Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 24

PINA EA 24 Tloong Thabeng ea Jehova

Lula u le Moeti oa Jehova ka ho sa Feleng

Lula u le Moeti oa Jehova ka ho sa Feleng

“Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ea hao?”PES. 15:1.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta hore na ke eng eo re ka e etsang e le hore re lule re le metsoalle ea Jehova. Re tla boela re hlahlobe hore na o lebeletse hore re tšoare metsoalle ea hae joang.

1. Ke’ng eo re ka ithutang eona ha re bala Pesaleme ea 15:​1-5?

 SEHLOOHONG se fetileng, re ithutile hore batho bohle ba inehetseng ho Jehova ebile ba tsoela pele ba e-na le kamano e haufi le eena e ba baeti tenteng ea hae. Empa ke’ng seo re lokelang ho se etsa e le hore re be baeti ba hae? Pesaleme ea 15 e bua ka taba ena. (Bala Pesaleme ea 15:​1-5.) E boetse e fana ka likeletso tse sebetsang tse ka re thusang hore re be metsoalle ea Molimo.

2. Ho ka etsahala hore ebe mopesaleme Davida o ne a nahanne ka eng ha a bua ka tente ea Jehova?

2 Pesaleme ea 15 e qala ka lipotso tsena: “Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ea hao? Ke mang ea ka lulang thabeng ea hao e halalelang?” (Pes. 15:1) E ka ’na eaba ha mopesaleme Davida a ne a bua ka “tente” ea Jehova, o ne a nahanne ka tabernakele e neng e le Gibeone ka nakoana. Davida o boetse o bua ka ‘thaba e halalelang’ ea Molimo, eo mohlomong e leng thaba ea Sione e Jerusalema. Lik’hilomithara tse ’maloa ka boroa ho Gibeone, Davida o ile a hloma tente ’me a beha areka ea selekane ka ho eona ho fihlela tempele e hahoa.—2 Sam. 6:17.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho utloisisa Pesaleme ea 15? (Sheba setšoantšo.)

3 Bongata ba Baiseraele bo ne bo sa sebeletse tabernakeleng. Ke ba seng bakae feela ba neng ba ka kena ka tenteng, e leng moo areka ea selekane e neng e lula teng. Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova ba tšepahalang kaofela e ne e ka ba baeti tenteng ea hae ka hore e be metsoalle ea hae. Ke ntho eo le rona kaofela re e batlang. Pesaleme ea 15 e bua ka makhabane a mang ao re lokelang ho ba le ’ona e le hore re lule re le metsoalle ea Jehova.

Baiseraele ba mehleng ea Davida ba ne ba ka khona ho iketsetsa setšoantšo sa hore na ho bolela’ng ho ba moeti tenteng ea Jehova (Sheba serapa sa 3)


E-BA EA SE NANG MOLATO LE EA ETSANG LINTHO TSE LOKILENG

4. Re tseba joang hore ho kolobetsoa ha se eona feela ntho eo Jehova a e lebeletseng ho rona? (Esaia 48:1)

4 Pesaleme ea 15:2 e re motsoalle oa Molimo “ke ea se nang molato, ea etsang lintho tse lokileng.” Polelo e reng “ea se nang molato” le e reng “ea etsang lintho tse lokileng” li bolela hore motho o lula a etsa lintho tsena. Empa na kannete re ka lula ‘re se na molato’? Ho joalo. Ke ’nete hore kaofela ha rona re baetsalibe empa Jehova o tla re nka ‘re se molato’ haeba re leka kahohle ho mo mamela. Ha re ne re inehela ho Molimo le ho kolobetsoa, e ne e le qalo feela ea leeto leo re le tsamaeang le Molimo. Hlokomela hore mehleng ea Bibele, ho ba Moiseraele ho ne ho sa bolele hore motho e se e ntse e le moeti oa Jehova. Batho ba bang ba ne ba ipiletsa ho Molimo, le hoja e ne e se “ka ’nete le ho loka.” (Bala Esaia 48:1.) Leha ho le joalo, Baiseraele ba tšepahalang ba ne ba lokela ho ithuta melao ea Jehova le ho e mamela. Ka ho tšoanang mehleng ena e le hore Molimo a re amohele, re lokela ho etsa ho fetang ho kolobetsoa le ho ba karolo ea phutheho ea Bokreste. Re lokela ho lula ‘re etsa lintho tse lokileng.’ Re ka etsa seo joang?

5. Ho mamela Jehova linthong tsohle ho bolela’ng?

5 Ho Jehova, motho “ea se nang molato” le “ea etsang lintho tse lokileng” ha se feela ea eang libokeng kamehla. (1 Sam. 15:22) Re lokela ho loana ka matla hore re mamele Molimo ka linako tsohle le moo re leng bang. (Liprov. 3:6; Moek. 12:​13, 14) Ke habohlokoa hore re mamele Jehova esita le linthong tse ka bonahalang eka li nyenyane. Ho etsa joalo ho tla etsa hore re mo rate ’me le eena o tla re rata le ho feta.—Joh. 14:23; 1 Joh. 5:3.

6. Ho ea ka Baheberu 6:​10-12, ke eng eo e leng ea bohlokoa ho feta lintho tseo re li etselitseng Jehova nakong e fetileng?

6 Jehova o ananela lintho tseo re mo etselitseng tsona nakong e fetileng. Leha ho le joalo, lintho tseo re ileng ra mo etsetsa tsona ha se tsona feela tse etsang hore re lule re le baeti tenteng ea hae. Re bona taba ena ho Baheberu 6:​10-12. (E bale.) Jehova a ke ke a lebala lintho tse ntle tseo re li entseng nakong e fetileng. Empa o batla hore re lule re mo sebeletsa ka pelo eohle “ho fihlela qetellong.” E tla ba motsoalle oa rona ka ho sa feleng “haeba re sa khathale.”—Bagal. 6:9.

BUA ’NETE KA PELONG EA HAO

7. Ho bua ’nete ka pelong ho bolela’ng?

7 Motho ea batlang ho ba moeti tenteng ea Jehova o lokela ho “bua ’nete ka pelong ea hae.” (Pes. 15:2) Taba ena ha e bolele feela hore re se ke ra bua leshano. Jehova o batla hore re tšepahale linthong tsohle. (Baheb. 13:18) Sena se bohlokoa hobane “Jehova o nyonya motho ea bolotsana empa ke motsoalle oa ba lokileng.”—Liprov. 3:32.

8. Ke eng eo re lokelang ho e qoba?

8 Batho ba ‘buang ’nete ka lipelong tsa bona’ ha ba mamele Molimo feela ha batho ba bang ba ba shebile ebe ba etsa lintho tse mpe moo ba leng bang. (Esa. 29:13) Ba qoba ho etsa lintho tse fosahetseng. Motho ea bolotsana a ka ’na a belaella hore e meng ea melao ea Jehova e molemo. (Jak. 1:​5-8) A ka ’na a khetha ho se mamele Jehova linthong tseo a li nkang e se tsa bohlokoa hakaalo. Haeba a sa fumane litla-morao tsa liketso tsa hae, a ka ’na a etsa lintho tse mpe le ho feta. Jehova a ke ke a amohela borapeli ba hae le hoja a nahana hore o ntse a mo sebeletsa. (Moek. 8:11) Kahoo, re batla ho tšepahala linthong tsohle.

9. Ho ile ha etsahala eng ha Jesu a ne a qala ho kopana le Nathanaele ’me re ithuta’ng ho seo? (Sheba setšoantšo.)

9 Ho bohlokoa hore motho a bue ’nete ka pelong ea hae. Re ka bona sena ka se ileng sa etsahala ha Filipi a ne a mema motsoalle oa hae Nathanaele hore a kopane le Jesu. Le hoja Jesu a ne a qala ho kopana le Nathanaele, o ile a re ka eena: “Enoa kannete ke Moiseraele ea se nang bolotsana.” (Joh. 1:47) Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba bang ba hae ba ne ba tšepahala empa Nathanaele o ne a tšepahala ka tsela e ikhethileng. Nathanaele o ne a sa phethahala joaloka rona empa o ne a tšepahala linthong tsohle. Jesu o ne a rata sena ka eena ’me o ile a mo babatsa. Kaofela ha rona re batla hore Jesu a ikutloe joalo ka rona.

Ha Jesu a bona Nathanaele motsoalle oa Filipi, o ile a re ke monna ea tšepahalang. Na a ka bua se tšoanang ka rona? (Sheba serapa sa 9)


10. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho bua batho ba bang hampe? (Jakobo 1:26)

10 Pesaleme ea 15 e bua haholo ka hore na re lokela ho tšoara batho ba bang joang. Pesaleme ea 15:3 e re moeti tenteng ea Jehova “ha a etselletse ka leleme la hae, ha a etse letho le lebe ho moahisani oa hae ebile ha a bue hampe ka metsoalle ea hae.” Ho bua batho ba bang hampe ho ka ba utloisa bohloko haholo ebile ho ka etsa hore Jehova a se ke a re amohela tenteng ea hae.—Bala Jakobo 1:26.

11. Ho etselletsa motho e mong ho bolela’ng, hona ho ba le litla-morao life haeba motho eo a sa bake?

11 Mopesaleme o boetse o bua ka motho ea etselletsang ba bang. Ho etselletsa motho e mong ho bolela’ng? Hangata motho ea etselletsang o bua lintho tseo e seng ’nete ka motho e mong tse ka senyang botumo ba hae. Batho ba etselletsang batho ba bang ’me ba sa bake baa tlosoa ka phuthehong.—Jer. 17:10.

12, 13. Ke maemong afe moo re ka iphumanang re buile hampe ka batho ba bang re sa hlokomele? (Sheba setšoantšo.)

12 Pesaleme ea 15:3 e boetse ea re hopotsa hore baeti ba Jehova ha ba etse letho le lebe ho baahisani ba bona ebile ha ba bue hampe ka metsoalle ea bona. Ho bua batho ba bang hampe ho ka akareletsa’ng?

13 Re ka iphumana re buile hampe ka batho ba bang re sa hlokomele. Ka mohlala: (1) morali oa bo rona a ka tlohela tšebeletso ea nako e tletseng, (2) banyalani ba ka tlohela ho sebeletsa Bethele kapa (3) mor’abo rona a ka tlohela ho sebeletsa e le moholo kapa e le mohlanka ea sebeletsang. Na ho tla be ho nepahetse ho iketsetsa liqeto tsa hore na ke hobane’ng ha ho bile le liphetoho tse joalo bophelong ba bona? Ho ka etsahala hore ebe ho na le mabaka a mang ao re sa a tsebeng. Hape, moeti tenteng ea Jehova “ha a etse letho le lebe ho moahisani oa hae ebile ha a bue hampe ka metsoalle ea hae.”

Ho ka ba bonolo hore re bue hampe ka batho ba bang ’me re qetelle re ba sentse mabitso (Sheba serapa sa 12 le 13)


HLOMPHA BA TŠABANG JEHOVA

14. Hlalosa hore na baeti ba Jehova ba lokela ho qoba batho bafe ba “etsang lintho tse mpe.”

14 Pesaleme ea 15:4 e re motsoalle oa Jehova “ha a amohele mang kapa mang ea etsang lintho tse mpe.” Re ke ke ra re motho ea itseng o etsa lintho tse mpe hobane feela re sa mo utloisise. Hobane’ng? Ha rea phethahala. Kahoo, re ka ’na ra rata batho ba itseng hobane re ba utloisisa ebe ha re rate ba itseng hobane ba re tena. Kahoo, ke batho bao Jehova a reng ‘ba etsa lintho tse mpe’ feela bao re lokelang ho ba qoba. (1 Bakor. 5:11) Batho bao ba akareletsa ba etsang lintho tse mpe ba sa bake, ba nyatsang lintho tseo re li lumelang le ba lekang ho senya setsoalle sa rona le Jehova.—Liprov. 13:20.

15. Ke tsela efe e ’ngoe eo re ka bontšang hore re hlompha “ba tšabang Jehova”?

15 Pesaleme ea 15:4 e boetse e re re hlomphe “ba tšabang Jehova.” Kahoo, re batla mekhoa ea ho bontša metsoalle ea Jehova mosa le tlhompho. (Bar. 12:10) Re ka etsa seo joang? Ho ea ka Pesaleme ea 15:​4, tsela e ’ngoe eo motho e ka bang moeti tenteng ea Jehova ke ka hore ‘a phethahatse litšepiso tsa hae le haeba seo se ka etsa hore lintho li se ke tsa mo tsamaela hantle.’ Haeba re sa phethahatse litšepiso tsa rona, seo se utloisa batho ba bang bohloko. (Mat. 5:37) Ka mohlala, Jehova o lebeletse hore banyalani ba tšepahalle likano tseo ba li entseng ha ba ne ba nyalana. O boetse o thabisoa ke ha batsoali ba etsa boiteko bohle ba ho phethahatsa litšepiso tseo ba li etsetsang bana ba bona. Lerato leo re ratang Molimo le baahisani ba rona ka lona le tla re susumeletsa hore re etse sohle se matleng a rona hore re tšepahale.

16. Re ka bontša ka tsela efe e ’ngoe hore re hlompha metsoalle ea Jehova?

16 Tsela e ’ngoe eo re ka hlomphang metsoalle ea Molimo ka eona ke ka hore re be le kamohelo ea baeti le ho ba batho ba fanang. (Bar. 12:13) Nako eo re e qetang re ikhatholla le bara le barali ba bo rona e re thusa hore re matlafatse setsoalle sa rona le bona hape e re thusa hore re be haufi le Jehova. Ho feta moo, haeba re le batho ba amohelang baeti, re bontša hore re etsisa Jehova.

U SE KE OA RATA CHELETE

17. Ke hobane’ng ha Pesaleme ea 15 e bua ka chelete?

17 Moeti oa Jehova “ha a alimane ka chelete ea hae ka phaello ebile ha a nke tjotjo e le hore a qose ea se nang molato.” (Pes. 15:5) Ke hobane’ng ha Pesaleme ee e khutšoanyane e bua ka chelete? Lebaka ke hobane haeba re rata chelete re ka utloisa batho ba bang bohloko ’me ra senya setsoalle sa rona le Molimo. (1 Tim. 6:10) Mehleng ea Bibele, batho ba bang ba ne ba tšoara bana ba bo bona ba futsanehileng hampe ka hore ba batle phaello cheleteng eo ba ba alimileng eona. Hape baahloli ba bang ba ne ba nka tjotjo ebe ba ahlola batho ba se nang molato ka ho hloka toka. Jehova o hloile ha batho ba etsa lintho tsena.—Ezek. 22:12.

18. Ke lipotso life tse tla re thusa hore re itlhahlobe hore na re ikutloa joang ka chelete? (Baheberu 13:5)

18 Ke habohlokoa hore re itlhahlobe hore na re ikutloa joang ka chelete. Ipotse: ‘Na ke lula ke nahana ka chelete le lintho tseo nka li rekang ka eona? Haeba ke alimile chelete, na ke lieha ho e khutlisa hobane ke nka hore mong’a eona ha a e hloke hakaalo? Na ho ba le chelete ho etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa le ho etsa hore ho be thata hore ke be motho ea fanang? Na ke ahlola bara le barali ba bo rona ba nang le chelete ka hore ba rata chelete ho feta Jehova? Na ke khetha ho ba motsoalle oa batho ba nang le chelete feela?’ Jehova o re file monyetla oa hore re be baeti ba hae. Re ka sireletsa tokelo ena ka hore re se ke ra ba batho ba ratang chelete. Ha re etsa joalo, Jehova a ke ke a re tlohela.—Bala Baheberu 13:5.

JEHOVA O RATA METSOALLE EA HAE

19. Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re etse lintho tsohle tse boletsoeng ho Pesaleme ea 15?

19 Pesaleme ea 15 e qetella ka tšepiso ena e reng: “Ea etsang lintho tsena a ke ke a sisinngoa le ka mohla.” (Pes. 15:5) Mona mopesaleme oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a batla hore re etse lintho tsohle tse boletsoeng Pesalemeng ena. Jehova o batla hore re thabe. Kahoo, haeba re etsa lintho tseo a reng re li etse, o tla re hlohonolofatsa ebile o tla re sireletsa.—Esa. 48:17.

20. Baeti ba Jehova ba ka lebella’ng?

20 Baeti ba Jehova ba ka lebella bokamoso bo chabileng. Jesu o lokiselitse batlotsuoa ba tšepahalang ‘libaka tsa bolulo tse ngata’ leholimong. (Joh. 14:2) Batho ba tla phela lefatšeng ba tla fumana litšepiso tse boletsoeng lengolong la Tšenolo 21:3. Ke tlotla e kholo hore ebe Jehova o re memme hore re be baeti tenteng ea hae ka ho sa feleng.

PINA EA 39 Iketsetse Lebitso le Letle ho Molimo