Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

1945-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 4)

1945-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 4)

Ho Ruta Batho ho Bala le ho Ngola

Mathoasong a 1963, ha Milton Henschel a etetse Sierra Leone ka lekhetlo la bobeli, o ile a bua ka bothata boo esale ofisi ea lekala e loanela ho bo hlōla. O ile a khothalletsa barab’abo rōna hore ba sebetse ka thata ho thusa batho hore ba tsebe ho bala le ho ngola.

Liphutheho tse ling li ne li tšoara litlelase tsa ho ruta batho ho bala le ho ngola ka Senyesemane. Empa ka mor’a ketelo ea Mor’abo rōna Henschel, barab’abo rōna ba ile ba qala ho ba ruta ka lipuo tsa habo bona. Tse ling tsona li ne li tšoara litlelase ka lipuo tse peli kapa tse tharo. Litlelase tsena li ne li ratoa hoo bahoeletsi ba bangata ba ileng ba ingolisa.

Ka 1966 barab’abo rōna ba Liberia ba ile ba ngola buka ea Sekisi e nang le litšoantšo, e thusang batho ho bala. Ba ile ba e bontša ba boholong ’musong oa Liberia ’me ea ba khahla hoo ba ileng ba etsa qeto ea ho e hatisa le ho e abela batho mahala. Buka eo e ile ea ajoa Guinea, Liberia  le Sierra Leone ’me ea thusa batho ba buang Sekisi ba makholo ho ithuta ho bala le ho ngola. Hamorao buka eo e ile ea hatisoa ka lipuo tse ling ’me ea thusa batho ba bangata hore ba ithute ho bala le ho ngola.

Sia o ne a tlaleha mosebetsi oa hae oa boboleli a sebelisa likhoele tse ntšo le tse khubelu

Litlelase tseo ha lia ka tsa ruta batho ho bala le ho ngola feela empa li ile tsa ba thusa le ho hatela pele moeeng. Nahana ka Sia Ngallah, e leng mohoeletsi ea sa kolobetsoang ea lilemo li 50 ea neng a sa tsebe ho bala le ho ngola. Sia o ne a tlaleha mosebetsi oa hae oa boboleli a sebelisa likhoele tse ntšo le tse khubelu. Ha a sebelitse hora, o ne a fasa lefito khoeleng e ntšo. Ha a entse leeto la ho boela, a le fasa khoeleng e khubelu. O ile a kena litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola ’me tsa mo thusa ho tlaleha tšebeletso ea hae hantle. O ile a hatela pele ho fihlela a kolobetsoa ’me ea e-ba ’moleli le mosuoe ea atlehang.

Kajeno liphutheho tse ngata tsa Sierra Leone le Guinea li ntse li tšoara litlelase tsa ho ruta batho ho bala le ho ngola. E mong oa ba boholong ’musong oa Sierra Leone o ile a re ho barab’abo rōna ofising ea lekala, “Le etsa mosebetsi o motle oa ho ruta batho Bibele le ho ba ruta ho bala le ho ngola.”

“Majoe” aa Hoeletsa

Ha batho ba bangata ba merabe e sa tšoaneng ba ntse ba ithuta ho bala, ho ile ha hlokahala hore lingoliloeng li fetoleloe ka lipuo tse ling. Lipuong tsa merabe e mengata ho ne ho e-na le lingoliloeng tse seng kae kapa li le sieo ho-hang. Batho ba Sierra Leone ba rutehileng ba ne ba bala Senyesemane, ’me ba Guinea ba bala Sefora. Ho ne ho ka etsoa’ng hore ho be le lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tsa bona?

 Ka 1959, baromuoa ba babeli ba ile ba fetolela pampitšana le bukana ka puo ea Semende, empa ha ajoa tse seng kae feela. Ka mor’a lilemo tse leshome ho ile ha fetoleloa bukana ea “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso” le ea Ho Phela ka Tšepo ea Lefatše le Lecha la ho Loka ka Sekisi. Ho ile ha ajoa libukana tse ka bang 30 000 ’me ho ne ho khannoa lithuto tsa Bibele ka tsona.

Ka 1975, ofisi ea lekala e ile ea qala ho hatisa lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa ka Sekisi. Bahoeletsi ba Makisi ba ile ba thaba haholo! Mor’abo rōna e mong o ile a ngola a re: “Jehova o re etselitse mohlolo. Ha ho lea mong oa rōna ea keneng sekolo. Re ne re tšoana le majoe—re sa khone ho bua. Empa kaha joale re na le Molula-Qhooa ka Sekisi, re ka bolela mesebetsi e meholo ea Jehova.” (Luka 19:40) Lingoliloeng tse ling tse ’maloa li ile tsa fetoleloa ka Sekisi.

Kajeno batho ba bangata ba Sierra Leone le Guinea ba ntse ba bala lingoliloeng tsa rōna ka Senyesemane kapa Sefora, e leng lipuo tse sebelisoang libokeng. Empa morao tjena lingoliloeng tsa lipuo tse sebelisoang linaheng tsena li eketsehile haholo. Lingoliloeng tsa Bibele li se li le teng ka Seguerze, Sekisi, Sekrio, Semaninkakan, Semende, Sepular le Sesusu. Bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng le ea Listen to God li teng ka lipuo tsena kaofela. Ho bonolo ho ruta batho ka lingoliloeng tsena ebile li thusa batho ba bangata ba sa khoneng ho bala hantle ho utloisisa molaetsa o hlollang oa Bibele.

Ho Hahoa Ofisi ea Lekala

Mathoasong a bo-1960, barab’abo rōna ba Freetown ba ne ba ntse ba batla setša seo ba ka hahang ofisi ea lekala ho sona. Qetellong ka 1965, ba ile ba fumana setša se pel’a leoatle, Wilkinson Road, ’me se le sebakeng se setle ka ho fetisisa toropong eo.

 Ho ile ha hahoa mohaho o motle o nang le Holo ea ’Muso, lehae la baromuoa le liofisi. Ha ho ntse ho hahoa, ho ne ho e-ba le tšubuhlellano ea likoloi Wilkinson Road kaha bakhanni le bapalami ba ne ba batla ho bona mohaho hantle. Mohaho ona o ile oa neheloa ka la 19 August, 1967. Batho ba ka bang 300 ba ile ba e-ba teng lenaneong lena, ho akarelletsa le bahlomphehi le batho bao e leng khale ba le ka phuthehong ba ileng ba kolobetsoa ke “Bible” Brown ka 1923.

Ofisi ea lekala le lehae la baromuoa Freetown (1965-1997)

Mohaho ona o ile oa etsa hore batho ba bangata ba hlomphe mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. O ile oa boela oa koala melomo ea basomi ba neng ba re Lipaki li ke ke tsa tšoarella Sierra Leone. O ile oa bontša ka ho hlaka hore Lipaki Tsa Jehova li ke ke tsa tloha Sierra Leone.

 Baromuoa ba Chesehang ba Etsa Hore ho be le Khōlo

Sehlopha se eang tšimong se tsamaea seretseng tšimong ea raese

Ho tloha bohareng ba bo-1970 ho ea pele, baromuoa ba bangata ba koetlisitsoeng Gileade ba ile ba matlafatsa mosebetsi oa boboleli Sierra Leone le Guinea. Ba bang ba ne ba kile ba ba linaheng tse ling tsa Afrika kahoo ba ile ba tloaela maemo kapele. Ba bang ba ne ba qala ho fihla Afrika. Ba ne ba tla phela joang ‘lebitleng lee la makhooa’? Utloa hore na ba bang ba re’ng.

“Batho ba moo ba ne ba ikokobelitse ebile ba lapile moeeng. Ha ke bona ’nete e ntlafatsa bophelo ba bona, ke ne ke thaba haholo.”—Hannelore Altmeyer.

“Ho ne ho se bonolo ho tloaela maemo a libakeng tse chesang tse mongobo le maloetse a teng. Empa mathata ao e ne e se letho ha a bapisoa le thabo ea ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang hore ba sebeletse Jehova.”—Cheryl Ferguson.

“Ke ile ka ithuta ho ba le mamello. Ha ke botsa morali e mong oabo rōna hore na baeti ba hae ba tla fihla neng, o ile a re: ‘Mohlomong kajeno. Mohlomong hosasa. Kapa mohlomong ka moso.’ E tlameha ebe o ile a bona hore ke maketse, eaba o re, ‘Empa ho fihla teng ba tla fihla!’”—Christine Jones.

“Baromuoa ba 14 ba merabe le litso tse sa tšoaneng ba ne ba lula lehaeng la baromuoa Freetown. Re ne re kopanetse matloana a mabeli, shaoara, mochine o hlatsoang le kichine. Lijo li ne li haella ebile e se tsa boleng bo botle. Motlakase o ne o khaoha feela re sa lebella—ka linako tse ling o nka matsatsi-tsatsi. Boholo ba rōna re ne re tšoaroa ke malaria le mafu a mang a libakeng tse chesang tse mongobo. Le hoja ho ne ho bonahala eka lintho li ke ke tsa tsamaea hantle, re ile ra ithuta ho sebelisana  hantle, ho tšoarelana le ho lula re thabile le maemong a thata. Mosebetsi oa boboleli o ne o le monate ’me re momahane.”—Robert le Pauline Landis.

Pauline Landis o khanna thuto ea Bibele

“Nako eo re e qetileng Sierra Leone ke e ’ngoe ea tse monate ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Ha re ikoahlaee ebile ha re na lipelaelo. Re e hloloheloa haholo.”—Benjamin le Monica Martin.

“Re kile ra robaletsa ha mosali e mong ea thahasellang ea ileng a re fa lijo tse ileng tsa re nyarosa ’mele. O ile a re: ‘Ke nama ea marabe. Ke e ntšitse meno. Ke le ngoathele?’ Re ile ra leka ho hana ka bohlale, empa a re phehella. Le hoja liphihlelo tse kang ena li ne li tšosa, re ne re ananela kamohelo e mofuthu ea batho bao re fihlelang ha bona ’me re ile ra ba rata haholo.”—Frederick le Barbara Morrisey.

“Lilemong tse 43 tseo ke bileng moromuoa ka tsona, ke lutse le baromuoa ba fetang 100. E bile tokelo e khōlō ho tseba batho ba bangata hakaalo, ba nang le botho bo sa tšoaneng empa kaofela ba e-na le sepheo se le seng! Ho ba mosebetsi-’moho le Molimo le ho bona ha batho ba amohela ’nete ho nthabisa haholo!”—Lynette Peters.

“Ho ba mosebetsi- ’moho le Molimo le ho bona ha batho ba amohela ’nete ho nthabisa haholo.”

Ho tloha ka 1947, baromuoa ba 154 ba sebelelitse Sierra Leone, ha ba 88 ba sebelelitse Guinea. Lipaki tse ngata li ile tsa tla Sierra Leone ho tla thusa ka mosebetsi oa boboleli. Kajeno, ho na le baromuoa ba 44 Sierra Leone le ba 31 Guinea. Boiteko ba bona le boitelo li ile tsa thusa batho ba bangata. Alfred Gunn, eo e bileng setho sa Komiti ea Lekala ka nako e telele, o re, “Re ba hopola haholo.”