Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

1991-2001 ‘Sebōpi sa Mahloreho’—Esa. 48:10 (Karolo ea 2)

1991-2001 ‘Sebōpi sa Mahloreho’—Esa. 48:10 (Karolo ea 2)

Bethele e ea Hlaseloa!

Ka February 1998, masole a ’muso le masole a mokhatlo oa Economic Community of West African States Monitoring Group (ECOMOG) a ile a hlasela masole a marabele e le hore a a ntše Freetown ka ntšoe li sa fahloa. Ka masoabi, mor’abo rōna e mong o ile a shoa ha a ne a otloa ke litšepe tse ileng tsa tsoa ha bomo e ne e qhoma nakong ea ntoa e mahlo-mafubelu.

Bahoeletsi ba 150 ba ile ba balehela lehaeng la baromuoa le Kissy le le Cockerill. Laddie Sandy, e mong oa barab’abo rōna ba babeli ba neng ba lebela Bethele bosiu, o re: “Bosiung bo bong, ha ’na le Philip Turay re ntse re lebetse, marabele a mabeli a RUF a neng a hlometse, a ile a tla Bethele ’me a re laela hore re bule mamati a khalase. Ha ’na le Philip re mathela moo re ka ipatang teng, a ile a thunya ka makhetlo moo lemati le notleloang teng. Ho makatsang ke hore ha lea ka la buleha ’me ha aa ka a nahana ka ho thunya khalaseng. A ile a tsamaea a halefile.

“Matsatsi a mabeli hamorao, marabele ao a ile a khutla bosiu le a mang a 20 a neng a hlometse a bile a ikemiselitse ho hlasela. Hang-hang re ile ra lemosa lelapa la Bethele ’me ra mathela sebakeng seo re neng re se lokisitse esale pele eaba re ipata ho sona. Re ile ra ipata lefifing ka mor’a meqomo e meholo re le ba supileng, re thothomela ke ho tšoha. Ka mor’a hore a qhibilihise loko ea monyako, marabele ao a ile a itšohlometsa ka hare. E mong oa marabele ao o ile a hoeletsa a halefile, a re, ‘Batlang Lipaki tseo Tsa Jehova ’me le li khaole melala.’ Re ile ra thōla tu! ha marabele a ntse a phenyekolla ka lihora tse supileng. Qetellong a ile a inkela lintho tseo a li batlang eaba a itsamaela.

“Re ile ra nka lintho tsa rōna eaba re balehela lehaeng la baromuoa le Cockerill—e leng moo lehae la Bethele le neng  le le teng pele—seterateng sona seo. Ha re ntse re le tseleng marabele a mang a ile a re nkela lintho tsa rōna. Re ile ra fihla lehaeng la baromuoa re tšohile haholo empa re leboha hore re ntse re phela. Ka mor’a hore re phomole matsatsi a seng makae, re ile ra khutlela Bethele e le hore re il’o phutha bohlasoa.”

Ka mor’a likhoeli tse peli hoba lebotho la masole a ECOMOG e be lona le laolang motse, baromuoa ba ile ba qala ho khutlela Guinea. Leha ho le joalo, ba ne ba sa tsebe hore ba tla lula nakoana feela moo.

Letšolo la ho Bolaea Larita

Likhoeli tse robeli hamorao, ka December 1998, batho ba makholo ba ne ba tlile Kopanong ea Setereke ea “Tsela ea Molimo ea Bophelo” e neng e tšoaretsoe Lebaleng la Lipapali la Sechaba le Freetown. Ka tšohanyetso ba ile ba utloa molumo, eaba ba bona mosi o kunkelang maralleng. Marabele a ne a khutlile!

Matsatsi a latelang, boemo bo ile ba mpefala Freetown. Komiti ea Lekala e ile ea hira sefofane se senyenyane e le hore se ntše baromuoa ba 12, basebeletsi ba Bethele ba tsoang linaheng tse ling ba robeli le basebetsi ba kaho ba bahlano moo, e le hore ba fofisetsoe Conakry. Matsatsi a mararo hamorao ka la 6 January, 1999, masole a marabele a ile a qala letšolo la ho bolaea batho larita. Ba ile ba ripitla Freetown, ba bolaea batho ba 6 000. Marabele a ne a khaola batho maoto le matsoho, a koetela bana ba makholo le ho senya mehaho e likete.

Mor’abo rōna ea neng a ratoa haholo, Edward Toby o ile a bolaoa ka sehlōhō. Bahoeletsi ba neng ba sithabetse maikutlong ba 200 ba ile ba fuoa bolulo Bethele le lehaeng la baromuoa le Cockerill. Ba bang ba ile ba ipata matlong a bona. Lipaki tse neng li ipatile lehaeng la baromuoa le Kissy, le neng le le ka bochabela bo hōle ho motse, li ne li hloka meriana ka potlako. Empa ho ne ho le kotsi haholo ho feta ka har’a motse. Ke mang ea neng a tla beha bophelo ba hae kotsing?  Hang-hang Laddie Sandy le Philip Turay, e leng barab’abo rōna ba sebete ba neng ba lebela Bethele bosiu, ba ile ba ithaopela ho ea.

Philip o re: “Motse o ne o ferekane. Masole a marabele a ne a emisa batho ebe aa ba hlekefetsa. Batho ba ne ba sa lumelloa ho tsamaea literateng ho tloha motšehare oa mantsiboea ho fihlela hoseng ha letsatsi le se le chabile ’me seo se ne se etsa hore re se ke ra khona ho tsamaea ka bolokolohi. Matsatsi a mabeli ka mor’a hore re qale leeto la rōna re ile ra fihla lehaeng la baromuoa le Kissy, eaba re fumana le phenyekolotsoe ebile le chesitsoe.

“Ha re ntse re sheba re ile ra fumana e mong oa barab’abo rōna, Andrew Caulker, a e-na le maqeba a tšabehang hloohong. Marabele a ile a mo tlama eaba a mo otla ka ho pheta-pheta ka selepe. Ho hlollang ke hore ha aa ka a shoa ’me o  ile a khona ho baleha. Re ile ra mo potlakisetsa sepetlele, moo a ileng a fola butle-butle. Hamorao o ile a sebetsa joaloka pula-maliboho oa kamehla.”

(Ho Tloha ka ho le Letšehali ho ea ka ho le Letona) Laddie Sandy, Andrew Caulker le Philip Turay

Lipaki tse ling ha lia ka tsa bolaoa kapa ho lematsoa ka lebaka la hore li ne li tsebahala ka hore ha li kena-kenane le lipolotiki kaha ke Bakreste. Mor’abo rōna e mong o re: “Marabele a ile a re laela hore re roale lituku tse tšoeu ’me re tantše seterateng e le hore re bontše hore rea a tšehetsa. A ile a re: ‘Haeba le hana re tla le khaola matsoho kapa maoto kapa re le bolaee.’ ’Na le mosali oa ka re ile ra emella ka thōko, re ntse re rapella thuso ea Jehova re khutsitse. Moahisani oa rōna e mong eo e neng e le mphato oa marabele ao, ha a re bona o ile a re ho molaoli oa marabele: ‘Enoa ke “mor’eso.” Ha a kena-kenane le lipolotiki, ke tla tantša bakeng sa hae.’ A khotsofetse, molaoli o ile a re tlohela ’me re ile ra potlakela lapeng.”

Le hoja ho ile ha khutsa empa ho ntse ho tsitsipane, ka hloko barab’abo rōna ba ile ba tšoara liboka le ho etsa tšebeletso ea tšimo. Bahoeletsi ba ile ba qhoaela libeche tsa bona tsa kopano e le hore ba tsebane ha ba fihla libakeng tseo ho hlahlojoang ho tsona. Ha barab’abo rōna ba ntse ba eme meleng e melelele ba ile ba khona ho qalisa meqoqo ea Bibele ka tsela e bohlale.

Ha ho ntse ho e-ba le khaello ea lintho motseng, lekala la Brithani le ile la romela mabokose a maholo a liphallelo a 200 ka sefofane. Billie Cowan le Alan Jones ba ile ba tloha Conakry ka sefofane ho ea Freetown e le hore ba tsamaise thepa eo ha e ntse e feta libakeng tseo ho hlahlojoang ho tsona. Thepa e ile ea fihla Bethele pele nako e thibetsoeng ea ho tsamaea ha batho literateng mantsiboea e fihla. James Koroma o ne a tsamaisa mangolo a eang Conakry, ebe o khutla le lingoliloeng le lintho tse ling tsa bohlokoa. Tse ling tsa lijo tsena tsa moea li ile tsa fetisetsoa ho bahoeletsi ba ka thōko ba neng ba le Bo le Kenema.

Ho fihla liphallelo Freetown

Ka la 9 August, 1999, baromuoa ba Conakry ba ile ba qala ho khutlela Freetown. Selemong se latelang, lebotho le hlometseng la sesole sa Brithani le ile la ntša marabele motseng  oa Freetown. Ho ile ha ’na ha loanoa mona le mane, empa ka January 2002, ho ile ha phatlalatsoa hore ntoa e felile. Ka lebaka la ntoa eo e ileng ea nka lilemo tse 11, ho ile ha bolaoa batho ba 50 000, ba 20 000 ba ile ba khaoloa litho, matlo a 300 000 a ile a senngoa ’me batho ba limilione tse 1,2 ba ile ba baleha malapeng a bona.

Mokhatlo oa Jehova o ile oa etsa’ng? Ho hlakile hore Jehova o ile a o sireletsa le ho o hlohonolofatsa. Nakong ea ntoa, batho ba ka bang ba 700 ba ile ba kolobetsoa. Le hoja ho ile ha e-ba le Lipaki tse makholo tse ileng tsa baleha, palo ea bahoeletsi Sierra Leone e ile ea eketseha ka liphesente tse 50. Palo ea bahoeletsi Guinea e ile ea imena hararo! Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore batho ba Molimo ba ile ba lula ba tšepahala. ‘Sebōping sa mahloreho’ ba ile ba bontša momahano le lerato tse sa feleng joaloka Bakreste ’me ba “tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo.”—Esa. 48:10; Lik. 5:42.