Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 26

PINA YA 8 Jehova ke Setshabelo sa Rona

Etsa Jehova Lefika la Hao

Etsa Jehova Lefika la Hao

“Ha ho lefika le tshwanang le Modimo wa rona.”1 SAM. 2:2.

NTLHAKGOLO

Re tlo ithuta hore na ke makgabane afe a etsang hore Jehova a tshwane le lefika le hore na re ka mo etsisa jwang.

1. Ho latela Pesaleme ya 18:​46, Davida o tshwantsha Jehova le eng?

 KA DINAKO tse ding re ka tobana le mathata ao re sa a lebellang a etsang hore bophelo bo be boima kapa bo fetohe. Re thabiswa haholo ke ho tseba hore Jehova Modimo a ka re thusa. Sehlooho se fetileng se ile sa re hopotsa hore Jehova ke Modimo ya phelang le hore o dula a ikemiseditse ho re thusa. Ha re bona ka moo a re tshehetsang ka teng, re kgodiseha le ho feta hore “Jehova o a phela.” (Bala Pesaleme ya 18:46.) Ka mora hore Davida a re Jehova o a phela, o ile a mo bitsa ‘Lefika la hae.’ Empa ke hobaneng ha a ne a tshwantsha Jehova Modimo ya phelang le ntho e sa pheleng jwalo ka lefika?

2. Re tlo ithutang sehloohong see?

2 Sehloohong sena re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha Jehova a tshwantshwa le lefika le hore na seo se re ruta eng ka yena. Re tla boela re ithute hore na ke jwang re ka mo tshepang mme ra mo etsa Lefika la rona. Re tla qetella ka ho ithuta hore na re ka mo etsisa jwang.

KE HOBANENG HA JEHOVA A TSHWANTSHWA LE LEFIKA?

3. Hangata Bibele e sebedisa lentswe “lefika” jwang? (Sheba setshwantsho .)

3 Bibele e sebedisa lentswe “lefika” e le mokgabopuo o re thusang ho utlwisisa a mang a makgabane a Jehova. Le hlaha hangata mangolong a rorisang Jehova hobane ha ho na Modimo ya tshwanang le yena. Ka mohlala, lekgetlo la pele moo Bibele e reng Jehova ke “Lefika” ke ho Deuteronoma 32:4. Anna le yena ha a rapela o ile a re “ha ho lefika le tshwanang le Modimo wa rona.” (1 Sam. 2:2) Habakuke yena o ile a bitsa Jehova ‘Lefika la hae.’ (Hab. 1:12) Mongodi wa Pesaleme ya 73 le yena o ile a bitsa Jehova ‘lefika la hae.’ (Pes. 73:26) Le Jehova ka boyena o ile a ipitsa lefika. (Esa. 44:8) Hona jwale a re ke re ithuteng ka makgabane a mararo ao Jehova a nang le ona a bontshang hore ke lefika mme re bone ka moo re ka mo etsang “Lefika la rona” ka teng.—Deut. 32:31.

Batho ba Jehova ba mo nka e le lefika la bona (Sheba serapa sa 3)


4. Jehova o etsang ho bontsha hore ke setshabelo? (Pesaleme ya 94:22)

4 Jehova ke setshabelo. Feela jwalo ka ha motho a ka kgona ho ipatela sefefo se matla tlasa lefika le leholo, Jehova le yena o a re sireletsa ha re hlahelwa ke maemo a re thatafaletsang bophelo. (Bala Pesaleme ya 94:22.) O re thusa hore re dule re ena le kamano e ntle le yena. Hape o re tshepisa hore dintho tse re utlwisang bohloko hona jwale di ke ke tsa re utlwisa bohloko ka ho sa feleng. O boetse o tshepisa hore nakong e tlang o tla fedisa ntho e nngwe le e nngwe e re tshwenyang le e re utlwisang bohloko.—Ezek. 34:​25, 26.

5. Re ka etsa Jehova Setshabelo sa rona jwang?

5 Tsela e nngwe eo re ka etsang Jehova Setshabelo sa rona ka yona ke ka ho mo rapela. Ha re rapela, Jehova o lebela dipelo tsa rona le menahano ya rona ka ho re fa “kgotso.” (Bafil. 4:​6, 7) Nahana ka se ileng sa etsahalla Morabo rona Artem ya ileng a kwallwa ka lebaka la tumelo ya hae. Ha a ntse a le teronkong, mofuputsi e mong o ile a mo hloma dipotso ka makgetlo a mangata, a mo tshwara hampe a ba a leka ho mo tshosa. Morabo rona Artem o ile a re: “Ke ne ke utlwa ke ba tlasa kgatello nako le nako ha mofuputsi eo a ntlhoma dipotso. . . . Ke ne ke dula ke rapela Jehova ke mo kopa hore a mphe bohlale le hore a nthuse ho ba le kgotso. Le hoja mofuputsi eo a ne a ntlhorisa jwalo, ke ile ka dula ke kgobile matshwafo. . . . Ka lebaka la tsela eo Jehova a ileng a nthusa ka yona, ho ne ho tshwana le ha eka ke sireleditswe ke lerako.”

6. Ke hobaneng ha re ka tshepa Jehova? (Esaia 26:​3, 4)

6 Jehova o a tshepahala. Jwalo ka lefika le sa sisinyeheng, Jehova o dula a ikemiseditse ho re thusa. Re ka mo tshepa hobane “ke Lefika ka mehla le mehla.” (Bala Esaia 26:​3, 4.) O tla dula a le teng ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, ho utlwa dithapelo tsa rona le ho re fa tshehetso eo re e hlokang. Hape re ka mo tshepa hobane le yena o tshepahalla bahlanka ba hae. (2 Sam. 22:26) A ke ke a lebala mesebetsi ya rona mme o tla dula a re hlohonolofatsa.—Baheb. 6:10; 11:6.

7. Ho tla etsahalang ha re tshepa Jehova? (Sheba setshwantsho.)

7 Re etsa Jehova Lefika la rona ha re mo tshepa ka ho feletseng. Re kgodisehile hore ho mo mamela le haeba ho le boima ho tla re tswela molemo. (Esa. 48:​17, 18) Ha re bona ka moo a re thusang ka teng, re tla mo tshepa le ho feta. Re tla kgodiseha hore ke Jehova feela ya tla re thusa ho mamella mathata afe kapa afe ao re kopanang le ona ho sa tsotellehe hore na a maholo hakae. Hangata re bona ka moo Jehova a tshepahalang ka teng ha re le maemong ao ho ona ho se nang motho ofe kapa ofe ya ka re thusang ntle le yena. Morabo rona Vladimir o ile a re: “Nakong eo ke neng ke kwaletswe, ke ne ke utlwa ke le haufi le Jehova ho feta le ha e le neng pele bophelong ba ka. Ke ile ka ithuta ho tshepa Jehova haholwanyane hobane ke ne ke le mong ebile ho se na letho leo nka le etsang ka boemo ba ka.”

Re etsa Jehova Lefika la rona ha re mo tshepa ka ho feletseng (Sheba serapa sa 7)


8. (a) Ke hobaneng ha re ka re Jehova o tsitsitse? (b) Ke melemo efe eo re tla e fumana ha Modimo e le Lefika la rona? (Pesaleme ya 62:​6, 7)

8 Jehova o tsitsitse. Jwalo ka lefika, Jehova o tsitsitse ebile ha a fetohe. Botho ba hae le morero wa hae ha di fetohe. (Mal. 3:6) Ha a ka a fetola morero wa hae ka batho ka mora hore Adama le Eva ba mo fetohele. Jwalo ka ha moapostola Pauluse a ile a ngola, Jehova “a ke ke a itatola.” (2 Tim. 2:13) Sena se bolela hore ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang kapa hore na batho ba etsang, Jehova a ke ke a fetola botho ba hae, morero wa hae kapa melao ya hae. Re kgodisehile hore Jehova o tla re thusa ha re ena le mathata le hore o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae tsa nakong e tlang hobane ha a fetohe.—Bala Pesaleme ya 62:​6, 7.

9. O ithutang ho se ileng sa etsahalla Moradi wa bo rona Tatyana?

9 Re ka etsa Jehova Lefika la rona ka ho nahanisisa ka makgabane a hae le merero ya hae. Ho etsa jwalo ho ka re thusa hore re dule re kgobile matshwafo ha re tobana le mathata mme re dule re tshepahala. (Pes. 16:8) Ke sona se ileng sa etsahalla Moradi wa bo rona Tatyana, ya ileng a kwallwa ha hae ka lebaka la seo a se dumelang. Moradi wa bo rona Tatyana o re: “Ka ha ke ne ke le mong ha ke ne ke kwaletswe, qalong ho ne ho le boima haholo ebile ke ne ke dula ke nyahame.” Le ha ho le jwalo, o ile a qala ho nahanisisa ka makgabane a Jehova le merero ya hae mme a utlwisisa hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore a mamelle teko eo. Ho etsa jwalo ho ile ha mo thusa hore a dule a kgobile matshwafo le ho mamella. O ile a re: “Ke ile ka hopola hore ke hlahelwa ke mathata ana hobane ke leka ho etsa thato ya Jehova. Seo se ile sa nthusa hore ke se ke ka dula ke nahana ka mathata ao ke nang le ona.”

10. Re ka etsang e le hore Jehova e be Lefika la rona hona jwale?

10 Haufinyane re tla tobana le mathata a tla etsa hore re hloke ho itshetleha ka Jehova ho feta le ha e le neng pele. Ho bohlokwa haholo hona jwale hore re matlafatse tumelo ya rona le ho kgodiseha hore Jehova o tla re thusa ho dula re mo tshepahalla maemong ohle. Keng e tla re thusa ho etsa jwalo? Bala ditlaleho tsa Bibele le dipale tsa bana ba bo rona ba mehleng ena. Ela hloko ka moo Modimo a ileng a thusa bahlanka ba hae ka teng. Nahanisisa ka ditlaleho tseo. Ho etsa jwalo ho tla o thusa hore o etse Jehova Lefika la hao.

ETSISA JEHOVA

11. Ho tla etsahalang haeba re leka ka matla ho etsisa Jehova? (Sheba lebokose le reng “ Seo Bara ba bo Rona ba Batjha ba ka se Etsang.”)

11 Re se re buile ka hore na ke jwang Jehova a tshwanang le lefika. Hona jwale re tlo ithuta hore na re ka mo etsisa jwang. Haeba re leka ka matla ho etsisa Jehova, re tla kgona ho matlafatsa bana ba bo rona ka phuthehong. Jesu o ile a reha Simone Kefase (eo ha e fetolelwa e leng “Petrose”), e bolelang “Lefika.” (Joh. 1:42) Sena se ne se bontsha hore Petrose o ne a tla tshedisa Bakrestemmoho le yena le ho ba matlafatsa tumelong. Ka tsela e tshwanang, Bibele e hlalosa baholo e le “moriti wa lefika le leholo.” Sena se bolela hore ba sireletsa phutheho. (Esa. 32:2) Le ha ho le jwalo, kaofela ha rona ka phuthehong re rua molemo ha re etsisa Jehova.—Baef. 5:1.

12. Re ka etsang ho thusa Bakrestemmoho le rona?

12 Eba setshabelo. Ka dinako tse ding re ka kgona ho thusa Bakrestemmoho le rona ha ho ena le dikoduwa tsa tlhaho, merusu kapa dintwa. Ha maemo a ntse a mpefala ‘mehleng ena ya bofelo,’ re tla ba le menyetla e eketsehileng ya ho thusana. (2 Tim. 3:1) Re ka boela ra tshedisa bana ba bo rona le ho ba bontsha hore re a ba rata. Tsela e nngwe eo re ka etsang sena ka yona ke ka ho etsa hore ba ikutlwe ba amohelehile ha ba le dibokeng. Re lokela ho ba kgothatsa le ho etsa hore ba ikutlwe ba ratwa. Batho ba bangata mehleng ena ba tshwara ba bang hampe mme sena se ka etsa hore bara le baradi ba bo rona ba ikutlwe ba imetswe ebile ba sa ratwe. Ka hoo, ha ba le dibokeng, re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho etsa hore ba ikutlwe ba ratwa, ba kgatholohile ebile ba sireletsehile.

13. Baholo ba ka thusa Bakrestemmoho le bona jwang? (Sheba setshwantsho.)

13 Baholo ba ka thusa Bakrestemmoho le bona ba hlahetsweng ke mathata. Ha bara le baradi ba bo rona ba hlahetswe ke dikoduwa kapa ba hloka thuso e potlakileng ya tsa bongaka, baholo ke bona batho ba pele ba ho ba thusa. Ba boetse ba a ba kgothatsa le ho ba fa tataiso e tswang ka Bibeleng. Ha moholo a tsebahala e le motho ya bonolo, ya utlwisisang le ya ikemiseditseng ho mamela, ho tla ba bonolo hore bara le baradi ba bo rona ba mo kope thuso. Makgabane ana a etsa hore Bakrestemmoho ba ikutlwe ba ratwa ebile a ba nolofaletsa ho sebedisa keletso e thehilweng Bibeleng eo moholo a ka ba fang yona.—1 Bathes. 2:​7, 8, 11.

Baholo ke setshabelo ho bara le baradi ba bo rona ka phuthehong ha ba ena le mathata (Sheba serapa sa 13) a


14. Re ka bontsha jwang hore re a tshepahala?

14 Tshepahala. Re batla hore Bakrestemmoho le rona ba re tshepe mme ba kgodisehe hore re ka ba thusa, haholoholo ha ba ena le mathata. (Diprov. 17:17) Re ka etsang e le hore re tsebahale re le batho ba tshepahalang? Re ka leka ho etsisa Jehova letsatsi le letsatsi. Ka mohlala, re lokela ho phethahatsa ditshepiso tsa rona hape re be batho ba bolokang nako. (Mat. 5:37) Re ka boela ra thusa bana ba bo rona ka dintho tseo ba di hlokang. Ho ekeletsa moo, re lokela ho etsa bonnete ba hore re etsa mesebetsi eo re e fuwang ka phuthehong ho latela tataiso eo re e fuweng.

15. Phutheho e rua molemo jwang ha baholo ba tshepahala?

15 Phutheho e rua molemo jwang ha baholo ba tshepahala? Bahweletsi ba a kgothala ha ba tseba hore ba ka kgona ho bua le baholo neng kapa neng ha ba hloka thuso. Hape ba tla ikutlwa ba ratwa ha ba tseba hore baholo ba ikemiseditse ho ba thusa. Ho feta moo, bahweletsi ba tla tshepa baholo ha ba fana ka keletso e thehilweng Bibeleng le dingolweng tseo mohlanka ya tshepahalang a fanang ka tsona ho ena le ho fana ka keletso e thehilweng maikutlong a bona. Hape bara le baradi ba bo rona ba tla tshepa moholo haeba a sa tsamaye a ntsha makunutu a bona ebile a tshepahalla seo a itseng o tla se etsa.

16. Ho tsitsa ho tla tswela rona le batho ba bang molemo jwang?

16 Tsitsa. Haeba re mamela Jehova dinthong tsohle ebile re tataiswa ke melaomotheo ya Bibele ha re etsa diqeto, re tla ba mehlala e metle ho batho ba bang. Ha tsebo eo re nang le yona ka Jehova e ntse e eketseha le tumelo ya rona e ba matla le ho feta, re tla mamela melao ya Jehova le ho dula re mo tshepahalla. Re ke ke ra ba batho ba hlolehang ho etsa qeto, ba sa tsitsang kapa ba kgeloswang ha bonolo ke dithuto tsa bohata le tsela eo batho ba lefatshe lena ba nahanang ka yona. (Baef. 4:14; Jak. 1:​6-8) Tumelo eo re nang le yona ho Jehova le tshepo eo re nang le yona ya hore o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae, e tla re thusa hore re se ke ra ferekana ha re utlwa ditaba tse bohloko. (Pes. 112:​7, 8) Re tla kgona le ho thusa batho ba bang ha ba hlahelwa ke mathata.—1 Bathes. 3:​2, 3.

17. Baholo ba ka etsang ho thusa bara le baradi ba bo rona hore ba dule ba tsitsitse?

17 Baholo ba lokela ho ba le tekatekano dinthong tsohle tseo ba di etsang, ba be le kelello, ba hlophisehe hape ba se ke ba ba manganga. Bara bana ba bo rona ba thusa ba bang ka phuthehong hore ba tsitse le hore ba dule ba ena le tumelo e matla ho Jehova. Hape ba matlafatsa phutheho ka ho etsa hore ‘tsela eo ba rutang ka yona e be tumellanong le lentswe le tshepahalang.’ (Tite 1:9; 1 Tim. 3:​1-3) Ha baholo ba hlokomela phutheho, ba ya dibokeng le tshimong ka mehla ebile ba etsa thuto ya botho ka mehla, mohlala wa bona o thusa bahweletsi hore ba etse se tshwanang. Ha bara le baradi ba bo rona ba hlahelwa ke mathata a etsang hore ba tshwenyehe, baholo ba ka ba thusa haholo ka ho ba kgothaletsa ho dula ba nahana ka Jehova le merero ya hae.

18. Keng e etsang hore re batle ho rorisa Jehova le ho ba metswalle ya hae ka ho sa feleng? (Sheba lebokose le reng “ Keng e Tla o Thusa ho Rata Jehova le ho Feta?”)

18 Ka mora ho tshohla makgabane a Jehova, re ka bua jwalo ka Morena Davida ha a ne a re: “Ho roriswe Jehova, Lefika la ka.” (Pes. 144:1) Jehova ke Modimo eo re ka mo tshepang ka dinako tsohle. Esita le ha re se re tsofetse, re ka kgodiseha hore o tla re thusa ka dinako tsohle hore re dule re le haufi le yena. Re ka bua re kgodisehile ra re: “Ke Lefika la ka.”Pes. 92:​14, 15.

PINA YA 150 Batlang Modimo Hore le Lopollwe

a TLHALOSO YA DITSHWANTSHO: Moradi wa bo rona o buisana le baholo a phutholohile ha a le dibokeng.