Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

Ke Ile ka Rata Sierra Leone

Cindy McIntire

Ke Ile ka Rata Sierra Leone
  • O HLAHILE KA 1960

  • O KOLOBELITSOE KA 1974

  • PALE EA BOPHELO BA HAE E ile ea e-ba moromuoa ho tloha ka 1992. O ile a sebeletsa Guinea le Senegal ’me hona joale o sebeletsa Sierra Leone.

HA KE qala ho fihla Sierra Leone ke ile ka nka libeke tse peli feela hore ke e rate. Ke ile ka hlolloa haholo ke kamoo batho ba neng ba beha meroalo e boima lihloohong ba tsamaea ba otlolohile. Batho ba moo ba ne ba tletse bophelo. Bana ba ne ba bapala le ho tantša literateng, ba opa matsoho le ho tapa-tapa ha ba ntse ba bina. Ke ne ke pota-potiloe ke mebala, batho ba phetheselang le ’mino.

Ntho eo ke e thabelang ka ho fetisisa mona ke boboleli. Batho ba Sierra Leone ba rata ho amohela baeti. Ba hlompha Bibele ebile ba mamela molaetsa oa eona. Hangata ba nkōpa hore ke kene ka malapeng a bona. Ha ke tsamaea ba bang ba mphelehetsa. Botho bona bo ratehang ba bona bo etsa hore ke khone ho mamella lintho tse nyenyane tse sa thabiseng tse kang, khaello ea metsi le ho tima ha motlakase.

Kaha ke lesoha, hangata batho baa mpotsa hore ha ke jeoe ke bolutu na. Ha e le hantle, ke na le lintho tse ngata tseo ke li etsang hoo ke se nang le nako ea ho jeoa ke bolutu. Ke phela bophelo bo nang le morero.