Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

Re Ile ra Pholoha Tlhaselong ea Marabele

Andrew Baun

Re Ile ra Pholoha Tlhaselong ea Marabele
  • O HLAHILE KA 1961

  • O KOLOBELITSOE KA 1988

  • PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le pula-maliboho motseng oa Pendembu, Profinseng e ka Bochabela, Sierra Leone, ha ntoa e ne e qala ka 1991.

KA LETSATSI le leng thapama, marabele a ile a fihla toropong ea heso a thunyetsa holimo ka nako e ka etsang lihora tse peli. A mang a marabele ao e ne e le bashanyana ba ntseng ba le banyenyane ’me ba ne ba bile ba imeloa ke libetsa tsa bona. Ba ne ba tšoehla, ba le meriri e mahleke ba bile ba bonahala ba tahiloe ke lithethefatsi.

Letsatsing le hlahlamang marabele ao a ile a qala ho bolaea batho le ho ba khaola litho ka sehlōhō. Basali ba ne ba betoa. Ho ne ho lubehile. Mor’abo rōna Amara Babawo le ba lelapa la hae hammoho le batho ba bane ba thahasellang ba ile ba ipata ntlong ea ka. Re ne re tšohile haholo.

Nakoana ka mor’a moo, molaoli oa marabele o ile a tla ’me a re laela hore re tle koetlisong ea sesole letsatsing le hlahlamang. Re ne re ikemiselitse ho se jele paate, le hoja re ne re tseba hore re tla bolaoa haeba re hana. Re ile ra qeta hoo e ka bang bosiu bohle re rapela. Re ile ra tsoha ka matjeke ’me ra hlahloba temana ea letsatsi eaba re emela marabele hore a fihle. Ha aa ka a tla.

“Le bala temana ea letsatsi. E tlameha ebe le Lipaki Tsa Jehova”

 Hamorao ofisiri ea marabele le banna ba hae ba bane ba ile ba hapa ntlo ea ka. Ba ile ba re ho se ke ha e-ba le moo re eang, kahoo, re ile ra tsoela pele re tšoara liboka kamehla le ho hlahloba temana ea letsatsi lapeng. Masole a mang a ile a re: “Le bala temana ea letsatsi. E tlameha ebe le Lipaki Tsa Jehova.” Ba ne ba sa thahaselle Bibele empa ba ne ba re hlompha.

Ka letsatsi le leng molaoli e moholo oa masole o ile a tla ho tla hlahloba masole a neng a lula lapeng ha ka. O ile a lumelisa Mor’abo rōna Babawo ka tlhompho eaba o mo tšoara ka letsoho. Molaoli eo o ile a kharumela masole a re: “Monna enoa ke mookameli oa ka le oa lōna. Haeba le ka mo ama feela kapa la ama ba nang le eena, le tla kena mathateng. Rea utloana?” Ba ile ba re: “E, monghali!” Molaoli eo o ile a re fa lengolo le laelang masole a Revolutionary United Front hore a se ke a re ntša kotsi kaha re batho ba nang le khotso.

Likhoeli tse ’maloa hamorao, lihlopha tsa marabele li ile tsa qala ho loantšana, kahoo re ile ra balehela naheng ea boahisani ea Liberia. Ha re le moo, sehlopha se seng sa marabele se ile sa batla ho re hlasela. Re ile ra re ho sona: “Re Lipaki Tsa Jehova.” Lesole le leng le ile la re: “Johanne 3:16 e re’ng?” Ha re mo phetela temana eo ka hlooho, o ile a re tlohela.

Hamorao, re ile ra kopana le molaoli e mong oa marabele ea ileng a re laela, ’na le Mor’abo rōna Babawo hore re tsamaee le eena. Re ne re tšohile ’me re bona hantle hore re tl’o bolaoa. Molaoli eo o ile a re bolella hore o ne a ithuta le Lipaki pele ntoa e qala. O ile a re fa chelete ’me a nka lengolo leo re neng re le tšoere eaba o le isa ho barab’abo rōna ba phuthehong e haufi. Nakoana ka mor’a moo, barab’abo rōna ba babeli ba ile ba tla le liphallelo ’me ba re isa sebakeng se sireletsehileng.