Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

Jehova o Ile a Mphahamisa

Jay Campbell

Jehova o Ile a Mphahamisa
  • O HLAHILE KA 1966

  • O KOLOBELITSOE KA 1986

  • PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le pula-maliboho ea kamehla ea tšoeroeng ke pholio.

KE ILE ka holofala ke sa le monyenyane ho tloha thekeng ho ea tlaase. Ke ne ke lula le ’Mè komponeng e ’ngoe Freetown le malapa a mang a neng a futsanehile. Ka lebaka la lihlong le ho tšaba hore na batho ba tla re’ng ha ba mpona, ka lilemo tse 18 ke ile ka tsoela ka ntle ho kompone hanngoe feela.

Ha ke le lilemo li 18, moromuoa ea bitsoang Pauline Landis, o ile a fihla komponeng eo ke neng ke lula ho eona eaba o ithaopela ho nthuta Bibele. Ha ke mo bolella hore ha ke tsebe ho bala le ho ngola, o ile a re o tla nthuta. Eaba kea lumela.

Seo ke ithutileng sona Bibeleng se ile sa nthabisa haholo. Ka letsatsi le leng, ke ile ka botsa Pauline hore na ho ka khoneha hore ke ee libokeng lelapeng le haufi le moo ke lulang teng. Eaba ke re, “Ke tla tsamaea ka likotoana tsa ka tsa mapolanka.”

Ha Pauline a tlil’o ntata, ’mè le baahelani ba ile ba ncheba ba tšoenyehile ba ipotsa hore na ebe ke tla khona. Ka tšoara likotoana tsa ka tsa mapolanka, ka li isa pele. Eaba ke itšutumelletsa  pele. Ha ke le lebaleng, baahelani ba hoeletsa Pauline ba re: “U se ke ua mo qobella hobane o kile a leka ho tsamaea empa a hlōleha.”

Pauline o ile a bua ka bonolo a re: “Jay, u batla ho tsamaea le ’na?”

Eaba ke re, “E! Ke qeto ea ka.”

Baahelani ba ile ba ncheba ba thōtse ha ke ea ke lebile hekeng. Eaba baa nthoholetsa ha ke tsoa.

Ke ile ka thabela seboka seo haholo! Eaba ke ikemisetsa ho ea Holong ea ’Muso. Ha ke ea teng ke ne ke lokela ho khasetsa qetellong ea seterata, ke palame tekesi, ebe barab’abo rōna baa nkuka hore ke khone ho hloa moepeng. Hangata ke ne ke fihla ke le metsi ebile ke le liretse ebe ke lokela ho chencha liaparo. Hamorao, morali’abo rōna e mong oa Switzerland o ile a nthomella setulo sa likooa, se ileng sa nthusa hore ke tsamaee ka tsela e hlomphehang.

Ho bala liphihlelo tsa Lipaki tse ling tse holofetseng ho ile ha ntšusumelletsa hore ke sebeletse Jehova ka ho eketsehileng. Ka 1988 ke ile ka ba pula-maliboho ea kamehla. Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ho finyella pakane ea ka ea hore ke thuse e mong oa litho tsa lelapa leso le motho e mong tšimong ea rōna hore e be mohlanka oa Jehova. Lithapelo tsa ka li ile tsa arajoa ha ke khona ho thusa bara ba ausi oa ka ba babeli le mosali e mong eo ke ileng ka kopana le eena seterateng hore ba ithute ’nete.

Hona joale ha ke sa na matla a ho khanna setulo sa ka sa likooa, kahoo ke se ke hloka hore ba bang ba nthuse. Ke lula ke opeloa. Empa ke hlokometse hore ho ruta ba bang ka Jehova ke moriana. Thabo eo ke e fumanang e kokobetsa bohloko ebile e ea ntšelisa hobane Jehova o oa nthusa ’me hona joale bophelo ba ka bo na le morero.