Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Temana ea Selemo ea 2014

“’Muso oa Hao o ke o Tle.”—Matheu 6:10

Temana ea Selemo ea 2014

Hoo e ka bang lilemong tse lekholo tse fetileng, Jehova o ile a beha Jesu setulong sa borena leholimong. Ho tloha ka nako eo, bahlanka ba Molimo ba ’nile ba ba mafolofolo ha ba bolela mahlohonolo ao ’Muso oa Kreste o tla a tlisa. Ak’u nahane feela! Tlas’a puso e lerato ea Jesu, lefatše e tla ba paradeise e tletseng batho ba ratanang e le kannete. Ho ke ke ha e-ba le tlōlo ea molao, ntoa, maloetse, bohloko le lefu.

Haufinyane seo se tla etsahala. ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele, o tla tla ’me o phethahatse sohle seo Jehova a se rerileng. Rapella hore ’Muso oo o tle, bolella ba bang ka oona, nka lintho tsohle tseo o li tšepisang e le tsa bohlokoa.