Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SIERRA LEONE LE GUINEA

1948-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 2)

1948-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 2)

Ho Hlompha Mpho ea Molimo ea Lenyalo

Ka mor’a nako William Nushy o ile a hlokomela hore bahoeletsi ba bang ha ba phele ka melao ea Jehova ea lenyalo. Ba bang ba ne ba lula hammoho ba sa ngolisa lenyalo la bona ka molao. Ba bang bona ba ne ba latela tloaelo ea hore ba tla nyala hafeela mosali a ka ima, e le hore ba tiisehe hore o tla ba le bana.

Kahoo, ka May 1953, ofisi ea lekala e ile ea ngolla phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e hlalosa ka ho hlaka melao-motheo ea Bibele e mabapi le lenyalo. (Gen. 2:24; Bar. 13:1; Baheb. 13:4) Bahoeletsi ba ile ba fuoa nako ea ho ngolisa manyalo a bona ka molao. Ho seng joalo ba ne ba tla khaoloa ka phuthehong.—1 Bakor. 5:11, 13.

Bahoeletsi ba bangata ba ile ba thabela liphetoho tsena. Empa ba bang ba ne ba nka hore lithibelo tseo ha li hlokahale. Ba fetang halofo liphuthehong tse peli ba ile ba khaotsa ho kopanela le mokhatlo oa Jehova. Leha ho le joalo ba ileng ba lula ba tšepahala ba ile ba qeta nako e eketsehileng tšebeletsong, e leng se ileng sa bontša ka ho hlaka hore Jehova oa ba hlohonolofatsa.

Ka mor’a hore barab’abo rōna ba sebetse ka thata, Holo ea ’Muso e Freetown e ile ea nkoa e le sebaka se loketseng sa ho tiisa manyalo. Ka la 3 September, 1954, barab’abo  rōna ba ile ba tiisa lenyalo la pele. Hamorao, ’muso o ile oa lumella barab’abo rōna ba tšoanelehang hore ba tiise manyalo literekeng tse supileng tsa naha. Sena se ile sa etsa hore batho ba thahasellang ba ngolise manyalo a bona ka molao e le hore ba tšoanelehe hore e be baboleli ba litaba tse molemo.

Lechato Holong ea ’Muso

 Batho ba bangata ba thahasellang ba neng ba le manyalong a sethepu ba ile ba nka mehato ea ho phela ka tsela e lumellanang le melao ea Molimo. Samuel Cooper, eo hona joale a lulang Bonthe, o re: “Ka 1957, ke ile ka qala ho ea libokeng le basali ba ka ba babeli ’me ka mor’a nako e seng kae ka ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ka letsatsi le leng, ke ile ka fuoa puo e buang ka lenyalo la Bokreste. Ha ke ntse ke etsa lipatlisiso, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho khaohana le mosali oa ka e monyenyane. Ha ke bolella beng ka ’na, ha baa ka ba lumellana le qeto ea ka. Ke ne ke e-na le ngoana le mosali oa ka e monyenyane empa e moholo eena o ne a sa khone ho ba le bana. Empa ke ne ke entse qeto ea ho mamela melao-motheo ea Mangolo. Ntho e ileng ea ’makatsa ke hore ha mosali oa ka e monyenyane a khutlela habo, e moholo o ile a qala ho ba le bana. Hona joale ke na le bana ba bahlano le mosali oa ka ea neng a sa khone ho ba le bana.”

Monna e mong oa Guinea ea neng a thahasella ea bitsoang Honoré Kamano, o ile a arohana le basali ba hae ba babeli ba banyenyane ’me sena se ile sa thabisa mosali oa hae e moholo hoo a ileng a qala ho nka ’nete ka botebo. Le hoja e mong oa basali ba hae ba banyenyane a ne a utloile bohloko, o ile a rata kamoo Honoré a neng a hlompha melao-motheo ea Bibele kateng. O ile a kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele ’me hamorao a inehela ho Jehova.

Lipaki Tsa Jehova li tsejoa e le batho ba hlomphang lenyalo

Kajeno, Sierra Leone le Guinea Lipaki Tsa Jehova li tsejoa e le batho ba hlomphang lenyalo. Kaha ba mamela melao ea Molimo ea lenyalo sena se khabisa thuto ea hae ebile sea mo tlotlisa hobane ke Moqapi oa lenyalo.—Mat. 19:4-6; Tite 2:10.

 Ho se Lumellane Freetown

Ka 1956, Charles le Reva Chappell ba neng ba koetlisitsoe sekolong sa Gileade, ba ile ba fihla Freetown. Ha ba le tseleng ba ea lehaeng la baromuoa, ba ile ba makatsoa ke boto e khōlō e neng e phatlalatsa puo ea Bibele e tla fanoa Wilberforce Memorial Hall. Charles o re, “Ho ne ho boletsoe hore sebui e tla ba C.N.D. Jones, eo e leng moemeli oa ‘Kereke ea Lipaki Tsa Jehova.’”

Jones, ea neng a re ke motlotsuoa, o ile a etella pele sehlopha sa batho ba neng ba ikarotse phuthehong ea Freetown lilemong tse ’maloa tse fetileng. Sehlopha seo sa hae se ne se ipitsa lipaki tsa Jehova tsa “’nete” ’me se re baromuoa le ba tšepahalang ho baemeli ba mokhatlo ke “baikhakanyi” le “linokoane tsa Gileade.”

Lintho li ile tsa mpefala ha Jones le ba bang ba batšehetsi ba hae ba khaoloa. Chappell o re: “Tsebiso ena e ile ea tšosa ba bangata ba neng ba rata bahanyetsi bana. Ba seng bakae ba ile ba bolela phatlalatsa hore ha baa khotsofala. Bona hammoho le ba bang ba ile ba ’na ba kopana le marabele ao ’me ba leka ho sitisa liboka le tšebeletso ea tšimo. Bana ba sa khotsofalang ba ne ba lula hammoho libokeng karolong e bitsoang ea bahanyetsi. Boholo ba bona bo ile ba qetella bo tlohetse ’nete. Empa ba bang ba ile ba hlaphoheloa moeeng ’me ba boela ba cheseha.”

Ba bangata ba ile ba lula ba tšepahala kahoo moea oa Molimo oa lula o phalla. Ha molebeli ea etelang makala Harry Arnott a etela Freetown selemong se latelang, o ile a re: “Ena ke keketseho ea pele e khōlō eo re bileng le eona Sierra Leone ka mor’a lilemo. Sena se etsa hore re lebelle bokamoso ka tšepo.”

Ho Ruta Makisi

Nako e seng kae ka mor’a ketelo ea Mor’abo rōna Arnott, Charles Chappell o ile a fumana lengolo le tsoang ho  mor’abo rōna e mong oa Liberia. Mora enoa oabo rōna o ne a batla hore batho ba habo ba lulang Sierra Leone ba bolelloe litaba tse molemo. O ne a tsoa morabeng oa Makisi, o neng o lula maralleng a tletseng meru le likhohlo tse kopanyang Sierra Leone, Liberia le Guinea. Ho ne ho bonahala eka batho ba bangata ba buang Sekisi ba batla ho utloisisa Bibele.

Kaha Makisi a mangata a ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, ho ile ha lokisetsoa litlelase tsa ho ruta batho linnete tsa motheo tsa Bibele motseng oa Koindu. Batho ba bangata ba ile ba hoheloa ke litlelase tsena. Charles o re: “Ho e-s’o ee kae sehlopha sena se ile sa e-ba le bahoeletsi ba bacha ba 5, ba ntan’o ba 10, 15 le 20. Batho ba ne ba amohela ’nete ka potlako hoo ke neng ke sa tšepe hore ke bahoeletsi ba ’nete. Empa ke ne ke fositse. Bongata ba bona bo ne bo tšepahala ebile bo cheseha!”

Ho e-s’o ee kae bahoeletsi bana ba bacha ba chesehang ba ile ba hasa litaba tse molemo ho fihla ka nģ’ane ho Koindu ’me qetellong ba fihla Guinea. Ba ne ba tsamaea matsoapong ka lihora tse ngata, ba bolela litaba tse molemo metseng le mapolasing. Eleazar Onwudiwe eo e neng e le molebeli oa potoloho ka nako eo, o re: “Re ne re qeta libeke kapa likhoeli re sa utloe molumo oa koloi.”

Ha bara le barali babo rōna ba Makisi ba ntse ba hasa peō ea ’Muso le ho e nosetsa, Molimo eena o ne a e hōlisa. (1 Bakor. 3:7) Ka mor’a hore mohlankana e mong ea foufetseng a utloe ’nete, o ile a tšoara ka hlooho bukana e maqephe a 32 ea “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso.” Hamorao, ha a bolela litaba tse molemo kapa a khanna lithuto tsa Bibele, o ne a khona ho hopola serapa leha e le sefe, e leng se neng se makatsa batho. Mosali e mong ea neng a sa utloe litsebeng o ile a amohela ’nete ’me a etsa liphetoho tse khōlō hoo molamo oa hae a ileng a qala ho ea libokeng,  moo a neng a tsamaea lik’hilomithara tse fetang leshome ho ea feela.

Mosebetsi oa boboleli o ile oa hōla ka potlako har’a Makisi. Ho ile ha thehoa phutheho ka mor’a phutheho. Bahoeletsi ba ka bang 30 e ile ea e-ba bo-pula-maliboho. Morena oa Koindu o ile a rata ’nete ’me a fana ka setša e le hore ho hahoe Holo ea ’Muso. Batho ba fetang 500 ba ile ba e-ba teng kopanong ea potoloho e neng e tšoaretsoe Kailahun, kahoo ha thehoa phutheho moo. Le hoja Makisi a ne a ka ba ka tlaase ho liphesente tse peli tsa batho ba Sierra Leone, ho e-s’o ee kae halofo ea Lipaki tsa moo e ne e le Makisi.

Khōlo ena ha ea ka ea thabisa ba bangata, haholo-holo baeta-pele ba bolumeli ba Makisi. Ba ne ba le mōna hoo ba neng ba ikemiselitse ho felisa batho bana ba neng ba phephetsa bolaoli ba bona. Potso e ne e le hore na ba tla ba hlasela neng, hona joang?