Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 24

PINA YA 24 Tloong Thabeng ya Jehova

Dula o le Moeti wa Jehova ka ho sa Feleng

Dula o le Moeti wa Jehova ka ho sa Feleng

“Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ya hao?”PES. 15:1.

NTLHAKGOLO

Re tlo ithuta hore na ke eng eo re ka e etsang e le hore re dule re le metswalle ya Jehova. Re tla boela re hlahlobe hore na o lebeletse hore re tshware metswalle ya hae jwang.

1. Keng eo re ka ithutang yona ha re bala Pesaleme ya 15:​1-5?

 SEHLOOHONG se fetileng, re ithutile hore batho bohle ba inehetseng ho Jehova ebile ba tswela pele ba ena le kamano e haufi le yena e ba baeti tenteng ya hae. Empa keng seo re lokelang ho se etsa e le hore re be baeti ba hae? Pesaleme ya 15 e bua ka taba ena. (Bala Pesaleme ya 15:​1-5.) E boetse e fana ka dikeletso tse sebetsang tse ka re thusang hore re be metswalle ya Modimo.

2. Ho ka etsahala hore ebe mopesaleme Davida o ne a nahanne ka eng ha a bua ka tente ya Jehova?

2 Pesaleme ya 15 e qala ka dipotso tsena: “Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ya hao? Ke mang ya ka dulang thabeng ya hao e halalelang?” (Pes. 15:1) E ka nna yaba ha mopesaleme Davida a ne a bua ka “tente” ya Jehova, o ne a nahanne ka tabernakele e neng e le Gibeone ka nakwana. Davida o boetse o bua ka ‘thaba e halalelang’ ya Modimo, eo mohlomong e leng thaba ya Sione e Jerusalema. Dikhilomithara tse mmalwa ka borwa ho Gibeone, Davida o ile a hloma tente mme a beha areka ya selekane ka ho yona ho fihlela tempele e hahwa.—2 Sam. 6:17.

3. Ke hobaneng ha re lokela ho utlwisisa Pesaleme ya 15? (Sheba setshwantsho.)

3 Bongata ba Baiseraele bo ne bo sa sebeletse tabernakeleng. Ke ba seng bakae feela ba neng ba ka kena ka tenteng, e leng moo areka ya selekane e neng e dula teng. Le ha ho le jwalo, bahlanka ba Jehova ba tshepahalang kaofela e ne e ka ba baeti tenteng ya hae ka hore e be metswalle ya hae. Ke ntho eo le rona kaofela re e batlang. Pesaleme ya 15 e bua ka makgabane a mang ao re lokelang ho ba le ona e le hore re dule re le metswalle ya Jehova.

Baiseraele ba mehleng ya Davida ba ne ba ka kgona ho iketsetsa setshwantsho sa hore na ho bolelang ho ba moeti tenteng ya Jehova (Sheba serapa sa 3)


EBA YA SE NANG MOLATO LE YA ETSANG DINTHO TSE LOKILENG

4. Re tseba jwang hore ho kolobetswa ha se yona feela ntho eo Jehova a e lebeletseng ho rona? (Esaia 48:1)

4 Pesaleme ya 15:2 e re motswalle wa Modimo “ke ya se nang molato, ya etsang dintho tse lokileng.” Polelo e reng “ya se nang molato” le e reng “ya etsang dintho tse lokileng” di bolela hore motho o dula a etsa dintho tsena. Empa na ka nnete re ka dula ‘re se na molato’? Ho jwalo. Ke nnete hore kaofela ha rona re baetsadibe empa Jehova o tla re nka ‘re se molato’ haeba re leka ka hohle ho mo mamela. Ha re ne re inehela ho Modimo le ho kolobetswa, e ne e le qalo feela ya leeto leo re le tsamayang le Modimo. Hlokomela hore mehleng ya Bibele, ho ba Moiseraele ho ne ho sa bolele hore motho e se e ntse e le moeti wa Jehova. Batho ba bang ba ne ba ipiletsa ho Modimo, le hoja e ne e se “ka nnete le ho loka.” (Bala Esaia 48:1.) Le ha ho le jwalo, Baiseraele ba tshepahalang ba ne ba lokela ho ithuta melao ya Jehova le ho e mamela. Ka ho tshwanang mehleng ena e le hore Modimo a re amohele, re lokela ho etsa ho fetang ho kolobetswa le ho ba karolo ya phutheho ya Bokreste. Re lokela ho dula ‘re etsa dintho tse lokileng.’ Re ka etsa seo jwang?

5. Ho mamela Jehova dinthong tsohle ho bolelang?

5 Ho Jehova, motho “ya se nang molato” le “ya etsang dintho tse lokileng” ha se feela ya yang dibokeng ka mehla. (1 Sam. 15:22) Re lokela ho lwana ka matla hore re mamele Modimo ka dinako tsohle le moo re leng bang. (Diprov. 3:6; Moek. 12:​13, 14) Ke ha bohlokwa hore re mamele Jehova esita le dinthong tse ka bonahalang eka di nyenyane. Ho etsa jwalo ho tla etsa hore re mo rate mme le yena o tla re rata le ho feta.—Joh. 14:23; 1 Joh. 5:3.

6. Ho ya ka Baheberu 6:​10-12, ke eng eo e leng ya bohlokwa ho feta dintho tseo re di etseditseng Jehova nakong e fetileng?

6 Jehova o ananela dintho tseo re mo etseditseng tsona nakong e fetileng. Le ha ho le jwalo, dintho tseo re ileng ra mo etsetsa tsona ha se tsona feela tse etsang hore re dule re le baeti tenteng ya hae. Re bona taba ena ho Baheberu 6:​10-12. (E bale.) Jehova a ke ke a lebala dintho tse ntle tseo re di entseng nakong e fetileng. Empa o batla hore re dule re mo sebeletsa ka pelo yohle “ho fihlela qetellong.” E tla ba motswalle wa rona ka ho sa feleng “haeba re sa kgathale.”—Bagal. 6:9.

BUA NNETE KA PELONG YA HAO

7. Ho bua nnete ka pelong ho bolelang?

7 Motho ya batlang ho ba moeti tenteng ya Jehova o lokela ho “bua nnete ka pelong ya hae.” (Pes. 15:2) Taba ena ha e bolele feela hore re se ke ra bua leshano. Jehova o batla hore re tshepahale dinthong tsohle. (Baheb. 13:18) Sena se bohlokwa hobane “Jehova o nyonya motho ya bolotsana empa ke motswalle wa ba lokileng.”—Diprov. 3:32.

8. Ke eng eo re lokelang ho e qoba?

8 Batho ba ‘buang nnete ka dipelong tsa bona’ ha ba mamele Modimo feela ha batho ba bang ba ba shebile ebe ba etsa dintho tse mpe moo ba leng bang. (Esa. 29:13) Ba qoba ho etsa dintho tse fosahetseng. Motho ya bolotsana a ka nna a belaella hore e meng ya melao ya Jehova e molemo. (Jak. 1:​5-8) A ka nna a kgetha ho se mamele Jehova dinthong tseo a di nkang e se tsa bohlokwa hakaalo. Haeba a sa fumane ditlamorao tsa diketso tsa hae, a ka nna a etsa dintho tse mpe le ho feta. Jehova a ke ke a amohela borapedi ba hae le hoja a nahana hore o ntse a mo sebeletsa. (Moek. 8:11) Ka hoo, re batla ho tshepahala dinthong tsohle.

9. Ho ile ha etsahala eng ha Jesu a ne a qala ho kopana le Nathanaele mme re ithutang ho seo? (Sheba setshwantsho.)

9 Ho bohlokwa hore motho a bue nnete ka pelong ya hae. Re ka bona sena ka se ileng sa etsahala ha Filipi a ne a mema motswalle wa hae Nathanaele hore a kopane le Jesu. Le hoja Jesu a ne a qala ho kopana le Nathanaele, o ile a re ka yena: “Enwa ka nnete ke Moiseraele ya se nang bolotsana.” (Joh. 1:47) Jesu o ne a tseba hore barutuwa ba bang ba hae ba ne ba tshepahala empa Nathanaele o ne a tshepahala ka tsela e ikgethileng. Nathanaele o ne a sa phethahala jwalo ka rona empa o ne a tshepahala dinthong tsohle. Jesu o ne a rata sena ka yena mme o ile a mo babatsa. Kaofela ha rona re batla hore Jesu a ikutlwe jwalo ka rona.

Ha Jesu a bona Nathanaele motswalle wa Filipi, o ile a re ke monna ya tshepahalang. Na a ka bua se tshwanang ka rona? (Sheba serapa sa 9)


10. Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho bua batho ba bang hampe? (Jakobo 1:26)

10 Pesaleme ya 15 e bua haholo ka hore na re lokela ho tshwara batho ba bang jwang. Pesaleme ya 15:3 e re moeti tenteng ya Jehova “ha a etselletse ka leleme la hae, ha a etse letho le lebe ho moahisani wa hae ebile ha a bue hampe ka metswalle ya hae.” Ho bua batho ba bang hampe ho ka ba utlwisa bohloko haholo ebile ho ka etsa hore Jehova a se ke a re amohela tenteng ya hae.—Bala Jakobo 1:26.

11. Ho etselletsa motho e mong ho bolelang, hona ho ba le ditlamorao dife haeba motho eo a sa bake?

11 Mopesaleme o boetse o bua ka motho ya etselletsang ba bang. Ho etselletsa motho e mong ho bolelang? Hangata motho ya etselletsang o bua dintho tseo e seng nnete ka motho e mong tse ka senyang botumo ba hae. Batho ba etselletsang batho ba bang mme ba sa bake ba a tloswa ka phuthehong.—Jer. 17:10.

12, 13. Ke maemong afe moo re ka iphumanang re buile hampe ka batho ba bang re sa hlokomele? (Sheba setshwantsho.)

12 Pesaleme ya 15:3 e boetse e a re hopotsa hore baeti ba Jehova ha ba etse letho le lebe ho baahisani ba bona ebile ha ba bue hampe ka metswalle ya bona. Ho bua batho ba bang hampe ho ka akareletsang?

13 Re ka iphumana re buile hampe ka batho ba bang re sa hlokomele. Ka mohlala: (1) moradi wa bo rona a ka tlohela tshebeletso ya nako e tletseng, (2) banyalani ba ka tlohela ho sebeletsa Bethele kapa (3) morabo rona a ka tlohela ho sebeletsa e le moholo kapa e le mohlanka ya sebeletsang. Na ho tla be ho nepahetse ho iketsetsa diqeto tsa hore na ke hobaneng ha ho bile le diphetoho tse jwalo bophelong ba bona? Ho ka etsahala hore ebe ho na le mabaka a mang ao re sa a tsebeng. Hape, moeti tenteng ya Jehova “ha a etse letho le lebe ho moahisani wa hae ebile ha a bue hampe ka metswalle ya hae.”

Ho ka ba bonolo hore re bue hampe ka batho ba bang mme re qetelle re ba sentse mabitso (Sheba serapa sa 12 le 13)


HLOMPHA BA TSHABANG JEHOVA

14. Hlalosa hore na baeti ba Jehova ba lokela ho qoba batho bafe ba “etsang dintho tse mpe.”

14 Pesaleme ya 15:4 e re motswalle wa Jehova “ha a amohele mang kapa mang ya etsang dintho tse mpe.” Re ke ke ra re motho ya itseng o etsa dintho tse mpe hobane feela re sa mo utlwisise. Hobaneng? Ha re a phethahala. Ka hoo, re ka nna ra rata batho ba itseng hobane re ba utlwisisa ebe ha re rate ba itseng hobane ba re tena. Ka hoo, ke batho bao Jehova a reng ‘ba etsa dintho tse mpe’ feela bao re lokelang ho ba qoba. (1 Bakor. 5:11) Batho bao ba akareletsa ba etsang dintho tse mpe ba sa bake, ba nyatsang dintho tseo re di dumelang le ba lekang ho senya setswalle sa rona le Jehova.—Diprov. 13:20.

15. Ke tsela efe e nngwe eo re ka bontshang hore re hlompha “ba tshabang Jehova”?

15 Pesaleme ya 15:4 e boetse e re re hlomphe “ba tshabang Jehova.” Ka hoo, re batla mekgwa ya ho bontsha metswalle ya Jehova mosa le tlhompho. (Bar. 12:10) Re ka etsa seo jwang? Ho ya ka Pesaleme ya 15:​4, tsela e nngwe eo motho e ka bang moeti tenteng ya Jehova ke ka hore ‘a phethahatse ditshepiso tsa hae le haeba seo se ka etsa hore dintho di se ke tsa mo tsamaela hantle.’ Haeba re sa phethahatse ditshepiso tsa rona, seo se utlwisa batho ba bang bohloko. (Mat. 5:37) Ka mohlala, Jehova o lebeletse hore banyalani ba tshepahalle dikano tseo ba di entseng ha ba ne ba nyalana. O boetse o thabiswa ke ha batswadi ba etsa boiteko bohle ba ho phethahatsa ditshepiso tseo ba di etsetsang bana ba bona. Lerato leo re ratang Modimo le baahisani ba rona ka lona le tla re susumeletsa hore re etse sohle se matleng a rona hore re tshepahale.

16. Re ka bontsha ka tsela efe e nngwe hore re hlompha metswalle ya Jehova?

16 Tsela e nngwe eo re ka hlomphang metswalle ya Modimo ka yona ke ka hore re be le kamohelo ya baeti le ho ba batho ba fanang. (Bar. 12:13) Nako eo re e qetang re ikgatholla le bara le baradi ba bo rona e re thusa hore re matlafatse setswalle sa rona le bona hape e re thusa hore re be haufi le Jehova. Ho feta moo, haeba re le batho ba amohelang baeti, re bontsha hore re etsisa Jehova.

O SE KE WA RATA TJHELETE

17. Ke hobaneng ha Pesaleme ya 15 e bua ka tjhelete?

17 Moeti wa Jehova “ha a adimane ka tjhelete ya hae ka phaello ebile ha a nke tjotjo e le hore a qose ya se nang molato.” (Pes. 15:5) Ke hobaneng ha Pesaleme ee e kgutshwanyane e bua ka tjhelete? Lebaka ke hobane haeba re rata tjhelete re ka utlwisa batho ba bang bohloko mme ra senya setswalle sa rona le Modimo. (1 Tim. 6:10) Mehleng ya Bibele, batho ba bang ba ne ba tshwara bana ba bo bona ba futsanehileng hampe ka hore ba batle phaello tjheleteng eo ba ba adimileng yona. Hape baahlodi ba bang ba ne ba nka tjotjo ebe ba ahlola batho ba se nang molato ka ho hloka toka. Jehova o hloile ha batho ba etsa dintho tsena.—Ezek. 22:12.

18. Ke dipotso dife tse tla re thusa hore re itlhahlobe hore na re ikutlwa jwang ka tjhelete? (Baheberu 13:5)

18 Ke ha bohlokwa hore re itlhahlobe hore na re ikutlwa jwang ka tjhelete. Ipotse: ‘Na ke dula ke nahana ka tjhelete le dintho tseo nka di rekang ka yona? Haeba ke adimile tjhelete, na ke dieha ho e kgutlisa hobane ke nka hore monga yona ha a e hloke hakaalo? Na ho ba le tjhelete ho etsa hore ke ikutlwe ke le motho wa bohlokwa le ho etsa hore ho be thata hore ke be motho ya fanang? Na ke ahlola bara le baradi ba bo rona ba nang le tjhelete ka hore ba rata tjhelete ho feta Jehova? Na ke kgetha ho ba motswalle wa batho ba nang le tjhelete feela?’ Jehova o re file monyetla wa hore re be baeti ba hae. Re ka sireletsa tokelo ena ka hore re se ke ra ba batho ba ratang tjhelete. Ha re etsa jwalo, Jehova a ke ke a re tlohela.—Bala Baheberu 13:5.

JEHOVA O RATA METSWALLE YA HAE

19. Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re etse dintho tsohle tse boletsweng ho Pesaleme ya 15?

19 Pesaleme ya 15 e qetella ka tshepiso ena e reng: “Ya etsang dintho tsena a ke ke a sisinngwa le ka mohla.” (Pes. 15:5) Mona mopesaleme o a hlalosa hore na ke hobaneng ha Modimo a batla hore re etse dintho tsohle tse boletsweng Pesalemeng ena. Jehova o batla hore re thabe. Ka hoo, haeba re etsa dintho tseo a reng re di etse, o tla re hlohonolofatsa ebile o tla re sireletsa.—Esa. 48:17.

20. Baeti ba Jehova ba ka lebellang?

20 Baeti ba Jehova ba ka lebella bokamoso bo tjhabileng. Jesu o lokiseditse batlotsuwa ba tshepahalang ‘dibaka tsa bodulo tse ngata’ lehodimong. (Joh. 14:2) Batho ba tla phela lefatsheng ba tla fumana ditshepiso tse boletsweng lengolong la Tshenolo 21:3. Ke tlotla e kgolo hore ebe Jehova o re memme hore re be baeti tenteng ya hae ka ho sa feleng.

PINA YA 39 Iketsetse Lebitso le Letle ho Modimo