Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

1915-1947 Qalong (Karolo ea 3)

1915-1947 Qalong (Karolo ea 3)

Ho Bolela Liprofinseng le Linaheng Tse Ling

Phutheho ea Freetown e ne e chesehela ’nete hoo e ileng ea “tšoareha ka matla haholo ka lentsoe.” (Lik. 18:5) Alfred Joseph o re: “Hangata ke ne ke tlamella lebokose la libuka sethuthuthung sa ka se seholo sa moetso oa Norton. Ebe Mor’abo rōna Thomas kapa Mor’abo rōna Sylvester Grant o palama ka mor’a ka ha re ea mahaeng le litoropong tse nyenyane tse potolohileng Freetown ho ea thaotha batho, e leng seo re neng re tloaetse ho se bua.”

Ho fihlela ka 1927, bahoeletsi ba ne ba paka haholo Freetown le karolong e haufi le eona e bitsoang The Colony. Empa ho tloha ka 1928, selemo le selemo pele lipula li qala ho na, phutheho e ne e hira bese ebe e ea liprofinseng. Ba neng ba sa khone ho tsamaea le phutheho ba ne ba fana ka chelete ho tšehetsa maeto ao a neng a etelloa pele ke Melbourne Garber. Ha ba fihla moo ba ne ba ikarola ka lihlopha ebe ba paka litoropong le metsaneng e ka bochabela ho toropo ea Kailahun le e ka boroa haufi le moeli oa Liberia. Sontaheng sa pele sa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ba ne ba khutlela moo ho ea thusa batho ba thahasellang.

Hoo e ka bang ka eona nako eo Mor’abo rōna Brown o ile a ea West Indies eaba o khutla a rekile koloi, e leng e  ’ngoe ea likoloi tsa pele Sierra Leone. Koloi ena e ne e e-na le sebuela-hōle se matla se neng se etselitsoe ho paka phatlalatsa. Mor’abo rōna Brown o ne a e paka libakeng tsa sechaba ebe o letsa ’mino o hohelang batho. Ebe o fana ka puo e khutšoanyane kapa a letse e rekotiloeng a ntan’o kōpa batho hore ba inkele lingoliloeng tsa Bibele. Koloi ena e buang—e leng kamoo batho ba neng ba e bitsa kateng—e ne e ratoa haholo hoo batho ba neng ba tla ka bongata ho tla e mamela.

O paka ka sebete

Joale Mor’abo rōna Brown o ile a lebisa tlhokomelo tšimong e neng e e’so ka e sebetsoa ho hang—ea batho ba buang Senyesemane ba lulang Afrika Bophirimela. Qetellong ea bo-1920, o ile a qala maeto a ho bolela litaba tse molemo linaheng tse kang Gambia, Ghana, Liberia le Nigeria. Mor’abo rōna Brown o ile a fumana batho ba  thahasellang linaheng tsena kaofela, empa Nigeria e ne e le eona e itlhommeng pele. Ka 1930 o ile a tloha Freetown le lelapa la hae ba fallela Lagos. Ha a le moo o ile a tsoela pele ho hlokomela mosebetsi oa boboleli o etsoang Afrika Bophirimela.

Hona joale Lipaki tse fetang 500 000 li sebeletsa Jehova Afrika Bophirimela

Ka 1950 Mor’abo rōna Brown o ile a tlameha ho khutlela Jamaica ka lebaka la bokuli, ho ntse ho le joalo o ile a siea lefa la bohlokoahali. Ka lilemo tse 27 eena le mosali oa hae ba ile ba bona ha palo ea Lipaki tsa Afrika Bophirimela e hōla ho tloha ho tse 2 ho ea ho tse ka holimo ho 11 000. Ba ile ba bona ha boprofeta ba Esaia bo phethahala bo reng: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla.” (Esa. 60:22) Hona joale, ka mor’a lilemo tse ka holimo ho 60, “sechaba se matla” sa Lipaki tse fetang 500 000 se sebeletsa Jehova Afrika Bophirimela.

Ba Tsoela Pele ba Tiile le Hoja ba Thibetsoe

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ho ile ha nkoa masole Sierra Leone hore a e’o loana empa batho ba Jehova ha baa ka ba nka lehlakore. (Mik. 4:3; Joh. 18:36) Ba boholong Brithani ba ile ba re ke mahlaba-phio kahoo ba lula ba ba behile leihlo ’me ba thibela lingoliloeng tsa bona. Ba boholong ofising ea lekhetho la thepa e kenang ka har’a naha ea Freetown ba ile ba hapa lingoliloeng tse neng li rometsoe ’me ba li chesa. Barab’abo rōna ba bang ba ile ba tšoaroa hobane ba e-na le lingoliloeng tse thibetsoeng empa ba lokolloa kapele. *

Lipaki li ile tsa tsoela pele ho bolela le hoja li ne li thibetsoe. Pauline Cole o re: “Mor’abo rōna e mong ea neng a sebetsa sekepeng se neng se tla khafetsa o ile a tsoela pele  ho re tlisetsa likhatiso tsa Molula-Qhooa. E le hore re be le tse eketsehileng bakeng sa liboka re ne re li kopitsa. Hape re ne re printa lipampitšana tsa lihlooho tse thehiloeng Bibeleng ebe re li abela batho. Barab’abo rōna ba ile tsoela pele ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa le ho letsa lipuo tse rekotiloeng tsa Mor’abo rōna Rutherford, haholo-holo metseng e ka thōko.”

Le hoja boiteko boo bo ne bo fokola Jehova o ile a bo hlohonolofatsa. James Jarrett, eo e bileng moholo le pula-maliboho e khethehileng ka nako e telele o re: “Nakong ea ntoa ke ne ke le ’metli oa majoe ha morali e mong oabo rōna ea hōlileng a mpha bukana ea Refugees. Kaha ho ne ho e-na le baphaphathehi ba bangata Freetown, ke ile ka khahloa ke bukana eo. Ke ile ka bala bukana eo hona bosiung boo ’me ka lemoha hang-hang hore ke ’nete. Hoseng ha le latelang ke ile ka batla morali eo oabo rōna ka ba ka mo thola eaba ke nka libuka tse tharo bakeng sa abuti oa ka le bara beso ba babeli. Bone ba rōna re amohetse linnete.”

Ka 1945 ha ntoa e fela, Phutheho ea Freetown e ne e e-na le bahoeletsi ba 32. Ba ile ba lula ba tšepahala ba bile ba le matla moeeng. Ba ne ba ikemiselitse ba bile ba labalabela ho bolela ka cheseho.

Phutuho ea Seboka sa Phatlalatsa

Ka la 29 August 1945, Sebokeng sa Tšebeletso sa beke le beke Phutheho ea Freetown e ile ea buisana ka phutuho e ncha e ileng ea phatlalatsoa ka December 1944 pampitšaneng ea Informant (eo hona joale e bitsoang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso). Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lokela ho tsebisa batho hore e tla tšoara liboka tsa phatlalatsa “litoropong, metseng le metsaneng eohle” e tšimong ea eona. Sebokeng se seng le se seng, mor’abo rōna (ea lilemo li 18 kapa ho feta) ea ileng a ipabola Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, o ne a tla fana ka puo e nkang hora. Ka  mor’a liboka tseo tse ’nè, barab’abo rōna ba ne ba hlophisa lihlopha tsa ho ithuta Bibele e le hore li thuse batho ba thahasellang sebakeng ka seng.

Bahoeletsi ba ile ba amohela tataiso ee e ncha joang? Lintlha tse ileng tsa buuoa Sebokeng sa Tšebeletso sa Phutheho ea Freetown ke tsena:

Molula-setulo: “Le nahana hore re etse phutuho ee e ncha joang?”

Mor’abo rōna oa Pele: “Ha rea lokela ho lebella hore e atlehe joaloka Amerika. Batho ba mona ha ba tšoane le ba koana.”

Mor’abo rōna oa Bobeli: “Ke lumellana le uena.”

Mor’abo rōna oa Boraro: “Eseng re e lekeng?”

Mor’abo rōna oa Bone: “Empa ho ke ke ha e-ba bonolo.”

Mor’abo rōna oa Bohlano: “Empa, re lokela ho latela tataiso eo re e fuoang ke mokhatlo oa Jehova.”

Mor’abo rōna oa Botšelela: “Empa naheng ena ho thata hore e atlehe.”

Morali’abo rōna oa Pele: “Leha ho le joalo, Informant e fana ka tataiso e hlakileng. A re e lekeng!”

Ba ile ba e leka. Ho tloha lebōpong la Freetown ho ea toropong ea Bo e ka boroa-bochabela, le ho ea Kabala thoteng e ka leboea, barab’abo rōna ba ne ba tšoarela liboka likolong, limmarakeng le malapeng a batho. Liboka tsena li ile tsa tsosolosa cheseho ea phutheho, ’me “lentsoe la Jehova la tsoela pele ho hōla le ho hasana.”—Lik. 12:24.

Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore bahoeletsi ba koetlisetsoe mosebetsi oa boboleli. ’Me Jehova o ile a etsa seo.

^ ser. 10 Thibelo eo e ile ea felisoa ka 1948.