Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

Ba ne ba Batla ho e Bona

Ba ne ba Batla ho e Bona

KA 1956, barab’abo rōna ba Freetown ba ile ba bontša batho filimi e bitsoang The New World Society in Action. Ba ile ba re:

“Re ile ra hira holo e khōlō ka ho fetisisa Freetown eaba re aba limemo tse 1 000. Re ne re ipotsa hore na ho tla tla batho ba bakae. Halofo ea hora pele filimi e qala ho ne ho fihlile batho ba 25 feela. Metsotsong e 15 e latelang ho ile ha fihla ba 100. Ho e-s’o ee kae litulo tse 500 li ne li tletse. Ba bang ba 100 ba ile ba ema ka maoto. Athe ba bang ba 500 ba ile ba ema ka ntle kaha ho ne ho tletse. Na ba ne ba tla emela hore filimi e bapaloe hape? Ba ile ba re: ‘Re tla ema.’ Eaba baa ema le hoja pula e ne e na!”

Ho theosa le lilemo batho ba Sierra Leone ba fetang 80 000 ba ile ba shebella filimi ena le tse ling tse thahasellisang.