Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

Monna oa Watchtower

James Koroma

Monna oa Watchtower
  • O HLAHILE KA 1966

  • O KOLOBELITSOE KA 1990

  • PALE EA BOPHELO BA HAE O ne a tsamaisa mangolo le thepa nakong ea ntoa ea lehae.

KA 1997, ha marabele le masole a ’muso a ntse a loantšana Freetown, ke ile ka ithaopela ho tsamaisa mangolo a neng a tloha Freetown a ea ofising ea lekala ea nakoana e neng e le Conakry, Guinea.

Ke ile ka palama bese le sehlopha sa banna ba bang seteisheneng se ka toropong. Re ile ra utloa molumo oa sethunya hōjana ’me re ile ra tšoha haholo. Ha bese e ntse e tsamaea literateng tse ka toropong, re ile ra utloa molumo oa lithunya haufi le rōna. Mokhanni oa bese o ile a thinya eaba o nka tsela e ’ngoe. Nakoana ka mor’a moo, re ile ra emisoa ke sehlopha sa marabele a hlometseng ka lithunya ’me sa re laela hore re tsoe ka beseng. Ka mor’a hore se re hlome lipotso, se ile sa re tlohela ’me ra tsamaea. Hamorao, re ile ra emisoa ke sehlopha se seng sa marabele. Kaha e mong oa bapalami o ne a tseba molaoli oa masole ao, le ’ona a ile a re tlohela ’me ra tsamaea. Ha re se re le moo toropo e fellang teng, re ile ra boela ra kopana le sehlopha sa boraro sa marabele, sa re hloma  lipotso eaba se re laela hore re tsamaee. Ha re ntse re ea karolong e ka leboea, re ile ra emisoa hangata tseleng ke masole ho fihlela re fihla Conakry motšehare oa mantsiboea ka bese e tletseng lerōle.

Ha nako e ntse e e-ea, ke ile ka tsamaisa mabokose a lingoliloeng, thepa ea ofising, litokomane tsa lekala le liphallelo. Hangata ke ne ke tsamaea ka koloi kapa ka tekesi. Hape ke ne ke neheletsa batho ba tsamaisang thepa lingoliloeng, li ne li boetse li tsamaea ka liketsoana li feta merung e meholo li bile li tšela le linōka.

Ka letsatsi le leng ke ne ke nkile thepa e tsoang Freetown ke e isa Conakry eaba tekesi eo ke neng ke e palame e emisoa ke masole a marabele moeling oa naha. E mong oa masole o ile a bona thōtō ea ka eaba o ntlhoma lipotso joalokaha eka ho na le seo a se belaellang. Ka eona nako eo, ke ile ka bona e mong eo ke neng ke kena sekolo le eena har’a marabele ao. Masole a ne a mo bitsa Sekoankoetla ’me o ne a bonahala a tšosa ho feta masole a mang. Ke ile ka bolella motho eo ea neng a ntse a ntlhoma lipotso hore ke tlile ho Sekoankoetla eaba ka mor’a moo kea mo hoelehetsa. Hang-hang Sekoankoetla o ile a ntseba eaba oa ’mathela. Re ile ra hakana eaba rea tšeha. Eaba o tiisa sefahleho.

O ile a re ho ’na: “Na ho na le bothata.”

Eaba ke re: “Ke leka ho tšelela Guinea.”

Hang-hang o ile a laela masole hore a lumelle tekesi ea rōna hore e fete e sa hlahlojoa.

Ho tloha ka nako eo, neng le neng ha ke ne ke feta moo, Sekoankoetla o ne a laela masole hore a ntlohele ke tsamaee. Ke ne ke atisa ho fa masole ao limakasine tsa rōna ’me a ile a li thabela haholo. A ile a qetella a se a mpitsa Monna oa Watchtower.