Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 23

PINA YA 28 Ho Fumana Botswalle ba Jehova

Jehova o re Mema Hore re be Baeti ba Hae

Jehova o re Mema Hore re be Baeti ba Hae

“Tente ya ka e tla ba moo ba dulang teng . . . mme nna ke tla ba Modimo wa bona.”EZEK. 37:27.

NTLHAKGOLO

Ho re thusa hore re ananele memo eo Jehova a re fang yona le ho feta ya hore re be baeti tenteng ya hae le ho re bontsha ka moo Jehova a re kgathallang ka teng jwalo ka baeti ba hae.

1, 2. Jehova o fa barapedi ba hae ba tshepahalang memo efe?

 O NE o ka reng haeba motho e mong a ne a ka o botsa a re: ‘Ho ya ka wena Jehova ke mang?’ Mohlomong o ne o ka mo araba ka ho re, ‘Jehova ke Ntate wa ka, ke Modimo wa ka le Motswalle wa ka.’ Ho na le mantswe a mang ao o ka a sebedisang ho hlalosa hore na Jehova ke mang. Empa na o kile wa nahana ka ho ba e mong wa baeti ba Jehova?

2 Morena Davida o ile a bapisa setswalle sa Jehova le barapedi ba hae ba tshepahalang le kamano e teng pakeng tsa motho le baeti ba hae. O ile a botsa a re: “Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ya hao? Ke mang ya ka dulang thabeng ya hao e halalelang?” (Pes. 15:1) Mantsweng ana re ithuta hore re ka ba baeti ba Jehova e leng metswalle ya hae. Ena ke memo e thabisang e tswang ho Jehova.

JEHOVA O BATLA HORE RE BE BAETI BA HAE

3. Ke mang eo e bileng moeti wa pele wa Jehova, hona Jehova le moeti wa hae ba ne ba ikutlwa jwang?

3 Pele Jehova a bopa dintho tsohle o ne a le mong. Empa ha nako e ntse eya o ile a bopa Mora wa hae wa letsibolo. Jehova o ne a le jwalo ka motho ya memmeng moeti wa hae wa pele tenteng ya hae mme o ne a thabile haholo. Bibele e re Jehova o ne a rata Mora wa hae haholo mme Mora wa hae le yena o ne a thabile “ka nako yohle . . . ka pela [Jehova.]”—Diprov. 8:30.

4. Ke bomang hape bao e ileng ya eba baeti ba Jehova?

4 Jehova o ile a bopa mangeloi mme le ona e ile ya eba baeti ba hae. Bibele e re mangeloi ke ‘bara ba Modimo’ mme e bontsha ka moo a thabileng ka teng hore ebe a dula a ena le yena. (Jobo 38:7; Dan. 7:10) Ka dilemo tse ngatangata, baeti ba Modimo e ne e le feela mangeloi a neng a dula le yena lehodimong. Ka mora moo, o ile a bopa batho mme le bona e ile ya eba baeti ba hae. Ba bang ba baeti bao ba hae e ne e le Enoke, Noe, Abrahama le Jobo. Bibele e re e ne e le metswalle ya Jehova hobane ba ne ba mo mamela.—Gen. 5:24; 6:9; Jobo 29:4; Esa. 41:8.

5. Re ka ithutang boprofeteng bo hlahang lengolong la Ezekiele 37:​26, 27?

5 Ho theosa le dilemo tse ngata Jehova haesale a ntse a mema metswalle ya hae hore e be baeti ba hae. (Bala Ezekiele 37:​26, 27.) Ka mohlala, boprofeteng ba Ezekiele re ithuta hore Modimo o batla hore barapedi ba hae ba tshepahalang ba be le kamano e haufiufi le yena. O tshepisa hore o tla etsa “selekane sa kgotso le bona.” Boprofeta bona bo bua ka nako eo ka yona ba nang le tshepo ya ho phela lehodimong le ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba tla momahana tenteng ya Jehova e le ‘mohlape o le mong.’ (Joh. 10:16) Nako eo e se e fihlile.

MODIMO O A RE HLOKOMELA HO SA TSOTELLEHE HORE NA RE HOKAE

6. Ke jwang motho e bang moeti tenteng ya Jehova, hona tente ya hae e fumaneha hokae?

6 Mehleng ya Bibele tente e ne e le sebaka seo motho a ka phomolang ho sona le ho itshireletsa maemong a lehodimo. Moeti ya ileng tenteng ya motho e mong o ne a lebeletse hore motho ya mo memmeng a mo hlokomele. Ha re inehela ho Jehova re ba baeti tenteng ya hae. (Pes. 61:4) Re na le dintho tsohle tseo re di hlokang e le hore re dule re ena le setswalle se matla le Jehova ebile re metswalle ya baeti ba Jehova. Empa tente ya hae ha e sebakeng se itseng. Mohlomong o kile wa ya naheng e nngwe yaba o ya kopanong e kgolo mme wa kopana le batho ba bang ba thabelang ho ba tenteng ya Modimo. Tente ya Jehova e hohle moo barapedi ba hae ba tshepahalang ba leng teng.—Tshen. 21:3.

7. Ke hobaneng ha re ka re batho ba ileng ba shwa ba tshepahala e ntse e le baeti tenteng ya Jehova? (Sheba setshwantsho.)

7 Ho thweng ka batho ba ileng ba shwa ba tshepahala? Na e ka ba ntho e utlwahalang ha re ka re le bona e ntse e le baeti tenteng ya Jehova? Ho jwalo. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ke hobane Jehova o ntse a ba hopola hantle. Jesu o ile a re: “Taba ya hore bafu ba a tsoswa esita le Moshe o ile a bua ka yona ha a bua ka sehlahla se meutlwa. O ile a re Jehova ke Modimo wa Abrahama, Isaka le Jakobo. Yena ke Modimo wa ba phelang eseng wa bafu hobane ho yena ba a phela kaofela.”—Luka 20:​37, 38.

Batho ba ileng ba hlokahala ba tshepahala le bona e ka ba baeti tenteng ya Modimo (Sheba serapa sa 7)


MELEMO EO RE E FUMANANG LE BOIKARABELO BOO RE NANG LE BONA

8. Ke melemo efe eo baeti ba Jehova ba e fumanang tenteng ya hae?

8 Feela jwalo ka ha tente ya sebele e ka ba sebaka sa ho phomola le ho itshireletsa maemong a lehodimo, tente ya Jehova le yona e sireletsa baeti ba hae e le hore ho se ke ha eba le letho le senyang kamano ya bona le yena ebile e ba fa tshepo ka bokamoso. Ha re dula re le metswalle e haufi ya Jehova, ha ho letho leo Satane a ka le etsang le ka re lematsang ka ho sa feleng. (Pes. 31:23; 1 Joh. 3:8) Lefatsheng le letjha Jehova o tla tswela pele a sireletsa metswalle ya hae e tshepahalang dinthong tse ka senyang kamano ya bona le yena. O tla boela a ba sireletse e le hore ba se ke ba shwa.—Tshen. 21:4.

9. Jehova o lebeletse hore baeti ba hae ba itshware jwang?

9 Ke tlotla e kgolo ho ba moeti tenteng ya Jehova le ho ba le kamano e ntle le yena e ka dulang e le teng ka ho sa feleng. Re lokela ho itshwara jwang haeba re batla ho tswela pele re le baeti ba Jehova? Haeba o ne o ka memelwa ha motho e mong, o ne o ka batla ho tseba hore na o lebeletse hore o etseng. Ka mohlala, a ka batla hore o role dieta tsa hao pele o ka kena ka tlung mme o ka etsa sona seo. Ka ho tshwanang, re batla ho tseba hore na Jehova o lebeletseng ho batho ba batlang ho tswela pele e le baeti tenteng ya hae. Lerato la rona ho Jehova le re susumeletsa ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo thabisa. (Bakol. 1:10) Ke nnete hore Jehova ke Motswalle wa rona empa re boetse re a hlokomela hore ke Modimo le Ntate wa rona ya tshwanelwang ke tlhompho ya rona. (Pes. 25:14) Re ntse re hopola seo, re lokela ho dula re mo hlompha re sa lebale hore na ke mang mme tlhompho e jwalo e tla re thusa hore re qobe ho itshwara ka tsela e ke keng ya mo thabisa. Ka nnete re batla ho ‘tsamaya le Modimo wa rona re ikokobeditse.’—Mik. 6:8.

JEHOVA O ILE A TSHWARA BAISERAELE KA TOKA

10, 11. Tsela eo Jehova a ileng a tshwara Baiseraele ka yona ha ba ne ba le lefeelleng la Sinai e bontsha jwang hore o na le toka?

10 Jehova o tshwara baeti ba hae ka toka. (Bar. 2:11) Re ka ithuta sena ha re sheba tsela eo a ileng a tshwara Baiseraele ka yona ha ba ne ba le lefeelleng la Sinai.

11 Ka mora hore Jehova a lokolle batho ba hae botlamuweng Egepeta, o ile a kgetha baprista hore ba sebetse tabernakeleng. O ile a fa Balevi boikarabelo ba hore ba hlokomele mesebetsi e meng e neng e etswa tenteng e halalelang. Na Jehova o ne a hlokomela batho ba neng ba sebetsa tabernakeleng kapa ba neng ba dula pela yona ho feta tsela eo a neng a hlokomela batho ba bang ka yona? Tjhe, ha ho jwalo, Jehova ha a leeme.

12. Tsela eo Jehova a ileng a tshwara Baiseraele ka yona lefeelleng e bontshitse jwang hore ha a leeme? (Exoda 40:38) (Sheba setshwantsho.)

12 Motho e mong le e mong ya neng a dula dikampong, o ne a ena le monyetla o tshwanang wa ho thabela kamano eo a nang le yona le Jehova ho sa tsotellehe hore na o fuwe mosebetsi o kgethehileng kapa hore na o dula haufi le tabernakele. Ka mohlala, Jehova o ne a entse bonnete ba hore setjhaba kaofela se kgona ho bona pilara ya leru le pilara ya mollo ha di le ka hodima tabernakele. (Bala Exoda 40:38.) Ha leru le qala ho phahama, batho bohle ho akareletsa le ba neng ba dula hole le tabernakele, ba ne ba kgona ho le bona mme ba paka dithoto tsa bona le ho qhaqha ditente tsa bona ebe ba tsamaisana ha mmoho e le setjhaba. (Num. 9:​15-23) Bohle ba ne ba kgona ho utlwa modumo o ikgethang wa diterompeta tse pedi tsa silevera o neng o bolela hore bohle ba lokela ho tsamaya. (Num. 10:2) Ho hlakile hore ho dula pela tabernakele e ne e se bopaki ba hore motho o na le setswalle se haufi le Jehova. Empa Baiseraele bohle e ne e ka ba baeti ba Jehova mme ba kgona ho fumana tataiso le tshireletso ya hae. Ka ho tshwanang, le kajeno Jehova o ntse a re rata, a re hlokomela hape a re sireletsa ho sa tsotellehe hore na re dula hokae.

Tokisetso ya Modimo ya tabernakele e ne e bontsha hore Jehova o na le toka (Sheba serapa sa 12)


MEHLALA YA KAJENO E BONTSHANG HORE JEHOVA O NA LE TOKA

13. Ke hobaneng ha re ka re Jehova o na le toka le kajeno?

13 Bahlanka ba bang ba Modimo kajeno ba dula pela ntlokgolo kapa ofisi ya lekala ya Dipaki Tsa Jehova. Ba bang ba sebetsa mehahong ena. Ka hoo, ba kgona ho thusa ho etsa mesebetsi e mengata e etswang dibakeng tsena ebile ba kgona ho tseba bara ba bo rona ba etellang pele. Ba bang ke balebedi ba tsamayang mme ba bang ba etsa mesebetsi e meng tshebeletsong e kgethehileng ya nako e tletseng. Le hoja e ka nna yaba ha o e mong wa batho bana, o ka kgodiseha hore o ntse o le moeti wa Jehova mme o a o rata. Hape o o tseba hantle ebile o o fa dintho tseo o di hlokang. (1 Pet. 5:7) Jehova o fa bahlanka bohle ba hae dintho tse ba thusang hore ba be le kamano e ntle le yena ebile o a ba tataisa le ho ba sireletsa.

14. Jwalo ka motho ya amohelang baeti, Jehova o bontsha jwang hore ha a leeme?

14 Jwalo ka motho ya amohelang baeti, Jehova le yena ha a leeme hobane o entse hore Bibele e fumanehe bakeng sa batho bohle lefatsheng kajeno. Mangolo a Halalelang a ne a ngotswe ka dipuo tse tharo e leng Seheberu, Searame le Segerike. Na ebe batho ba kgonang ho bala Bibele ka dipuo tsee ke bona feela ba nang le kamano e haufi le Jehova ho feta ba sa kgoneng? Tjhe, ha ho jwalo.—Mat. 11:25.

15. Ke eng e bontshang hore Jehova ha a leeme? (Sheba setshwantsho.)

15 Jehova ha a re meme hore re be metswalle ya hae hobane feela re rutehile haholo kapa re tseba dipuo tseo Bibele e neng e ngotswe ka tsona pele. Ho ena le hoo, Jehova ha a etsa hore bohlale ba hae bo tsejwe feela ke batho ba rutehileng empa o entse hore bo tsejwe ke batho bohle lefatsheng ho sa tsotellehe hore na ba rutehile kapa ha ba a ruteha. Lentswe la hae Bibele le fetoletswe ka dipuo tse makgolo. Ka hoo, batho bohle lefatsheng ba ka fumana molemo ho lona mme ba ithuta hore na ba ka etsang e le hore e be metswalle ya hae.—2 Tim. 3:​16, 17.

Taba ya hore Bibele e fumaneha ka dipuo tse ngata e bontsha jwang hore Jehova ha a leeme? (Sheba serapa sa 15)


DULA O ‘AMOHELWA’ KE JEHOVA

16. Ho ya ka Diketso 10:​34, 35, re ka etsang hore re dule re amohelwa ke Jehova?

16 Ho thabisa haholo ho amohelwa ke Jehova jwalo ka baeti tenteng ya hae. O mosa haholo, o lerato haholo ebile o amohela baeti ka mofuthu ho feta motho le ha e le ofe. Hape Jehova ha a leeme. O re amohela kaofela ho sa tsotellehe hore na re dula hokae, re hodisitswe jwang, re rutehile hakae, re tswa morabeng ofe, re tswa setsong sefe, re dilemo di kae, kapa re batho ba bong bofe. Le ha ho le jwalo, Jehova o amohela feela batho ba mamelang melao ya hae hore e be baeti ba hae.—Bala Diketso 10:​34, 35.

17. Ke hokae moo re ka fumanang boitsebiso bo eketsehileng ka ho ba baeti tenteng ya Jehova?

17 Jwalo ka ha ho tlalehilwe ho Pesaleme ya 15:​1, Davida o ile a botsa dipotso tsena: “Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ya hao? Ke mang ya ka dulang thabeng ya hao e halalelang?” Jehova o ile a sebedisa Davida ho araba dipotso tsena. Sehloohong se latelang re tlo bua ka dintho tseo re hlokang ho di etsa e le hore re dule re amoheleha ho Jehova.

PINA YA 32 Emang le Jehova!