Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

“Pele Selemo se Fela U Tla be U Shoele”

Zachaeus Martyn

“Pele Selemo se Fela U Tla be U Shoele”
  • O HLAHILE KA 1880

  • O KOLOBELITSOE KA 1942

  • PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a qala ho bula maliboho ha a le lilemo li 72.

HA HO na motho ea ileng a khannela Zachaeus thuto ea Bibele. Empa, ka mor’a ho bala buka ea Salvation le ea The Harp of God, o ile a kholiseha hore o fumane ’nete.

Hoseng ha Sontaha se seng ka 1941, ka lekhetlo la pele Zachaeus o ile a ea sebokeng sa Lipaki se neng se tšoareloa sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse robeli tlaase ho thaba. Kaha o ne a sa tsebe hore na liboka li kena neng, o ile a fihla lihora tse ’maloa pele li kena. A lula fatše e le hore a emele barab’abo rōna hore ba fihle. Ka mor’a hore a ee libokeng Holong ea ’Muso ka Lisontaha tse tharo, o ile a bolella Kereke ea Chache hore e tlose lebitso la hae lethathamong la litho tsa eona.

Motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo, ea neng a kena kereke le eena, o ile a mo omanya a re, “Monna-moholo tooe, haeba u tsoela pele ho tsamaea lik’hilomithara tse robeli u nyolosa u theosa thaba ena ho ea holong ea batho bao, pele selemo sena se fela u tla be u shoele.” O ile a shebella ha Zachaeus a ntse a nyolosa le ho theosa thaba habeli ka beke ka lilemo tse hlano. Eaba motsoalle eo oa hae o shoa ka tšohanyetso! Lilemo tse 25 hamorao, Zachaeus o ne a ntse a ikutloa joaloka lekejakejane.

Zachaeus o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela a shoa a le lilemo li 97.