Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

1915-1947 Qalong (Karolo ea 2)

1915-1947 Qalong (Karolo ea 2)

Ho Tobana le Sehlopha se Bitsoang Li-Gladiator

Ha baruti ba Freetown ba bona hore mohlape oa bona o rata lipuo tsa Mor’abo rōna Brown, ba ile ba ba mōna ’me ba halefa. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1923, o ile oa re: “Baruti ba qalile ho hlasela ’nete mecheng ea litaba. Nako le nako Mor’abo rōna Brown o ne a ba araba, ’me likoranta li hatisa litaba tsa mahlakore ao ka bobeli.” Qetellong, baruti ba ile ba thōla ’me lithuto tsa bona tsa bohata tsa pepesoa. Linnete tsa Bibele li ne li phatlalalitsoe hohle ’me li susumetsa babali ba bangata ba likoranta hore ba kōpe lingoliloeng tsa Bibele. Baruti ba ne ba rerile ho koala batho ba Molimo molomo, empa Jehova a “khutlisetsa bobe ba bona holim’a bona.”—Pes. 94:21-23.

Sehlopha sa bacha ba kereke se neng se bitsoa Li-gladiator, se ile sa ema le baruti, eaba se phatlalatsa liboka tsa sechaba tse neng li reretsoe ho tlotlolla “Borusselle,” e leng tsela eo se neng se bitsa molaetsa oa ’Muso ka eona. Mor’abo rōna Brown eena o ile a re ba qothisane lehlokoa. Sehlopha sena se ile sa hana ’me sa khalemela ka matla mohlophisi oa koranta ea ileng a hatisa molaetsa oa Mor’abo rōna Brown. Se ile sa boela sa thibela Mor’abo rōna Brown ho ea libokeng tsa sona, kahoo Alfred Joseph a mo nkela sebaka.

Liboka tsa bona li ne li tšoareloa Buxton Memorial Chapel, e leng kereke ea Methodist e neng e hlompheha haholo Freetown. Alfred o re, “Nakong ea lipotso le likarabo, ke ile ka botsa ka motheo oa litumelo tsa kereke ea Chache, thuto ea Boraro-bo-bong le lithuto tse ling tse sa thehoang Mangolong. Qetellong molula-setulo o ile a hana ha batho ba botsa lipotso tse ling.”

E mong oa Li-gladiator ea neng a le teng bosiung boo, ke Melbourne Garber, ea neng a kile a ba teng lipuong tsa “Bibele” tsa Mor’abo rōna Brown. Ha e le hantle ke eena  mohlankana eane ea neng a ithutela boruti ea ileng a re, “Monghali Brown o tseba Bibele!” Ka mor’a hore a nahanisise ka seo a se utloileng, o ile a kholiseha hore o fumane ’nete. Kahoo, o ile a kōpa Mor’abo rōna Brown hore a mo khannele thuto ea Bibele. Mor’abo rōna Brown o ile a mo memela Thutong ea Molula-Qhooa e neng e tšoareloa ha hae beke le beke. Le hoja lelapa labo Garber le ile la mo lahla, o ile a tsoela pele hantle moeeng ’me a kolobetsoa le ba bang ba ’maloa.

Satane o ile a hlōleha ho thibela mosebetsi oa boboleli qalong ea oona. Ramotse oa Freetown o ile a re ho Li-gladiator: “Haeba morero ona kapa mosebetsi ona o tsoa ho batho, o tla lihuoa empa haeba o tsoa ho Molimo, le ke ke la khona ho ba liha.”—Lik. 5:38, 39.

Bolumeli ba Lelapa la ha Brown

Mathoasong a May 1923, Mor’abo rōna Brown o ile a romela molaetsa ofising ea lekala e London a kōpa lingoliloeng tse eketsehileng. Hang ka mor’a moo, ho ile ha fihla libuka tse 5 000 ’me ha latela tse ling. O ile a tsoela pele ho tšoara liboka tsa phatlalatsa tse ileng tsa khahla batho ba bangata ba thahasellang.

Hamorao selemong sona seo, Molula-Qhooa o ile oa re: “Mosebetsi [oa Sierra Leone] o eketseha ka potlako hoo Mor’abo rōna Brown a kōpang motho ea tla mo thusa; ’me Claude Brown, oa Winnipeg, eo pele a neng a lula West Indies, o tseleng ho ea mo thusa.”

Claude Brown e ne e le ’moleli oa litaba tse molemo ea nang le phihlelo. Ha Ntoa ea I ea Lefatše e ntse e kupa, o ile a mamella tšoaro e mpe lichankaneng tsa Canada le Engelane ka lebaka la ho se nke lehlakore. O ile a etsa mosebetsi oa boboleli Sierra Leone ka lilemo tse ’nè a matlafatsa bara le barali babo rōna.

Pauline Cole o re, “Pele ke kolobetsoa ka 1925, Mor’abo rōna Claude o ile a ntlhahloba ka hloko.

 “O ile a mpotsa a re ‘Morali’abo rōna Cole, na u utloisisa seo u ithutileng sona libukeng tsa Studies in the Scriptures? Ha re batle hore u tlohele ’nete hobane u sa ka ua utloisisa lithuto tsa Bibele.’

“Eaba ke re, ‘Mor’abo rōna Claude, ke balile seo ke ithutileng sona ka makhetlo-khetlo. Ke entse qeto!’”

Pauline Cole

Pauline o ile a sebeletsa Jehova ka lilemo tse fetang 60, boholo ba tsona e le pula-maliboho ea khethehileng. O ile a phetha tšebeletso ea hae ea lefatšeng ka 1988.

William “Bible” Brown o ne a boetse a le hlokolosi hore a thuse ba bang hore ba be le kemiso e ntle ea lintho tsa moea. Alfred Joseph o re: “Hoseng feela ha ke kopana le Mor’abo rōna Brown, o ne a ee a re ho ’na: ‘Lumela, Mor’eso Joe. U phela joang? Temana ea letsatsi ea kajeno e re’ng?’ Haeba ke ne ke sa e tsebe o ne a mpontša bohlokoa ba ho bala temana ea letsatsi e bukeng ea Daily Manna. [Hona joale ke Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla.] Hoseng  ha le hlahlamang ke ne ke bala temana hang-hang e le hore a se ke a ntsometsa. Qalong, ke ne ke tenoa ke tsela eo a neng a nkoetlisa ka eona, empa hamorao ka elelloa bohlokoa ba eona.”

Koetliso ena e ile ea e-ba le liphello tse molemo. Ka 1923 ho ile ha thehoa phutheho Freetown ’me ha kolobetsoa batho ba 14. E mong oa barab’abo rōna ba bacha e ne e le George Brown, eo ho fihla ha hae ho ileng ha etsa hore ho be le malapa a mararo a ha “Brown” ka phuthehong. Tsela eo malapa ana a mararo a neng a cheseha ka eona mosebetsing oa boboleli e ile ea susumetsa baahi ba Freetown hore ba bitse Liithuti Tsa Bibele bolumeli ba “ba ha Brown.”