Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

1991-2001 ‘Sebōpi sa Mahloreho’—Esa. 48:10 (Karolo ea 1)

1991-2001 ‘Sebōpi sa Mahloreho’—Esa. 48:10 (Karolo ea 1)

 Ntoa ea Lehae

Lilemong tsa bo-1980 mathata a kahisano, a lipolotiki le a moruo a ile a baka likhohlano ho pholletsa le Afrika Bophirimela. Ha ho qhoma ntoa naheng ea boahisani ea Liberia, batho ba bangata ba ile ba balehela Sierra Leone. Ofisi ea lekala e ile ea hlophisetsa baphaphathehi ba Lipaki bolulo matlong le Liholong Tsa ’Muso ’me barab’abo rōna ba ile ba ba hlokomela.

Le hoja baphaphathehi ba ne ba tobane le maemo a boima, ka linako tse ling ho ne ho etsahala lintho tse qabolang. Isolde Lorenz, eo e ileng ea e-ba moromuoa ka nako e telele, o re: “Ntate e mong o ile a roma moshanyana oa hae ho ea futhumatsa lijo mollong o neng o besitsoe ka mor’a Holo ea ’Muso e neng e le ka jareteng ea ofisi ea lekala. Ha moshanyana eo a khutla o ile a bolella ntate oa hae hore ba ke ke ba e-ba le lijo kajeno. Ntate oa hae o ile a mo botsa hore na hobane’ng. Moshanyana o ile a re: ‘Kajeno Jehova o mpholositse molomong oa tau!’ Ho ne ho etsahetse’ng? Ha a khutla ka lijo, moshanyana o ile a kopana le ntja ea lekaleng e neng e bitsoa Lobo, e ne e le khōlō empa e ne e sa lome. Moshanyana eo o ile a tšoha haholo. Ha a ntse a tšoere sejana seo sa lijo, o ile a otlolla matsoho a hae e le hore a tšose ntja eo. Athe Lobo eona e ile ea nka hore ho thoe e je. Eaba ke sona seo Lobo e ileng ea se etsa!”

Ka la 23 March, 1991, khohlano e ileng ea qhoma Liberia e ile ea namela malibohong a Sierra Leone, e leng se ileng sa qholotsa ntoa ea lehae e ileng ea nka lilemo tse 11. Sehlopha sa marabele se neng se bitsoa Revolutionary United Front (RUF) se ile sa hlasela motse oa Kailahun le Koindu ka sekhahla ’me boholo ba batho ba moo ba ile ba balehela Guinea. Har’a baphaphathehi ho ne ho e-na le bara le barali babo  rōna ba 120. Baphaphathehi ba bang ba Lipaki ba tsoang Liberia ba ile ba kena ka bongata Sierra Leone le pele marabele a fihla.

Billie Cowan, eo e neng e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala ka nako eo, o re: “Ka likhoeli tse ’maloa barab’abo rōna ba bangata ba neng ba sohlokehile, ba otile ba bile ba lapile, ba ile ba fihla Bethele ea Freetown. Ba bangata ba ile ba feta masisa-pelong a tšabehang ’me ba ile ba ja litlama-tlama tsa naheng e le hore ba se ke ba shoa ke tlala. Hang-hang re ile ra ba fa lijo le liaparo ’me ra hlokomela beng ka bona le batho ba neng ba bontša thahasello ba neng ba tlile le bona. Bara le barali babo rōna ba ile ba bontša baphaphathehi mosa ’me ba ba amohela malapeng a bona. Hang-hang baphaphathehi ba Lipaki ba ile ba phathahana ka tšebeletso ea tšimo, ba thusa liphutheho tsa moo. Ha nako e ntse e e-ea, boholo ba bona ba ile ba tsamaea empa ha ba ntse ba le mona ba ile ba re matlafatsa!”

Ho ile ha e-ba le ntoa ea lehae ka lilemo tse 11 Sierra Leone

Ho Tšelisana le ho Fana ka Tšepo

Ofisi ea lekala e ile ea romella Lipaki tse likampong tsa baphaphathehi tse ka boroa ho Guinea lijo, meriana, thepa ea ho haha, lithulusi le lijana. Ho ile ha boela ha romeloa liaparo tse ngata tse tsoang Fora. Ntate e mong o ile a ngola a re: “Bana ba ka ba ile ba tantša, ba bina ’me ba rorisa Jehova. Ba ne ba e-na le liaparo tse ncha tseo ba ka li aparang ha ba ea libokeng!” Bara le barali babo rōna ba ile ba re ba ne ba qala ho apara hantle ka tsela eo!

Leha ho le joalo, baphaphathehi ba ne ba hloka ho fetang lijo le liaparo. Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Mat. 4:4) Kahoo, ofisi ea lekala e ile ea romela lingoliloeng tsa Bibele sebakeng seo le ho hlophisa hore ho tšoaroe likopano tse khōlō le  tse nyenyane kamehla. Bo-pula-maliboho le balebeli ba tsamaeang le bona ba ile ba romeloa moo.

Ha André Baart, eo e neng e le molebeli oa potoloho a ne a etetse Koundou, Guinea, o ile a kopana le molaoli oa kampo ea baphaphathehi ea ileng a mo kōpa hore a fe baphaphathehi puo ea Bibele. Puo ea André, e neng e e-na le sehlooho se reng “Etsa Jehova Setšabelo sa Hao,” se neng se thehiloe ho Pesaleme ea 18, e ile ea mameloa ke batho ba ka bang 50. Ha a qeta, mosali-moholo e mong o ile a ema ’me a bua. O ile a re: “Le re thabisitse haholo. Raese e ke ke ea rarolla mathata a rōna empa Bibele e re bontša hore na ke joang re ka tšepang Molimo. Re le leboha ho tsoa botebong ba lipelo tsa rōna ka ho re tlisetsa matšeliso le tšepo.”

Ha banyalani ba baromuoa, e leng William le Claudia Slaughter, ba ne ba abeloa ho ea sebetsa Guékédou, Guinea, ho ne ho e-na le phutheho e nang le baphaphathehi ba fetang 100 ba neng ba cheseha moeeng. (Bar. 12:11) William o re: “Bahlankana ba bangata ba ne ba hahamalla litokelo. Haeba motho a ne a sa khone ho fana ka puo eo a e abetsoeng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, barab’abo rōna ba bacha lilemong ba 10 ho ea ho ba 15 ba ne ba ithaopela ho fana ka puo eo. Lihlopha tse khōlō li ne li ea tšebeletsong ’me li bolela ka cheseho. Hamorao ba bang ba bahlankana bao ba neng ba cheseha e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng le balebeli ba tsamaeang.”

Mosebetsi oa Kaho Nakong ea Ntoa

Nakoana ka mor’a hore ntoa ea lehae e qale, barab’abo rōna ba Freetown ba ile ba reka setša, 133 Wilkinson Road, sa lihekthere tse 6, se neng se le bohōle ba limithara tse makholo a ’maloa ho tloha ofising ea lekala. Alfred Gunn o re: “Re ne re batla ho haha lehae le lecha la Bethele setšeng seo empa re ne re tšoenyehile ka ntoa. Kaha Lloyd Barry oa  Sehlopha se Busang o ne a re etetse ka nako eo, re ile ra mo bolella ka taba ena. O ile a re, ‘Haeba re lumella lintoa hore li re thibele, re ke ke ra finyella letho!’ Mantsoe a hae a susumetsang a ile a re fa sebete sa hore re tsoele pele ka mosebetsi.”

Barab’abo rōna ba makholo ba ile ba sebetsa mosebetsing oa kaho, ho akarelletsa baithaopi ba 50 ba tsoang linaheng tse 12 le ba bangata ba tsoang liphuthehong tsa moo. Mosebetsi o ile oa qala ka May 1991. Tom Ball, eo e neng e le molebeli oa kaho, o re: “Batho ba neng ba shebile ba ile ba khahloa ke litene tsa boleng bo phahameng tse neng li entsoe hona setšeng seo. Mohaho oo o neng o hahiloe ka litšepe o ne o fapane haholo le mehaho ea sebakeng seo. Empa se ileng sa makatsa batho haholo ke ho bona makhooa le batho ba batšo ba sebetsa ’moho ba bile ba thabile.”

Ka la 19 April, 1997, letšoele le tsoang lichabeng tse fapa-fapaneng le ile la bokana hammoho le thabile ha ho ne ho neheloa mehaho e mecha ea lekala. Ka mor’a hore ho fete lilemo tse hlano ntoa e mahlo-mafubelu e kupa, khoeli hamorao, RUF e ile ea hlasela Freetown.

Kaho ea ofisi ea lekala e Freetown; ofisi ea lekala kajeno

Ho Loaneloa Freetown

Masole a likete a RUF, a meriri e hlantholohileng a itlammeng ka lituku tse khubelu hloohong, a ile a kena motseng a inkela thepa ka mahahapa, a beta a bile a bolaea. Alfred Gunn, oa hopola: “Ho ne ho tsitsipane. Boholo ba baromuoa ba neng ba hlaha linaheng tse ling ba ile ba ntšoa motseng. ’Na le Catherine le Billie le Sandra Cowan, Jimmie le Joyce Holland re ile ra ba ba ho qetela ba ho tsamaea.

“Re ile ra rapela le basebetsi ba Bethele ba ileng ba ithaopela ho sala, eaba re potlakela sebakeng seo re neng re tla tlohela ho sona. Ha re le tseleng re ile ra emisoa ke masole a marabele a ka bang 20 a neng a shebahala a le hlaha a bile a tahiloe. Re ile ra ba fa limakasine le chelete eaba ba re tlohela hore re fete. Re ile ra bokana sebakeng seo ho hlahlojoang ho sona se neng se sirelelitsoe ka thata, moo ho neng ho  e-na le sesole sa metsing se neng se hlometse sa United States; re e-na le batho ba fetang ba 1 000 bao le bona ba neng ba tlosoa moo. Ke moo re ileng ra palama helikopthara ea sesole eaba re tsamaisoa ka sekepe sa sesole sa United States. Molaoli oa sekepe o ile a re bolella hore re ne re le batho ba bangata ka ho fetisisa bao Sesole sa Metsing sa United States se kileng sa ba ntša naheng haesale ho tloha ka Ntoa ea Vietnam. Letsatsing le hlahlamang re ile ra fofisetsoa Conakry, Guinea ka helikopthara. Ha re fihla moo re ile ra theha ofisi ea lekala ea nakoana.”

Alfred le Catherine Gunn ba bile har’a ba ileng ba ntšoa motseng

Baromuoa ba ne ba lula ba letile ho utloa litaba tse tsoang Freetown. Qetellong ho ile ha fihla lengolo le neng le re: “Le har’a moferefere ona re ntse re aba Kingdom News No. 35, eo sehlooho sa eona se reng, ‘Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?’ Batho ba e thabela haholo ebile a mang a masole a marabele a ithuta le rōna. Kahoo re entse qeto ea hore re matlafatse mosebetsi oa rōna oa boboleli.”

Jonathan Mbomah, ea neng a sebeletsa joaloka molebeli ea tsamaeang, oa hopola: “Re ile ra ba ra tšoara kopano e khethehileng ea letsatsi, Freetown. Lenaneo le ne le khothatsa hoo ke ileng ka ea likopanong tse neng li tšoaretsoe Bo le Kenema ho ea fana ka lipuo moo. Barab’abo rōna ba neng ba le metseng eo e neng e harasoantsoe ke ntoa ba ile ba leboha Jehova ka lijo tsa moea tse monate.

“Mafelong a selemo sa 1997, re ile ra tšoarela kopano ea setereke Lebaleng la Lipapali la Sechaba, le Freetown. Letsatsing la ho qetela la kopano masole a marabele a ile a kena lebaleng leo eaba a re laela hore re tsamaee. Re ile ra ba kōpa ka tieo hore re mpe re qetelle lenaneo. Ka mor’a ho buisana le ’ona ka nako e telele, ba ile ba re tlohela ’me ba tsamaea. Ho ne ho e-na le batho ba fetang 1 000 ba neng ba le teng kopanong ’me ba 27 ba ile ba kolobetsoa. Barab’abo rōna ba bang ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing eaba ba ea Bo e le hore ba il’o mamela lenaneo hape. Tseo e ne e le likopano tse hlollang le tse thabisang hakaakang!”