Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

E ne e le Lesole ha e sa le Moshanyana, Hona Joale ke Pula-maliboho

E ne e le Lesole ha e sa le Moshanyana, Hona Joale ke Pula-maliboho

KE NE ke le lilemo li 16 ha masole a marabele a ne a nqobella hore ke be lesole. A ile a mpha lithethefatsi le joala ’me hangata ke ne ke ea ntoeng ke tahiloe ke lithethefatsi. Ke ile ka loana lintoeng tse ngata ’me ka etsa lintho tse sehlōhō haholo. Ke ikoahlaea haholo ka seo.

Ka letsatsi le leng ntate-moholo e mong oa Paki o ile a tla likampong tsa rōna ’me a re pakela. Batho ba bangata ba ne ba tšaba marabele ba bile ba a hloile, empa ntate-moholo eo eena o ne a batla ho re thusa moeeng. Ke ile ka lumela ha a ne a ’memela libokeng. Ha ke sa hopola se neng se rutoa sebokeng seo, empa ke ntse ke hopola ka ho hlaka kamohelo e mofuthu eo ke ileng ka e fumana.

Ha ntoa e ntse e kupa le ho feta, ha kea ka ka hlola ke kopana le Lipaki. Ke ile ka lemala haholo eaba ke romeloa sebakeng se neng se laoloa ke marabele e le hore ke fole. Pele ntoa e lala, ke ile ka balehela sebakeng se neng se laoloa ke ’muso ’me ka kenela lenaneo le neng le reretsoe ho nkela masole libetsa, ho a tlohelisa sesole le ho etsa hore a phelisane le sechaba hape.

Ruri ke ne ke hloka ho thusoa moeeng. Ke ile ka ea kerekeng ea Pentekonta empa ha ke le kerekeng litho tsa kereke li ne li mpitsa Satane. Kahoo, ke ile ka qala ho batla Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a hore ke li fumane, ke ile ka qala ho ithuta le ho ba teng libokeng. Ha ke ne ke phetela barab’abo rōna lintho tse mpe tseo ke neng ke li etsa, ba ile ba mpalla mantsoe ana a Jesu a khothatsang: “Batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka. . . . Ke tlil’o bitsa baetsalibe, eseng batho ba lokileng.”—Mat. 9:12, 13.

Ruri mantsoe ao a ile a nkama pelo! Ke ile ka fa mor’abo rōna eo ke neng ke ithuta Bibele le eena thipa ea ka eaba ke re ho eena: “Ke ne ke bolokile sebetsa sena e le hore ke itšireletse  ho batho ba neng ba batla ho iphetetsa. Empa kaha joale kea tseba hore Jehova le Jesu baa nthata, ha ke sa e batla.”

Barab’abo rōna ba ile ba nthuta ho bala le ho ngola. Qetellong ke ile ka kolobetsoa ’me ka ba pula-maliboho oa kamehla. Kajeno, ha ke pakela batho bao e neng e le marabele, ba re baa ntlhompha kaha ke tlohetse lintho tse mpe tseo ke neng ke li etsa. Ke ile ka ba ka ithuta Bibele le moofisiri oa sehlopha sa sesole seo ke neng ke le ho sona.

Ha ke ne ke sa le lesole, ke ile ka ba le bara ba bararo. Ka mor’a hore ke ithute ’nete, ke ne ke batla ho ba thusa hore le bona ba ithute. Kea thaba hore ebe bara ba ka ba babeli ke Bakreste. Mora oa ka e mong ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me e moholo hona joale ke pula-maliboho ea thusang.