefika la bona (Sheba serapa sa 3)


4. Jehova o etsa’ng ho bontša hore ke setšabelo? (Pesaleme ea 94:22)

4 Jehova ke setšabelo. Feela joalokaha motho a ka khona ho ipatela sefefo se matla tlas’a lefika le leholo, Jehova le eena oa re sireletsa ha re hlaheloa ke maemo a re thatafaletsang bophelo. (Bala Pesaleme ea 94:22.) O re thusa hore re lule re e-na le kamano e ntle le eena. Hape o re tšepisa hore lintho tse re utloisang bohloko hona joale li ke ke tsa re utloisa bohloko ka ho sa feleng. O boetse o tšepisa hore nakong e tlang o tla felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re tšoenyang le e re utloisang bohloko.—Ezek. 34:​25, 26.

5. Re ka etsa Jehova Setšabelo sa rona joang?

5 Tsela e ’ngoe eo re ka etsang Jehova Setšabelo sa rona ka eona ke ka ho mo rapela. Ha re rapela, Jehova o lebela lipelo tsa rona le menahano ea rona ka ho re fa “khotso.” (Bafil. 4:​6, 7) Nahana ka se ileng sa etsahalla Mor’abo rona Artem ea ileng a koalloa ka lebaka la tumelo ea hae. Ha a ntse a le teronkong, mofuputsi e mong o ile a mo hloma lipotso ka makhetlo a mangata, a mo tšoara hampe a ba a leka ho mo tšosa. Mor’abo rona Artems o ile a re: “Ke ne ke utloa ke ba tlas’a khatello nako le nako ha mofuputsi eo a ntlhoma lipotso. . . . Ke ne ke lula ke rapela Jehova ke mo kopa hore a mphe bohlale le hore a nthuse ho ba le khotso. Le hoja mofuputsi eo a ne a ntlhorisa joalo, ke ile ka lula ke khobile matšoafo. . . . Ka lebaka la tsela eo Jehova a ileng a nthusa ka eona, ho ne ho tšoana le ha eka ke sirelelitsoe ke lerako.”

6. Ke hobane’ng ha re ka tšepa Jehova? (Esaia 26:​3, 4)

6 Jehova oa tšepahala. Joaloka lefika le sa sisinyeheng, Jehova o lula a ikemiselitse ho re thusa. Re ka mo tšepa hobane “ke Lefika kamehla le mehla.” (Bala Esaia 26:​3, 4.) O tla lula a le teng ho phethahatsa litšepiso tsa hae, ho utloa lithapelo tsa rona le ho re fa tšehetso eo re e hlokang. Hape re ka mo tšepa hobane le eena o tšepahalla bahlanka ba hae. (2 Sam. 22:26) A ke ke a lebala mesebetsi ea rona ’me o tla lula a re hlohonolofatsa.—Baheb. 6:10; 11:6.

7. Ho tla etsahala’ng ha re tšepa Jehova? (Sheba setšoantšo.)

7 Re etsa Jehova Lefika la rona ha re mo tšepa ka ho feletseng. Re kholisehile hore ho mo mamela le haeba ho le boima ho tla re tsoela molemo. (Esa. 48:​17, 18) Ha re bona kamoo a re thusang kateng, re tla mo tšepa le ho feta. Re tla kholiseha hore ke Jehova feela ea tla re thusa ho mamella mathata afe kapa afe ao re kopanang le ’ona ho sa tsotellehe hore na a maholo hakae. Hangata re bona kamoo Jehova a tšepahalang kateng ha re le maemong ao ho ’ona ho se nang motho ofe kapa ofe ea ka re thusang ntle le eena. Mor’abo rona Vladimir o ile a re: “Nakong eo ke neng ke koaletsoe, ke ne ke utloa ke le haufi le Jehova ho feta leha e le neng pele bophelong ba ka. Ke ile ka ithuta ho tšepa Jehova haholoanyane hobane ke ne ke le mong ebile ho se na letho leo nka le etsang ka boemo ba ka.”

Re etsa Jehova Lefika la rona ha re mo tšepa ka ho feletseng (Sheba serapa sa 7)


8. (a) Ke hobane’ng ha re ka re Jehova o tsitsitse? (b) Ke melemo efe eo re tla e fumana ha Molimo e le Lefika la rona? (Pesaleme ea 62:​6, 7)

8 Jehova o tsitsitse. Joaloka lefika, Jehova o tsitsitse ebile ha a fetohe. Botho ba hae le morero oa hae ha li fetohe. (Mal. 3:6) Ha aa ka a fetola morero oa hae ka batho ka mor’a hore Adama le Eva ba mo fetohele. Joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngola, Jehova “a ke ke a itatola.” (2 Tim. 2:13) Sena se bolela hore ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng kapa hore na batho ba etsa’ng, Jehova a ke ke a fetola botho ba hae, morero oa hae kapa melao ea hae. Re kholisehile hore Jehova o tla re thusa ha re e-na le mathata le hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae tsa nakong e tlang hobane ha a fetohe.—Bala Pesaleme ea 62:​6, 7.

9. U ithuta’ng ho se ileng sa etsahalla Morali oa bo rona Tatyana?

9 Re ka etsa Jehova Lefika la rona ka ho nahanisisa ka makhabane a hae le merero ea hae. Ho etsa joalo ho ka re thusa hore re lule re khobile matšoafo ha re tobana le mathata ’me re lule re tšepahala. (Pes. 16:8) Ke sona se ileng sa etsahalla Morali oa bo rona Tatyana, ea ileng a koalloa ha hae ka lebaka la seo a se lumelang. Morali oa bo rona Tatyana o re: “Kaha ke ne ke le mong ha ke ne ke koaletsoe, qalong ho ne ho le boima haholo ebile ke ne ke lula ke nyahame.” Leha ho le joalo, o ile a qala ho nahanisisa ka makhabane a Jehova le merero ea hae ’me a utloisisa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore a mamelle teko eo. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a lule a khobile matšoafo le ho mamella. O ile a re: “Ke ile ka hopola hore ke hlaheloa ke mathata ana hobane ke leka ho etsa thato ea Jehova. Seo se ile sa nthusa hore ke se ke ka lula ke nahana ka mathata ao ke nang le ’ona.”

10. Re ka etsa’ng e le hore Jehova e be Lefika la rona hona joale?

10 Haufinyane re tla tobana le mathata a tla etsa hore re hloke ho itšetleha ka Jehova ho feta leha e le neng pele. Ho bohlokoa haholo hona joale hore re matlafatse tumelo ea rona le ho kholiseha hore Jehova o tla re thusa ho lula re mo tšepahalla maemong ’ohle. Ke’ng e tla re thusa ho etsa joalo? Bala litlaleho tsa Bibele le lipale tsa bana ba bo rona ba mehleng ena. Ela hloko kamoo Molimo a ileng a thusa bahlanka ba hae kateng. Nahanisisa ka litlaleho tseo. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u etse Jehova Lefika la hao.

ETSISA JEHOVA

11. Ho tla etsahala’ng haeba re leka ka matla ho etsisa Jehova? (Sheba lebokose le reng “ Seo Bara ba bo Rona ba Bacha ba ka se Etsang.”)

11 Re se re buile ka hore na ke joang Jehova a tšoanang le lefika. Hona joale re tl’o ithuta hore na re ka mo etsisa joang. Haeba re leka ka matla ho etsisa Jehova, re tla khona ho matlafatsa bana ba bo rona ka phuthehong. Jesu o ile a reha Simone Kefase (eo ha e fetoleloa e leng “Petrose”), e bolelang “Lefika.” (Joh. 1:42) Sena se ne se bontša hore Petrose o ne a tla tšelisa Bakreste-’moho le eena le ho ba matlafatsa tumelong. Ka tsela e tšoanang, Bibele e hlalosa baholo e le “moriti oa lefika le leholo.” Sena se bolela hore ba sireletsa phutheho. (Esa. 32:2) Leha ho le joalo, kaofela ha rona ka phuthehong re rua molemo ha re etsisa Jehova.—Baef. 5:1.

12. Re ka etsa’ng ho thusa Bakreste-’moho le rona?

12 E-ba setšabelo. Ka linako tse ling re ka khona ho thusa Bakreste-’moho le rona ha ho e-na le likoluoa tsa tlhaho, merusu kapa lintoa. Ha maemo a ntse a mpefala ‘mehleng ena ea bofelo,’ re tla ba le menyetla e eketsehileng ea ho thusana. (2 Tim. 3:1) Re ka boela ra tšelisa bana ba bo rona le ho ba bontša hore rea ba rata. Tsela e ’ngoe eo re ka etsang sena ka eona ke ka ho etsa hore ba ikutloe ba amohelehile ha ba le libokeng. Re lokela ho ba khothatsa le ho etsa hore ba ikutloe ba ratoa. Batho ba bangata mehleng ena ba tšoara ba bang hampe ’me sena se ka etsa hore bara le barali ba bo rona ba ikutloe ba imetsoe ebile ba sa ratoe. Kahoo, ha ba le libokeng, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho etsa hore ba ikutloe ba ratoa, ba khatholohile ebile ba sireletsehile.

13. Baholo ba ka thusa Bakreste-’moho le bona joang? (Sheba setšoantšo.)

13 Baholo ba ka thusa Bakreste-’moho le bona ba hlahetsoeng ke mathata. Ha bara le barali ba bo rona ba hlahetsoe ke likoluoa kapa ba hloka thuso e potlakileng ea tsa bongaka, baholo ke bona batho ba pele ba ho ba thusa. Ba boetse baa ba khothatsa le ho ba fa tataiso e tsoang ka Bibeleng. Ha moholo a tsebahala e le motho ea bonolo, ea utloisisang le ea ikemiselitseng ho mamela, ho tla ba bonolo hore bara le barali ba bo rona ba mo kope thuso. Makhabane ana a etsa hore Bakreste-’moho ba ikutloe ba ratoa ebile a ba nolofaletsa ho sebelisa keletso e thehiloeng Bibeleng eo moholo a ka ba fang eona.—1 Bathes. 2:​7, 8, 11.

Baholo ke setšabelo ho bara le barali ba bo rona ka phuthehong ha ba e-na le mathata (Sheba serapa sa 13) a


14. Re ka bontša joang hore rea tšepahala?

14 Tšepahala. Re batla hore Bakreste-’moho le rona ba re tšepe ’me ba kholisehe hore re ka ba thusa, haholo-holo ha ba e-na le mathata. (Liprov. 17:17) Re ka etsa’ng e le hore re tsebahale re le batho ba tšepahalang? Re ka leka ho etsisa Jehova letsatsi le letsatsi. Ka mohlala, re lokela ho phethahatsa litšepiso tsa rona hape re be batho ba bolokang nako. (Mat. 5:37) Re ka boela ra thusa bana ba bo rona ka lintho tseo ba li hlokang. Ho ekeletsa moo, re lokela ho etsa bonnete ba hore re etsa mesebetsi eo re e fuoang ka phuthehong ho latela tataiso eo re e fuoeng.

15. Phutheho e rua molemo joang ha baholo ba tšepahala?

15 Phutheho e rua molemo joang ha baholo ba tšepahala? Bahoeletsi baa khothala ha ba tseba hore ba ka khona ho bua le baholo neng kapa neng ha ba hloka thuso. Hape ba tla ikutloa ba ratoa ha ba tseba hore baholo ba ikemiselitse ho ba thusa. Ho feta moo, bahoeletsi ba tla tšepa baholo ha ba fana ka keletso e thehiloeng Bibeleng le lingoloeng tseo mohlanka ea tšepahalang a fanang ka tsona ho e-na le ho fana ka keletso e thehiloeng maikutlong a bona. Hape bara le barali ba bo rona ba tla tšepa moholo haeba a sa tsamaee a ntša makunutu a bona ebile a tšepahalla seo a itseng o tla se etsa.

16. Ho tsitsa ho tla tsoela rona le batho ba bang molemo joang?

16 Tsitsa. Haeba re mamela Jehova linthong tsohle ebile re tataisoa ke melao-motheo ea Bibele ha re etsa liqeto, re tla ba mehlala e metle ho batho ba bang. Ha tsebo eo re nang le eona ka Jehova e ntse e eketseha le tumelo ea rona e ba matla le ho feta, re tla mamela melao ea Jehova le ho lula re mo tšepahalla. Re ke ke ra ba batho ba hlolehang ho etsa qeto, ba sa tsitsang kapa ba khelosoang habonolo ke lithuto tsa bohata le tsela eo batho ba lefatše lena ba nahanang ka eona. (Baef. 4:14; Jak. 1:​6-8) Tumelo eo re nang le eona ho Jehova le tšepo eo re nang le eona ea hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae, e tla re thusa hore re se ke ra ferekana ha re utloa litaba tse bohloko. (Pes. 112:​7, 8) Re tla khona le ho thusa batho ba bang ha ba hlaheloa ke mathata.—1 Bathes. 3:​2, 3.

17. Baholo ba ka etsa’ng ho thusa bara le barali ba bo rona hore ba lule ba tsitsitse?

17 Baholo ba lokela ho ba le teka-tekano linthong tsohle tseo ba li etsang, ba be le kelello, ba hlophisehe hape ba se ke ba ba manganga. Bara bana ba bo rona ba thusa ba bang ka phuthehong hore ba tsitse le hore ba lule ba e-na le tumelo e matla ho Jehova. Hape ba matlafatsa phutheho ka ho etsa hore ‘tsela eo ba rutang ka eona e be tumellanong le lentsoe le tšepahalang.’ (Tite 1:9; 1 Tim. 3:​1-3) Ha baholo ba hlokomela phutheho, ba ea libokeng le tšimong kamehla ebile ba etsa thuto ea botho kamehla, mohlala oa bona o thusa bahoeletsi hore ba etse se tšoanang. Ha bara le barali ba bo rona ba hlaheloa ke mathata a etsang hore ba tšoenyehe, baholo ba ka ba thusa haholo ka ho ba khothaletsa ho lula ba nahana ka Jehova le merero ea hae.

18. Ke’ng e etsang hore re batle ho rorisa Jehova le ho ba metsoalle ea hae ka ho sa feleng? (Sheba lebokose le reng “ Ke’ng e Tla u Thusa ho Rata Jehova le ho Feta?”)

18 Ka mor’a ho tšohla makhabane a Jehova, re ka bua joaloka Morena Davida ha a ne a re: “Ho rorisoe Jehova, Lefika la ka.” (Pes. 144:1) Jehova ke Molimo eo re ka mo tšepang ka linako tsohle. Esita leha re se re tsofetse, re ka kholiseha hore o tla re thusa ka linako tsohle hore re lule re le haufi le eena. Re ka bua re kholisehile ra re: “Ke Lefika la ka.”Pes. 92:​14, 15.

PINA EA 150 Batlang Molimo Hore a le Lopolle

a TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali oa bo rona o buisana le baholo a phutholohile ha a le libokeng.