Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

2002-2014 ho fihlela Hona Joale (Karolo ea 1)

2002-2014 ho fihlela Hona Joale (Karolo ea 1)

 “Kea Leboha Jehova!”

Ha maemo a ntse a tsitsa, bara le barali babo rōna ba ile ba khutlela matlong a bona a neng a senyehile. Ho ile ha thehoa liphutheho hape moo ho neng ho e-na le liphutheho pele ho ntoa, haholo-holo karolong e ka bochabela ea Sierra Leone, e neng e ruthuthiloe ke ntoa. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba neng ba le sebakeng se seng ba ile ba re: “Batho ba 16 ba ile ba tla sebokeng sa pele, ba 36 ba ile ba tla ho se latelang, ba 56 ba tla ho se latelang seo ’me ba 77 ba ile ba ba teng Sehopotsong! Re ne re thabile haholo!” Ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse robong ’me liphutheho kaofela li ne li se li le 24. Baromuoa ba bacha ba Gileade ba leshome ba ile ba fihla ’me ba ile ba ba le tšusumetso e khōlō mosebetsing oa boboleli. Ka 2004, batho ba 7 594 ba ile ba ba teng Sehopotsong—e leng palo e menang palo ea bahoeletsi ka makhetlo a fetang a mahlano! Ho ile ha e-ba le keketseho e tšoanang Guinea.

Sehlopha se Busang se ile sa potlakela ho fana ka chelete e le hore se thuse baphaphathehi ba neng ba khutletse mahaeng a bona hore ba khone ho qala bophelo. (Jak. 2:15, 16) Lihlopha tsa baithaopi li ile tsa haha le ho lokisa Liholo Tsa ’Muso tse 12 le Holo ea Kopano e Koindu. Li ile tsa boela tsa haha matlo a mobu a 42 e le hore malapa ao matlo a ’ona a ileng a senyeha a be le bolulo. Ha morali e mong oabo rōna oa mohlolohali ea lilemong tsa bo-70 a eme ka pel’a ntlo ea hae e ncha e ruletsoeng ka masenke, o ile a hoeletsa a keleketlisitse likeleli marameng, a re: “Kea leboha Jehova! Jehova, kea u leboha! Barab’abo rōna, kea le leboha!”

Ofisi ea lekala e ile ea boela ea qala ho haha Liholo Tsa ’Muso ka chelete e behetsoeng ka thōko ho thusa linaha  tse futsanehileng. Saidu Juanah, eo e leng moholo le pula-maliboho Phuthehong ea Bo West, o re: “E mong oa baralib’abo rōna o ile a re ho ’na, ‘Mohla ke utloang hore re tla ba le Holo ea ’Muso e ncha, ke tla opa lehofi ke be ke tantše!’ Ha ke ne ke etsa tsebiso ea hore re tl’o fumana holo e ncha, morali eo oabo rōna o ile a phahama setulong eaba o opa lehofi a ba a tantša!”

Ka 2010, Phutheho ea Waterloo e ile ea nehela Holo ea ’Muso e ncha e ka atolosoang hore e be Holo ea Kopano e ka lulang batho ba 800. Letsatsing leo phutheho e neng e reka setša ka lona, ho ile ha e-ba le motho ea neng a batla ho se reka ka chelete e ngata. Mong’a setša o ile a re, “Setša sena e ka mpa ea e-ba sa bolumeli ho e-na le hore e be sa khoebo.”

Ho ile ha hahoa Liholo Tsa ’Muso tse 17 Sierra Leone le tse tšeletseng Guinea tokisetsong ea ho thusa linaha tse futsanehileng. Libaka tsena tsa borapeli tse itekanetseng empa e le tse hlomphehang, li entse hore batho ba bangata ba tle libokeng.

Ho Fumana Linku Tsa Jehova Tse Lahlehileng

Ha batho ba bangata ba ntse ba chesehela mosebetsi oa boboleli, ofisi ea lekala e ile ea lokisetsa hore ho be le letšolo la likhoeli tse peli la ho bolela litaba tse molemo libakeng tse neng li sebetsoa seoelo. Bahoeletsi ba ile ba tsamaisa libuka tse ka bang 15 000 ’me ba ile ba ba le liphihlelo tse ngata tse thabisang. Batho ba bang ba ile ba botsa hore na ebe Lipaki Tsa Jehova li tla theha liphutheho metseng ea bona na. Qetellong ho ile ha thehoa liphutheho tse peli tse ncha. Motsaneng o mong oa mahaeng, barab’abo rōna ba ile ba fumana baralib’abo rōna ba babeli ba neng ba arohane le phutheho ka lebaka la ho baleha malapeng a bona nakong ea ntoa. Hang-hang barab’abo rōna ba ile ba lokisetsa hore ho tšoaroe liboka kamehla ’me ba ile ba qala ho ithuta Bibele le batho ba ’maloa motsaneng oo.

 Ka 2009, ofisi ea lekala e ile ea utloela ka batho ba neng ba bolela hore ke Lipaki Tsa Jehova motsaneng o neng o le ka har’a moru Guinea. Ka mor’a ho romela barab’abo rōna hore ba batlisise ka batho bao, ofisi ea lekala e ile ea fumana hore mor’abo rōna ea neng a se a hōlile o ile a khutlela motsaneng oa habo ka mor’a hore a lihele mosebetsing. O ile a ithuta Bibele le banna ba ’maloa pele a hlokahala. E mong oa banna bao o ile a bontša tumelo ho Jehova ’me a qala ho bolella ba bang ’nete ea Bibele. O ne a boetse a tšoara liboka, a sebelisa lingoliloeng tsa mor’abo rōna eo ea hlokahetseng. Sehlopha seo se ne se ntse se rapela Jehova ka lilemo tse 20 pele mohoeletsi e mong a se fumana. Hang-hang ofisi ea lekala e ile ea romela barab’abo rōna e le hore ba se thuse moeeng. Ka 2012, batho ba 172 motsaneng oo ba ile ba ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste.   

Morao tjena, ho ile ha fumanoa ‘linku tse lahlehileng’ tse ngata. Bana ke batho ba ileng ba tlohela phutheho kapa ba khaoloa. Ba bangata ba bona ba ile ba baka ’me ba khutlela ’neteng. Batho ba Jehova ba ’nile ba ba amohela ka mofuthu.—Luka 15:11-24.

Mamosleme a Labalabela ho Tseba ’Nete

Ha moapostola Pauluse a ne a bolella batho ba bang litaba tse molemo, o ile a fetoha “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.” (1 Bakor. 9:22, 23) Ka ho tšoanang, bahlanka ba Jehova ba Sierra Leone le Guinea ba feto-fetola tsela eo ba buisanang le batho ka eona e le hore ba finyelle batho ba fapa-fapaneng. Ka mohlala, hlokomela tsela eo bahoeletsi ba behelanang mabaka ka eona le Mamosleme a sa kheseng malumeli a mang, e leng bolumeli bo boholo ka ho fetisisa linaheng tseo tse peli.

Saidu Juanah, eo e neng e le Momosleme, o re: “Mamosleme a lumela hore Adama o bōpiloe ka lerōle empa pele o ne a phela paradeiseng leholimong. E le hore ke ba thuse  hore ba be le kutloisiso e nepahetseng, ke re ho bona, ‘Lerōle le tsoa hokae?’

“Ba re: ‘Lefatšeng.’

“Ebe ke tsoela pele ke re: ‘Joale, e tlameha ebe Adama o bōpetsoe kae?’

“Ebe ba re: ‘Lefatšeng.’

“E le hore ke hatise taba eo, ke bala Genese 1:27, 28 ebe ke re: ‘Na libōpuoa tse leholimong li na le bana?’

“Ebe ba araba ka ho re: ‘Che. Mangeloi hase banna kapa basali.’

“Ebe ke re: ‘Ha Molimo a ne a bolella Adama le Eva hore ba be le bana, e tlameha ebe ba ne ba le hokae?’

“Ebe ba re: ‘Lefatšeng.’

“Ebe kea ba botsa ke re: ‘Kahoo, ha Molimo a tsosolosa Paradeise, Paradeise eo e tl’o ba hokae?’

“Ebe ba re: ‘Hona mona lefatšeng.’”

Saidu o qetella ka ho re: “Tsela eo ea ho behelana mabaka ka Mangolo e etsa hore Mamosleme a labalabelang ho tseba ’nete a tsoele pele a mamela a be a amohele lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.”

Nahana ka Momoh, eo e leng ralebenkele oa Momosleme ea neng a batla ho ba moruti. Ha moromuoa e mong oa Paki a ne a buisana le eena ka Mangolo, Momoh o ile a batla ho tseba haholoanyane. O ile a ea kopanong ea potoloho ’me le hoja a sa ka a mamela lenaneo lohle, o ile a thabela seo a ileng a se utloa. Matsatsi a mane hamorao, eena le mosali oa hae, Ramatu le bana ba bona ba bahlano ba ile ba ba teng Sehopotsong sa lefu la Jesu. Ka mor’a moo, Momoh o ile a qala ho ithuta Bibele ka matla. Ka mor’a ho ithuta ka makhetlo a ’maloa, o ile a khaotsa ho rekisa koae. O ile a bolella bareki ba hae hore koae e kotsi le hore Molimo ha a batle ha batho ba tsuba. O ile a boela a qala ho ithuta hammoho le mosali le bana lebenkeleng la hae. Ha batho ba tl’o reka nakong eo ba ntseng ba ithuta e le lelapa,  o ne a ba kōpa hore ba ke ba eme ho se hokae, a hlalosa hore thuto eo ke ea bohlokoa haholo ho ba lelapa la hae. Ha Momoh le Ramatu ba ngolisa lenyalo la bona ka molao, beng ka bona ba ile ba ba hanyetsa haholo. Momoh le Ramatu ha baa ka ba nyahamisoa ke seo, empa ba ile ba pakela beng ka bona ka sebete ’me qetellong beng ka bona ba ile ba ba hlompha ka lebaka la boitšoaro ba bona bo botle. Momoh o ile a kolobetsoa ka 2008 ’me Ramatu ka 2011.

Ho Hlompha Khalalelo ea Mali

Batho ba Jehova ba tšehetsa litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro ka sebete, ho akarelletsa le tsela eo a talimang mali ka eona. (Lik. 15:29) Tsela eo ba talimang mali ka eona e entse hore lingaka tse ngata tsa Sierra Leone le Guinea li ba hlomphe.

Barab’abo rōna ba khothatsa morali’abo rōna ea sepetlele

 Ka 1978, barab’abo rōna ba ile ba fa lingaka, baoki, batsamaisi ba lipetlele, babuelli ba molao le baahloli ho pholletsa le Sierra Leone bukana ea Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood. Nakoana ka mor’a moo, morali e mong oabo rōna ea neng a il’o pepa o ile a ba le bothata ba hore mali a lutlele ka hare ’me lingaka li ile tsa hana ho mo thusa ntle le hore li mo tšele mali. Leha ho le joalo, ngaka e ’ngoe e ile ea lumela ho mo thusa ka lebaka la boitsebiso bo utloahalang le bo hlahang motho leseling boo e bo fumaneng bukaneng ea Blood. Morali eo oabo rōna o ile a fumana ngoana oa moshanyana ea phetseng hantle ’me o ile a fola.

Ka 1991, Dr. Bashiru Koroma, eo e leng ngaka e etsang liopereishene Sepetleleng sa Kenema, o ile a bala bukana e reng, Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang? Kaha o ile a khahloa ke seo a neng a se bala bukaneng eo, o ile a qala ho ithuta Bibele ’me a ea libokeng tsa Bokreste. Moshanyana e mong oa Paki ea lilemo li robong o ile a hlaheloa ke kotsi eaba o taboha lebete ’me lingaka li ile tsa hana ho mo buoa ntle le hore li mo tšele mali. Li ile tsa re ho batsoali ba hae, “Nkang ngoan’a lōna a il’o shoella hae!” Batsoali ba moshanyana eo ba ile ba bua le Dr. Koroma ’me o ile a etsa opereishene eo ka katleho.

Ka mor’a nakoana, Dr. Koroma e ile ea e-ba Mor’abo rōna Koroma—eo ka cheseho a ileng a buella ho phekola bakuli ntle ho mali. Lingaka tse ling li ile tsa mo khetholla ka lebaka la seo a neng a se emela, leha ho le joalo bakuli ba hae ba ne ba lula ba fola. Hamorao basebetsi-’moho le eena ba ile ba qala ho batla thuso ea hae ha ba tlameha ho etsa liopereishene tse ba thatafallang.

Ho tloha ka 1994, Lefapha la Boitsebiso ba Lipetlele le lekaleng la Freetown, le ile la theha Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele Sierra Leone le Guinea. Ka lerato likomiti tsena li tšehelitse Lipaki tse ngata tse kulang ’me tsa susumetsa lingaka tse ngata hore li lumele ho li thusa ntle ho mali.